Surah 42 · 53 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Ash-Shura in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
كَذَٰلِكَ يُوحِيٓ إِلَيۡكَ وَإِلَى ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكَ ٱللَّهُ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
Ke kamoo A rometseng ts’usumetso ho uena joalo ka ha A ile A e romela ho ba bileng teng pele ho uena,-Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli
لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡعَظِيمُ
Tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Hae, Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea Moholohali
تَكَادُ ٱلسَّمَٰوَٰتُ يَتَفَطَّرۡنَ مِن فَوۡقِهِنَّۚ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يُسَبِّحُونَ بِحَمۡدِ رَبِّهِمۡ وَيَسۡتَغۡفِرُونَ لِمَن فِي ٱلۡأَرۡضِۗ أَلَآ إِنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ
Maholimo a batlile a petsoha ka lehare: le manyeloi a keteka Lithoriso tsa Mong’a ona, a rapella ts’oarelo sebakeng sa bohle ba lefats’eng: Ruri Allah, ke Eena Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Mohau o Khaphatsehang
وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ ٱللَّهُ حَفِيظٌ عَلَيۡهِمۡ وَمَآ أَنتَ عَلَيۡهِم بِوَكِيلٍ
Ba inkelang bats’ireletsi kantle ho Eena, Allah U ea ba alosa, uena ha u moalosi oa litaba tsa bona
وَكَذَٰلِكَ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ قُرۡءَانًا عَرَبِيًّا لِّتُنذِرَ أُمَّ ٱلۡقُرَىٰ وَمَنۡ حَوۡلَهَا وَتُنذِرَ يَوۡمَ ٱلۡجَمۡعِ لَا رَيۡبَ فِيهِۚ فَرِيقٌ فِي ٱلۡجَنَّةِ وَفَرِيقٌ فِي ٱلسَّعِيرِ
Ke kamoo Re rometseng ka ts’usumetso ho uena Qura’n ea se- Arab, hore u tle u lemose baahi ba Makka le bohle ba ahileng haufi le eona, u ba lemose ka Letsatsi la Khobokano leo ho seng khoao ka lona. Mohla ba bang ba tlang ho kena ka hara Serapa, ha ba bang ba kena ka hara Lelakabe
وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَجَعَلَهُمۡ أُمَّةً وَٰحِدَةً وَلَٰكِن يُدۡخِلُ مَن يَشَآءُ فِي رَحۡمَتِهِۦۚ وَٱلظَّٰلِمُونَ مَا لَهُم مِّن وَلِيٍّ وَلَا نَصِيرٍ
Hoja e bile thato ea Allah, A ka be A ba entse sechaba se le seng, empa ke Allah Ea amohelang ea khahloang ke eena mohaung oa Hae. Baetsalibe ba ke ke ba eba le mots’ireletsi kapa mothusi
أَمِ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَۖ فَٱللَّهُ هُوَ ٱلۡوَلِيُّ وَهُوَ يُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ
Ba ikhethetse mots’ireletsi kantle ho Eena? Empa ke Allah, ke Eena Mots’ireletsi; Ea tsosang bafu: Ke Eena Ea nang le matla holima lintho tsohle
وَمَا ٱخۡتَلَفۡتُمۡ فِيهِ مِن شَيۡءٍ فَحُكۡمُهُۥٓ إِلَى ٱللَّهِۚ ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبِّي عَلَيۡهِ تَوَكَّلۡتُ وَإِلَيۡهِ أُنِيبُ
Ebang le ena le phapang ka eng kapa eng, qeto ea eona e ho Allah. Eo ke Allah, Mong`a ka, ts’epo ea ka e ho Eena, ho Eena ke poelo ea ka
فَاطِرُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ جَعَلَ لَكُم مِّنۡ أَنفُسِكُمۡ أَزۡوَٰجًا وَمِنَ ٱلۡأَنۡعَٰمِ أَزۡوَٰجًا يَذۡرَؤُكُمۡ فِيهِۚ لَيۡسَ كَمِثۡلِهِۦ شَيۡءٌۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ
Mopi oa maholimo le lefats’e. U le hlotse balekane har‘a lona, le likhomo ka bobeli, ke kamoo A le atisang kateng. Ha ho letho le ka lekang’oang le Eena; ke Eena Ea utloang tsohle, U bona tsohle
لَهُۥ مَقَالِيدُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ إِنَّهُۥ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمٌ
Linotlolo tsa maholimo le lefats’e ke tsa hae. O lelefatsa nala ho ope ea khahloang ke eena le ho na hoba leqe ka eona ho ope ea khahloang ke eena. Hobane Ke Eena Ea tsebang tsohle
شَرَعَ لَكُم مِّنَ ٱلدِّينِ مَا وَصَّىٰ بِهِۦ نُوحًا وَٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ وَمَا وَصَّيۡنَا بِهِۦٓ إِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ وَعِيسَىٰٓۖ أَنۡ أَقِيمُواْ ٱلدِّينَ وَلَا تَتَفَرَّقُواْ فِيهِۚ كَبُرَ عَلَى ٱلۡمُشۡرِكِينَ مَا تَدۡعُوهُمۡ إِلَيۡهِۚ ٱللَّهُ يَجۡتَبِيٓ إِلَيۡهِ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِيٓ إِلَيۡهِ مَن يُنِيبُ
Ke Eena ea hlophisitseng tumelo ena joaloka ha A ile A e laela Nooe, Tumelo eo Re u susumelitseng eona, ke Tumelo eo Re ileng Ra e laela Abrahama, Moshe le Jesu:“Hore tsitlallelang Tumelong, le se arohane ho eona. Ho ba khumamelang tse ling ntle ho Allah, tsela eo u ba biletsang ho eona e boima, Allah U ikhethela ba ratoang ke Eena, U tataisetsa ho Eena ba retelehelang ho Eena
وَمَا تَفَرَّقُوٓاْ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَهُمُ ٱلۡعِلۡمُ بَغۡيَۢا بَيۡنَهُمۡۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةٌ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّى لَّقُضِيَ بَيۡنَهُمۡۚ وَإِنَّ ٱلَّذِينَ أُورِثُواْ ٱلۡكِتَٰبَ مِنۢ بَعۡدِهِمۡ لَفِي شَكٍّ مِّنۡهُ مُرِيبٍ
Ba ileng ba arohana hang kamor’a hoba tsebo e finyelle ho bona, – ka lebaka la boikhabo le mona har’a bona; hoja e se ke ea eba ka lentsoe le ileng la e ba teng pele ho tsoa ho Allah ka nako ea pallo, Qaka e teng lipakeng tsa bona e ka be e ahlotsoe. Bao e bileng majalefa a lengolo kamor’a bona, ba ena khoao ho lona
فَلِذَٰلِكَ فَٱدۡعُۖ وَٱسۡتَقِمۡ كَمَآ أُمِرۡتَۖ وَلَا تَتَّبِعۡ أَهۡوَآءَهُمۡۖ وَقُلۡ ءَامَنتُ بِمَآ أَنزَلَ ٱللَّهُ مِن كِتَٰبٍۖ وَأُمِرۡتُ لِأَعۡدِلَ بَيۡنَكُمُۖ ٱللَّهُ رَبُّنَا وَرَبُّكُمۡۖ لَنَآ أَعۡمَٰلُنَا وَلَكُمۡ أَعۡمَٰلُكُمۡۖ لَا حُجَّةَ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكُمُۖ ٱللَّهُ يَجۡمَعُ بَيۡنَنَاۖ وَإِلَيۡهِ ٱلۡمَصِيرُ
Joale ka lebaka lena, ba meme, u tsitlalle joalo ka ha u laetsoe, u se se latele litakatso tsa bona, empa e re: “Ke kholoa mangolong ohle ao Allah A ileng A a romella lefats’eng, ke laetsoe ho ahlola ka toka lipakeng tsa lona. Allah ke Mong`a rona, ke Mong`a lona. Liketso tsa rona ke boikarabello ba rona; liketso tsa lona ke ba lona; ha ho khang lipakeng tsa rona le lona. Ke Allah Ea tla re khobokanya ‘moho, ho Eena ke pheletso ea rona
وَٱلَّذِينَ يُحَآجُّونَ فِي ٱللَّهِ مِنۢ بَعۡدِ مَا ٱسۡتُجِيبَ لَهُۥ حُجَّتُهُمۡ دَاحِضَةٌ عِندَ رَبِّهِمۡ وَعَلَيۡهِمۡ غَضَبٌ وَلَهُمۡ عَذَابٌ شَدِيدٌ
Empa haele ba phehang khang ka Allah kamor’a hoba ba Mo amohele, khang ea bona ha e na moelelo kapel’a Mong`a bona, khalefo ea Hae e holim’a bona, Kahlolo e ts’abehang e tla ba ho bona
ٱللَّهُ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ وَٱلۡمِيزَانَۗ وَمَا يُدۡرِيكَ لَعَلَّ ٱلسَّاعَةَ قَرِيبٌ
Ke Allah ea senotseng
يَسۡتَعۡجِلُ بِهَا ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِهَاۖ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مُشۡفِقُونَ مِنۡهَا وَيَعۡلَمُونَ أَنَّهَا ٱلۡحَقُّۗ أَلَآ إِنَّ ٱلَّذِينَ يُمَارُونَ فِي ٱلسَّاعَةِ لَفِي ضَلَٰلِۭ بَعِيدٍ
Ba sa kholoeng ho eona ba lakatsa ho e potlakisa, ba kholoang bona ba na le ts’abo ho eona, ba ea tseba hore ke ‘nete. Ruri ba ngangisang ka Hora ba hlahlathella thoko
ٱللَّهُ لَطِيفُۢ بِعِبَادِهِۦ يَرۡزُقُ مَن يَشَآءُۖ وَهُوَ ٱلۡقَوِيُّ ٱلۡعَزِيزُ
Allah U lereko ho makhabunyane a Hae. U fana ka nala ea Hae ho ea khahloang ke eena: U na le Matla, ho phethahatsa Thato ea Hae
مَن كَانَ يُرِيدُ حَرۡثَ ٱلۡأٓخِرَةِ نَزِدۡ لَهُۥ فِي حَرۡثِهِۦۖ وَمَن كَانَ يُرِيدُ حَرۡثَ ٱلدُّنۡيَا نُؤۡتِهِۦ مِنۡهَا وَمَا لَهُۥ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِن نَّصِيبٍ
Mang, kapa mang ea labalabelang kotulo ea bophelo bo-tlang, Re ea mo phaella kotulong ea hae. Empa ea labalabelang kotulo ea bophelo ba lefats’e lena, Re’a mo neha; empa bophelong Bo-tlang ha a na seabo
أَمۡ لَهُمۡ شُرَكَٰٓؤُاْ شَرَعُواْ لَهُم مِّنَ ٱلدِّينِ مَا لَمۡ يَأۡذَنۢ بِهِ ٱللَّهُۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةُ ٱلۡفَصۡلِ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡۗ وَإِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ
Ba na le batlatsetsi, ba ba hlomamiselitseng tumelo e ng’oe kantle ho tumello ea Allah? Hoja e se be ka Molao oa Kahlolo, taba ena e ka be e ahlotsoe hang lipakeng tsa bona. Empa ruri baetsalibe ba tla fumana kotlo e mahlonoko
تَرَى ٱلظَّٰلِمِينَ مُشۡفِقِينَ مِمَّا كَسَبُواْ وَهُوَ وَاقِعُۢ بِهِمۡۗ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فِي رَوۡضَاتِ ٱلۡجَنَّاتِۖ لَهُم مَّا يَشَآءُونَ عِندَ رَبِّهِمۡۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَضۡلُ ٱلۡكَبِيرُ
U tla bona baetsalibe ba le matsoalong ka tseo ba li kotutseng, kotlo e tla ba oela; Empa ba-kholoang bona, ba bile ba etsa liketso tse lokileng ba tla phela Lirapeng tsa Boiketlo,: ba ena le tsohle tseo ba libalabelang kapel’a Mong`a bona. Seo ruri ke Mpho e Kholo
ذَٰلِكَ ٱلَّذِي يُبَشِّرُ ٱللَّهُ عِبَادَهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِۗ قُل لَّآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ أَجۡرًا إِلَّا ٱلۡمَوَدَّةَ فِي ٱلۡقُرۡبَىٰۗ وَمَن يَقۡتَرِفۡ حَسَنَةً نَّزِدۡ لَهُۥ فِيهَا حُسۡنًاۚ إِنَّ ٱللَّهَ غَفُورٌ شَكُورٌ
Seo ke eona mpho eo Allah A phatlalatsang litaba tse Molemo ho makhabunyane a Hae a kholoang, a bile a etsa liketso tse lokileng. E re: “Ha ho moputso oo ke le kopang ona kantle le hore le be le lerato esita le ona mosa ho beng ka lona.” Mong le mong ea kotutseng ketso e lokileng, Re phaella holim’a ketso eo e lokileng molemong oa hae. Hobane Allah U Ts’oarela- joalo-joalo, U Hloahloa kamohelong ea liketso tse lokileng
أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًاۖ فَإِن يَشَإِ ٱللَّهُ يَخۡتِمۡ عَلَىٰ قَلۡبِكَۗ وَيَمۡحُ ٱللَّهُ ٱلۡبَٰطِلَ وَيُحِقُّ ٱلۡحَقَّ بِكَلِمَٰتِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ
Eng! Ba re: “U iqapetse leshano khahlano le Allah?” Empa hoja ebile Thato ea Allah, A ka be A ile A bipetsa pelo ea hau. Allah U tla hlakola leshano, A phethahatse ‘Nete ka Lentsoe la Hae. Hobane U hlokolosi ka liphiri tsa lifuba tsa batho
وَهُوَ ٱلَّذِي يَقۡبَلُ ٱلتَّوۡبَةَ عَنۡ عِبَادِهِۦ وَيَعۡفُواْ عَنِ ٱلسَّيِّـَٔاتِ وَيَعۡلَمُ مَا تَفۡعَلُونَ
Ke Eena Ea amohelang Boinyatso ba makhabunyane a Hae, U Ts’oarela libe: U tseba tsohle tseo le li etsang
وَيَسۡتَجِيبُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَيَزِيدُهُم مِّن فَضۡلِهِۦۚ وَٱلۡكَٰفِرُونَ لَهُمۡ عَذَابٌ شَدِيدٌ
U mamela bohle ba-kholoang, ba etsang liketso tse lokileng, U ba phaella ka Nala ea Hae. Haele mahana-tumelo bona, kahlolo e mahlonoko ke’a bona
وَلَوۡ بَسَطَ ٱللَّهُ ٱلرِّزۡقَ لِعِبَادِهِۦ لَبَغَوۡاْ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَٰكِن يُنَزِّلُ بِقَدَرٍ مَّا يَشَآءُۚ إِنَّهُۥ بِعِبَادِهِۦ خَبِيرُۢ بَصِيرٌ
Hoja Allah A ne A ka phaella Makhabunyane a Hae ka nala e fetang tekanyo, Ruri ba ne ba tlola meeli eohle lefats’eng; empa U e romella ka tekanyo ho ea kamoo A ratang. U tseba tseo le li etsang ka botlalo, U Talimile
وَهُوَ ٱلَّذِي يُنَزِّلُ ٱلۡغَيۡثَ مِنۢ بَعۡدِ مَا قَنَطُواْ وَيَنشُرُ رَحۡمَتَهُۥۚ وَهُوَ ٱلۡوَلِيُّ ٱلۡحَمِيدُ
Ke Eena Ea romellang pula lefats’eng eba pholosang kamor’a hoba ba felloe ke ts’epo, U phatlalatsa Mohau oa Hae (hoohle). Ke mots’ireletsi, Ea Lokeloang ke Lithoriso tsohle
وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ خَلۡقُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَثَّ فِيهِمَا مِن دَآبَّةٍۚ وَهُوَ عَلَىٰ جَمۡعِهِمۡ إِذَا يَشَآءُ قَدِيرٌ
Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng tlholeho ea leholimo le lefats’e le tsona linyamatsane tsa mefuta eohle tseo a li hasantseng holim’a lefat`se. U na le matla a ho li bokella hammoho nakong eo A ratang
وَمَآ أَصَٰبَكُم مِّن مُّصِيبَةٍ فَبِمَا كَسَبَتۡ أَيۡدِيكُمۡ وَيَعۡفُواْ عَن كَثِيرٍ
Bomalimabe bofe kapa bofe bo le amang, ke boo matsoho a lona a bo kotutseng. Empa ho ba bangata U ea ts’oarela
وَمَآ أَنتُم بِمُعۡجِزِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِۖ وَمَا لَكُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ مِن وَلِيٍّ وَلَا نَصِيرٍ
Ha ho kamoo le ka phonyohang kateng lefats’eng, hobane ntle ho Allah ha ho ea ka le ts’ireletsang, kapa ho le thusa
وَمِنۡ ءَايَٰتِهِ ٱلۡجَوَارِ فِي ٱلۡبَحۡرِ كَٱلۡأَعۡلَٰمِ
Har’a lits’upiso tsa hae ho teng likepe tse sesang leoatle, tse bolelele ba lithaba
إِن يَشَأۡ يُسۡكِنِ ٱلرِّيحَ فَيَظۡلَلۡنَ رَوَاكِدَ عَلَىٰ ظَهۡرِهِۦٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّكُلِّ صَبَّارٍ شَكُورٍ
Haeba e le Takatso Ea Hae, A ka kokobetsa moea, e le hore li tle li phaphamale holim’a leoatle – Ruri
أَوۡ يُوبِقۡهُنَّ بِمَا كَسَبُواْ وَيَعۡفُ عَن كَثِيرٍ
Kapa a ka etsa hore li timele ho latela tseo batho ba li kotutseng – empa U Ea Ts’oarela –
وَيَعۡلَمَ ٱلَّذِينَ يُجَٰدِلُونَ فِيٓ ءَايَٰتِنَا مَا لَهُم مِّن مَّحِيصٍ
TSebisa ba phehang khang ka Lits’enolo tsa Rona hore ba ke ke ba fumana sets’abelo
فَمَآ أُوتِيتُم مِّن شَيۡءٍ فَمَتَٰعُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۚ وَمَا عِندَ ٱللَّهِ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰ لِلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ
Ntho efe kapa efe eo ebang le ea e fuoa bophelong ba lefats’e lena ha se letho haese monyaka oa nakoana, empa seo Allah A nang le sona, se molemo, e bile ke se sa feleng ho bohle ba- kholoang ebile ba beha ts’epo ea bona ho Mong`a bona
وَٱلَّذِينَ يَجۡتَنِبُونَ كَبَٰٓئِرَ ٱلۡإِثۡمِ وَٱلۡفَوَٰحِشَ وَإِذَا مَا غَضِبُواْ هُمۡ يَغۡفِرُونَ
Haele ba qobang lits’ito tse kholohali le bohlola, e re haba koatile, ba ts’oarela
وَٱلَّذِينَ ٱسۡتَجَابُواْ لِرَبِّهِمۡ وَأَقَامُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَأَمۡرُهُمۡ شُورَىٰ بَيۡنَهُمۡ وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ
Ba potlakelang pitso ea Mong`a bona, ba phethahatsa lithapelo; bao litaba tsa bona e leng tsa therisano, ba bile ba fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona
وَٱلَّذِينَ إِذَآ أَصَابَهُمُ ٱلۡبَغۡيُ هُمۡ يَنتَصِرُونَ
Le bao e reng ha ba entsoe hampe, ebe ba ea its’ireletsa
وَجَزَٰٓؤُاْ سَيِّئَةٍ سَيِّئَةٌ مِّثۡلُهَاۖ فَمَنۡ عَفَا وَأَصۡلَحَ فَأَجۡرُهُۥ عَلَى ٱللَّهِۚ إِنَّهُۥ لَا يُحِبُّ ٱلظَّٰلِمِينَ
Etsoe phetetso ea ketso e nyonyehang, ke ho phetetsa ka se nyonyehang joaloka eona. Empa mang, kapa mang ea ts’oarelang, a bile a its’oabela; moputso oa hae ke taba ea Allah. Hobane Ruri! Ha A rate baetsalibe
وَلَمَنِ ٱنتَصَرَ بَعۡدَ ظُلۡمِهِۦ فَأُوْلَٰٓئِكَ مَا عَلَيۡهِم مِّن سَبِيلٍ
Mang, kapa mang ea iphetetsang kamor’a hoba a etsoe hampe – molato ha o eo khahlanong le bona
إِنَّمَا ٱلسَّبِيلُ عَلَى ٱلَّذِينَ يَظۡلِمُونَ ٱلنَّاسَ وَيَبۡغُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ
Molato o tlaba feela khahlanong le ba hatellang batho, e bile e le ba tlolang meeli lefats’eng, ba nyefola botle le toka: Kahlolo e mahlonoko ke’a ba joalo
وَلَمَن صَبَرَ وَغَفَرَ إِنَّ ذَٰلِكَ لَمِنۡ عَزۡمِ ٱلۡأُمُورِ
Empa ruri ea bonts’ang, ea nang le mamello, a bile a ts’oarela – Ruri! seo e tla be e le sebete le matla khubung ea taba
وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِن وَلِيٍّ مِّنۢ بَعۡدِهِۦۗ وَتَرَى ٱلظَّٰلِمِينَ لَمَّا رَأَوُاْ ٱلۡعَذَابَ يَقُولُونَ هَلۡ إِلَىٰ مَرَدٍّ مِّن سَبِيلٍ
Mang, kapa mang eo Allah A mo lesang ho kheloha, ha ho mots’ireletsi kamora’o ho moo. Mohlang u bonang baetsalibe ha ba bona kahlolo, ba re: “Na ho teng tsela ea ho khutla?”
وَتَرَىٰهُمۡ يُعۡرَضُونَ عَلَيۡهَا خَٰشِعِينَ مِنَ ٱلذُّلِّ يَنظُرُونَ مِن طَرۡفٍ خَفِيٍّۗ وَقَالَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِنَّ ٱلۡخَٰسِرِينَ ٱلَّذِينَ خَسِرُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ وَأَهۡلِيهِمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ أَلَآ إِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ فِي عَذَابٍ مُّقِيمٍ
U tla ba bona ba tjamme haufi le mollo, ba le mahlomoleng ho latela mahlabisa lihlong a bona, ka mahlo a bolea. Ba- kholoang ba tla re: “Ruri! bao ke ba tahlehong, ba itahlileng le malapa a bona mohla Letsatsi la Kahlolo. Ruri! baetsalibe ba har’a kotlo e sa feleng!”
وَمَا كَانَ لَهُم مِّنۡ أَوۡلِيَآءَ يَنصُرُونَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِۗ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِن سَبِيلٍ
Ha ba na mots’ireletsi ho ba thusa ntle le Allah. Mang, kapa mang eo Allah a mo lesang ho kheloha, tsela ha e eo
ٱسۡتَجِيبُواْ لِرَبِّكُم مِّن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ يَوۡمٌ لَّا مَرَدَّ لَهُۥ مِنَ ٱللَّهِۚ مَا لَكُم مِّن مَّلۡجَإٍ يَوۡمَئِذٍ وَمَا لَكُم مِّن نَّكِيرٍ
Potlakelang pitso ea Mong`a lona pele Letsatsi le atamela ho lona le tsoang ho Allah leo ho se nang ho ba pehelo morao. Mohla letsatsi leo ha ho na hoba le sets’abelo, kapa ho na hoba le matla a ho hanana le melato ea lona
فَإِنۡ أَعۡرَضُواْ فَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ عَلَيۡهِمۡ حَفِيظًاۖ إِنۡ عَلَيۡكَ إِلَّا ٱلۡبَلَٰغُۗ وَإِنَّآ إِذَآ أَذَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ مِنَّا رَحۡمَةً فَرِحَ بِهَاۖ وَإِن تُصِبۡهُمۡ سَيِّئَةُۢ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيهِمۡ فَإِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ كَفُورٌ
Empa haeba ba furalla, ha Re’a u romella hoba moalosi oa bona. Mosebetsi oa hau ke ho phatlalatsa molaetsa. Ruri ha Re latsoisa motho Mohau oa Rona, o oa nyakalla ke hona. Empa ha bomalimabe bo ka mo ama ho latela tseo matsoho a bona a li rometseng nale, ruri ke moo motho a hlokang liteboho
لِّلَّهِ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُۚ يَهَبُ لِمَن يَشَآءُ إِنَٰثًا وَيَهَبُ لِمَن يَشَآءُ ٱلذُّكُورَ
Puso ea maholimo le lefats’e ke’a Allah. U hlola seo A se ratang. U fana ka bana ea motona kapa ea mots’ehali ka Thato ea Hae
أَوۡ يُزَوِّجُهُمۡ ذُكۡرَانًا وَإِنَٰثًاۖ وَيَجۡعَلُ مَن يَشَآءُ عَقِيمًاۚ إِنَّهُۥ عَلِيمٌ قَدِيرٌ
Kapa A sitse ka bona bobeli, ba batona le ba bats’ehali; U lesa ea khahloang ke Eena e le nyopa. Hobane U Tletse Tsebo le matla
وَمَا كَانَ لِبَشَرٍ أَن يُكَلِّمَهُ ٱللَّهُ إِلَّا وَحۡيًا أَوۡ مِن وَرَآيِٕ حِجَابٍ أَوۡ يُرۡسِلَ رَسُولًا فَيُوحِيَ بِإِذۡنِهِۦ مَا يَشَآءُۚ إِنَّهُۥ عَلِيٌّ حَكِيمٌ
Ha ho ea fanoa ho motho hore Allah A ka buoa le eena ntle le ka mokhoa oa ts’enolo, kapa kamor’a lesira, kapa ka ho romella moromuoa ho tla senola seo A se ratang tlas’a taelo ea Hae. Hobane U Phahame ka ho Fetisisa, U Seli
وَكَذَٰلِكَ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ رُوحًا مِّنۡ أَمۡرِنَاۚ مَا كُنتَ تَدۡرِي مَا ٱلۡكِتَٰبُ وَلَا ٱلۡإِيمَٰنُ وَلَٰكِن جَعَلۡنَٰهُ نُورًا نَّهۡدِي بِهِۦ مَن نَّشَآءُ مِنۡ عِبَادِنَاۚ وَإِنَّكَ لَتَهۡدِيٓ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ
Ke ka mokhoa oo Re susumelitseng moea ka Taelo ea Rona kateng ho uena. Le hoja u ne u sa tsebe letho ka Tsenolo le eona Tumelo. Empa Re e entse hore e be Leseli leo ka lona Re tataisang eo Re khahloang ke eena har’a makhabunyane a Rona. Ruri! u tataisetsa batho Tseleng e Topileng
صِرَٰطِ ٱللَّهِ ٱلَّذِي لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ أَلَآ إِلَى ٱللَّهِ تَصِيرُ ٱلۡأُمُورُ
Tseleng ea Allah, Eo lintho tsohle tse maholimo le tsohle tse teng lefats’eng e leng tsa Hae. Lintho tsohle li finyella ho Allah
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.