Surah 35 · 45 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Fatir in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ فَاطِرِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ جَاعِلِ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ رُسُلًا أُوْلِيٓ أَجۡنِحَةٍ مَّثۡنَىٰ وَثُلَٰثَ وَرُبَٰعَۚ يَزِيدُ فِي ٱلۡخَلۡقِ مَا يَشَآءُۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ
Lithoriso li be ho Allah, Ea hlotseng maholimo le lefats’e, Eena ea entseng manyeloi baromuoa ba nang le mapheeo a mabeli, kapa a mararo le’a mane. E bile tlholehong U ngatafatsa tseo A khahloang ke tsona. Hobane Allah U matla holima lintho tsohle
مَّا يَفۡتَحِ ٱللَّهُ لِلنَّاسِ مِن رَّحۡمَةٍ فَلَا مُمۡسِكَ لَهَاۖ وَمَا يُمۡسِكۡ فَلَا مُرۡسِلَ لَهُۥ مِنۢ بَعۡدِهِۦۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
Seo Allah ka Mohau oa Hae A sitsang batho ka sona ha ho le a mong ea ka se fuparang; seo A se fupereng ha ho le a mong ea ka se fuparollang, kantle ho Eena. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli
يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱذۡكُرُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡۚ هَلۡ مِنۡ خَٰلِقٍ غَيۡرُ ٱللَّهِ يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ فَأَنَّىٰ تُؤۡفَكُونَ
Oho lona batho! Hopolang lereko la Allah ho lona! Na ho na le `Mopi e mong ka thoko ho Allah ea ka le fepang ho tsoa marung kapa lefats’eng? Ha ho `Mopi e mong ntle le Eena. Joale, ke hobaneng ha le thetsehile ho koenehela ‘nete
وَإِن يُكَذِّبُوكَ فَقَدۡ كُذِّبَتۡ رُسُلٌ مِّن قَبۡلِكَۚ وَإِلَى ٱللَّهِ تُرۡجَعُ ٱلۡأُمُورُ
Haeba ba u latola, baromuoa ba Allah ba ‘nile ba latoloa pele ho uena: Lintho tsohle li tla boela ho Allah ho fihlela liqeto
يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّۖ فَلَا تَغُرَّنَّكُمُ ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَا وَلَا يَغُرَّنَّكُم بِٱللَّهِ ٱلۡغَرُورُ
Oho batho! Ruri ts’episo ea Allah ke’a ‘nete. Kahoo, se thetsoeng ke bopheloba lefats’e lena, le se lumelle Moeki oa Sehloho ho le eka malebana le Allah
إِنَّ ٱلشَّيۡطَٰنَ لَكُمۡ عَدُوٌّ فَٱتَّخِذُوهُ عَدُوًّاۚ إِنَّمَا يَدۡعُواْ حِزۡبَهُۥ لِيَكُونُواْ مِنۡ أَصۡحَٰبِ ٱلسَّعِيرِ
Ruri! Satane ke sera sa lona, kahoo le mo nke e le sera. O mpa feela a memela ba lateli ba hae ho ba Balekane ba Khanare ea Mollo
ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَهُمۡ عَذَابٌ شَدِيدٌۖ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُم مَّغۡفِرَةٌ وَأَجۡرٌ كَبِيرٌ
Haele ba latolang Allah, kahlolo e mahlonoko ke’a bona; Empa ba-kholoang ba etsa mesebetsi e lokileng, ba tla ts’oareloa le hona ho fumana Moputso o moholo
أَفَمَن زُيِّنَ لَهُۥ سُوٓءُ عَمَلِهِۦ فَرَءَاهُ حَسَنًاۖ فَإِنَّ ٱللَّهَ يُضِلُّ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُۖ فَلَا تَذۡهَبۡ نَفۡسُكَ عَلَيۡهِمۡ حَسَرَٰتٍۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِمَا يَصۡنَعُونَ
Na eo liketso tsa hae tse soabisang li entsoeng hore li shebahale li khahla ho eena, hore a tle a li bone li lokile, a ka ts’oana le ea tataisitsoeng ka nepo? Ruri! Allah U lesa eo a khahloang ke eena ho kheloha, e bile o tataisa eo a khahloang ke eena; kahoo u se ke oa ts’oenya moea oa hau ho bona. Hobane Ruri! Allah U hlokolosi ka tseoba li etsang
وَٱللَّهُ ٱلَّذِيٓ أَرۡسَلَ ٱلرِّيَٰحَ فَتُثِيرُ سَحَابًا فَسُقۡنَٰهُ إِلَىٰ بَلَدٍ مَّيِّتٍ فَأَحۡيَيۡنَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَاۚ كَذَٰلِكَ ٱلنُّشُورُ
Ke Allah Ea romellang Liphefo tse hlahisang maru; joale, e be Re’a lebisa naheng e omeletseng, e be Re tsosa lefats’e le neng le omeletse ka pula. Ke kamoo Tsoho e tlang hoba kateng
مَن كَانَ يُرِيدُ ٱلۡعِزَّةَ فَلِلَّهِ ٱلۡعِزَّةُ جَمِيعًاۚ إِلَيۡهِ يَصۡعَدُ ٱلۡكَلِمُ ٱلطَّيِّبُ وَٱلۡعَمَلُ ٱلصَّٰلِحُ يَرۡفَعُهُۥۚ وَٱلَّذِينَ يَمۡكُرُونَ ٱلسَّيِّـَٔاتِ لَهُمۡ عَذَابٌ شَدِيدٌۖ وَمَكۡرُ أُوْلَٰٓئِكَ هُوَ يَبُورُ
Mong le mong ea lakatsang matla, o tlameha ho tseba hore matla ohle ke’a Allah. Mantsoe ohle a lokileng a nyolohela ho Eena, ketso e hloekileng U e beha maemong a phahameng; empa haele ba rerang bobe, – kahlolo ea bona ke e mahlonoko; etsoe merero ea ba joalo e ke ke ea etsa letho
وَٱللَّهُ خَلَقَكُم مِّن تُرَابٍ ثُمَّ مِن نُّطۡفَةٍ ثُمَّ جَعَلَكُمۡ أَزۡوَٰجًاۚ وَمَا تَحۡمِلُ مِنۡ أُنثَىٰ وَلَا تَضَعُ إِلَّا بِعِلۡمِهِۦۚ وَمَا يُعَمَّرُ مِن مُّعَمَّرٍ وَلَا يُنقَصُ مِنۡ عُمُرِهِۦٓ إِلَّا فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٌ
Allah U u hlotse ka lerole, ka lehloele la there, joale, eaba U le arola ha beli. Ha ho mosali ea ka Ithoalang le hona ho beleha kantle le Tsebo ea Hae. Etsoe ha ho motho ea tsofetseng eo ekareng botsofaling ba hae eaba o ekeletsoa bophelo, kapa karolo e ngoe ea bophelo ba hae ea khaoloa, empa e ngoliloe ka har’a buka. Hobane Ruri! Seo se bobebe ho Allah
وَمَا يَسۡتَوِي ٱلۡبَحۡرَانِ هَٰذَا عَذۡبٌ فُرَاتٌ سَآئِغٌ شَرَابُهُۥ وَهَٰذَا مِلۡحٌ أُجَاجٌۖ وَمِن كُلٍّ تَأۡكُلُونَ لَحۡمًا طَرِيًّا وَتَسۡتَخۡرِجُونَ حِلۡيَةً تَلۡبَسُونَهَاۖ وَتَرَى ٱلۡفُلۡكَ فِيهِ مَوَاخِرَ لِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ
Maoatle a mabeli, ha a ts’oane: le leng le pholile ha monate hoo metsi a teng a ka nooang, ha le leng lona metsi a teng a le bohla, a le letsoai. E bile le ja nama e monate e tsoang ho ona ka bobeli le hona ho iphumanela liaparo tseo le li aparang. E bile le bona likepe li parola maqhubu, hore le tle le tsome nala ea Hae, le hona hore le tle le fane ka liteboho
يُولِجُ ٱلَّيۡلَ فِي ٱلنَّهَارِ وَيُولِجُ ٱلنَّهَارَ فِي ٱلَّيۡلِ وَسَخَّرَ ٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ كُلٌّ يَجۡرِي لِأَجَلٍ مُّسَمًّىۚ ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡ لَهُ ٱلۡمُلۡكُۚ وَٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ مَا يَمۡلِكُونَ مِن قِطۡمِيرٍ
Ebile U etsa hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe le mots’eare o sehe bosiu tsebe. U tsepamisitse letsatsi le ngoeli hore li be ts’ebetsong. E ngoe le e ngoe e tsamaea mocheng oa eona oa pallo. Eo ke Allah Mong`a lona; puso ke’a Hae; haele bao le ba rapelang kathoko ho Eena, ha ho le karolo eo ba nang le eona le bosoeung bo teng tholoaneng ea palema
إِن تَدۡعُوهُمۡ لَا يَسۡمَعُواْ دُعَآءَكُمۡ وَلَوۡ سَمِعُواْ مَا ٱسۡتَجَابُواْ لَكُمۡۖ وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ يَكۡفُرُونَ بِشِرۡكِكُمۡۚ وَلَا يُنَبِّئُكَ مِثۡلُ خَبِيرٍ
Haeba le’a ba rapela, ha ho thapelo ea lona eo ba e utloang; le hoja ebe ba ne ba ka utloa, ba ne ba ke ke ba le neha letho. Mohla Letsatsi la Kahlolo ba tla ikhula botlatsetsing ba lona. Ha ho ea ka u tsebisang joaloka Eena Ea Hlokolosi linthong tsohle
يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ أَنتُمُ ٱلۡفُقَرَآءُ إِلَى ٱللَّهِۖ وَٱللَّهُ هُوَ ٱلۡغَنِيُّ ٱلۡحَمِيدُ
Oho batho! Ke lona ba hlokang Allah. ‘Allah! O lokolohile litlhokong tsohle, U lokeloa ke thoriso eohle
إِن يَشَأۡ يُذۡهِبۡكُمۡ وَيَأۡتِ بِخَلۡقٍ جَدِيدٍ
Hoja ke takatso ea Hae, A ka ba le felisitse; A hlahisitse moloko o mong o mocha
وَلَا تَزِرُ وَازِرَةٌ وِزۡرَ أُخۡرَىٰۚ وَإِن تَدۡعُ مُثۡقَلَةٌ إِلَىٰ حِمۡلِهَا لَا يُحۡمَلۡ مِنۡهُ شَيۡءٌ وَلَوۡ كَانَ ذَا قُرۡبَىٰٓۗ إِنَّمَا تُنذِرُ ٱلَّذِينَ يَخۡشَوۡنَ رَبَّهُم بِٱلۡغَيۡبِ وَأَقَامُواْ ٱلصَّلَوٰةَۚ وَمَن تَزَكَّىٰ فَإِنَّمَا يَتَزَكَّىٰ لِنَفۡسِهِۦۚ وَإِلَى ٱللَّهِ ٱلۡمَصِيرُ
Kapa mojari oa mathata a ka jarang mojaro oa e mong, haeba e mong ea imetsoeng a ka bitsa e mong ho tla mo thusa ka mojaro oa hae, ha ho letho la oona le ka phahamang le haeba a na le likamo le eena. Uena u hlokomelise feela ba ts’abang Mong`a bona lekunutung, ba phethahatse lithapelo. Ea itlhoekisang, o etsa joalo molemong oa phefomoloho ea hae. Leeto la rona le fella ho Allah
وَمَا يَسۡتَوِي ٱلۡأَحۡيَآءُ وَلَا ٱلۡأَمۡوَٰتُۚ إِنَّ ٱللَّهَ يُسۡمِعُ مَن يَشَآءُۖ وَمَآ أَنتَ بِمُسۡمِعٍ مَّن فِي ٱلۡقُبُورِ
Kapa bona ba phelang ba ts’oana le bafu. Ke Allah ea etsang hore ea khahloang ke eena a utloe. Empa uena u ke ke oa etsa hore bafu ba utloe
إِنَّآ أَرۡسَلۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ بَشِيرًا وَنَذِيرًاۚ وَإِن مِّنۡ أُمَّةٍ إِلَّا خَلَا فِيهَا نَذِيرٌ
Ruri! Re u romeletse ka ‘nete, u bile u le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi; etsoe ha ho sechaba seo mohlokomelisi a sa kang a finyella har’a bona
وَإِن يُكَذِّبُوكَ فَقَدۡ كَذَّبَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ جَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَبِٱلزُّبُرِ وَبِٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡمُنِيرِ
Haeba ba u latola, le ba bileng teng pele ho uena ba ‘nile ba latoloa. Baromuoa ba bona ba fihlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, le ka lipesalema esitana le lona Lengolo le fanang ka leseli
ثُمَّ أَخَذۡتُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْۖ فَكَيۡفَ كَانَ نَكِيرِ
Qetellong Ke ile Ka ahlola ba latotseng Tumelo, kahlolo ea Ka e bile e mahlonoko
أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَخۡرَجۡنَا بِهِۦ ثَمَرَٰتٍ مُّخۡتَلِفًا أَلۡوَٰنُهَاۚ وَمِنَ ٱلۡجِبَالِ جُدَدُۢ بِيضٌ وَحُمۡرٌ مُّخۡتَلِفٌ أَلۡوَٰنُهَا وَغَرَابِيبُ سُودٌ
Na ha le es’o bone kamoo Allah A theolelang pula kateng lefats’eng ho tsoa marung, eo Re hlahisang litholoana tsa mefuta ka eona; le har’a lithaba ho teng mela e mesoeu esita le bofubelu ka mefuta eohle, ha tse ling tsona li le nts’o ba pilo
وَمِنَ ٱلنَّاسِ وَٱلدَّوَآبِّ وَٱلۡأَنۡعَٰمِ مُخۡتَلِفٌ أَلۡوَٰنُهُۥ كَذَٰلِكَۗ إِنَّمَا يَخۡشَى ٱللَّهَ مِنۡ عِبَادِهِ ٱلۡعُلَمَٰٓؤُاْۗ إِنَّ ٱللَّهَ عَزِيزٌ غَفُورٌ
Le ho batho, lihahabi le makhomo ka mebala e fapaneng; Etsoe ke ba nang le tsebo har’a makhabunyane a Hae ba ts’abang Allah feela. Hobane Allah U na le Matla Oohle, U Ts’oarela-joalo-joalo
إِنَّ ٱلَّذِينَ يَتۡلُونَ كِتَٰبَ ٱللَّهِ وَأَقَامُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَأَنفَقُواْ مِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ سِرًّا وَعَلَانِيَةً يَرۡجُونَ تِجَٰرَةً لَّن تَبُورَ
Haele ba phetang Lengolo la Allah, ba bile ba phethisa lithapelo kamehla, le hona ho fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona sephiring kapa pepeneneng, ba hahamalla pele katlehong e ke keng ea timela
لِيُوَفِّيَهُمۡ أُجُورَهُمۡ وَيَزِيدَهُم مِّن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ غَفُورٌ شَكُورٌ
Hobane U tla ba lefe meputso ea bona, le hona hoba phaella ka lereko la Hae. Hobane U Ts’oarela-jolao-joalo, U Hloahloa kamohelong ea liketso tse lokileng
وَٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ مِنَ ٱلۡكِتَٰبِ هُوَ ٱلۡحَقُّ مُصَدِّقًا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيۡهِۗ إِنَّ ٱللَّهَ بِعِبَادِهِۦ لَخَبِيرُۢ بَصِيرٌ
Ts’usumetso eo Re u senoletseng eona ea Lengolo, ke ‘nete e hlapants’ang Lengolo le kileng la senoloa pele ho lena. Ruri! Allah ke Setsibi, Moalosi oa makhabunyane a Hae
ثُمَّ أَوۡرَثۡنَا ٱلۡكِتَٰبَ ٱلَّذِينَ ٱصۡطَفَيۡنَا مِنۡ عِبَادِنَاۖ فَمِنۡهُمۡ ظَالِمٌ لِّنَفۡسِهِۦ وَمِنۡهُم مُّقۡتَصِدٌ وَمِنۡهُمۡ سَابِقُۢ بِٱلۡخَيۡرَٰتِ بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَضۡلُ ٱلۡكَبِيرُ
Re ile Ra fana ka Lengolo ho makhabunyane a Rona ao Re ileng Ra a khetha e le lefa. Empa har’a bona ho bile teng ba bang ba ileng ba iphosetsa, ba bang bona ba bohareng feela, ha ba bang bona ba ile ba ipabola ka liketso tse lokileng tlas’a tumello ea Allah. Oo ke molemo o Moholohali
جَنَّٰتُ عَدۡنٍ يَدۡخُلُونَهَا يُحَلَّوۡنَ فِيهَا مِنۡ أَسَاوِرَ مِن ذَهَبٍ وَلُؤۡلُؤًاۖ وَلِبَاسُهُمۡ فِيهَا حَرِيرٌ
Ba tla kena Lirapeng tsa Edene ba roetse lipetja tsa khauta le mahakoe, liaparo tsa bona kamoo e tla ba tsa silika
وَقَالُواْ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِيٓ أَذۡهَبَ عَنَّا ٱلۡحَزَنَۖ إِنَّ رَبَّنَا لَغَفُورٌ شَكُورٌ
Ba tla re: “Lithoriso li be ho Allah Ea hlakotseng mesarelo ho rona. Hobane Ruri! Mong`a rona U ts’oarela-joalo-joalo, Ea Hloahloa kamohelong ea liketso tse lokileng
ٱلَّذِيٓ أَحَلَّنَا دَارَ ٱلۡمُقَامَةِ مِن فَضۡلِهِۦ لَا يَمَسُّنَا فِيهَا نَصَبٌ وَلَا يَمَسُّنَا فِيهَا لُغُوبٌ
“Eo tlas’a lereko la Hae, A re amohelletseng ka har’a lelapa le sa feleng, moo mats’oenyeho a ke keng a re ama esita le ona mokhathala.”
وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَهُمۡ نَارُ جَهَنَّمَ لَا يُقۡضَىٰ عَلَيۡهِمۡ فَيَمُوتُواْ وَلَا يُخَفَّفُ عَنۡهُم مِّنۡ عَذَابِهَاۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي كُلَّ كَفُورٍ
Ba latolang bona, ba lokeloa ke Mollo oa Lihele; o ke keng oa ba chesa kapele hoo ba ka shoang, kapa hona hore ba bebofaletsoe kahlolo. Ke kamoo Re ahlolang bohle ba hlokang teboho
وَهُمۡ يَصۡطَرِخُونَ فِيهَا رَبَّنَآ أَخۡرِجۡنَا نَعۡمَلۡ صَٰلِحًا غَيۡرَ ٱلَّذِي كُنَّا نَعۡمَلُۚ أَوَلَمۡ نُعَمِّرۡكُم مَّا يَتَذَكَّرُ فِيهِ مَن تَذَكَّرَ وَجَآءَكُمُ ٱلنَّذِيرُۖ فَذُوقُواْ فَمَا لِلظَّٰلِمِينَ مِن نَّصِيرٍ
Kamoo teng ba tlang ho hoelehetsa: “Mong`a rona! Re lopolle; re tla etsa toka, re lese bobe boo re neng re tloaetse ho bo etsa.” –: “Ha Re’a lelefatsa bophelo ba lona lefats’eng ho lekana hore ea inahanang a inahanele? E bile mohlokomelisi o finyeletse ho lona. Joale, latsoang moputso oa liketso tsa lona, hobane baetsalibe ha ba na mothusi.”
إِنَّ ٱللَّهَ عَٰلِمُ غَيۡبِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّهُۥ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ
Ruri! Allah U tseba lintho tse patiloeng tsa maholimo le lefats’e. U hlokolosi ka liphiri tse ka har’a lifuba tsa batho
هُوَ ٱلَّذِي جَعَلَكُمۡ خَلَٰٓئِفَ فِي ٱلۡأَرۡضِۚ فَمَن كَفَرَ فَعَلَيۡهِ كُفۡرُهُۥۖ وَلَا يَزِيدُ ٱلۡكَٰفِرِينَ كُفۡرُهُمۡ عِندَ رَبِّهِمۡ إِلَّا مَقۡتًاۖ وَلَا يَزِيدُ ٱلۡكَٰفِرِينَ كُفۡرُهُمۡ إِلَّا خَسَارًا
Ke Eena Ea le entseng majalefa lefats’eng; kahoo mong le mong ea latolang, nyefolo ea hae e be hloohong ea hae a nots’i. Etsoe nyeliso ea mahana-tumelo e phaella lehloeo mahlong a Mong’a bona. Ha ho seo nyeliso ea bona e se phaellang haese tahleho
قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ شُرَكَآءَكُمُ ٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ أَرُونِي مَاذَا خَلَقُواْ مِنَ ٱلۡأَرۡضِ أَمۡ لَهُمۡ شِرۡكٌ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ أَمۡ ءَاتَيۡنَٰهُمۡ كِتَٰبًا فَهُمۡ عَلَىٰ بَيِّنَتٍ مِّنۡهُۚ بَلۡ إِن يَعِدُ ٱلظَّٰلِمُونَ بَعۡضُهُم بَعۡضًا إِلَّا غُرُورًا
E re: “Ana le se le kile la bona batlatsetsi ba lona bao le bitsang ho bona kathoko ho Allah? Mpontseng lintho tseo ba li hlotseng lefats’eng! Kapa ebe ba na le seabo maholimong? Kapa e be Re ile Ra ba neha Lengolo, hore ba tle ba sebetse ho latela sesupo se hlakileng ho lona? Che, baetsalibe ba ts’episana ka thetso
إِنَّ ٱللَّهَ يُمۡسِكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ أَن تَزُولَاۚ وَلَئِن زَالَتَآ إِنۡ أَمۡسَكَهُمَا مِنۡ أَحَدٍ مِّنۢ بَعۡدِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ كَانَ حَلِيمًا غَفُورًا
Ke Allah Ea laolang maholimo le lefats’e, hore a tle a se ke a tsoa taolong, haeba a ka tsoa taolong, ha ho na motho ea ka a laolang kamor’a Hae. Ruri! U Mamello, U Ts’oarela-joalo- joalo
وَأَقۡسَمُواْ بِٱللَّهِ جَهۡدَ أَيۡمَٰنِهِمۡ لَئِن جَآءَهُمۡ نَذِيرٌ لَّيَكُونُنَّ أَهۡدَىٰ مِنۡ إِحۡدَى ٱلۡأُمَمِۖ فَلَمَّا جَآءَهُمۡ نَذِيرٌ مَّا زَادَهُمۡ إِلَّا نُفُورًا
Ba ikana ka Allah ka kano e thata ea hore haeba mohlokomelisi a ka tla ho bona, ba tla topa tataisong ho feta lichaba tse ling; empa ha mohlokomelisi a se a finyeletse ho bona, ba tlaloa ke pherekano ea ho baleha ‘neteng
ٱسۡتِكۡبَارًا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَكۡرَ ٱلسَّيِّيِٕۚ وَلَا يَحِيقُ ٱلۡمَكۡرُ ٱلسَّيِّئُ إِلَّا بِأَهۡلِهِۦۚ فَهَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّا سُنَّتَ ٱلۡأَوَّلِينَۚ فَلَن تَجِدَ لِسُنَّتِ ٱللَّهِ تَبۡدِيلًاۖ وَلَن تَجِدَ لِسُنَّتِ ٱللَّهِ تَحۡوِيلًا
Ka lebaka la boikhants’o ba bona lefats’eng, le Morero oa bokhopo; empa thero ea bokhopo e tla etsetsa ba itherileng lesakana la nkope. Na ho na le se seng seo ba se lebeletseng kantle le kotlo ea batho ba khale-khale? U ke ke oa fumana phetoho mekhoeng efe kapa efe ea Allah, kapa ho na ho fumana matla a ho fetola mekhoa ea Allah
أَوَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ وَكَانُوٓاْ أَشَدَّ مِنۡهُمۡ قُوَّةًۚ وَمَا كَانَ ٱللَّهُ لِيُعۡجِزَهُۥ مِن شَيۡءٍ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّهُۥ كَانَ عَلِيمًا قَدِيرًا
Ana ha ba hahlaule le lefats’e hore ba tle ba bone seo e bileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona, ba neng ba bile ba le matla ka ho fetisisa ho ba feta? Ha ho ntho efe kapa efe maholimong kapa lefats’eng e ka Mo phonyohang. Hobane Ruri! U Seli, U Matla Oohle
وَلَوۡ يُؤَاخِذُ ٱللَّهُ ٱلنَّاسَ بِمَا كَسَبُواْ مَا تَرَكَ عَلَىٰ ظَهۡرِهَا مِن دَآبَّةٍ وَلَٰكِن يُؤَخِّرُهُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّىۖ فَإِذَا جَآءَ أَجَلُهُمۡ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِعِبَادِهِۦ بَصِيرَۢا
Hoja e be Allah U ne a ahlola batho ka tseo ba li kotutseng, Ruri! U ne A ke ke A siea sebopuoa se phelang lefats’eng; empa U ba neha nyehlisetso ea nako ea pallo, ha nako ea bona e se e fihlile – Ruri! Ke hona ba tla tseba hore Allah ke Molisa oa makhabunyane a Hae
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.