بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
90:1لَآ أُقۡسِمُ بِهَٰذَا ٱلۡبَلَدِ
Ke hlapanya ka motse-moholo ona (Makka) –
90:2وَأَنتَ حِلُّۢ بِهَٰذَا ٱلۡبَلَدِ
Le uena u molokolohi oa motse-moholo ona –
90:3وَوَالِدٍ وَمَا وَلَدَ
U motsoali le ngoana
90:4لَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ فِي كَبَدٍ
Ruri! Re hlotse motho hore a sebetse a fufuleloe
90:5أَيَحۡسَبُ أَن لَّن يَقۡدِرَ عَلَيۡهِ أَحَدٌ
Ha a nahane hore ha ho ope ea nang le matla holima hae
90:6يَقُولُ أَهۡلَكۡتُ مَالًا لُّبَدًا
Mohlomong a ka re: “Ke harintse leruo le leholohali!”
90:7أَيَحۡسَبُ أَن لَّمۡ يَرَهُۥٓ أَحَدٌ
Ha a nahane hore ha ho ope ea ‘monang
90:8أَلَمۡ نَجۡعَل لَّهُۥ عَيۡنَيۡنِ
Na ha se Rona ba mo sitsitseng ka mahlo a mabeli
90:9وَلِسَانًا وَشَفَتَيۡنِ
Le leleme le lipounama tse peli
90:10وَهَدَيۡنَٰهُ ٱلنَّجۡدَيۡنِ
Le ho `montsa litsela tse peli
90:11فَلَا ٱقۡتَحَمَ ٱلۡعَقَبَةَ
Empa ha a potlakela tseleng e moepa –
90:12وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا ٱلۡعَقَبَةُ
Ke`ng se tla le hlakisetsa na tsela e moepa ke`ng? –
90:13فَكُّ رَقَبَةٍ
Ho neha lekhabunyane bolokolohi
90:14أَوۡ إِطۡعَٰمٌ فِي يَوۡمٍ ذِي مَسۡغَبَةٍ
Kapa ho fana ka lijo matsatsing a tlala
90:15يَتِيمًا ذَا مَقۡرَبَةٍ
Ho khutsana ea leloko la hau
90:16أَوۡ مِسۡكِينًا ذَا مَتۡرَبَةٍ
Kapa ho mofutsana ea tlaleng ea boja-likata
90:17ثُمَّ كَانَ مِنَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَتَوَاصَوۡاْ بِٱلصَّبۡرِ وَتَوَاصَوۡاْ بِٱلۡمَرۡحَمَةِ
Ka hona a tlaba har’a ba-kholoang, a khothaletsa ho ba le mamello le ho khothaletsa ho ba mosa le kutloelo bohloko
90:18أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡمَيۡمَنَةِ
Bao ke balekane ba tla ba letsohong la molema
90:19وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِنَا هُمۡ أَصۡحَٰبُ ٱلۡمَشۡـَٔمَةِ
Empa haele ba latolang Lits’upo tsa Rona, ke balekane ba letsoho la ntsohohlo
90:20عَلَيۡهِمۡ نَارٌ مُّؤۡصَدَةُۢ
Mollo e tla ba sekhele sa bona
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.