Surah 44 · 59 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Ad-Dukhan in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
إِنَّآ أَنزَلۡنَٰهُ فِي لَيۡلَةٍ مُّبَٰرَكَةٍۚ إِنَّا كُنَّا مُنذِرِينَ
Le rometsoe lefats‘eng bosiung bo hlohonolofetseng: – Hobane Re labalabela ho hlokomelisa(khahlanong le bobe)
أَمۡرًا مِّنۡ عِندِنَآۚ إِنَّا كُنَّا مُرۡسِلِينَ
Ke taelo e tsoang ho Rona – hobane Re lula Re romella (Lits’enolo)
رَحۡمَةً مِّن رَّبِّكَۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ
E le mohau o tsoang ho Mong`a hau. Hobane U utloa le ho tseba (tsohle)
رَبِّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَآۖ إِن كُنتُم مُّوقِنِينَ
Mong`a maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa tsona, haeba le na le tumelo ea ‘nete
لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُۖ رَبُّكُمۡ وَرَبُّ ءَابَآئِكُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ
Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Ke Eena Ea fanang ka bophelo, ebile U fana ka lefu; – Mong`a le ‘Maballi oa lona le bo-ntat’a lona moholo
فَٱرۡتَقِبۡ يَوۡمَ تَأۡتِي ٱلسَّمَآءُ بِدُخَانٍ مُّبِينٍ
Joale lebella Letsatsi leo leholimo le tlang ho thunya mosi o bonahalang
يَغۡشَى ٱلنَّاسَۖ هَٰذَا عَذَابٌ أَلِيمٌ
O tlang ho aparela batho: sena etla ba Kotlo e mahlonoko
رَّبَّنَا ٱكۡشِفۡ عَنَّا ٱلۡعَذَابَ إِنَّا مُؤۡمِنُونَ
(Ba tla re): “Mong`a rona! Tlosa kotlo ena holim’a rona, hobane ruri re’a kholoa.”
أَنَّىٰ لَهُمُ ٱلذِّكۡرَىٰ وَقَدۡ جَآءَهُمۡ رَسُولٌ مُّبِينٌ
Molaetsa o tla ba le matla joang ho bona, empa moromuoa ea neng a hlakisa lintho ka botlalo a se a ile a finyella ho bona, –
ثُمَّ تَوَلَّوۡاْ عَنۡهُ وَقَالُواْ مُعَلَّمٌ مَّجۡنُونٌ
Empa ba ile ba mo furalla, ba re: “O rutiloe, ke lehlanya!”
إِنَّا كَاشِفُواْ ٱلۡعَذَابِ قَلِيلًاۚ إِنَّكُمۡ عَآئِدُونَ
Re tla fela Re tlose kotlo nakoana e fokolang. Empa ruri ba tla boela litseleng tsa bona
يَوۡمَ نَبۡطِشُ ٱلۡبَطۡشَةَ ٱلۡكُبۡرَىٰٓ إِنَّا مُنتَقِمُونَ
Ka letsatsi le leng Re tla le nanola ka tlhaselo e matla: Ruri! Re tla le Lefisa
وَلَقَدۡ فَتَنَّا قَبۡلَهُمۡ قَوۡمَ فِرۡعَوۡنَ وَجَآءَهُمۡ رَسُولٌ كَرِيمٌ
Re ile Ra etsa joalo; pele ho bona, Ra beha sechaba sa Faro tekong: Ho ile ha fihla ho bona Morumuoa ea hlomphehang
أَنۡ أَدُّوٓاْ إِلَيَّ عِبَادَ ٱللَّهِۖ إِنِّي لَكُمۡ رَسُولٌ أَمِينٌ
A re: “Ntokolleleng makhabunyane a Allah. Ke moromuoa ea ts’oanelang ho ho ts’eptjoa ho lona
وَأَن لَّا تَعۡلُواْ عَلَى ٱللَّهِۖ إِنِّيٓ ءَاتِيكُم بِسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ
“Le se ikhohomose khahlanong le Allah: Hobane ke tla ho lona ka matla a Hae
وَإِنِّي عُذۡتُ بِرَبِّي وَرَبِّكُمۡ أَن تَرۡجُمُونِ
“Ke kopile ts’ireletso ho Mong’a ka, e leng Mong’a lona, khahlanong le tlhaselo ho tsoa ho lona
فَدَعَا رَبَّهُۥٓ أَنَّ هَٰٓؤُلَآءِ قَوۡمٌ مُّجۡرِمُونَ
(Empa ba ne ba le makoebeta) Eaba o bitsa ho Mong’a hae: “Bana ruri ke batho ba qoetseng sebeng”
فَأَسۡرِ بِعِبَادِي لَيۡلًا إِنَّكُم مُّتَّبَعُونَ
(Karabo ea eba): “Tsamaea le makhabunyane a Ka bosiu: hobane ruri le tla saloa morao
وَٱتۡرُكِ ٱلۡبَحۡرَ رَهۡوًاۖ إِنَّهُمۡ جُندٌ مُّغۡرَقُونَ
“Le siee leoatle le bulehile ka lehare: hobane ke lebotho le loketseng ho khang’oa ke metsi.”
كَذَٰلِكَۖ وَأَوۡرَثۡنَٰهَا قَوۡمًا ءَاخَرِينَ
E joalo (qetello ea bona) Re entse hore batho ba bang e be majalefa(a lintho tsa bona)
فَمَا بَكَتۡ عَلَيۡهِمُ ٱلسَّمَآءُ وَٱلۡأَرۡضُ وَمَا كَانُواْ مُنظَرِينَ
Leholimo le lefats’e ha li ea ka tsa keleketlisa keleli sebakeng sa bona; kapa nako ea bona ea eketsoa
وَلَقَدۡ نَجَّيۡنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ مِنَ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡمُهِينِ
Re ile Ra lopolla Bana ba Israele Kotlong e soabisang
مِن فِرۡعَوۡنَۚ إِنَّهُۥ كَانَ عَالِيًا مِّنَ ٱلۡمُسۡرِفِينَ
Ho tsoa ho Faro. Hobane ene e le e mong oa baikhohomosi har’a batloli ba meeli ba feteletseng
وَلَقَدِ ٱخۡتَرۡنَٰهُمۡ عَلَىٰ عِلۡمٍ عَلَى ٱلۡعَٰلَمِينَ
Re ba khethile ka morero holim’a lichaba tsohle
وَءَاتَيۡنَٰهُم مِّنَ ٱلۡأٓيَٰتِ مَا فِيهِ بَلَٰٓؤٌاْ مُّبِينٌ
Ra ba neha Lits’upiso, tse neng li jere teko e hlakileng
إِنۡ هِيَ إِلَّا مَوۡتَتُنَا ٱلۡأُولَىٰ وَمَا نَحۡنُ بِمُنشَرِينَ
“Ha ho letho ka nqane ho lefu, ha re na ho tsosoa hape
فَأۡتُواْ بِـَٔابَآئِنَآ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ
“Khutlisa bo-ntat’a moholo’a rona, haeba seo u se buang ke ‘nete!”
أَهُمۡ خَيۡرٌ أَمۡ قَوۡمُ تُبَّعٍ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ أَهۡلَكۡنَٰهُمۡۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ مُجۡرِمِينَ
Eng! Ba feta batho ba Tubba, le ba bileng teng pele ho bona? Re ile Ra ba timetsa, hobane e ne e le batho ba loebaloebang sebeng
وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا لَٰعِبِينَ
Ha Re’a hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona, ka bosaoana
مَا خَلَقۡنَٰهُمَآ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ
Ha Re’a lihlolla letho haese ka toka; empa bongata ba bona ha bo utloisise
إِنَّ يَوۡمَ ٱلۡفَصۡلِ مِيقَٰتُهُمۡ أَجۡمَعِينَ
Ruri! Letsatsi la Tlhopho ke nako e hlomamiselitsoeng bona bohle, –
يَوۡمَ لَا يُغۡنِي مَوۡلًى عَن مَّوۡلًى شَيۡـًٔا وَلَا هُمۡ يُنصَرُونَ
Ka Letsatsi leo ho se nang hoba le mots’ireletsi ea tlang ho ba emela, kapa hona ho ba thusa
إِلَّا مَن رَّحِمَ ٱللَّهُۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ
Kantle le ba tla amohela Mahau oa Allah: Hobane Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang
كَٱلۡمُهۡلِ يَغۡلِي فِي ٱلۡبُطُونِ
Joaloka lesheleshele la koporo, le tla beng le bela ka har’a limpa tsa bona
خُذُوهُ فَٱعۡتِلُوهُ إِلَىٰ سَوَآءِ ٱلۡجَحِيمِ
(Lentsoe le tla hoelehetsa): “Mo ts’oare o mo hulele har’a Lelakabe la Lihele
ثُمَّ صُبُّواْ فَوۡقَ رَأۡسِهِۦ مِنۡ عَذَابِ ٱلۡحَمِيمِ
“Joale o mo ts’ele ka Kotlo ea Metsi a Belang hloohong
إِنَّ ٱلۡمُتَّقِينَ فِي مَقَامٍ أَمِينٍ
Haele ba lokileng, ba tla ba maemong a ts’ireletsehileng
يَلۡبَسُونَ مِن سُندُسٍ وَإِسۡتَبۡرَقٍ مُّتَقَٰبِلِينَ
Ba apere silika le masela a nonofetseng, ba shebane
كَذَٰلِكَ وَزَوَّجۡنَٰهُم بِحُورٍ عِينٍ
Ho tla ba joalo. Re tla ba nyalisa Balekane, ba mahlo a phatsimang
يَدۡعُونَ فِيهَا بِكُلِّ فَٰكِهَةٍ ءَامِنِينَ
Kamoo teng ba tla ja litholoana tsohle tsa mefuta ka khotso le bolokolohi
لَا يَذُوقُونَ فِيهَا ٱلۡمَوۡتَ إِلَّا ٱلۡمَوۡتَةَ ٱلۡأُولَىٰۖ وَوَقَىٰهُمۡ عَذَابَ ٱلۡجَحِيمِ
Kapa hona ho ang’oa ke lefu, ntle le lefu la pele; U tla ba ts’ireletsa Kahlolong ea Mollo oa Lihele
فَضۡلًا مِّن رَّبِّكَۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ
E le nala ho tsoa ho Mong`a hau. Seo e tla be e le katleho e babatsehang
فَإِنَّمَا يَسَّرۡنَٰهُ بِلِسَانِكَ لَعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ
Ruri, Re hlakisitse (Qura’n), ka leleme la hau, hore ba tle ba utloe
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.