Surah 33 · 73 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Ahzab in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

33:1

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ ٱتَّقِ ٱللَّهَ وَلَا تُطِعِ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَٱلۡمُنَٰفِقِينَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلِيمًا حَكِيمًا

Oho Moporofeta! Ts’aba Allah, u se mamele Mahana-tumelo le Baikaketsi: Ruri! Allah U Tseba Tsohle, U Seli

33:2

وَٱتَّبِعۡ مَا يُوحَىٰٓ إِلَيۡكَ مِن رَّبِّكَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرًا

Empa latela seo u se senoletsoeng se tsoang ho Mong`a hau. Hobane! Allah U hlokolosi ka tseo u li etsang

33:3

وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلًا

Beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane Allah U lekane e le mots’epehi

33:4

مَّا جَعَلَ ٱللَّهُ لِرَجُلٍ مِّن قَلۡبَيۡنِ فِي جَوۡفِهِۦۚ وَمَا جَعَلَ أَزۡوَٰجَكُمُ ٱلَّٰٓـِٔي تُظَٰهِرُونَ مِنۡهُنَّ أُمَّهَٰتِكُمۡۚ وَمَا جَعَلَ أَدۡعِيَآءَكُمۡ أَبۡنَآءَكُمۡۚ ذَٰلِكُمۡ قَوۡلُكُم بِأَفۡوَٰهِكُمۡۖ وَٱللَّهُ يَقُولُ ٱلۡحَقَّ وَهُوَ يَهۡدِي ٱلسَّبِيلَ

Allah ha A etsa lipelo tse peli ka hare ho motho ofe kapa ofe: kapa hona ho etsa basali ba lona bao le ba hlalang ka ho ba ts’oants’a le bo-’ma lona ka Sihar, le ho etsa bara bao le ikholisetsang bona bara ba lona. Sena empa e le puo feela ea melomo ea lona. Ebile Allah U le bolella ‘nete, U bonts’a tsela e nepahetseng

33:5

ٱدۡعُوهُمۡ لِأٓبَآئِهِمۡ هُوَ أَقۡسَطُ عِندَ ٱللَّهِۚ فَإِن لَّمۡ تَعۡلَمُوٓاْ ءَابَآءَهُمۡ فَإِخۡوَٰنُكُمۡ فِي ٱلدِّينِ وَمَوَٰلِيكُمۡۚ وَلَيۡسَ عَلَيۡكُمۡ جُنَاحٌ فِيمَآ أَخۡطَأۡتُم بِهِۦ وَلَٰكِن مَّا تَعَمَّدَتۡ قُلُوبُكُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا

Ba bitseng ka mabitso a bo-ntata bona. Seo se tla ba molemo ka ho fetisisa mahlong a Allah. Haeba le sa tsebe bo-ntata bona, e tla ba baena ba lona tumelong le metsoalle ea lona. Ha hona ho ba le phoso holim’a lona haeba le sa ka la hlokomela, se bohlokoa ke se maikutlong a lona. Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Khaphatseha Mohau

33:6

ٱلنَّبِيُّ أَوۡلَىٰ بِٱلۡمُؤۡمِنِينَ مِنۡ أَنفُسِهِمۡۖ وَأَزۡوَٰجُهُۥٓ أُمَّهَٰتُهُمۡۗ وَأُوْلُواْ ٱلۡأَرۡحَامِ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلَىٰ بِبَعۡضٍ فِي كِتَٰبِ ٱللَّهِ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُهَٰجِرِينَ إِلَّآ أَن تَفۡعَلُوٓاْ إِلَىٰٓ أَوۡلِيَآئِكُم مَّعۡرُوفًاۚ كَانَ ذَٰلِكَ فِي ٱلۡكِتَٰبِ مَسۡطُورًا

Moporofeta o haufi haholo ho ba-kholoang ho feta bona ka bo-bona, basali ba hae ke bo-’ma bona. Tsoalano ka mali e haufi haholo ho e mong le e mong oa bona molaong oa Allah ho feta ba-kholoang ba bang le ba ileng ba phaphatheha: kantle leha eba le ka etsa mohau ho metsoalle ea lona: Sena se ngoliloe Molaong

33:7

وَإِذۡ أَخَذۡنَا مِنَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ مِيثَٰقَهُمۡ وَمِنكَ وَمِن نُّوحٍ وَإِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ وَعِيسَى ٱبۡنِ مَرۡيَمَۖ وَأَخَذۡنَا مِنۡهُم مِّيثَٰقًا غَلِيظًا

Hopola hore Re nkile kano ho Baporofeta: le ho uena, Nooe, Abrahama, Moshe le ho Jesu mora oa Maria. Re ile Ra nka kano ea sebele ho bona

33:8

لِّيَسۡـَٔلَ ٱلصَّٰدِقِينَ عَن صِدۡقِهِمۡۚ وَأَعَدَّ لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابًا أَلِيمًا

E le hore Allah A tle A botse ka bo-’nete ba seo tumelo ea bona e bileng sona. U lokisitse kahlolo e mahlonoko khahlanong le mahana-tumelo

33:9

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱذۡكُرُواْ نِعۡمَةَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡ إِذۡ جَآءَتۡكُمۡ جُنُودٌ فَأَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ رِيحًا وَجُنُودًا لَّمۡ تَرَوۡهَاۚ وَكَانَ ٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرًا

Oho lona ba-kholoang! Hopolang molemo oa Allah ho lona mohla le neng le thulane le mabotho, ha Re romella setsokotsane se matla le lebotho kahlahlanong le bona leo le sa kang la le bona. Empa Allah U bona tsohle tseo le li etsang

33:10

إِذۡ جَآءُوكُم مِّن فَوۡقِكُمۡ وَمِنۡ أَسۡفَلَ مِنكُمۡ وَإِذۡ زَاغَتِ ٱلۡأَبۡصَٰرُ وَبَلَغَتِ ٱلۡقُلُوبُ ٱلۡحَنَاجِرَ وَتَظُنُّونَ بِٱللَّهِ ٱلظُّنُونَا۠

Mohla ba neng ba le khahlela ka mona le ka mona, le se le tsoeretse mahlo hoo lipelo tsa lona li neng li le haufi le liqoqotho, le apareloa ke menahano e fosahetseng malebana le Allah

33:11

هُنَالِكَ ٱبۡتُلِيَ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ وَزُلۡزِلُواْ زِلۡزَالًا شَدِيدًا

Ho bile le ba-kholoang ba ileng ba lekoa boemong boo, ba ile ba tsukutloa ke letsoalo le ts’abehang

33:12

وَإِذۡ يَقُولُ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ وَٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ مَّا وَعَدَنَا ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥٓ إِلَّا غُرُورًا

Baikaketsi le ba nang le maloetsi lipelong tsa bona, ba re: “Allah le Moporofeta oa Hae ha ho seo ba re ts’episitse sona haese mafeela-feela.”

33:13

وَإِذۡ قَالَت طَّآئِفَةٌ مِّنۡهُمۡ يَٰٓأَهۡلَ يَثۡرِبَ لَا مُقَامَ لَكُمۡ فَٱرۡجِعُواْۚ وَيَسۡتَـٔۡذِنُ فَرِيقٌ مِّنۡهُمُ ٱلنَّبِيَّ يَقُولُونَ إِنَّ بُيُوتَنَا عَوۡرَةٌ وَمَا هِيَ بِعَوۡرَةٍۖ إِن يُرِيدُونَ إِلَّا فِرَارًا

Lequloana le leng la bona le ile la re: “Oho lona banna ba Yathrib! Ha le ke ke la emela ntoa, kahoo boelang morao.” Sehlopha se seng se ile sa kopa tumello ea Moporofeta, sa re: “Malapa a rona a setse a sa sireletseha.” Morero oa bona ene e se letho, haese ho hlanola tlhabela

33:14

وَلَوۡ دُخِلَتۡ عَلَيۡهِم مِّنۡ أَقۡطَارِهَا ثُمَّ سُئِلُواْ ٱلۡفِتۡنَةَ لَأٓتَوۡهَا وَمَا تَلَبَّثُواْ بِهَآ إِلَّا يَسِيرًا

Hoja lira li ile tsa ba khahlela ka mahlakore ohle, eaba ba khothaletsoa ho ikhula, ba ka be ba amohetse kantle le khanyetso ea letho

33:15

وَلَقَدۡ كَانُواْ عَٰهَدُواْ ٱللَّهَ مِن قَبۡلُ لَا يُوَلُّونَ ٱلۡأَدۡبَٰرَۚ وَكَانَ عَهۡدُ ٱللَّهِ مَسۡـُٔولًا

Empa ba ne ba ikanne ho Allah hore ba ke ke ba koeneha. Boikano ho Allah bo lokela ho arabelloa

33:16

قُل لَّن يَنفَعَكُمُ ٱلۡفِرَارُ إِن فَرَرۡتُم مِّنَ ٱلۡمَوۡتِ أَوِ ٱلۡقَتۡلِ وَإِذًا لَّا تُمَتَّعُونَ إِلَّا قَلِيلًا

E re: “Paleho e ke ke ea le thusa ka letho haeba le baleha lefu kapa polao; hobane mofutho oo le phelang har’a ona ke oa nakoana.”

33:17

قُلۡ مَن ذَا ٱلَّذِي يَعۡصِمُكُم مِّنَ ٱللَّهِ إِنۡ أَرَادَ بِكُمۡ سُوٓءًا أَوۡ أَرَادَ بِكُمۡ رَحۡمَةًۚ وَلَا يَجِدُونَ لَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ وَلِيًّا وَلَا نَصِيرًا

E re: “Ke mang ea ka le pholosang ho Allah haeba A le neha Kotlo, kapa ho le neha Mohau?” Kapa ho fumana motsoalle kapa mothusi ofe kapa ofe kantle ho Allah

33:18

قَدۡ يَعۡلَمُ ٱللَّهُ ٱلۡمُعَوِّقِينَ مِنكُمۡ وَٱلۡقَآئِلِينَ لِإِخۡوَٰنِهِمۡ هَلُمَّ إِلَيۡنَاۖ وَلَا يَأۡتُونَ ٱلۡبَأۡسَ إِلَّا قَلِيلًا

Allah U tseba bohle ba sitisang batho har’a lona le ba reng ho bo-mphato’a bona: “Atamelang haufi le rona!” Empa le se tle ntoeng haese feela ha nakoana

33:19

أَشِحَّةً عَلَيۡكُمۡۖ فَإِذَا جَآءَ ٱلۡخَوۡفُ رَأَيۡتَهُمۡ يَنظُرُونَ إِلَيۡكَ تَدُورُ أَعۡيُنُهُمۡ كَٱلَّذِي يُغۡشَىٰ عَلَيۡهِ مِنَ ٱلۡمَوۡتِۖ فَإِذَا ذَهَبَ ٱلۡخَوۡفُ سَلَقُوكُم بِأَلۡسِنَةٍ حِدَادٍ أَشِحَّةً عَلَى ٱلۡخَيۡرِۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَمۡ يُؤۡمِنُواْ فَأَحۡبَطَ ٱللَّهُ أَعۡمَٰلَهُمۡۚ وَكَانَ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرًا

Ba le honohela. Empa ha ba otloa ke ts’abo, u tla ba bona ba talimile ka lona ka mahlo a ntseng a panya-panya sa motho ea makhatheng a lefu: Hang hoba letsoalo le khutse, ba u chesa ka maleme a nchocho tlas’a lipelo tse telele thepeng. Ba joalo ba hloka tumelo, Ka lebaka leo, Allah U etsa liketso tsa bona lefeela: Seo se bobebe ho Allah

33:20

يَحۡسَبُونَ ٱلۡأَحۡزَابَ لَمۡ يَذۡهَبُواْۖ وَإِن يَأۡتِ ٱلۡأَحۡزَابُ يَوَدُّواْ لَوۡ أَنَّهُم بَادُونَ فِي ٱلۡأَعۡرَابِ يَسۡـَٔلُونَ عَنۡ أَنۢبَآئِكُمۡۖ وَلَوۡ كَانُواْ فِيكُم مَّا قَٰتَلُوٓاْ إِلَّا قَلِيلًا

Ba nahana hore Bafuthi ha ba ea beha lihlomo fats’e; hoja e be Bafuthi ba ntse ba tsoelapele, ba ne ba tla lakatsa ho ba lehoatateng har’a Baleleri, ba botsa ka lona; hoja ba ne ba le har’a lona, ba ne ba tla loana empa ka monyebe

33:21

لَّقَدۡ كَانَ لَكُمۡ فِي رَسُولِ ٱللَّهِ أُسۡوَةٌ حَسَنَةٌ لِّمَن كَانَ يَرۡجُواْ ٱللَّهَ وَٱلۡيَوۡمَ ٱلۡأٓخِرَ وَذَكَرَ ٱللَّهَ كَثِيرًا

Ruri! Le na le mohlala o motle ho Moporofeta oa Allah ho ea ts’epetseng ho Allah le ho Letsatsi la Bofelo, a tsitlalla thorisong ea Allah

33:22

وَلَمَّا رَءَا ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٱلۡأَحۡزَابَ قَالُواْ هَٰذَا مَا وَعَدَنَا ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥ وَصَدَقَ ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥۚ وَمَا زَادَهُمۡ إِلَّآ إِيمَٰنًا وَتَسۡلِيمًا

Ba-kholoang ha ba bona Bahlabani ba Bafuthi, ba ile ba re; “Sena ke seo Allah le Moromuoa oa Hae ba re ts’episitseng sona, Allah le Moromuoa oa Hae ba re boleletse seo e leng ‘nete.” Seo sa matlafatsa tumelo le tjantjello ea bona boithapalatsong

33:23

مِّنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ رِجَالٌ صَدَقُواْ مَا عَٰهَدُواْ ٱللَّهَ عَلَيۡهِۖ فَمِنۡهُم مَّن قَضَىٰ نَحۡبَهُۥ وَمِنۡهُم مَّن يَنتَظِرُۖ وَمَا بَدَّلُواْ تَبۡدِيلًا

Har’a ba-kholoang ho na le batho ba ‘nete Selekaneng sa bona le Allah. Ba bang ba phethile kano ea bona, ba bang ba sa lebeletse; Empa ha ba ea fetoha le ha nyane

33:24

لِّيَجۡزِيَ ٱللَّهُ ٱلصَّٰدِقِينَ بِصِدۡقِهِمۡ وَيُعَذِّبَ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ إِن شَآءَ أَوۡ يَتُوبَ عَلَيۡهِمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ غَفُورًا رَّحِيمًا

Hore Allah A tle A putse batho ba ‘Nete ho latela ‘Nete ea bona, le hona ho ahlola Baikaketsi haeba e le Thato Ea Hae, kapa A retelehele ho bona ka Mohau: Hobane Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang

33:25

وَرَدَّ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِغَيۡظِهِمۡ لَمۡ يَنَالُواْ خَيۡرًاۚ وَكَفَى ٱللَّهُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱلۡقِتَالَۚ وَكَانَ ٱللَّهُ قَوِيًّا عَزِيزًا

Allah U leleketse mahana-tumelo kahlolong ea bona; ha ho molemo oo ba o fumaneng. Allah U lekane ho Ba-kholoang ntoeng ea bona. Allah U Matla, U Matla A ho phethisa Thato Ea Hae

33:26

وَأَنزَلَ ٱلَّذِينَ ظَٰهَرُوهُم مِّنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ مِن صَيَاصِيهِمۡ وَقَذَفَ فِي قُلُوبِهِمُ ٱلرُّعۡبَ فَرِيقًا تَقۡتُلُونَ وَتَأۡسِرُونَ فَرِيقًا

Ba bang ba batho ba Lengolo ban eng ba thusa mahana- tumelo – Allah U ile A ba theola maemong a bona, A ba A ts’ollela letsoalo lipelong tsa bona. Ba bang ba bona le ile la ba bolaea, ba bang la ba hapa

33:27

وَأَوۡرَثَكُمۡ أَرۡضَهُمۡ وَدِيَٰرَهُمۡ وَأَمۡوَٰلَهُمۡ وَأَرۡضًا لَّمۡ تَطَـُٔوهَاۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرًا

A le etsa majalefa a naha ea bona, matlo a bona, thepa ea bona esita le naha eo le neng le sa e etele khafetsa. Allah U Matla holima lintho tsohle

33:28

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ قُل لِّأَزۡوَٰجِكَ إِن كُنتُنَّ تُرِدۡنَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا وَزِينَتَهَا فَتَعَالَيۡنَ أُمَتِّعۡكُنَّ وَأُسَرِّحۡكُنَّ سَرَاحًا جَمِيلًا

Oho Moporofeta! E re ho basali ba hau: “Haeba le rata bophelo ba lefats’e lena le mekhabiso ea lona, – tlohong! Ke tla le khotsofatsa, ke le lokolle ka tsela e nonofetseng.”

33:29

وَإِن كُنتُنَّ تُرِدۡنَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ وَٱلدَّارَ ٱلۡأٓخِرَةَ فَإِنَّ ٱللَّهَ أَعَدَّ لِلۡمُحۡسِنَٰتِ مِنكُنَّ أَجۡرًا عَظِيمًا

Empa haeba le rata Allah le Moromuoa oa Hae le lehae la Bo-tlang, Ruri! Allah U hlophisitse moputso o moholohali sebakeng sa ba hloekileng har’a lona

33:30

يَٰنِسَآءَ ٱلنَّبِيِّ مَن يَأۡتِ مِنكُنَّ بِفَٰحِشَةٍ مُّبَيِّنَةٍ يُضَٰعَفۡ لَهَا ٱلۡعَذَابُ ضِعۡفَيۡنِۚ وَكَانَ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرًا

Oho lona basali ba Moporofeta! Haeba e mong oa lona o ne a le molato oa liketso tse nyonts’ang, Kahlolo ea hae e tla phaelloa habeli, hobane seo se bobebe ho Allah

33:31

وَمَن يَقۡنُتۡ مِنكُنَّ لِلَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَتَعۡمَلۡ صَٰلِحًا نُّؤۡتِهَآ أَجۡرَهَا مَرَّتَيۡنِ وَأَعۡتَدۡنَا لَهَا رِزۡقًا كَرِيمًا

Mong le mong har’a lona ea ipabotseng ts’ebeletsong ea Allah le ho Moromuoa oa Hae, a bile a etsa tse lokileng, Re tla mo neha moputso oa hae o menahane habeli, e bile Re hlophisitse phepo ea maemo a phahameng sebakeng sa hae

33:32

يَٰنِسَآءَ ٱلنَّبِيِّ لَسۡتُنَّ كَأَحَدٍ مِّنَ ٱلنِّسَآءِ إِنِ ٱتَّقَيۡتُنَّۚ فَلَا تَخۡضَعۡنَ بِٱلۡقَوۡلِ فَيَطۡمَعَ ٱلَّذِي فِي قَلۡبِهِۦ مَرَضٌ وَقُلۡنَ قَوۡلًا مَّعۡرُوفًا

Oho lona basali ba Moporofeta! Ha le ts’oane le basali ba bang. Haeba le ts’aba Allah, empa le se bue ka mantsoe a hohelang, esere eo pelo ea hae e aparetsoeng ke maloetse a tloha a hoheleha, empa le buoe ka mantsoe a hlakileng

33:33

وَقَرۡنَ فِي بُيُوتِكُنَّ وَلَا تَبَرَّجۡنَ تَبَرُّجَ ٱلۡجَٰهِلِيَّةِ ٱلۡأُولَىٰۖ وَأَقِمۡنَ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتِينَ ٱلزَّكَوٰةَ وَأَطِعۡنَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥٓۚ إِنَّمَا يُرِيدُ ٱللَّهُ لِيُذۡهِبَ عَنكُمُ ٱلرِّجۡسَ أَهۡلَ ٱلۡبَيۡتِ وَيُطَهِّرَكُمۡ تَطۡهِيرًا

Le lule ka khutso ka matlung a lona, le se ipapatse pooaneng joaloka Mehleng ea Pele ea Tlhoka-Tsebo. Le phethahatse Lithapelo tsa letsatsi ka leng, le hona ho fana ka linyehelo, le utloe Allah le Moromuoa oa Hae. Thato ea Allah ke ho tlosa lits’ila ho lona, beng ka lona, le ho le hloekisa hore le hloke koli

33:34

وَٱذۡكُرۡنَ مَا يُتۡلَىٰ فِي بُيُوتِكُنَّ مِنۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ وَٱلۡحِكۡمَةِۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ لَطِيفًا خَبِيرًا

Le phete ka tlhoko seo le se Phetetsoeng malapeng a lona, Lits’enolo tsa Allah le Bohlale ba Hae. Hobane Allah U hlokolosi haholo ka mehlolo eohle

33:35

إِنَّ ٱلۡمُسۡلِمِينَ وَٱلۡمُسۡلِمَٰتِ وَٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ وَٱلۡقَٰنِتِينَ وَٱلۡقَٰنِتَٰتِ وَٱلصَّٰدِقِينَ وَٱلصَّٰدِقَٰتِ وَٱلصَّٰبِرِينَ وَٱلصَّٰبِرَٰتِ وَٱلۡخَٰشِعِينَ وَٱلۡخَٰشِعَٰتِ وَٱلۡمُتَصَدِّقِينَ وَٱلۡمُتَصَدِّقَٰتِ وَٱلصَّٰٓئِمِينَ وَٱلصَّٰٓئِمَٰتِ وَٱلۡحَٰفِظِينَ فُرُوجَهُمۡ وَٱلۡحَٰفِظَٰتِ وَٱلذَّٰكِرِينَ ٱللَّهَ كَثِيرًا وَٱلذَّٰكِرَٰتِ أَعَدَّ ٱللَّهُ لَهُم مَّغۡفِرَةً وَأَجۡرًا عَظِيمًا

Banna le basali ba Ma-Muslim, le banna le basali ba-kholoang, le banna le basali ba inehetseng, banna le basali ba ‘nete, le banna le basali ba tsitlalletseng toka, le banna le basali ba ikokobetsang, le banna le basali ba fanang ka linyehelo, le banna le basali ba ilang, le banna le basali ba ipolokang khahlano le bobe le bona banna le basali ba hopolang Allah ka thata – Allah U hlophisitse ts’oarelo esita le moputso o babatsehang sebakeng sa bona

33:36

وَمَا كَانَ لِمُؤۡمِنٍ وَلَا مُؤۡمِنَةٍ إِذَا قَضَى ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥٓ أَمۡرًا أَن يَكُونَ لَهُمُ ٱلۡخِيَرَةُ مِنۡ أَمۡرِهِمۡۗ وَمَن يَعۡصِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ فَقَدۡ ضَلَّ ضَلَٰلًا مُّبِينًا

Ha ho oa lokela ba-kholoang monna kapa mosali hore taba ha e nketsoe qeto ke Allah le Moromuoa oa Hae, e be kamor’a moo ba ba le khoao malebana le taba eo; mong le mong ea khahlanong le Allah le Moromuoa oa hae, o khelohetse thoko

33:37

وَإِذۡ تَقُولُ لِلَّذِيٓ أَنۡعَمَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِ وَأَنۡعَمۡتَ عَلَيۡهِ أَمۡسِكۡ عَلَيۡكَ زَوۡجَكَ وَٱتَّقِ ٱللَّهَ وَتُخۡفِي فِي نَفۡسِكَ مَا ٱللَّهُ مُبۡدِيهِ وَتَخۡشَى ٱلنَّاسَ وَٱللَّهُ أَحَقُّ أَن تَخۡشَىٰهُۖ فَلَمَّا قَضَىٰ زَيۡدٌ مِّنۡهَا وَطَرًا زَوَّجۡنَٰكَهَا لِكَيۡ لَا يَكُونَ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ حَرَجٌ فِيٓ أَزۡوَٰجِ أَدۡعِيَآئِهِمۡ إِذَا قَضَوۡاْ مِنۡهُنَّ وَطَرًاۚ وَكَانَ أَمۡرُ ٱللَّهِ مَفۡعُولًا

Hopola! O ile oa re ho eo Allah A neng a mo sitsitse ka molemo, le uena u neng u mo nehe molemo: “Boloka mosali oa hau lenyalong, O ts’abe Allah.” Empa u ne u patile kelellong ea hau seo Allah a neng a se tlisa leseling, u ne u ts’aba batho, Allah U na le tokelo ea hore u lokela ho mo ts’aba. Joale, eitse hoba Zaid a phethahatse setlamo sa ho khaola lenyalo la hae, eaba Re u kopanya le eena ka lenyalo, hore mohlomong ho se be le sebe ho ba-kholoang malebana le basali bao bara ba bona ba ikholiselitseng bona ba kileng ba ba nyalla eaba ho phethahatsoa setlamo sa bona sa karohano ka Lengolo lipakeng tsa bona. Taelo ea Allah e lokela ho phethahatsoa

33:38

مَّا كَانَ عَلَى ٱلنَّبِيِّ مِنۡ حَرَجٍ فِيمَا فَرَضَ ٱللَّهُ لَهُۥۖ سُنَّةَ ٱللَّهِ فِي ٱلَّذِينَ خَلَوۡاْ مِن قَبۡلُۚ وَكَانَ أَمۡرُ ٱللَّهِ قَدَرًا مَّقۡدُورًا

Ha ho na mathata ho Moporofeta ho seo Allah a se etsang ts’ebetso ea hae. Seo e bile tsela ea Allah ho batho ba khale ba seng ba fetile – taelo ea Allah e tlameha ho phethahatsoa –

33:39

ٱلَّذِينَ يُبَلِّغُونَ رِسَٰلَٰتِ ٱللَّهِ وَيَخۡشَوۡنَهُۥ وَلَا يَخۡشَوۡنَ أَحَدًا إِلَّا ٱللَّهَۗ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ حَسِيبًا

Ebile tloaelo ea ba neng ba phatlalatsa Melaetsa ea Allah, ba mo ts’aba, ho se e mong eo ba mo ts’abang ntle ho Allah. Allah U lekane ho bitsetsa batho tlalehong

33:40

مَّا كَانَ مُحَمَّدٌ أَبَآ أَحَدٍ مِّن رِّجَالِكُمۡ وَلَٰكِن رَّسُولَ ٱللَّهِ وَخَاتَمَ ٱلنَّبِيِّـۧنَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمًا

Muhammad ha se ntata motho ofe kapa ofe har’a lona, empa ke moromuoa oa Allah, ke mokoallo oa Baporofeta; etsoe Allah U hlokolosi holim’a lintho tsohle

33:41

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱذۡكُرُواْ ٱللَّهَ ذِكۡرًا كَثِيرًا

Oho lona ba-kholoang! Ketekang lithoriso tsa Allah, le etse sena khafetsa

33:42

وَسَبِّحُوهُ بُكۡرَةً وَأَصِيلًا

Le Mo tlotlise hoseng le mantsiboea

33:43

هُوَ ٱلَّذِي يُصَلِّي عَلَيۡكُمۡ وَمَلَٰٓئِكَتُهُۥ لِيُخۡرِجَكُم مِّنَ ٱلظُّلُمَٰتِ إِلَى ٱلنُّورِۚ وَكَانَ بِٱلۡمُؤۡمِنِينَ رَحِيمًا

Ee Eena Ea le Hlohonolofatsang le manyeloi A Hae, hore A tle A le lopolle koetseng Ea Lefifi A le tlise Leseling: e bile U Tletse Mohau ho Ba-kholoang

33:44

تَحِيَّتُهُمۡ يَوۡمَ يَلۡقَوۡنَهُۥ سَلَٰمٌۚ وَأَعَدَّ لَهُمۡ أَجۡرًا كَرِيمًا

Litumeliso tsa mohla Letsatsi leo ba tlang ho kopana le Eena e tlaba: “Khotso.” E bile U ba hlophiselitse mats’eliso a babatsehang

33:45

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ إِنَّآ أَرۡسَلۡنَٰكَ شَٰهِدًا وَمُبَشِّرًا وَنَذِيرًا

Oho Moporofeta! Ruri! Re u romeletse ho ba Paki, le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi

33:46

وَدَاعِيًا إِلَى ٱللَّهِ بِإِذۡنِهِۦ وَسِرَاجًا مُّنِيرًا

U bile u le leng’osa la Allah ka taelo ea Hae, le lona Lebone le Fanang ka Khanya

33:47

وَبَشِّرِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ بِأَنَّ لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ فَضۡلًا كَبِيرًا

U phatlalatse litaba tse molemo ho Ba-kholoang hore ba tla fumana Nala e babatsehang ho Allah

33:48

وَلَا تُطِعِ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَٱلۡمُنَٰفِقِينَ وَدَعۡ أَذَىٰهُمۡ وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلًا

U be u se ke oa inamela mahana-tumelo le Baikaketsi. U tlolise mahlo holimo litaba tsa bona tse khopo, u behe ts’epo ea hau ho Allah. Hobane Allah U lekane e le Mots’epehi

33:49

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا نَكَحۡتُمُ ٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ ثُمَّ طَلَّقۡتُمُوهُنَّ مِن قَبۡلِ أَن تَمَسُّوهُنَّ فَمَا لَكُمۡ عَلَيۡهِنَّ مِنۡ عِدَّةٍ تَعۡتَدُّونَهَاۖ فَمَتِّعُوهُنَّ وَسَرِّحُوهُنَّ سَرَاحًا جَمِيلًا

Oho lona ba-kholoang! Ha le nyala basali ba-kholoang, le ba hlala pele le ba ama, ha ho nako eo le ka e balang (iddah) malebana le bona. Empa le ba nehe mpho, le ba lokolle ka mokhoa o amohelehang

33:50

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ إِنَّآ أَحۡلَلۡنَا لَكَ أَزۡوَٰجَكَ ٱلَّٰتِيٓ ءَاتَيۡتَ أُجُورَهُنَّ وَمَا مَلَكَتۡ يَمِينُكَ مِمَّآ أَفَآءَ ٱللَّهُ عَلَيۡكَ وَبَنَاتِ عَمِّكَ وَبَنَاتِ عَمَّٰتِكَ وَبَنَاتِ خَالِكَ وَبَنَاتِ خَٰلَٰتِكَ ٱلَّٰتِي هَاجَرۡنَ مَعَكَ وَٱمۡرَأَةً مُّؤۡمِنَةً إِن وَهَبَتۡ نَفۡسَهَا لِلنَّبِيِّ إِنۡ أَرَادَ ٱلنَّبِيُّ أَن يَسۡتَنكِحَهَا خَالِصَةً لَّكَ مِن دُونِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۗ قَدۡ عَلِمۡنَا مَا فَرَضۡنَا عَلَيۡهِمۡ فِيٓ أَزۡوَٰجِهِمۡ وَمَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ لِكَيۡلَا يَكُونَ عَلَيۡكَ حَرَجٌۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا

Oho Moporofeta! Re entse hore basali ba hau bao u ba lefeletseng mahali ba be molaong ho uena, le bao u ba phuthileng bao Allah A u nehileng bona e le bahapuoa ntoeng, le barali ba rangoana’o le maloma’o, le barali ba ‘mangoana’o le rakhali’ao ba ileng ba falla le uena, le mosali ea kholoang haeba a inehela ho moporofeta, eba moporofeta o lakatsa ho mo kopa lenyalo –sena ke monyetla ho uena feela, eseng ho ba-kholoang – etsoe Re hlokolosi ka tseo Re li khothalelitseng holim’a bona malebana le basali ba bona le ba ba phuthileng –hore u se be le bothata, hobane Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang

33:51

تُرۡجِي مَن تَشَآءُ مِنۡهُنَّ وَتُـٔۡوِيٓ إِلَيۡكَ مَن تَشَآءُۖ وَمَنِ ٱبۡتَغَيۡتَ مِمَّنۡ عَزَلۡتَ فَلَا جُنَاحَ عَلَيۡكَۚ ذَٰلِكَ أَدۡنَىٰٓ أَن تَقَرَّ أَعۡيُنُهُنَّ وَلَا يَحۡزَنَّ وَيَرۡضَيۡنَ بِمَآ ءَاتَيۡتَهُنَّ كُلُّهُنَّۚ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا فِي قُلُوبِكُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَلِيمًا

U ka ‘na oa behella eo u mo ratang kathoko, eaba u amohela eo u mo ratang, ebang u na le takatso ho e mong oa bao u ba beheletseng kathoko ha nakoana, ha ho na sebe ho uena haeba u ka mo amohela hape; seo se molemo; e le hore ba tle ba khotsofale, ba se ke ba utloa bohloko le hona ho khotsofalla seo u ba nehang sona. Allah U tseba se ka lipelong tsa lona, Allah U Tseba Tsohle, U Tletse Mamello

33:52

لَّا يَحِلُّ لَكَ ٱلنِّسَآءُ مِنۢ بَعۡدُ وَلَآ أَن تَبَدَّلَ بِهِنَّ مِنۡ أَزۡوَٰجٍ وَلَوۡ أَعۡجَبَكَ حُسۡنُهُنَّ إِلَّا مَا مَلَكَتۡ يَمِينُكَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ رَّقِيبًا

Ha ho ea lumelleha ho uena ho nyala basali ba bang kathoko ho bao, kapa hona ho ba fapanyetsa ka basali ba bang le haeba o khahloa ke bottle ba bona kantle le bao u ba holisang. Allah ke moalosi holim’a lintho tsohle

33:53

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَدۡخُلُواْ بُيُوتَ ٱلنَّبِيِّ إِلَّآ أَن يُؤۡذَنَ لَكُمۡ إِلَىٰ طَعَامٍ غَيۡرَ نَٰظِرِينَ إِنَىٰهُ وَلَٰكِنۡ إِذَا دُعِيتُمۡ فَٱدۡخُلُواْ فَإِذَا طَعِمۡتُمۡ فَٱنتَشِرُواْ وَلَا مُسۡتَـٔۡنِسِينَ لِحَدِيثٍۚ إِنَّ ذَٰلِكُمۡ كَانَ يُؤۡذِي ٱلنَّبِيَّ فَيَسۡتَحۡيِۦ مِنكُمۡۖ وَٱللَّهُ لَا يَسۡتَحۡيِۦ مِنَ ٱلۡحَقِّۚ وَإِذَا سَأَلۡتُمُوهُنَّ مَتَٰعًا فَسۡـَٔلُوهُنَّ مِن وَرَآءِ حِجَابٍۚ ذَٰلِكُمۡ أَطۡهَرُ لِقُلُوبِكُمۡ وَقُلُوبِهِنَّۚ وَمَا كَانَ لَكُمۡ أَن تُؤۡذُواْ رَسُولَ ٱللَّهِ وَلَآ أَن تَنكِحُوٓاْ أَزۡوَٰجَهُۥ مِنۢ بَعۡدِهِۦٓ أَبَدًاۚ إِنَّ ذَٰلِكُمۡ كَانَ عِندَ ٱللَّهِ عَظِيمًا

Oho lona ba-kholoang! Le se kene malapeng a Moporofeta, – moo le habileng lijo ntle le ho emela nako e lokelang, haese haeba o nehiloe tumello. Empa haeba le memiloe le kene, hang ha lijo tsa lona li felile, le tsamae. Le se ke la emela moqoqo. Hobane seo se ka tloha sa ts’oenya moporofeta, u tla ba lihlong ho le kopa hore le tsamae; empa Allah ha A lihlong malebana le ‘nete. Haeba le kopa se seng ho e mong oa basali ba Moporofeta, le se kope ka boits’oaro bo hloekileng. Seo se hloekile lipelong tsa lona le lipelong tsa bona. Ha le ea lumelloa ho ts’oenya Moromuoa oa Allah, kapa hona hore e be le ka nyala basali ba hae kamor’a hae. Hobane Ruri! Seo mahlong a Allah e ka ‘na ea eba sebe se seholo

33:54

إِن تُبۡدُواْ شَيۡـًٔا أَوۡ تُخۡفُوهُ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمًا

Ebang le hlahisa eng kapa eng pepeneneng, kapa le e patang, Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tsohle

33:55

لَّا جُنَاحَ عَلَيۡهِنَّ فِيٓ ءَابَآئِهِنَّ وَلَآ أَبۡنَآئِهِنَّ وَلَآ إِخۡوَٰنِهِنَّ وَلَآ أَبۡنَآءِ إِخۡوَٰنِهِنَّ وَلَآ أَبۡنَآءِ أَخَوَٰتِهِنَّ وَلَا نِسَآئِهِنَّ وَلَا مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُنَّۗ وَٱتَّقِينَ ٱللَّهَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ شَهِيدًا

Ha ho sebe ho basali ba ho hlaha ba lokolohile ho bo-ntat’a bona, le bara ba bona, kapa likhaitseli tsa bona, kapa bara ba likhaitseli tsa bona, kapa bara ba bo ausi’a bona, kapa basali ba bona le basebeletsi ba bona. Oho basali! Ts’abang Allah. Hobane Allah ke Paki holim’a lintho tsohle

33:56

إِنَّ ٱللَّهَ وَمَلَٰٓئِكَتَهُۥ يُصَلُّونَ عَلَى ٱلنَّبِيِّۚ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ صَلُّواْ عَلَيۡهِ وَسَلِّمُواْ تَسۡلِيمًا

Allah le Manyeloi A Hae ba romella mahlohonolo ho Moporofeta. Oho lona ba-kholoang! Mo romelleng mahlohonolo le lona, le mo lumelise ka thlompho

33:57

إِنَّ ٱلَّذِينَ يُؤۡذُونَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ لَعَنَهُمُ ٱللَّهُ فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ وَأَعَدَّ لَهُمۡ عَذَابًا مُّهِينًا

Ba khopisang Allah le Moromuoa oa Hae, Allah U ba rohakile lefats’eng lena le ho Bo-tlang, e bile U ba hlophetse Kahlolo e nyonyehang

33:58

وَٱلَّذِينَ يُؤۡذُونَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ بِغَيۡرِ مَا ٱكۡتَسَبُواْ فَقَدِ ٱحۡتَمَلُواْ بُهۡتَٰنًا وَإِثۡمًا مُّبِينًا

Ba ts’oenyang banna le basali ba-kholoang ka bokhopo, ba jara molato oa ketseletso le oa sebe se pepenene

33:59

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ قُل لِّأَزۡوَٰجِكَ وَبَنَاتِكَ وَنِسَآءِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ يُدۡنِينَ عَلَيۡهِنَّ مِن جَلَٰبِيبِهِنَّۚ ذَٰلِكَ أَدۡنَىٰٓ أَن يُعۡرَفۡنَ فَلَا يُؤۡذَيۡنَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا

Oho Moporofeta! Bolella basali ba hau, barali ba hau le basali ba-kholoang ho apara liaparo tse ba koahetseng nakong eo ba nkang leeto. Seo se molemo, e le hore ba tle ba hlokomelehe, ba se hlekefetsoe. Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang

33:60

لَّئِن لَّمۡ يَنتَهِ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ وَٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ وَٱلۡمُرۡجِفُونَ فِي ٱلۡمَدِينَةِ لَنُغۡرِيَنَّكَ بِهِمۡ ثُمَّ لَا يُجَاوِرُونَكَ فِيهَآ إِلَّا قَلِيلًا

Ruri, haeba Baikaketsi, le bao lipelo tsa bona li koahetsoeng ke maloetsi le ba fehlang merusu ka har’a motse ba sa khaotse, Ruri! Re tla ba nehella ka lona, kamor’a moo e tlaba baahisane ba lona ha nakoana

33:61

مَّلۡعُونِينَۖ أَيۡنَمَا ثُقِفُوٓاْ أُخِذُواْ وَقُتِّلُواْ تَقۡتِيلًا

Ba tla rohakeha, hoohle moo ba fumanoang teng bat la ts’oaroa ba bolaoe

33:62

سُنَّةَ ٱللَّهِ فِي ٱلَّذِينَ خَلَوۡاْ مِن قَبۡلُۖ وَلَن تَجِدَ لِسُنَّةِ ٱللَّهِ تَبۡدِيلًا

Seo ebile tsela ea Allah litabeng tsa batho ba khale ba seng ba fetile; etsoe ha ho matla afe kapa afe ao o ka a fumanang ho fetola tsela ea Allah

33:63

يَسۡـَٔلُكَ ٱلنَّاسُ عَنِ ٱلسَّاعَةِۖ قُلۡ إِنَّمَا عِلۡمُهَا عِندَ ٱللَّهِۚ وَمَا يُدۡرِيكَ لَعَلَّ ٱلسَّاعَةَ تَكُونُ قَرِيبًا

Batho ba u botsa ka Hora. E re: “Tsebo ea eona e ho Allah A Inots’i. Ke eng se tla etsa hore o utloisise? – Mohlomong Hora e se e le haufinyane

33:64

إِنَّ ٱللَّهَ لَعَنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَأَعَدَّ لَهُمۡ سَعِيرًا

Ruri! Allah U rohakile mahana-tumelo, U ba hlophiselitse Khanare ea Mollo

33:65

خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدًاۖ لَّا يَجِدُونَ وَلِيًّا وَلَا نَصِيرًا

Moo ba tlang ho phela kahosafeleng. Ha ho mots’oalle ea ka ba ts’ireletsang, kapa mothusi

33:66

يَوۡمَ تُقَلَّبُ وُجُوهُهُمۡ فِي ٱلنَّارِ يَقُولُونَ يَٰلَيۡتَنَآ أَطَعۡنَا ٱللَّهَ وَأَطَعۡنَا ٱلرَّسُولَا۠

Letsatsi leo ka lona lifahleho tsa bona li tla phetholeloa ka har’a mollo, ba tla re: “Oho, hoja ebe re ile ra mamela Allah le moromuoa oa Hae

33:67

وَقَالُواْ رَبَّنَآ إِنَّآ أَطَعۡنَا سَادَتَنَا وَكُبَرَآءَنَا فَأَضَلُّونَا ٱلسَّبِيلَا۠

Ba tla re: “Mong`a rona! Re ile ra mamela marena le banna ba phahameng ba habo rona, ba re khelositse tseleng

33:68

رَبَّنَآ ءَاتِهِمۡ ضِعۡفَيۡنِ مِنَ ٱلۡعَذَابِ وَٱلۡعَنۡهُمۡ لَعۡنًا كَبِيرًا

“Mong`a rona! Oho, A k’u mpe U ba nehe Kahlolo e Menahaneng, U ba rohake ka thohako e matla.”

33:69

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ ءَاذَوۡاْ مُوسَىٰ فَبَرَّأَهُ ٱللَّهُ مِمَّا قَالُواْۚ وَكَانَ عِندَ ٱللَّهِ وَجِيهًا

Oho lona ba-kholoang! Le se ke la ts’oana le ba kileng ba khopisa le ho rohaka Moshe, empa Allah U ile A pakahatsa bohloeki ba hae khahlanong le seo ba neng ba mo phara ka sona: U ile a hlompheha mahlong a Allah

33:70

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَقُولُواْ قَوۡلًا سَدِيدًا

Oho lona ba-kholoang! Ts’abang Allah, le bue ‘nete

33:71

يُصۡلِحۡ لَكُمۡ أَعۡمَٰلَكُمۡ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡ ذُنُوبَكُمۡۗ وَمَن يُطِعِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ فَقَدۡ فَازَ فَوۡزًا عَظِيمًا

E le hore A tle A ntlafatse liketso tsa lona, A le ts’oarele libe tsa lona. Mong le mong ea mamelang Allah le Moromuoa oa Hae, o se a ntse a fihletse tlholo e babatsehang

33:72

إِنَّا عَرَضۡنَا ٱلۡأَمَانَةَ عَلَى ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَٱلۡجِبَالِ فَأَبَيۡنَ أَن يَحۡمِلۡنَهَا وَأَشۡفَقۡنَ مِنۡهَا وَحَمَلَهَا ٱلۡإِنسَٰنُۖ إِنَّهُۥ كَانَ ظَلُومًا جَهُولًا

Ruri! Re tsepamisitse ‘nete Maholimong le Lefats’eng le Lithabeng, empa li hanne ho e nka, li na le ts’abo. Empa motho o ile a e amohela; – Le hoja a ne a iphasa ka lerapo le booatla

33:73

لِّيُعَذِّبَ ٱللَّهُ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ وَٱلۡمُنَٰفِقَٰتِ وَٱلۡمُشۡرِكِينَ وَٱلۡمُشۡرِكَٰتِ وَيَتُوبَ ٱللَّهُ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمَۢا

Kahoo, Allah U ahlola Baikaketsi, banna le basali, le mahana- tumelo, banna le basali. Allah U retelehela ka Mohau ho ba- kholoang, Banna le basali: Hobane Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Tletse Mohau

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.