Surah 102 · 8 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah At-Takathur in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

102:1

أَلۡهَىٰكُمُ ٱلتَّكَاثُرُ

Phehisano ea pokello ea matlotlo e le khelositse

102:2

حَتَّىٰ زُرۡتُمُ ٱلۡمَقَابِرَ

Ho fihlela le etela mabitleng

102:3

كـَلَّا سَوۡفَ تَعۡلَمُونَ

Che! Haufinyane le tla tseba

102:4

ثُمَّ كـَلَّا سَوۡفَ تَعۡلَمُونَ

Hape le tla tseba

102:5

كـَلَّا لَوۡ تَعۡلَمُونَ عِلۡمَ ٱلۡيَقِينِ

Che! Hoja le na le tsebo e tehileng

102:6

لَتَرَوُنَّ ٱلۡجَحِيمَ

Hobane le tla bona mollo oa Lihele

102:7

ثُمَّ لَتَرَوُنَّهَا عَيۡنَ ٱلۡيَقِينِ

Hape le tla o bona ka tiieo

102:8

ثُمَّ لَتُسۡـَٔلُنَّ يَوۡمَئِذٍ عَنِ ٱلنَّعِيمِ

Letsatsing leo le tla botsoa khahlano le monyaka oa lefats’e lena

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.