Surah 36 · 83 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Ya-Sin in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

36:1

يسٓ

Ya sin

36:2

وَٱلۡقُرۡءَانِ ٱلۡحَكِيمِ

Ka Qura‘n e tletseng Bohlale

36:3

إِنَّكَ لَمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Ruri! U e mong oa baromuoa

36:4

عَلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ

Tseleng e Topileng

36:5

تَنزِيلَ ٱلۡعَزِيزِ ٱلرَّحِيمِ

Ke ts’enolo ke Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang

36:6

لِتُنذِرَ قَوۡمًا مَّآ أُنذِرَ ءَابَآؤُهُمۡ فَهُمۡ غَٰفِلُونَ

Hore u tle u hlokomelise batho bao bo-ntat’a bona ba sa kang ba hlokomelisoa pele, kahoo ha ba na tsebo

36:7

لَقَدۡ حَقَّ ٱلۡقَوۡلُ عَلَىٰٓ أَكۡثَرِهِمۡ فَهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ

Le hoja lentsoe le ile la pakahatsa ‘nete khahlano le bongata ba bona, hobane ha ba kholoe

36:8

إِنَّا جَعَلۡنَا فِيٓ أَعۡنَٰقِهِمۡ أَغۡلَٰلًا فَهِيَ إِلَى ٱلۡأَذۡقَانِ فَهُم مُّقۡمَحُونَ

Ruri! Re kentse lijoko melaleng ea bona e khamathisitseng lilelung, hore ba ba sitoe ho hetla

36:9

وَجَعَلۡنَا مِنۢ بَيۡنِ أَيۡدِيهِمۡ سَدًّا وَمِنۡ خَلۡفِهِمۡ سَدًّا فَأَغۡشَيۡنَٰهُمۡ فَهُمۡ لَا يُبۡصِرُونَ

Re behile ts’epe kapel’a bona le kamor’a bona, ke kamoo Re ba khurumelitseng kateng, hore ba se ke ba bona

36:10

وَسَوَآءٌ عَلَيۡهِمۡ ءَأَنذَرۡتَهُمۡ أَمۡ لَمۡ تُنذِرۡهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ

Ho bona ho oa ts’oana ebang u oaba lemosa, kapa ha u ba lemose, ba ke ke ba kholoa

36:11

إِنَّمَا تُنذِرُ مَنِ ٱتَّبَعَ ٱلذِّكۡرَ وَخَشِيَ ٱلرَّحۡمَٰنَ بِٱلۡغَيۡبِۖ فَبَشِّرۡهُ بِمَغۡفِرَةٍ وَأَجۡرٍ كَرِيمٍ

U ka mpa oa lemosa feela ea latelang molaetsa, ea ts’abang Ea Tletseng Lereko sephiring. U mo phetele litaba tse molemo tsa ts’oarelo le Moputso o babatsehang

36:12

إِنَّا نَحۡنُ نُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَنَكۡتُبُ مَا قَدَّمُواْ وَءَاثَٰرَهُمۡۚ وَكُلَّ شَيۡءٍ أَحۡصَيۡنَٰهُ فِيٓ إِمَامٍ مُّبِينٍ

Ruri! Re tla tsosa bafu. Re ngola liketso tseo ba li behileng nale esita le tseo ba li sieang morao. Lintho tsohle Re li boloka ka har’a Tlaleho e hlakileng

36:13

وَٱضۡرِبۡ لَهُم مَّثَلًا أَصۡحَٰبَ ٱلۡقَرۡيَةِ إِذۡ جَآءَهَا ٱلۡمُرۡسَلُونَ

Ak’u ba phetele pale: Ea Balekane ba Motse-moholo, ho ile ha tla morumuoa ho bona

36:14

إِذۡ أَرۡسَلۡنَآ إِلَيۡهِمُ ٱثۡنَيۡنِ فَكَذَّبُوهُمَا فَعَزَّزۡنَا بِثَالِثٍ فَقَالُوٓاْ إِنَّآ إِلَيۡكُم مُّرۡسَلُونَ

Ha Re ba romeletse ba romuoa ba babeli, ba ba latola, empa Ra ba matlafatsa ka oa boraro, ba re: “Ruri! Re romeletsoe ho lona.”

36:15

قَالُواْ مَآ أَنتُمۡ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا وَمَآ أَنزَلَ ٱلرَّحۡمَٰنُ مِن شَيۡءٍ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا تَكۡذِبُونَ

Eaba baahi ba re: “Le batho joaloka rona. Allah Ea Tletseng Lereko ha A es’o senole letho le joalo. Lona le mpa le le leshano.”

36:16

قَالُواْ رَبُّنَا يَعۡلَمُ إِنَّآ إِلَيۡكُمۡ لَمُرۡسَلُونَ

Ba re: “Ruri! Mong`a rona U oa tseba hore re romeletsoe ho lona

36:17

وَمَا عَلَيۡنَآ إِلَّا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ

“E bile ts’ebetso ea rona ke ho phatlalatsa molaetsa o hlakileng.”

36:18

قَالُوٓاْ إِنَّا تَطَيَّرۡنَا بِكُمۡۖ لَئِن لَّمۡ تَنتَهُواْ لَنَرۡجُمَنَّكُمۡ وَلَيَمَسَّنَّكُم مِّنَّا عَذَابٌ أَلِيمٌ

Baahi ba re: “Re bona bokamoso bo malimabe ho lona. Ruri! Ha le sa khaotse, re tla le tlepetsa ka majoe, kahlolo e nyarosang e tsoang ho rona e tla le oela.”

36:19

قَالُواْ طَٰٓئِرُكُم مَّعَكُمۡ أَئِن ذُكِّرۡتُمۚ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمٌ مُّسۡرِفُونَ

Ba re: “Bokamoso bo nyonyehang bo ho lona! Ha le khalengoa? Che, empa le batho ba tlolang meeli eohle!”

36:20

وَجَآءَ مِنۡ أَقۡصَا ٱلۡمَدِينَةِ رَجُلٌ يَسۡعَىٰ قَالَ يَٰقَوۡمِ ٱتَّبِعُواْ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Hoa hlaha monna a matha ho tsoa qetellong ea motse. A re: “Oho batho ba heso! Utloang baromuoa

36:21

ٱتَّبِعُواْ مَن لَّا يَسۡـَٔلُكُمۡ أَجۡرًا وَهُم مُّهۡتَدُونَ

Utloang ba sa le batleng moputso oa letho, ba amohetseng Tataiso

36:22

وَمَالِيَ لَآ أَعۡبُدُ ٱلَّذِي فَطَرَنِي وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

Ha ke bone molemo oa hore na ke hobaneng ha ke sa sebeletse Ea mpopileng, Eo le tlang ho boela ho Eena

36:23

ءَأَتَّخِذُ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةً إِن يُرِدۡنِ ٱلرَّحۡمَٰنُ بِضُرٍّ لَّا تُغۡنِ عَنِّي شَفَٰعَتُهُمۡ شَيۡـًٔا وَلَا يُنقِذُونِ

“Na nka inkela melingoana kantle ho Eena?, Haeba Ea Tletseng Lereko A ka ntakaletsa kotsi efe kapa efe, ebe boemeli ba bona ha bo nthuse ka letho, kapa hona ho mpholosa

36:24

إِنِّيٓ إِذًا لَّفِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ

Ruri! Ha nka etsa joalo, Ke tla be ke le phosong e totobetseng

36:25

إِنِّيٓ ءَامَنتُ بِرَبِّكُمۡ فَٱسۡمَعُونِ

“Ke na le Tumelo ho Mong`a lona, kahoo ‘mameleng!”

36:26

قِيلَ ٱدۡخُلِ ٱلۡجَنَّةَۖ قَالَ يَٰلَيۡتَ قَوۡمِي يَعۡلَمُونَ

Hoa thoe: “Kena Serapeng.” A re: “hoja batho ba heso ba ne ba tseba

36:27

بِمَا غَفَرَ لِي رَبِّي وَجَعَلَنِي مِنَ ٱلۡمُكۡرَمِينَ

“Hobane Mong`a ka U ‘nehile Ts’oarelo, le kamoo A nkentseng ea hlomphehang kateng!”

36:28

وَمَآ أَنزَلۡنَا عَلَىٰ قَوۡمِهِۦ مِنۢ بَعۡدِهِۦ مِن جُندٍ مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَمَا كُنَّا مُنزِلِينَ

Ha Re’a ka Ra romella lebotho le tsoang leholimong khahlano le bona kamor’a hae, kapa hona ho fumana ho hlokahala hore Re romelle ba bang

36:29

إِن كَانَتۡ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً فَإِذَا هُمۡ خَٰمِدُونَ

E bile feela ka molumo o nosi, eaba ke ho fela ha bona

36:30

يَٰحَسۡرَةً عَلَى ٱلۡعِبَادِۚ مَا يَأۡتِيهِم مِّن رَّسُولٍ إِلَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ

Ao, masisapelo a makhabunyane! Ha ho moromuoa ofe kapa ofe ea kileng a tla ho bona, eaba ha ba mo some

36:31

أَلَمۡ يَرَوۡاْ كَمۡ أَهۡلَكۡنَا قَبۡلَهُم مِّنَ ٱلۡقُرُونِ أَنَّهُمۡ إِلَيۡهِمۡ لَا يَرۡجِعُونَ

Ana ha ba es’o bone kamoo Re ripitlileng Meloko e bileng teng pele ho bona, e ke keng ea boela ho bona

36:32

وَإِن كُلٌّ لَّمَّا جَمِيعٌ لَّدَيۡنَا مُحۡضَرُونَ

Empa kaofela ha bona, ba tla hlaha kapel’a Rona

36:33

وَءَايَةٌ لَّهُمُ ٱلۡأَرۡضُ ٱلۡمَيۡتَةُ أَحۡيَيۡنَٰهَا وَأَخۡرَجۡنَا مِنۡهَا حَبًّا فَمِنۡهُ يَأۡكُلُونَ

Sesupo sa bona ke lefats’e le shoeleng. Re le neha bophelo, Re hlahisa lijo-thollo tseo le li jang holim’a lona

36:34

وَجَعَلۡنَا فِيهَا جَنَّٰتٍ مِّن نَّخِيلٍ وَأَعۡنَٰبٍ وَفَجَّرۡنَا فِيهَا مِنَ ٱلۡعُيُونِ

Re hlahisa Lirapa tsa lifate tsa lipalema, le merara esita le hona ho ts’akhunyisa liliba tse kopotsang holim’a lona

36:35

لِيَأۡكُلُواْ مِن ثَمَرِهِۦ وَمَا عَمِلَتۡهُ أَيۡدِيهِمۡۚ أَفَلَا يَشۡكُرُونَ

Hore ba tle ba je litholoana tse teng holim’a lona tseo matsoho a bona a sa li etsang. Ke neng ba tlang ho fana ka liteboho

36:36

سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡأَزۡوَٰجَ كُلَّهَا مِمَّا تُنۢبِتُ ٱلۡأَرۡضُ وَمِنۡ أَنفُسِهِمۡ وَمِمَّا لَا يَعۡلَمُونَ

Tlotla e be ho Allah, Ea hlotseng lintho tsohle ka bobeli tse behoang ke lefats’e, le bona ka bo-bona le tseo ba se nang tsebo ka tsona

36:37

وَءَايَةٌ لَّهُمُ ٱلَّيۡلُ نَسۡلَخُ مِنۡهُ ٱلنَّهَارَ فَإِذَا هُم مُّظۡلِمُونَ

Boisu ke sesupo ho bona; Re bo nts’a ho mots’eare, ebe ba ba har’a lefifi

36:38

وَٱلشَّمۡسُ تَجۡرِي لِمُسۡتَقَرٍّ لَّهَاۚ ذَٰلِكَ تَقۡدِيرُ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡعَلِيمِ

Letsatsi le tsamaea mocheng oa lona o tsepameng ho ea malikelong. Seo ke pallo ea Ea Matla Oohle, Ea Tsebang Tsohle

36:39

وَٱلۡقَمَرَ قَدَّرۡنَٰهُ مَنَازِلَ حَتَّىٰ عَادَ كَٱلۡعُرۡجُونِ ٱلۡقَدِيمِ

Le Ngoeli, – eo Re tsepamisitseng likarolo tsa eona ho fihlela e khutlile e ts’oana le lekhasi la khale le omeletsenga la sefate sa palema

36:40

لَا ٱلشَّمۡسُ يَنۢبَغِي لَهَآ أَن تُدۡرِكَ ٱلۡقَمَرَ وَلَا ٱلَّيۡلُ سَابِقُ ٱلنَّهَارِۚ وَكُلٌّ فِي فَلَكٍ يَسۡبَحُونَ

Letsatsi le ke ke la seha Ngoeli tsebe kantle ho tumello, kapa bosiu ba hlaha pele ho lets’eare. E ‘ngoe le e ‘ngoe e tsamaea mocheng oa eona

36:41

وَءَايَةٌ لَّهُمۡ أَنَّا حَمَلۡنَا ذُرِّيَّتَهُمۡ فِي ٱلۡفُلۡكِ ٱلۡمَشۡحُونِ

Sesupo sa bona ke hore Re ile Ra jara sechaba sa bona ka Areka

36:42

وَخَلَقۡنَا لَهُم مِّن مِّثۡلِهِۦ مَا يَرۡكَبُونَ

Re hlotse se ts’oanang le seo ba neng ba se palame molemong oa bona

36:43

وَإِن نَّشَأۡ نُغۡرِقۡهُمۡ فَلَا صَرِيخَ لَهُمۡ وَلَا هُمۡ يُنقَذُونَ

Hoja ebile Thato ea Rona, Re ka be Re ba qoelisitse, ba ne ba ke ke ba fumana mothusi, kapa ho pholosoa

36:44

إِلَّا رَحۡمَةً مِّنَّا وَمَتَٰعًا إِلَىٰ حِينٍ

Kantle le Mohau o tsoang ho Rona, e le boithabiso ba nakoana

36:45

وَإِذَا قِيلَ لَهُمُ ٱتَّقُواْ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيكُمۡ وَمَا خَلۡفَكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ

Ha ba bolelloa: “Ts’abang se kapel’a lona le se kamor’a lona, hore le tle le fumane Mohau,”

36:46

وَمَا تَأۡتِيهِم مِّنۡ ءَايَةٍ مِّنۡ ءَايَٰتِ رَبِّهِمۡ إِلَّا كَانُواْ عَنۡهَا مُعۡرِضِينَ

Ha ho sesupo sa Mong`a bona se kileng sa tla ho bona, eaba ha ba se koenehele

36:47

وَإِذَا قِيلَ لَهُمۡ أَنفِقُواْ مِمَّا رَزَقَكُمُ ٱللَّهُ قَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَنُطۡعِمُ مَن لَّوۡ يَشَآءُ ٱللَّهُ أَطۡعَمَهُۥٓ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ

Ha ba bolelloa: “Fanang ka tseo Allah A le sitsitseng ka tsona,” Mahana-tumelo ba re ho ba-kholoang: “Re ka fepa batho bao Allah ha A ratile A ka beng A ba fepa? Ruri! Le phosong e totobetseng.”

36:48

وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Ba tsoelapele ba re: “Ke neng ts’episo eo e etlang ho phethahala haeba le buoa ‘nete?”

36:49

مَا يَنظُرُونَ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً تَأۡخُذُهُمۡ وَهُمۡ يَخِصِّمُونَ

Ha ho seo ba se emetseng haese molumo o le mong, o tlang hoba nanola ba sa ntseng ba le har’a likhang

36:50

فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ تَوۡصِيَةً وَلَآ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِمۡ يَرۡجِعُونَ

Hoo ba tlang ho hloka monyetla aba mafa, kapa hona ho boela ho mehabo bona

36:51

وَنُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَإِذَا هُم مِّنَ ٱلۡأَجۡدَاثِ إِلَىٰ رَبِّهِمۡ يَنسِلُونَ

Terompeta e tla Letsoa, bafu ba tla tsoha mabitleng ba potlakele ho Mong`a bona

36:52

قَالُواْ يَٰوَيۡلَنَا مَنۢ بَعَثَنَا مِن مَّرۡقَدِنَاۜۗ هَٰذَا مَا وَعَدَ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَصَدَقَ ٱلۡمُرۡسَلُونَ

Ba tla re: “Ao, re aparetsoe ke masoabi! Ke mang ea re tsositseng mealong ea rona?” Lentsoe le tla re: “Ena ke ts’episo eo Allah Ea Tletseng Lereko A neng A re ts’episitse eona le bona baporofeta ba ne ba bolela ‘nete,”

36:53

إِن كَانَتۡ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً فَإِذَا هُمۡ جَمِيعٌ لَّدَيۡنَا مُحۡضَرُونَ

Etla ba feela ka molumo o le mong, o tlang ho ba bokella kapel’a Rona

36:54

فَٱلۡيَوۡمَ لَا تُظۡلَمُ نَفۡسٌ شَيۡـًٔا وَلَا تُجۡزَوۡنَ إِلَّا مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Letsatsing leo ha ho moea o tla qhekelloa; le tla putsoa ho latela liketso tsa lona

36:55

إِنَّ أَصۡحَٰبَ ٱلۡجَنَّةِ ٱلۡيَوۡمَ فِي شُغُلٍ فَٰكِهُونَ

Ruri! Balekane ba Serapa ba tla be ba nyakaletse letsatsing leo ho tsohle tseo ba li etsang

36:56

هُمۡ وَأَزۡوَٰجُهُمۡ فِي ظِلَٰلٍ عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِ مُتَّكِـُٔونَ

Bona le balekane ba bona, ba tla ba meriting e pholileng, ba qethohile Literoneng

36:57

لَهُمۡ فِيهَا فَٰكِهَةٌ وَلَهُم مَّا يَدَّعُونَ

Mefuta eohle ea litholoana e tlaba teng le tsohle tseo ba li kopang ba tla li fumana

36:58

سَلَٰمٌ قَوۡلًا مِّن رَّبٍّ رَّحِيمٍ

“Khotso!” – Lentsoe le tsoang ho Mong’a rona Ea Mohau o Khaphatsehang

36:59

وَٱمۡتَٰزُواْ ٱلۡيَوۡمَ أَيُّهَا ٱلۡمُجۡرِمُونَ

“Oho lona ba qoetseng sebeng! Suthang kajeno

36:60

أَلَمۡ أَعۡهَدۡ إِلَيۡكُمۡ يَٰبَنِيٓ ءَادَمَ أَن لَّا تَعۡبُدُواْ ٱلشَّيۡطَٰنَۖ إِنَّهُۥ لَكُمۡ عَدُوٌّ مُّبِينٌ

Lona bara ba Adama! Ha Ke’a le hlokomelisa ho se khumamele Satane –hobane Satane ke sera se pepenene ho lona? –

36:61

وَأَنِ ٱعۡبُدُونِيۚ هَٰذَا صِرَٰطٌ مُّسۡتَقِيمٌ

“Hore le khumamele ‘Na, eo ke eona tsela e nepahetseng

36:62

وَلَقَدۡ أَضَلَّ مِنكُمۡ جِبِلًّا كَثِيرًاۖ أَفَلَمۡ تَكُونُواْ تَعۡقِلُونَ

“Empa o khelositse ba bangata ba lona. Na ha le ea utloisisa

36:63

هَٰذِهِۦ جَهَنَّمُ ٱلَّتِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ

“Tsena ke Lihele tseo le hlokomelisitsoeng ka tsona

36:64

ٱصۡلَوۡهَا ٱلۡيَوۡمَ بِمَا كُنتُمۡ تَكۡفُرُونَ

“Kajeno kenang ka hare le che hobane le ile la nyelisa khalemo.”

36:65

ٱلۡيَوۡمَ نَخۡتِمُ عَلَىٰٓ أَفۡوَٰهِهِمۡ وَتُكَلِّمُنَآ أَيۡدِيهِمۡ وَتَشۡهَدُ أَرۡجُلُهُم بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ

Letsatsing leo Re tla koala melomo ea bona. Empa matsoho a bona a tla buoa le Rona, maoto ona a tla paka khahlanong le tseo ba li entseng

36:66

وَلَوۡ نَشَآءُ لَطَمَسۡنَا عَلَىٰٓ أَعۡيُنِهِمۡ فَٱسۡتَبَقُواْ ٱلصِّرَٰطَ فَأَنَّىٰ يُبۡصِرُونَ

Hoja ebile thato ea Rona, Ruri! Re ka be Re ile Ra foufatsa mahlo a bona, hore ba tle ba sokole tsela. Ba ne ba tla bona joang

36:67

وَلَوۡ نَشَآءُ لَمَسَخۡنَٰهُمۡ عَلَىٰ مَكَانَتِهِمۡ فَمَا ٱسۡتَطَٰعُواْ مُضِيًّا وَلَا يَرۡجِعُونَ

Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra ba etsa bo- mathethebale, kapa hona ho khutla

36:68

وَمَن نُّعَمِّرۡهُ نُنَكِّسۡهُ فِي ٱلۡخَلۡقِۚ أَفَلَا يَعۡقِلُونَ

Eo re mo pepileng ho fihlela lilemo tsa botsofali, re boetse re bo busetsa morao tlholehong ka ho mo hlokisa matla. Na ha le na kelello

36:69

وَمَا عَلَّمۡنَٰهُ ٱلشِّعۡرَ وَمَا يَنۢبَغِي لَهُۥٓۚ إِنۡ هُوَ إِلَّا ذِكۡرٌ وَقُرۡءَانٌ مُّبِينٌ

Ha Re’a ruta moprofeta Lithoko, kapa ho na hore e be li mo loketse. Sena empa e le sehopotso, le eona Qura’n e hlakisang lintho

36:70

لِّيُنذِرَ مَن كَانَ حَيًّا وَيَحِقَّ ٱلۡقَوۡلُ عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ

Hore e tle e hlokomelise mong le mong ea phelang, le hore lentsoe le tle le phethahale khahlanong le ba latolang

36:71

أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا خَلَقۡنَا لَهُم مِّمَّا عَمِلَتۡ أَيۡدِينَآ أَنۡعَٰمًا فَهُمۡ لَهَا مَٰلِكُونَ

Ha ba es’o bone kamoo Re ba hloletseng makhomo kateng, e le ts’ebetso ea matsoho a Rona, hore e tle e be beng ba tsona

36:72

وَذَلَّلۡنَٰهَا لَهُمۡ فَمِنۡهَا رَكُوبُهُمۡ وَمِنۡهَا يَأۡكُلُونَ

Le hona ho li beha tlas’a taolo ea bona, hore tse ling tsona ba tle ba li palame, ha tse ling e le lijo

36:73

وَلَهُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ وَمَشَارِبُۚ أَفَلَا يَشۡكُرُونَ

Ba fumana kuno, le lebese ho noa. Na ba sa tla ke ba fane ka liteboho

36:74

وَٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ ءَالِهَةً لَّعَلَّهُمۡ يُنصَرُونَ

Empa ba iketsetsa melingoana kathoko ho Allah, eo ba nahanang hore ba tla fumana thuso ho eona

36:75

لَا يَسۡتَطِيعُونَ نَصۡرَهُمۡ وَهُمۡ لَهُمۡ جُندٌ مُّحۡضَرُونَ

Ha e na matla a ho ba thusa; empa batla tlisoa e le lebotho ho ea kahlolong

36:76

فَلَا يَحۡزُنكَ قَوۡلُهُمۡۘ إِنَّا نَعۡلَمُ مَا يُسِرُّونَ وَمَا يُعۡلِنُونَ

Se lumelle lipuo tsa bona ho u utloisa bohloko. Ruri! Re tseba tseo ba li patang le tseo ba li phatlalatsang

36:77

أَوَلَمۡ يَرَ ٱلۡإِنسَٰنُ أَنَّا خَلَقۡنَٰهُ مِن نُّطۡفَةٍ فَإِذَا هُوَ خَصِيمٌ مُّبِينٌ

Na motho ha a es’o bone hore Re mo hlotse ka lehloele la Lithere? Le hoja e le sera se totobetseng

36:78

وَضَرَبَ لَنَا مَثَلًا وَنَسِيَ خَلۡقَهُۥۖ قَالَ مَن يُحۡيِ ٱلۡعِظَٰمَ وَهِيَ رَمِيمٌ

O bile o Re etsetsa papiso, o lebetse tlholeho ea hae, O re: “Ke mang ea tlang ho fa masapo aa bophelo ha a se a bolile?”

36:79

قُلۡ يُحۡيِيهَا ٱلَّذِيٓ أَنشَأَهَآ أَوَّلَ مَرَّةٍۖ وَهُوَ بِكُلِّ خَلۡقٍ عَلِيمٌ

E re: “Eo a hlotseng qalong, U tla A neha bophelo, hobane ke Eena Ea tsebang ka botlalo tlholeho eohle

36:80

ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُم مِّنَ ٱلشَّجَرِ ٱلۡأَخۡضَرِ نَارًا فَإِذَآ أَنتُم مِّنۡهُ تُوقِدُونَ

“Eena Ea o hlahiselitseng mollo sefateng se esong ho ome e be le okha mollo ho sona

36:81

أَوَلَيۡسَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِقَٰدِرٍ عَلَىٰٓ أَن يَخۡلُقَ مِثۡلَهُمۚ بَلَىٰ وَهُوَ ٱلۡخَلَّٰقُ ٱلۡعَلِيمُ

“Na ha se Eena Ea hlotseng maholimo le lefats’e, Ea ka khonang ho hlola a ts’oanang le ona? Ruri! Ke Eena. Hobane ke Eena `Mopi ea Tlotlehileng ho fetisisa, Ka tsebo

36:82

إِنَّمَآ أَمۡرُهُۥٓ إِذَآ أَرَادَ شَيۡـًٔا أَن يَقُولَ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ

Ruri, Ha A rera ntho, Taelo Ea Ha eke, “Eba!” E feele e be teng

36:83

فَسُبۡحَٰنَ ٱلَّذِي بِيَدِهِۦ مَلَكُوتُ كُلِّ شَيۡءٍ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

Kahoo, tlotla e be ho Eena Eo Liatleng tsa Hae e leng puso ea lintho tsohle! Bohle le tla busetsoa ho Eena

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.