Surah 101 · 11 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Qari'ah in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

101:1

ٱلۡقَارِعَةُ

Sekhobo

101:2

مَا ٱلۡقَارِعَةُ

Sekhobo ke eng

101:3

وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا ٱلۡقَارِعَةُ

Ebe ke eng se tla le tsebisa hore na sekhobo ke eng

101:4

يَوۡمَ يَكُونُ ٱلنَّاسُ كَٱلۡفَرَاشِ ٱلۡمَبۡثُوثِ

Ke letsatsi leo batho ba tla hasana joaloka lirurubele

101:5

وَتَكُونُ ٱلۡجِبَالُ كَٱلۡعِهۡنِ ٱلۡمَنفُوشِ

Lithaba li tla ba joalo ka boea

101:6

فَأَمَّا مَن ثَقُلَتۡ مَوَٰزِينُهُۥ

Bao liketso tsa bona li tla imela sekala

101:7

فَهُوَ فِي عِيشَةٍ رَّاضِيَةٍ

Ba tla phela bophelo ba nyakallo

101:8

وَأَمَّا مَنۡ خَفَّتۡ مَوَٰزِينُهُۥ

Empa eo liketso tsa hae li tla fokola sekaleng

101:9

فَأُمُّهُۥ هَاوِيَةٌ

Lehae la hae e tla ba Lihele

101:10

وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا هِيَهۡ

E be ke eng se tla le tsebisa hore na lihele ke eng

101:11

نَارٌ حَامِيَةُۢ

Ke mollo o hlenneng

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.