Surah 89 · 30 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Fajr in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

89:1

وَٱلۡفَجۡرِ

Ka meso

89:2

وَلَيَالٍ عَشۡرٍ

Le ka masiu a leshome

89:3

وَٱلشَّفۡعِ وَٱلۡوَتۡرِ

Le ka libopuoa tsohle tsa Allah

89:4

وَٱلَّيۡلِ إِذَا يَسۡرِ

Le ka bosiu ha bo esa

89:5

هَلۡ فِي ذَٰلِكَ قَسَمٌ لِّذِي حِجۡرٍ

Holim’a lits’upiso tsena ho teng bopaki ho ba utloisisang

89:6

أَلَمۡ تَرَ كَيۡفَ فَعَلَ رَبُّكَ بِعَادٍ

Na ha u elelloe kamoo Mong`a hau A ileng A sebetsa kateng ka morabe oa Ba-Ad

89:7

إِرَمَ ذَاتِ ٱلۡعِمَادِ

Ba motse oa Iram, ka lits’ia tse phahameng

89:8

ٱلَّتِي لَمۡ يُخۡلَقۡ مِثۡلُهَا فِي ٱلۡبِلَٰدِ

Bao ho es’ong ho be le tlholeho e ts’oanang le’a bona lefats’eng

89:9

وَثَمُودَ ٱلَّذِينَ جَابُواْ ٱلصَّخۡرَ بِٱلۡوَادِ

Joaloka morabe oa Ba – Thamude o ileng oa betla majoe kahar’a phula

89:10

وَفِرۡعَوۡنَ ذِي ٱلۡأَوۡتَادِ

Le Faro, Morena oa Lipalo

89:11

ٱلَّذِينَ طَغَوۡاْ فِي ٱلۡبِلَٰدِ

Bao kaofela ha bona ebileng batloli ba meeli eohle holim’a lefats’e

89:12

فَأَكۡثَرُواْ فِيهَا ٱلۡفَسَادَ

Le hona ho fehla lehloeo kahar’a tsona

89:13

فَصَبَّ عَلَيۡهِمۡ رَبُّكَ سَوۡطَ عَذَابٍ

Mong`a hau U ile A ts’ollela sekhobo sa kahlolo ea Hae holim’a bona

89:14

إِنَّ رَبَّكَ لَبِٱلۡمِرۡصَادِ

Ruri! Ha ho se patehileng ho Mong`a hau

89:15

فَأَمَّا ٱلۡإِنسَٰنُ إِذَا مَا ٱبۡتَلَىٰهُ رَبُّهُۥ فَأَكۡرَمَهُۥ وَنَعَّمَهُۥ فَيَقُولُ رَبِّيٓ أَكۡرَمَنِ

Joaloka motho eo ereng ha Mong`a hae A mo leka ka ho mo neha hlompho, A bile A ba lereko malebana le eena, e be o re: “Mong`a ka U mphile hlompho.”

89:16

وَأَمَّآ إِذَا مَا ٱبۡتَلَىٰهُ فَقَدَرَ عَلَيۡهِ رِزۡقَهُۥ فَيَقُولُ رَبِّيٓ أَهَٰنَنِ

Empa hang ha A mo neha teko ka ho khutsufatsa mekhoa ea bophelo ba hae, o re: “Mong`a ka U ntlontlolotse.”

89:17

كـَلَّاۖ بَل لَّا تُكۡرِمُونَ ٱلۡيَتِيمَ

Che! Empa lona le hloloa ho hauhela khutsana

89:18

وَلَا تَحَٰٓضُّونَ عَلَىٰ طَعَامِ ٱلۡمِسۡكِينِ

Ha le khothaletsane phepo ea mafutsana

89:19

وَتَأۡكُلُونَ ٱلتُّرَاثَ أَكۡلًا لَّمًّا

Le ja mafa lekemekeme ka bonyollo bohle

89:20

وَتُحِبُّونَ ٱلۡمَالَ حُبًّا جَمًّا

Le bile le rata leruo ka lerato le hlollang

89:21

كـَلَّآۖ إِذَا دُكَّتِ ٱلۡأَرۡضُ دَكًّا دَكًّا

Che! mohla lefats’e le fetohang lehlohlojane le thumisehileng

89:22

وَجَآءَ رَبُّكَ وَٱلۡمَلَكُ صَفًّا صَفًّا

Mong`a hau A theoha le manyeloi a entse mekhahlelo ka mekhahlelo

89:23

وَجِاْيٓءَ يَوۡمَئِذِۭ بِجَهَنَّمَۚ يَوۡمَئِذٍ يَتَذَكَّرُ ٱلۡإِنسَٰنُ وَأَنَّىٰ لَهُ ٱلذِّكۡرَىٰ

Le lihele li atametsoa haufinyane; Ruri! Ke mohla motho a tlang ho hopola, empa mohopolo oo o tla mo thusa kang

89:24

يَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي قَدَّمۡتُ لِحَيَاتِي

Motho o tla re: “Ao! Hoja ke mpile ka etsa letsete molemong oa bophelo ba ka!”

89:25

فَيَوۡمَئِذٍ لَّا يُعَذِّبُ عَذَابَهُۥٓ أَحَدٌ

Ruri! O tla ahloloa ka kahlolo es’o kang e bonoa mohla letsatsi leo

89:26

وَلَا يُوثِقُ وَثَاقَهُۥٓ أَحَدٌ

Ebile ha ho ea tlamang kamoo A tlamang kateng

89:27

يَٰٓأَيَّتُهَا ٱلنَّفۡسُ ٱلۡمُطۡمَئِنَّةُ

Ho tla thoe hoba lokileng: “Oho lona! Meea ea lona ha e ke e phomole ka khotso

89:28

ٱرۡجِعِيٓ إِلَىٰ رَبِّكِ رَاضِيَةً مَّرۡضِيَّةً

Khutlelang ho Mong`a lona le khotsofetse monyakeng o molemo oa Hae

89:29

فَٱدۡخُلِي فِي عِبَٰدِي

Kenang kahar’a makhabunyane a Ka

89:30

وَٱدۡخُلِي جَنَّتِي

Kahar’a serapa sa Ka!”

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.