Surah 61 · 14 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah As-Saff in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

61:1

سَبَّحَ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng, ha li bolele Lithoriso le Boholo Ba Allah, hobane Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

61:2

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لِمَ تَقُولُونَ مَا لَا تَفۡعَلُونَ

Oho lona ba-kholoang! Hobaneng le buoa seo le sa se phetheng

61:3

كَبُرَ مَقۡتًا عِندَ ٱللَّهِ أَن تَقُولُواْ مَا لَا تَفۡعَلُونَ

Ntho eo e nyonyeha hampe mahlong A Allah, ea hore le buoe seo le sa se phethahatseng

61:4

إِنَّ ٱللَّهَ يُحِبُّ ٱلَّذِينَ يُقَٰتِلُونَ فِي سَبِيلِهِۦ صَفًّا كَأَنَّهُم بُنۡيَٰنٌ مَّرۡصُوصٌ

Ruri! Allah U rata ba loanelang tsela ea Hae ka mekhahlelo ba ipopele ngatana-ngoe

61:5

وَإِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِقَوۡمِهِۦ يَٰقَوۡمِ لِمَ تُؤۡذُونَنِي وَقَد تَّعۡلَمُونَ أَنِّي رَسُولُ ٱللَّهِ إِلَيۡكُمۡۖ فَلَمَّا زَاغُوٓاْ أَزَاغَ ٱللَّهُ قُلُوبَهُمۡۚ وَٱللَّهُ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡفَٰسِقِينَ

Hopolang Moshe ha a ne a re ho batho ba habo: “Oho batho ba heso! Hobaneng ha le nkhopisa le nthohaka, empa le tseba hantle hore ke moromuoa oa Allah ho lona?” Joale, ha ba kheloha tseleng e nepahetseng, Allah A khelosa lipelo tsa bona. Hobane Allah ha A tataise mahana-puso a tlolang meeli

61:6

وَإِذۡ قَالَ عِيسَى ٱبۡنُ مَرۡيَمَ يَٰبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ إِنِّي رَسُولُ ٱللَّهِ إِلَيۡكُم مُّصَدِّقًا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيَّ مِنَ ٱلتَّوۡرَىٰةِ وَمُبَشِّرَۢا بِرَسُولٍ يَأۡتِي مِنۢ بَعۡدِي ٱسۡمُهُۥٓ أَحۡمَدُۖ فَلَمَّا جَآءَهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ قَالُواْ هَٰذَا سِحۡرٌ مُّبِينٌ

Hopolang Jesu mora oa Maria ha a ne a re: “Oho bana ba Israele! Ke moromuoa oa Allah, ho lona ho hlapants’a Molao o senotsoeng pele ho ‘na kahar’a torah ho le tsebisa litaba tse molemo tsa moromuoa ea tla tla kamorao ho ‘na, eo lebitso la hae e leng Ahmad.” Empa, eitse hoba a finyelle ho bona ka Lits’upiso tse hlakileng, eaba ba re: “Enoa ke moloi ea pepenene.”

61:7

وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ وَهُوَ يُدۡعَىٰٓ إِلَى ٱلۡإِسۡلَٰمِۚ وَٱللَّهُ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ

Ke mang ea etsang phoso e kholohali haese ea qapang leshano khahlanong le Allah empa a bitselitsoe ho inehela Islamong? Ruri! Allah ha A tataise mahana-puso a tlolang meeli

61:8

يُرِيدُونَ لِيُطۡفِـُٔواْ نُورَ ٱللَّهِ بِأَفۡوَٰهِهِمۡ وَٱللَّهُ مُتِمُّ نُورِهِۦ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡكَٰفِرُونَ

Takatso ea bona ke ho tima Khanya ea Allah ka melomo ea bona, empa Allah U tla phethahatsa Khanya ea Hae le ha mahana-tumela a e hloile

61:9

هُوَ ٱلَّذِيٓ أَرۡسَلَ رَسُولَهُۥ بِٱلۡهُدَىٰ وَدِينِ ٱلۡحَقِّ لِيُظۡهِرَهُۥ عَلَى ٱلدِّينِ كُلِّهِۦ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡمُشۡرِكُونَ

Ke Eena ea romeletseng Moromuoa oa Hae ka tataiso le ka Tumelo ea ‘Nete, hore a tle a e phatlalatse kaholim’a litumelo tsohle le ha bahloka tumelo ba e hloile(bahedene)

61:10

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ هَلۡ أَدُلُّكُمۡ عَلَىٰ تِجَٰرَةٍ تُنجِيكُم مِّنۡ عَذَابٍ أَلِيمٍ

Oho lona ba-kholoang! Na nka le tataisetsa khoebong e ka le pholosang Timelong e mahlonoko

61:11

تُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَتُجَٰهِدُونَ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ بِأَمۡوَٰلِكُمۡ وَأَنفُسِكُمۡۚ ذَٰلِكُمۡ خَيۡرٌ لَّكُمۡ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

Hore le kholoa ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, le tsitlallela tseleng ea Allah ka thepa le ka maphelo a lona. Seo se molemo ka ho fetisisa ho lona hoja eba le ne le tseba

61:12

يَغۡفِرۡ لَكُمۡ ذُنُوبَكُمۡ وَيُدۡخِلۡكُمۡ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ وَمَسَٰكِنَ طَيِّبَةً فِي جَنَّٰتِ عَدۡنٍۚ ذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ

‘Allah U tla le ts’oarela libe tsa lona, A be amohelle kahar’a lirapa tseo linoka li phallang tlasa tsona le Matlo a matle kahar’a Lirapa tsa edene. Seo ke katleho e Babatsehang

61:13

وَأُخۡرَىٰ تُحِبُّونَهَاۖ نَصۡرٌ مِّنَ ٱللَّهِ وَفَتۡحٌ قَرِيبٌۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Ebile Allah U tla le neha motlopotlo oo le o thabelang: thuso e tsoang ho Allah le tlholo e haufinyane. Kahoo, phatlalatsa litaba tse molemo ho ba-kholoang

61:14

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ كُونُوٓاْ أَنصَارَ ٱللَّهِ كَمَا قَالَ عِيسَى ٱبۡنُ مَرۡيَمَ لِلۡحَوَارِيِّـۧنَ مَنۡ أَنصَارِيٓ إِلَى ٱللَّهِۖ قَالَ ٱلۡحَوَارِيُّونَ نَحۡنُ أَنصَارُ ٱللَّهِۖ فَـَٔامَنَت طَّآئِفَةٌ مِّنۢ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَكَفَرَت طَّآئِفَةٌۖ فَأَيَّدۡنَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ عَلَىٰ عَدُوِّهِمۡ فَأَصۡبَحُواْ ظَٰهِرِينَ

Oho lona ba-kholoang! Ebang bathusi ba Allah, joaloka ha Jesu mora oa Maria a ne a re ho barutuoa ba hae: “Ke ba feng bao e tlang ho ba bathusi ba ka tsebeletsong ea Allah?” Barutuoa ba re: “Re bathusi ba Allah.” Joale, lequloana la bana ba Israele le ile la kholoa, ha le leng lona le latola tumelo. Empa, Ra matlafatsa ba khotsoeng khahlano le lira tsa bona, ea eba bahloli

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.