Surah 63 · 11 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Munafiqun in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

63:1

إِذَا جَآءَكَ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ قَالُواْ نَشۡهَدُ إِنَّكَ لَرَسُولُ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ إِنَّكَ لَرَسُولُهُۥ وَٱللَّهُ يَشۡهَدُ إِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ لَكَٰذِبُونَ

Ha Baikaketsi ba tla ho uena ba re: “Re paka hore ruri u Moromuoa oa Allah.” Allah U ea tseba hore u Moromuoa oa Hae, ‘Allah ke paki hore ruri Baikaketsi ba bua leshano

63:2

ٱتَّخَذُوٓاْ أَيۡمَٰنَهُمۡ جُنَّةً فَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۚ إِنَّهُمۡ سَآءَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Likano tsa bona ba li entse sets’ireletso, hore ba tle ba khelose batho tseleng ea Allah. Ruri! Liketso tsa bona li ea nyonts’a

63:3

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ ءَامَنُواْ ثُمَّ كَفَرُواْ فَطُبِعَ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ فَهُمۡ لَا يَفۡقَهُونَ

Hobane ba ile ba kholoa hamorao ba koenehela Tumelo; lipelo tsa bona li kabiloe: kahoo ha ba utloisise

63:4

وَإِذَا رَأَيۡتَهُمۡ تُعۡجِبُكَ أَجۡسَامُهُمۡۖ وَإِن يَقُولُواْ تَسۡمَعۡ لِقَوۡلِهِمۡۖ كَأَنَّهُمۡ خُشُبٌ مُّسَنَّدَةٌۖ يَحۡسَبُونَ كُلَّ صَيۡحَةٍ عَلَيۡهِمۡۚ هُمُ ٱلۡعَدُوُّ فَٱحۡذَرۡهُمۡۚ قَٰتَلَهُمُ ٱللَّهُۖ أَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ

Ha u ba sheba, libopeho tsa bona li’a u khahla; ha ba buoa u’a ba mamela. Ba ts’oana le likutu tsa patsi tse ts’ehelitseng. Ba nahana hore molumo o mong le o mong o khahlanong le bona. Ke lira tsa hau u ba hlokomele. Thohako ea Allah e be holim’a bona! Kamoo ba tsoileng tseleng kateng

63:5

وَإِذَا قِيلَ لَهُمۡ تَعَالَوۡاْ يَسۡتَغۡفِرۡ لَكُمۡ رَسُولُ ٱللَّهِ لَوَّوۡاْ رُءُوسَهُمۡ وَرَأَيۡتَهُمۡ يَصُدُّونَ وَهُم مُّسۡتَكۡبِرُونَ

Ha ho thoe ho bona: “Atamelang! Moromuoa oa Allah u tla le kopela ts’oarelo!” Ba thint’sa lifahleho, u tla ba bona ba furalla ka boikhohomoso

63:6

سَوَآءٌ عَلَيۡهِمۡ أَسۡتَغۡفَرۡتَ لَهُمۡ أَمۡ لَمۡ تَسۡتَغۡفِرۡ لَهُمۡ لَن يَغۡفِرَ ٱللَّهُ لَهُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡفَٰسِقِينَ

Ho ea ts’oana ho bona le ha u ka ba kopela ts’oarelo, kapa u saba kopeleng, Allah A ke ke a ba ts’oarela. Hobane Ruri! Allah ha A tataise Mahana-puso a tlolang meeli

63:7

هُمُ ٱلَّذِينَ يَقُولُونَ لَا تُنفِقُواْ عَلَىٰ مَنۡ عِندَ رَسُولِ ٱللَّهِ حَتَّىٰ يَنفَضُّواْۗ وَلِلَّهِ خَزَآئِنُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَٰكِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ لَا يَفۡقَهُونَ

Ke bona ba reng: “Le se senyeheloe ke letho ho ba nang le moromuoa oa Allah, ho fihlela ba qhalane ba tsoile Al- Madina;” Empa matlotlo a maholimo le lefats’e ke’a Allah, le hoja Baikaketsi ho se seo ba se utloisisang

63:8

يَقُولُونَ لَئِن رَّجَعۡنَآ إِلَى ٱلۡمَدِينَةِ لَيُخۡرِجَنَّ ٱلۡأَعَزُّ مِنۡهَا ٱلۡأَذَلَّۚ وَلِلَّهِ ٱلۡعِزَّةُ وَلِرَسُولِهِۦ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَلَٰكِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ لَا يَعۡلَمُونَ

Ba re: “Ruri! Haeba re ka boela Al-Madina, ea matla a fetisisang o tla leleka mofokoli.” Empa matla ke a Allah le Moromuoa oa Hae le ho Ba-kholoang; Empa Baikaketsi ha ba na tsebo

63:9

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تُلۡهِكُمۡ أَمۡوَٰلُكُمۡ وَلَآ أَوۡلَٰدُكُمۡ عَن ذِكۡرِ ٱللَّهِۚ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ

Oho lona ba-kholoang! Le se lumelle maruo le bana ba lona ho le khelosa khopolong ea Allah. Ba tla etsa joalo, ke ba lahlehetsoeng

63:10

وَأَنفِقُواْ مِن مَّا رَزَقۡنَٰكُم مِّن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ أَحَدَكُمُ ٱلۡمَوۡتُ فَيَقُولَ رَبِّ لَوۡلَآ أَخَّرۡتَنِيٓ إِلَىٰٓ أَجَلٍ قَرِيبٍ فَأَصَّدَّقَ وَأَكُن مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

Le fane ka matlotlo ao Re le sitsitseng ka ona pele lefu le khahlanyetsa e mong oa lona, a be a re: “Mong`a ka! Ha feela U ka mpa oa nkekeletsa nakoana? Hore ke tle ke fane ka linyehelo; ke tle ke be har’a ba lokileng.”

63:11

وَلَن يُؤَخِّرَ ٱللَّهُ نَفۡسًا إِذَا جَآءَ أَجَلُهَاۚ وَٱللَّهُ خَبِيرُۢ بِمَا تَعۡمَلُونَ

Empa Allah a ke ke a fana ka nyehlisetso ho moea ofe, kapa ofe ha feela nako ea pallo e se e fihlile; Allah U hlokolosi ka lintho tseo le li etsang

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.