Surah 45 · 37 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Jathiyah in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

45:1

حمٓ

Ha. Mim

45:2

تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ مِنَ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ

Ts’enolo ea

45:3

إِنَّ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ لَأٓيَٰتٍ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ

Ruri! maholimong le lefats’eng Lits’upiso li teng ho ba- kholoang

45:4

وَفِي خَلۡقِكُمۡ وَمَا يَبُثُّ مِن دَآبَّةٍ ءَايَٰتٌ لِّقَوۡمٍ يُوقِنُونَ

Tlholehong ea lona le tlholeho ea liphoofolo tsohle tse hasaneng holim’a lefats’e, ke Lits’upiso ho batho bao Tumelo ea bona e leng ea sebele

45:5

وَٱخۡتِلَٰفِ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَمَآ أَنزَلَ ٱللَّهُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مِن رِّزۡقٍ فَأَحۡيَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَا وَتَصۡرِيفِ ٱلرِّيَٰحِ ءَايَٰتٌ لِّقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ

Le phapanyetsano ea Bosiu le Mots’ehare, le naleng eo Allah A e romellang lefats’eng etsoa marung, eo ka eona A phelisang lefats’e le neng le omeletse, le eona taolo ea liphefo, – ke Lits’upiso ho ba nang le kelello

45:6

تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱللَّهِ نَتۡلُوهَا عَلَيۡكَ بِٱلۡحَقِّۖ فَبِأَيِّ حَدِيثِۭ بَعۡدَ ٱللَّهِ وَءَايَٰتِهِۦ يُؤۡمِنُونَ

Tsena ke Lits’upiso tsa Allah tseo Re u phetelang tsona ka ‘nete: Joale, kamor’a ho latola Allah le Lits’upiso tsa Hae ke eng seo ba tlang ho se kholoa

45:7

وَيۡلٌ لِّكُلِّ أَفَّاكٍ أَثِيمٍ

Sekhobo se be ho moetsalibe ofe kapa ofe ea Hoebang ka Leshano

45:8

يَسۡمَعُ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِ ثُمَّ يُصِرُّ مُسۡتَكۡبِرًا كَأَن لَّمۡ يَسۡمَعۡهَاۖ فَبَشِّرۡهُ بِعَذَابٍ أَلِيمٍ

O utloa Lits’enolo tsa Allah ha a li pheteloa, e be o tiisa hlooho ka manganga joaloka ha e ka ha a li utloa: mo bolelle litaba tsa Kahlolo e Mahlonoko

45:9

وَإِذَا عَلِمَ مِنۡ ءَايَٰتِنَا شَيۡـًٔا ٱتَّخَذَهَا هُزُوًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ مُّهِينٌ

Ha a utloa se seng sa lits’enolo tsa Rona, o li fetola papali. Ho ba joalo ho teng Kotlo e soabisang

45:10

مِّن وَرَآئِهِمۡ جَهَنَّمُۖ وَلَا يُغۡنِي عَنۡهُم مَّا كَسَبُواْ شَيۡـًٔا وَلَا مَا ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ أَوۡلِيَآءَۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ عَظِيمٌ

Kapel’a bona ke Lihele, seo ba se kotutseng se ke ke sa ba tsoela molemo, kapa bats’ireletsi ba ikhethetseng bona kantle ho Allah: kahlolo e ts’abehang ke ea bona

45:11

هَٰذَا هُدًىۖ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ لَهُمۡ عَذَابٌ مِّن رِّجۡزٍ أَلِيمٌ

Sena ke Tataiso. Haele ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona, ho teng kahlolo e mahlonoko ea khalefo sebakeng sa bona

45:12

ٱللَّهُ ٱلَّذِي سَخَّرَ لَكُمُ ٱلۡبَحۡرَ لِتَجۡرِيَ ٱلۡفُلۡكُ فِيهِ بِأَمۡرِهِۦ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Ke Allah ea entseng hore leoatle le be le molemo ho lona, le hore likepe li tle li sese holim’a lona ka taelo ea Hae, le hore le tle le tsome nala ea Hae; hore le tle le fane ka liteboho

45:13

وَسَخَّرَ لَكُم مَّا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعًا مِّنۡهُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ

A etsa hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li be le molemo ho lona; tsena tsohle li tsoa ho Eena: ka har’a sena ho teng lits’upiso ho ba nahanang

45:14

قُل لِّلَّذِينَ ءَامَنُواْ يَغۡفِرُواْ لِلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ أَيَّامَ ٱللَّهِ لِيَجۡزِيَ قَوۡمَۢا بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ

Bolella bakholoang ho ts’oarela ba sa tsotelleng matsatsi a Allah: Ho ho Eena ho putsa batho ho latela tseo ba li kotutseng

45:15

مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحًا فَلِنَفۡسِهِۦۖ وَمَنۡ أَسَآءَ فَعَلَيۡهَاۖ ثُمَّ إِلَىٰ رَبِّكُمۡ تُرۡجَعُونَ

Etsoe mang kapa mang ea etsang toka, o etsa joalo molemong oa moea oa hae; ka mokhoa o ts’oanang le ea etsang sebe, o etsa joalo khahlano le ona. Qetellong le tla boela ho Mong`a lona

45:16

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحُكۡمَ وَٱلنُّبُوَّةَ وَرَزَقۡنَٰهُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ وَفَضَّلۡنَٰهُمۡ عَلَى ٱلۡعَٰلَمِينَ

Re ile Ra fana ka Lengolo ho Bana ba Israele, Matla a Taelo le Boporofeta; le ho ba sitsa ka lintho tse hloekileng, tse molemo le ho ba khetholla hara merabe eohle ka tlotla

45:17

وَءَاتَيۡنَٰهُم بَيِّنَٰتٍ مِّنَ ٱلۡأَمۡرِۖ فَمَا ٱخۡتَلَفُوٓاْ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَهُمُ ٱلۡعِلۡمُ بَغۡيَۢا بَيۡنَهُمۡۚ إِنَّ رَبَّكَ يَقۡضِي بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ

Ra ba neha Lits’upiso tse hlakileng litabeng tsa bona: ba ile ba fapana kamor’a hore tsebo e finyelle ho bona, ka ho honohelana ka bo-bona. Ruri! Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo ka le tseo ba neng ba fapana ka tsona

45:18

ثُمَّ جَعَلۡنَٰكَ عَلَىٰ شَرِيعَةٍ مِّنَ ٱلۡأَمۡرِ فَٱتَّبِعۡهَا وَلَا تَتَّبِعۡ أَهۡوَآءَ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَ

Hajoale Re u hlomamisitse Tseleng e Topileng ea Tumelo; kahoo e latele, u se sale litakatso tsa ba hlokang tsebo morao

45:19

إِنَّهُمۡ لَن يُغۡنُواْ عَنكَ مِنَ ٱللَّهِ شَيۡـًٔاۚ وَإِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلِيَآءُ بَعۡضٍۖ وَٱللَّهُ وَلِيُّ ٱلۡمُتَّقِينَ

Ba ke ke ba eba le thuso ho uena kapel’a Allah. Ke baetsalibe feela bao e leng bats’ireletsi ea ba ts’oanang le bona: empa Allah Ke Mots’ireletsi oa ba etsang tse lokileng

45:20

هَٰذَا بَصَٰٓئِرُ لِلنَّاسِ وَهُدًى وَرَحۡمَةٌ لِّقَوۡمٍ يُوقِنُونَ

Tsena ke bopaki bo hlakileng ho batho, ke Tataiso le Mohau ho bao tumelo ea bona e leng ea sebele

45:21

أَمۡ حَسِبَ ٱلَّذِينَ ٱجۡتَرَحُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ أَن نَّجۡعَلَهُمۡ كَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ سَوَآءً مَّحۡيَاهُمۡ وَمَمَاتُهُمۡۚ سَآءَ مَا يَحۡكُمُونَ

Eng! Ba setseng morao tsela e khopameng ba nahana hore Re tla ba lekanya le ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, – ka ho ts’oana bophelong ba lefats’e lena esita le lefung? Qeto ea bona ke e fosahetseng

45:22

وَخَلَقَ ٱللَّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّ وَلِتُجۡزَىٰ كُلُّ نَفۡسِۭ بِمَا كَسَبَتۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka toka, hore moea ka mong o tlo o lefshoe seo o se kotutseng. Ha ho mang ea tla qhekelloa

45:23

أَفَرَءَيۡتَ مَنِ ٱتَّخَذَ إِلَٰهَهُۥ هَوَىٰهُ وَأَضَلَّهُ ٱللَّهُ عَلَىٰ عِلۡمٍ وَخَتَمَ عَلَىٰ سَمۡعِهِۦ وَقَلۡبِهِۦ وَجَعَلَ عَلَىٰ بَصَرِهِۦ غِشَٰوَةً فَمَن يَهۡدِيهِ مِنۢ بَعۡدِ ٱللَّهِۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ

Na u se u ile oa bona ea etsang litakatso tsa hae molingoana oa hae? Allah U mo lesa ho kheloha ka boomo, le hona ho kaba kutlo le pelo ea hae le ho koahela mahlo a hae ka lesira. Joale, ke mang ea mo tataisang kamor’a hoba Allah a mo nyahlatse? Na le sa tla ke le amohele khalemo

45:24

وَقَالُواْ مَا هِيَ إِلَّا حَيَاتُنَا ٱلدُّنۡيَا نَمُوتُ وَنَحۡيَا وَمَا يُهۡلِكُنَآ إِلَّا ٱلدَّهۡرُۚ وَمَا لَهُم بِذَٰلِكَ مِنۡ عِلۡمٍۖ إِنۡ هُمۡ إِلَّا يَظُنُّونَ

Ba bile ba re: “Ha ho bophelo bo bong haese bophelo ba rona ba lefats’e? Re tla shoa, re’a phela, ha ho se ka re rinyang haese nako ea pallo.” Empa ha ho tsebo eo ba nang le eona ka tseo tsohle; ba mpa ba hakanya

45:25

وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُنَا بَيِّنَٰتٍ مَّا كَانَ حُجَّتَهُمۡ إِلَّآ أَن قَالُواْ ٱئۡتُواْ بِـَٔابَآئِنَآ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Ha ba pheteloa Lits’enolo tsa Rona, khang ea bona ha se letho haese, hore ba re: “Tsosang bo-ntat’a rona moholo, haeba seo le se buang ke ‘nete.”

45:26

قُلِ ٱللَّهُ يُحۡيِيكُمۡ ثُمَّ يُمِيتُكُمۡ ثُمَّ يَجۡمَعُكُمۡ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ لَا رَيۡبَ فِيهِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ

E re: “Ke Allah Ea le nehang bophelo, ebile ke Eena Ea etsang hore le shoe; U tla le bokella ‘moho ka Letsatsi la Kahlolo leo ho seng khoao ka lona.” Le hoja bongata ba batho bo sa utloisise

45:27

وَلِلَّهِ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يَوۡمَئِذٍ يَخۡسَرُ ٱلۡمُبۡطِلُونَ

Puso ea maholimo le lefats’e ke ea Allah; le Letsatsi leo ka lona Hora ea Kahlolo e hlomamisitsoeng, – Letsatsing leo Bahoebi ka Mashano ba tla timela

45:28

وَتَرَىٰ كُلَّ أُمَّةٍ جَاثِيَةًۚ كُلُّ أُمَّةٍ تُدۡعَىٰٓ إِلَىٰ كِتَٰبِهَا ٱلۡيَوۡمَ تُجۡزَوۡنَ مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

U tla bona sechaba ka seng se khumama, lequloana ka leng le biletsoa Tlalehong. “Kajeno le tla lefshoa ho latela tseo le neng le li etsa

45:29

هَٰذَا كِتَٰبُنَا يَنطِقُ عَلَيۡكُم بِٱلۡحَقِّۚ إِنَّا كُنَّا نَسۡتَنسِخُ مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

“Sena ke Tlaleho ea Rona e tlaleha ka lona ka ‘nete. Hobane Re entse hore lintho tsohle tseo le neng le li etsa li tlalehoe.”

45:30

فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَيُدۡخِلُهُمۡ رَبُّهُمۡ فِي رَحۡمَتِهِۦۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡمُبِينُ

Ke moo ba neng ba kholoa le ho etsa Liketso tse lokileng, Mong`a bona A tla ba amohella ka har’a Mohau oa Hae. Eo ke katleho e pepenene

45:31

وَأَمَّا ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَفَلَمۡ تَكُنۡ ءَايَٰتِي تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فَٱسۡتَكۡبَرۡتُمۡ وَكُنتُمۡ قَوۡمًا مُّجۡرِمِينَ

Haele ba neng ba latola Allah (ho tla thoe ho bona): “Na ha le’a ka la pheteloa lits’enolo tsa Rona? Empa la ikhohomosa, la sesa sebeng

45:32

وَإِذَا قِيلَ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَٱلسَّاعَةُ لَا رَيۡبَ فِيهَا قُلۡتُم مَّا نَدۡرِي مَا ٱلسَّاعَةُ إِن نَّظُنُّ إِلَّا ظَنًّا وَمَا نَحۡنُ بِمُسۡتَيۡقِنِينَ

“Ha ho ne ho thoe ho bona ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, ha ho khoao ka ho tla ha hora,” Le ne le re: “Ha ho seo re se tsebang ka Hora: re nahana hore kakanyo, ha re ‘nete ka eona.”

45:33

وَبَدَا لَهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا عَمِلُواْ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ

Li tla morao tse bosula tsa leketso tsa bona li tla hlahela ponts’eng, le lintho tseo ba neng ba tloaetse ho li soma li tla ba kopela hare

45:34

وَقِيلَ ٱلۡيَوۡمَ نَنسَىٰكُمۡ كَمَا نَسِيتُمۡ لِقَآءَ يَوۡمِكُمۡ هَٰذَا وَمَأۡوَىٰكُمُ ٱلنَّارُ وَمَا لَكُم مِّن نَّٰصِرِينَ

Ho tla thoe: “Kajeno Re tla le lebala joaloka ha le lona le ile la lebala kopano ena ea Letsatsi la lona! Bolulo ba lona ke Mollo, ha le na bathusi

45:35

ذَٰلِكُم بِأَنَّكُمُ ٱتَّخَذۡتُمۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ هُزُوًا وَغَرَّتۡكُمُ ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَاۚ فَٱلۡيَوۡمَ لَا يُخۡرَجُونَ مِنۡهَا وَلَا هُمۡ يُسۡتَعۡتَبُونَ

Sena ke hobane le ile la etsa Litse’nolo tsa Allah metlae, bophelo ba lefats’e bo le thetsitse.” Ka lebaka leo, ho tloha Letsatsing leo ba ke ke ba nts’oa kamoo, kapa hona ho amoheloa Mohaung

45:36

فَلِلَّهِ ٱلۡحَمۡدُ رَبِّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَرَبِّ ٱلۡأَرۡضِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Kahoo, Thoriso e be ho Allah Mong`a maholimo le lefats’e, – Mong`a le ‘Maballi oa mafats’e oohle

45:37

وَلَهُ ٱلۡكِبۡرِيَآءُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Tlola e be ho Eena hoohle maholimong le lefats’eng: ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.