Surah 43 · 89 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Az-Zukhruf in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

43:1

حمٓ

Ha. Mim

43:2

وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡمُبِينِ

Ka Lengolo le totobatsang lintho, –

43:3

إِنَّا جَعَلۡنَٰهُ قُرۡءَٰنًا عَرَبِيًّا لَّعَلَّكُمۡ تَعۡقِلُونَ

Re hlophisitse Qura‘n ka se-Arab, hore le tle le be le kutloisiso

43:4

وَإِنَّهُۥ فِيٓ أُمِّ ٱلۡكِتَٰبِ لَدَيۡنَا لَعَلِيٌّ حَكِيمٌ

Ruri, ke mohloli oa Lengolo, le ho Rona, e maemong a babatsehang, le tletse bohlale

43:5

أَفَنَضۡرِبُ عَنكُمُ ٱلذِّكۡرَ صَفۡحًا أَن كُنتُمۡ قَوۡمًا مُّسۡرِفِينَ

Ana Re ka le amoha Molaetsa eaba Rea le leleka, hobane le batho ba tlolang meeli

43:6

وَكَمۡ أَرۡسَلۡنَا مِن نَّبِيٍّ فِي ٱلۡأَوَّلِينَ

Ke ba ba kae baporofeta bao Re ileng Ra ba romella har’a batho ba khale-khale

43:7

وَمَا يَأۡتِيهِم مِّن نَّبِيٍّ إِلَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ

Moporofeta ofe, kapa ofe ea ileng a tla ho bona ba neba mo soma

43:8

فَأَهۡلَكۡنَآ أَشَدَّ مِنۡهُم بَطۡشًا وَمَضَىٰ مَثَلُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Re ile Ra ripitla batho bao e neng e le likoankoetla ho feta bao ka matla; – mohlala oa batho ba khale-khale o se o fetile ka pele ho bona

43:9

وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ لَيَقُولُنَّ خَلَقَهُنَّ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡعَلِيمُ

Haeba u ka ba botsa: “Ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e,” Ruri! ba tla u araba: “Re hlotsoe ke Eena, Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Tsebo;”

43:10

ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ مَهۡدًا وَجَعَلَ لَكُمۡ فِيهَا سُبُلًا لَّعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ

Ea le etselitseng lefats’e ho ba sebaka sa lona sa phomolo, A le batalletsa lona, A le etsetsa litsela holim’a lona, hore le tle le fumane tataiso

43:11

وَٱلَّذِي نَزَّلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءَۢ بِقَدَرٍ فَأَنشَرۡنَا بِهِۦ بَلۡدَةً مَّيۡتًاۚ كَذَٰلِكَ تُخۡرَجُونَ

Ea romellang pula lefats’eng ho tsoa marung ka tekanyo, eo Re phelisang lefats’e le omeletseng ka eona. Ka mokhoa o ts’oanang le oo le tla tsosoa ka oona

43:12

وَٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡأَزۡوَٰجَ كُلَّهَا وَجَعَلَ لَكُم مِّنَ ٱلۡفُلۡكِ وَٱلۡأَنۡعَٰمِ مَا تَرۡكَبُونَ

Ea hlotseng lintho tsohle ka bobeli (botona, le bots’ehali), A ba A le etsatsa likepe le likhomo tseo le li palamang

43:13

لِتَسۡتَوُۥاْ عَلَىٰ ظُهُورِهِۦ ثُمَّ تَذۡكُرُواْ نِعۡمَةَ رَبِّكُمۡ إِذَا ٱسۡتَوَيۡتُمۡ عَلَيۡهِ وَتَقُولُواْ سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِي سَخَّرَ لَنَا هَٰذَا وَمَا كُنَّا لَهُۥ مُقۡرِنِينَ

Hore le tle le palame le tsitsitse mekokotlong ea tsona, le hore le tle le hopole molemo oa Mong`a lona nakong eo le palameng holim’a tsona, le re: “Tlotla e be ho Ea re etselitseng tsena, le hoja rona re ne re se na matla a ho li etsa

43:14

وَإِنَّآ إِلَىٰ رَبِّنَا لَمُنقَلِبُونَ

“Ruri re tla boela ho Mong`a rona!”

43:15

وَجَعَلُواْ لَهُۥ مِنۡ عِبَادِهِۦ جُزۡءًاۚ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَكَفُورٌ مُّبِينٌ

Empa ba Mo kopanya le makhabunyane a Hae! Ruri Motho ke monyefoli ea se nang liteboho

43:16

أَمِ ٱتَّخَذَ مِمَّا يَخۡلُقُ بَنَاتٍ وَأَصۡفَىٰكُم بِٱلۡبَنِينَ

Eng! U ikhethetse barali har’a libopuoa tsohle tseo A li hlotseng, eaba lona U le khethela bara

43:17

وَإِذَا بُشِّرَ أَحَدُهُم بِمَا ضَرَبَ لِلرَّحۡمَٰنِ مَثَلًا ظَلَّ وَجۡهُهُۥ مُسۡوَدًّا وَهُوَ كَظِيمٌ

Ha litaba tsa tsoalo ea seo bona ba se bapisang le Allâh Mong`a hau lapeng la hae li mo fihlela, sefahleho sa hae se’a fifala, u apareloa ke mesarelo e meholo pelong ea hae

43:18

أَوَمَن يُنَشَّؤُاْ فِي ٱلۡحِلۡيَةِ وَهُوَ فِي ٱلۡخِصَامِ غَيۡرُ مُبِينٍ

Na ba ts’oants’a Allah le sebopuoa se holisoang se apesitsoe mekhabiso, se tla sitoa ho itlhakisa har’a likhang

43:19

وَجَعَلُواْ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ ٱلَّذِينَ هُمۡ عِبَٰدُ ٱلرَّحۡمَٰنِ إِنَٰثًاۚ أَشَهِدُواْ خَلۡقَهُمۡۚ سَتُكۡتَبُ شَهَٰدَتُهُمۡ وَيُسۡـَٔلُونَ

Ba etsa manyeloi ao e leng makhabunyane a Allah basali. Na ba bile le bopaki tlholehong ea oona? Ruri! Bopaki ba bona botla ngoloa, ba tla biletsoa lipotsong

43:20

وَقَالُواْ لَوۡ شَآءَ ٱلرَّحۡمَٰنُ مَا عَبَدۡنَٰهُمۗ مَّا لَهُم بِذَٰلِكَ مِنۡ عِلۡمٍۖ إِنۡ هُمۡ إِلَّا يَخۡرُصُونَ

Ba re: “Hoja ebile thato ea Ea Tletseng Lereko, re ka be re sa khumamele melingoana!” Ha ho tsebo eo ba nang le eona mabapi le tseo tsohle! Ba mpa ba bua leshano

43:21

أَمۡ ءَاتَيۡنَٰهُمۡ كِتَٰبًا مِّن قَبۡلِهِۦ فَهُم بِهِۦ مُسۡتَمۡسِكُونَ

Eng! Re kile Ra ba neha Lengolo pele le e, hoo ba ntseng ba kakatletse ho lona

43:22

بَلۡ قَالُوٓاْ إِنَّا وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا عَلَىٰٓ أُمَّةٍ وَإِنَّا عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِم مُّهۡتَدُونَ

Che, ba re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tumelo e ngoe, le rona re tataisitsoe ke mehlala ea bona.”

43:23

وَكَذَٰلِكَ مَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ فِي قَرۡيَةٍ مِّن نَّذِيرٍ إِلَّا قَالَ مُتۡرَفُوهَآ إِنَّا وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا عَلَىٰٓ أُمَّةٍ وَإِنَّا عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِم مُّقۡتَدُونَ

Ka mokhoa o ts’oanang, Re ‘nile Ra romella Mohlokomelisi pele ho uena sechabeng se seng le se seng; empa likhorane har’a bona li re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tumelo, rona re setse morao mehlala ea bona.”

43:24

قَٰلَ أَوَلَوۡ جِئۡتُكُم بِأَهۡدَىٰ مِمَّا وَجَدتُّمۡ عَلَيۡهِ ءَابَآءَكُمۡۖ قَالُوٓاْ إِنَّا بِمَآ أُرۡسِلۡتُم بِهِۦ كَٰفِرُونَ

A re: “Eng! Le hoja ke le tliselitse tataiso e molemo ho feta eo le fumaneng bo-ntat’a lona ba e latela?” Ba re: “Re hana seo o re tliselitseng sona.”

43:25

فَٱنتَقَمۡنَا مِنۡهُمۡۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُكَذِّبِينَ

Kahoo, Ra iphetetsa khahlanong le bona. Ak’u bone seo e bileng pheletso eaba latotseng `Nete

43:26

وَإِذۡ قَالَ إِبۡرَٰهِيمُ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦٓ إِنَّنِي بَرَآءٌ مِّمَّا تَعۡبُدُونَ

Bonang! Abrahama a re ho ntata’e le batho ba habo:“Ruri! ‘na ha ke ikamahanye le tseo le li khumamelang

43:27

إِلَّا ٱلَّذِي فَطَرَنِي فَإِنَّهُۥ سَيَهۡدِينِ

(Ke khumamela) Ea mpopileng A Inots’i, U tla ntataisa.”

43:28

وَجَعَلَهَا كَلِمَةَۢ بَاقِيَةً فِي عَقِبِهِۦ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ

O ile a siea lentsoe leo e le seema-hale har’a litloholo tsa hae, hore ba tle ba sokolohele ho Allah

43:29

بَلۡ مَتَّعۡتُ هَٰٓؤُلَآءِ وَءَابَآءَهُمۡ حَتَّىٰ جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ وَرَسُولٌ مُّبِينٌ

Ke ile ka lokollela lintho tsohle tse thabisang tsa lefats’e lena ho bona le ho bo-ntat’a bona, ho fihlela ‘Nete e finyella ho bona le Moromuoa ho hlakisa lintho tsohle

43:30

وَلَمَّا جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ قَالُواْ هَٰذَا سِحۡرٌ وَإِنَّا بِهِۦ كَٰفِرُونَ

Empa ha ‘nete e se e finyeletse ho bona, ba re: “Sena ke boloi, re’a se latola.”

43:31

وَقَالُواْ لَوۡلَا نُزِّلَ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانُ عَلَىٰ رَجُلٍ مِّنَ ٱلۡقَرۡيَتَيۡنِ عَظِيمٍ

Ba bile ba re: “Hobaneng ha Qura’n ena e sa senoleloa e mong oa baholo har’a metse Meholo e ‘meli?”

43:32

أَهُمۡ يَقۡسِمُونَ رَحۡمَتَ رَبِّكَۚ نَحۡنُ قَسَمۡنَا بَيۡنَهُم مَّعِيشَتَهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۚ وَرَفَعۡنَا بَعۡضَهُمۡ فَوۡقَ بَعۡضٍ دَرَجَٰتٍ لِّيَتَّخِذَ بَعۡضُهُم بَعۡضًا سُخۡرِيًّاۗ وَرَحۡمَتُ رَبِّكَ خَيۡرٌ مِّمَّا يَجۡمَعُونَ

Ke bona ba abang Mohau oa Mong`a hau? Ke Rona ba ba abetseng bophelo ba lefats’e lena, ebile ke Rona ba faneng ka maemo a phahameng ho ba bang ba bona ho feta ba bang, hore ba tle ba sebeletse ba bang; Mohau oa Mong`a hau o molemo ho feta maruo ao ba a bokeletseng

43:33

وَلَوۡلَآ أَن يَكُونَ ٱلنَّاسُ أُمَّةً وَٰحِدَةً لَّجَعَلۡنَا لِمَن يَكۡفُرُ بِٱلرَّحۡمَٰنِ لِبُيُوتِهِمۡ سُقُفًا مِّن فِضَّةٍ وَمَعَارِجَ عَلَيۡهَا يَظۡهَرُونَ

Hoja e se be hore batho e ne e tla ba sechaba se le seng se latelang tsela e mpe morao, Re ka be Re etselitse bohle ba nyefolang Allah, marulelo a silvera holima matlo a bona le mekato ea silvera eoba hloang ka eona

43:34

وَلِبُيُوتِهِمۡ أَبۡوَٰبًا وَسُرُرًا عَلَيۡهَا يَتَّكِـُٔونَ

Le menyako ea silvera le literone tsa silvera tseo ba phomolang ho tsona

43:35

وَزُخۡرُفًاۚ وَإِن كُلُّ ذَٰلِكَ لَمَّا مَتَٰعُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۚ وَٱلۡأٓخِرَةُ عِندَ رَبِّكَ لِلۡمُتَّقِينَ

Le eona mekhabiso ea gauta. Lintho tsena kaofela li ne li ke ke tsa thusa letho haese feela boithabiso ba bopheloba lefats’e lena. Bophelo Bo-tlang bo ho Mong`a lona, bona ene e tla ba ba balokileng, ba bile ba ts’aba Allah

43:36

وَمَن يَعۡشُ عَن ذِكۡرِ ٱلرَّحۡمَٰنِ نُقَيِّضۡ لَهُۥ شَيۡطَٰنًا فَهُوَ لَهُۥ قَرِينٌ

Mang, kapa mang ea ka koenehang khopolong ea Allah Ea Lereko, Re mo abela satane hoba motsoalle oa hae

43:37

وَإِنَّهُمۡ لَيَصُدُّونَهُمۡ عَنِ ٱلسَّبِيلِ وَيَحۡسَبُونَ أَنَّهُم مُّهۡتَدُونَ

Bo liabolosi ba ba khelosa Tseleng, empa ba nahana hore ba tataisoa ka nepo

43:38

حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءَنَا قَالَ يَٰلَيۡتَ بَيۡنِي وَبَيۡنَكَ بُعۡدَ ٱلۡمَشۡرِقَيۡنِ فَبِئۡسَ ٱلۡقَرِينُ

Ho fihlela eo ea joalo a tla ho rona, eba o re ho motsoalle oa hae (ea mobe): “Hoja e be lipakeng tsa ka le uena ebile sebaka sa bohole ba bochabela le bophirimela – o motsoalle ea nyonyehang

43:39

وَلَن يَنفَعَكُمُ ٱلۡيَوۡمَ إِذ ظَّلَمۡتُمۡ أَنَّكُمۡ فِي ٱلۡعَذَابِ مُشۡتَرِكُونَ

Ha le entse bobe, ha bo na ho le tsoela molemo oa letho, letsatsing leo; le tla ba metsoalle kahlolong

43:40

أَفَأَنتَ تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ أَوۡ تَهۡدِي ٱلۡعُمۡيَ وَمَن كَانَ فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ

Na u ka etsa hore setholo se utloe, kapa u ka tataisa sefofu le ho tataisa ea phosong e totobetseng

43:41

فَإِمَّا نَذۡهَبَنَّ بِكَ فَإِنَّا مِنۡهُم مُّنتَقِمُونَ

Le hoja e be Re ka u nka, Ruri! Re tla iphetetsa khahlanong le bona

43:42

أَوۡ نُرِيَنَّكَ ٱلَّذِي وَعَدۡنَٰهُمۡ فَإِنَّا عَلَيۡهِم مُّقۡتَدِرُونَ

Kapa Re ka u bonts’a seo Re ba ts’episitseng sona; Re phethile taelo holim‘a bona

43:43

فَٱسۡتَمۡسِكۡ بِٱلَّذِيٓ أُوحِيَ إِلَيۡكَۖ إِنَّكَ عَلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ

Kahoo, u kakatlele ka tieo ho seo u se Senoletsoeng: Ruri U Tseleng e topileng

43:44

وَإِنَّهُۥ لَذِكۡرٌ لَّكَ وَلِقَوۡمِكَۖ وَسَوۡفَ تُسۡـَٔلُونَ

Ruri Qura’n ena ke Molaetsa, ho uena le ho batho ba heno; haufi le tla botsoa

43:45

وَسۡـَٔلۡ مَنۡ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رُّسُلِنَآ أَجَعَلۡنَا مِن دُونِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ءَالِهَةً يُعۡبَدُونَ

Ak’u botse baromuoa ba Rona bao Re ileng Ra ba romella pele ho uena: “Na Re kile Ra hlomamisa melingoana ho khumameloa kathoko ho Ea Tletseng Lereko, Allah?”

43:46

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَآ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ فَقَالَ إِنِّي رَسُولُ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Re ile Ra romella Moshe ka Lits’enolo tsa Rona ho Faro le Matona a hae, A re: “Ke moromuoa oa Mong`a Mafats’e.”

43:47

فَلَمَّا جَآءَهُم بِـَٔايَٰتِنَآ إِذَا هُم مِّنۡهَا يَضۡحَكُونَ

Empa hoba a finyelle ho bona ka Lits’upiso tsa Rona, ba ile ba mo nyelisa

43:48

وَمَا نُرِيهِم مِّنۡ ءَايَةٍ إِلَّا هِيَ أَكۡبَرُ مِنۡ أُخۡتِهَاۖ وَأَخَذۡنَٰهُم بِٱلۡعَذَابِ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ

Re ile Ra ba bonts’a Sesupo ka seng, se ne se eba seholo ho feta sa mathomo, eaba Re ba nehella Kotlo, hore ba tleba sokolohe

43:49

وَقَالُواْ يَٰٓأَيُّهَ ٱلسَّاحِرُ ٱدۡعُ لَنَا رَبَّكَ بِمَا عَهِدَ عِندَكَ إِنَّنَا لَمُهۡتَدُونَ

Eaba ba re: “Oho uena moloi! Bitsa ho Mong`a hau ho ea ka maqhama a teng lipakeng tsa hau le Eena. Hobane ruri re tla amohela tataiso.”

43:50

فَلَمَّا كَشَفۡنَا عَنۡهُمُ ٱلۡعَذَابَ إِذَا هُمۡ يَنكُثُونَ

Empa eitse hoba re tlose kotlo holim’a bona, ba ile ba koenehela ts’episo ea bona

43:51

وَنَادَىٰ فِرۡعَوۡنُ فِي قَوۡمِهِۦ قَالَ يَٰقَوۡمِ أَلَيۡسَ لِي مُلۡكُ مِصۡرَ وَهَٰذِهِ ٱلۡأَنۡهَٰرُ تَجۡرِي مِن تَحۡتِيٓۚ أَفَلَا تُبۡصِرُونَ

Faro a phatlalatsa har’a sechaba sa hae, a re: “Oho sechaba sa ka! Na puso ea Egepeta ha se ea ka, le lipaki hore linoka li phallang ka tlasa Paleisi ea ka? Eng! ha le li bone

43:52

أَمۡ أَنَا۠ خَيۡرٌ مِّنۡ هَٰذَا ٱلَّذِي هُوَ مَهِينٌ وَلَا يَكَادُ يُبِينُ

“Ha ke fete eo ea eisehang, ea sa qaqang puong ea hae

43:53

فَلَوۡلَآ أُلۡقِيَ عَلَيۡهِ أَسۡوِرَةٌ مِّن ذَهَبٍ أَوۡ جَآءَ مَعَهُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ مُقۡتَرِنِينَ

“Joale hobaneng a sa sitsoa ka lipetja tsa khauta, kapa ho se na manyeloi a mo felehelitseng?”

43:54

فَٱسۡتَخَفَّ قَوۡمَهُۥ فَأَطَاعُوهُۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمًا فَٰسِقِينَ

Ke kamoo a ileng a firifanya sechaba sa hae kateng, sa mo mamela. Rurik e mahana puso khahlanong le Allah

43:55

فَلَمَّآ ءَاسَفُونَا ٱنتَقَمۡنَا مِنۡهُمۡ فَأَغۡرَقۡنَٰهُمۡ أَجۡمَعِينَ

Khabareng ba ile ba Re halefise, Ra ba nehella kotlo, Ra ba khamisa ka metsi bohle

43:56

فَجَعَلۡنَٰهُمۡ سَلَفًا وَمَثَلًا لِّلۡأٓخِرِينَ

Ra ba etsa mohlala lichabeng tse tla latela

43:57

وَلَمَّا ضُرِبَ ٱبۡنُ مَرۡيَمَ مَثَلًا إِذَا قَوۡمُكَ مِنۡهُ يَصِدُّونَ

Ha Jesu mor’a Maria a khethoa ho ba mohlala, batho ba heno ba ile ba mo tlepa lit`seho

43:58

وَقَالُوٓاْ ءَأَٰلِهَتُنَا خَيۡرٌ أَمۡ هُوَۚ مَا ضَرَبُوهُ لَكَ إِلَّا جَدَلَۢاۚ بَلۡ هُمۡ قَوۡمٌ خَصِمُونَ

Ba re: “Melingoana ea rona e molemo, kapa ke eena?” Sena ba se hlahisa kapel’a hau e le likhang: Che, empa e le batho ba tletseng khathatso

43:59

إِنۡ هُوَ إِلَّا عَبۡدٌ أَنۡعَمۡنَا عَلَيۡهِ وَجَعَلۡنَٰهُ مَثَلًا لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ

E ne es letho haese lekhabunyane: Re ile Ra mo sitsa ka molemo oa Rona, Ra mo etsa mohlala ho Bana ba Israele

43:60

وَلَوۡ نَشَآءُ لَجَعَلۡنَا مِنكُم مَّلَٰٓئِكَةً فِي ٱلۡأَرۡضِ يَخۡلُفُونَ

Hoja ebile Thato ea Rona, Re ne Re tla hlomamisa manyeloi har’a lona ho ba majalefa holim’a lefats’e

43:61

وَإِنَّهُۥ لَعِلۡمٌ لِّلسَّاعَةِ فَلَا تَمۡتَرُنَّ بِهَا وَٱتَّبِعُونِۚ هَٰذَا صِرَٰطٌ مُّسۡتَقِيمٌ

Jesu e tla ba Sesupo sa Hora, kahoo le se be le khoao ka Hora, empa ntateleng: ena ke eona Tsela e Topileng

43:62

وَلَا يَصُدَّنَّكُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُۖ إِنَّهُۥ لَكُمۡ عَدُوٌّ مُّبِينٌ

Le se lumelle E Mobe ho le khelosa: hobane ke sera se pepenene ho lona

43:63

وَلَمَّا جَآءَ عِيسَىٰ بِٱلۡبَيِّنَٰتِ قَالَ قَدۡ جِئۡتُكُم بِٱلۡحِكۡمَةِ وَلِأُبَيِّنَ لَكُم بَعۡضَ ٱلَّذِي تَخۡتَلِفُونَ فِيهِۖ فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ

Ha Jesu a ne a tla ka Sesupo se hlakileng, a re: “Joale ke tlile ho lona ka Bohlale le ho tla totobatsa lintlha tseo le fapanang ka tsona. Kahoo ts’abang Allah, le ‘mamele

43:64

إِنَّ ٱللَّهَ هُوَ رَبِّي وَرَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُوهُۚ هَٰذَا صِرَٰطٌ مُّسۡتَقِيمٌ

“Hobane Allah ke Mong`a ka, ke Mong`a lona. Kahoo, Mo khumameleng: ena ke eona tsela e topileng.”

43:65

فَٱخۡتَلَفَ ٱلۡأَحۡزَابُ مِنۢ بَيۡنِهِمۡۖ فَوَيۡلٌ لِّلَّذِينَ ظَلَمُواْ مِنۡ عَذَابِ يَوۡمٍ أَلِيمٍ

Empa lequloana har’a bona le ile la ngangisana: sekhobo se be holim’a baetsalibe, mohla kahlolo ea Letsatsi le Mahlonoko

43:66

هَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّا ٱلسَّاعَةَ أَن تَأۡتِيَهُم بَغۡتَةً وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ

Na ba emetse Hora feela –hore e tle e ba fihlele ka ts’ohanyetso, hoja ba sa lebella

43:67

ٱلۡأَخِلَّآءُ يَوۡمَئِذِۭ بَعۡضُهُمۡ لِبَعۡضٍ عَدُوٌّ إِلَّا ٱلۡمُتَّقِينَ

Metsoalle e tla fetoha lira letsatsing leo, – ntle le ba lokileng

43:68

يَٰعِبَادِ لَا خَوۡفٌ عَلَيۡكُمُ ٱلۡيَوۡمَ وَلَآ أَنتُمۡ تَحۡزَنُونَ

Oho Makhabunyane a Ka! Kajeno ts’abo ha e eo ho lona kapa mesarelo

43:69

ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَكَانُواْ مُسۡلِمِينَ

Lona ba ileng ba kholoa lits’upisong tsa Rona, la inehela Islamong

43:70

ٱدۡخُلُواْ ٱلۡجَنَّةَ أَنتُمۡ وَأَزۡوَٰجُكُمۡ تُحۡبَرُونَ

Kenang Serapeng le basali ba lona, le nyakalle

43:71

يُطَافُ عَلَيۡهِم بِصِحَافٍ مِّن ذَهَبٍ وَأَكۡوَابٍۖ وَفِيهَا مَا تَشۡتَهِيهِ ٱلۡأَنفُسُ وَتَلَذُّ ٱلۡأَعۡيُنُۖ وَأَنتُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

Kamoo teng, ba tla feptjoa ka lijana le mepotjoana ea khauta, moo ho tla ba le tsohle tseo meea ea bona e li labalabelang le tseo mahlo a li thabelang: le tla phela kamoo ka hosafeleng

43:72

وَتِلۡكَ ٱلۡجَنَّةُ ٱلَّتِيٓ أُورِثۡتُمُوهَا بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Seo e tla be e le Serapa seo le entsoeng majalefa a sona, lebaka la liketso tsa lona

43:73

لَكُمۡ فِيهَا فَٰكِهَةٌ كَثِيرَةٌ مِّنۡهَا تَأۡكُلُونَ

Ka har’a sona le tla fumana litholoana ka mefuta, tseo le tlang ho li khotsofalla

43:74

إِنَّ ٱلۡمُجۡرِمِينَ فِي عَذَابِ جَهَنَّمَ خَٰلِدُونَ

Haele baetsalibe bona, bat la ba Kahlolong ea Lihele ho phela teng kahosafeleng

43:75

لَا يُفَتَّرُ عَنۡهُمۡ وَهُمۡ فِيهِ مُبۡلِسُونَ

Kahlolo ea bona e ke ke ea bebofatsoa, ba tla apareloa ke mahlomola

43:76

وَمَا ظَلَمۡنَٰهُمۡ وَلَٰكِن كَانُواْ هُمُ ٱلظَّٰلِمِينَ

Ha Re ke ke Ra ba ba ja tsuo, empa ke bona ba itjeleng tsuo

43:77

وَنَادَوۡاْ يَٰمَٰلِكُ لِيَقۡضِ عَلَيۡنَا رَبُّكَۖ قَالَ إِنَّكُم مَّٰكِثُونَ

Ba tla re: “Oho Malik Mong`a hau ha A ka mpa A re timetsa!” O tla re: “Che empa le lokela ho hlola mona.”

43:78

لَقَدۡ جِئۡنَٰكُم بِٱلۡحَقِّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَكُمۡ لِلۡحَقِّ كَٰرِهُونَ

Ruri Re tlisitse ‘nete ho lona: empa bongata ba lona bo hloile ‘nete

43:79

أَمۡ أَبۡرَمُوٓاْ أَمۡرًا فَإِنَّا مُبۡرِمُونَ

Eng! Ba lohile leano? Empa ke Rona ba phethatsang lintho

43:80

أَمۡ يَحۡسَبُونَ أَنَّا لَا نَسۡمَعُ سِرَّهُمۡ وَنَجۡوَىٰهُمۚ بَلَىٰ وَرُسُلُنَا لَدَيۡهِمۡ يَكۡتُبُونَ

Kapa ba nahana hore ha Re utloe makunutu a bona le merero ea bona ea siphiri? Ruri le Barumuoa ba Rona ba teng haufi le bona ho ngola fats’e

43:81

قُلۡ إِن كَانَ لِلرَّحۡمَٰنِ وَلَدٌ فَأَنَا۠ أَوَّلُ ٱلۡعَٰبِدِينَ

E re: “Haeba Ea Lereko U ne A ena le mora, nka be ke le oa pele ho mo khumamela.”

43:82

سُبۡحَٰنَ رَبِّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ رَبِّ ٱلۡعَرۡشِ عَمَّا يَصِفُونَ

Tlotla e be ho Mong`a maholimo le lefats’e, Mong`a Terone, U hole le tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

43:83

فَذَرۡهُمۡ يَخُوضُواْ وَيَلۡعَبُواْ حَتَّىٰ يُلَٰقُواْ يَوۡمَهُمُ ٱلَّذِي يُوعَدُونَ

Kahoo, ba lese ho inanatha le ho bapala ho fihlela Letsatsi la bona, leo ba le ts’episitsoeng

43:84

وَهُوَ ٱلَّذِي فِي ٱلسَّمَآءِ إِلَٰهٌ وَفِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَٰهٌۚ وَهُوَ ٱلۡحَكِيمُ ٱلۡعَلِيمُ

Ke Eena Eo e leng Allah Ea maholimong le Allah lefats’eng. Ke Eena Ea Tletseng Tsebo, Ea Seli

43:85

وَتَبَارَكَ ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا وَعِندَهُۥ عِلۡمُ ٱلسَّاعَةِ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

U hlohonolofetse, Eena Eo puso ea maholimo le lefats’e e leng tsa hae, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona, Eena ea tsebang Hora; Bohle le tla boela ho Eena

43:86

وَلَا يَمۡلِكُ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِهِ ٱلشَّفَٰعَةَ إِلَّا مَن شَهِدَ بِٱلۡحَقِّ وَهُمۡ يَعۡلَمُونَ

Bao ba bitsang ho bona kantle ho Allah, ha ba na matla a ho buela, – ke feela ea fanang ba ‘nete, ba mo tseba

43:87

وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَهُمۡ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۖ فَأَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ

Haeba u kaba botsa, Ke mang Ea ba hlotseng, ba tla re: “Ke Allah.” Joale ho tla joang hore ba hlahlathella hole le ‘nete

43:88

وَقِيلِهِۦ يَٰرَبِّ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ قَوۡمٌ لَّا يُؤۡمِنُونَ

(Allah U na le Tsebo)Ea sello sa Moprofeta: “Oho Mong`aka bana ke batho ba ke keng ba kholoa!”

43:89

فَٱصۡفَحۡ عَنۡهُمۡ وَقُلۡ سَلَٰمٌۚ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ

Empa ba furalle, u re: “Khotso.” Hobane haufinyane ba tla tseba

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.