Surah 47 · 38 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Muhammad in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

47:1

ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ أَضَلَّ أَعۡمَٰلَهُمۡ

Ba latolang Allah ba bile ba thibela baho TSeleng Ea Allah,- Allah U tla etsa hore liketso tsa bona li nyelle feela

47:2

وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَءَامَنُواْ بِمَا نُزِّلَ عَلَىٰ مُحَمَّدٍ وَهُوَ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّهِمۡ كَفَّرَ عَنۡهُمۡ سَيِّـَٔاتِهِمۡ وَأَصۡلَحَ بَالَهُمۡ

Empa ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, ba kholoa ts’enolong e rometsoeng ho Muhammad – hobane ke ‘nete e tsoang ho Mong’a bona, – U tla tlosa lits’ito tsa bona, A phahamise maemo a bona

47:3

ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱتَّبَعُواْ ٱلۡبَٰطِلَ وَأَنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّبَعُواْ ٱلۡحَقَّ مِن رَّبِّهِمۡۚ كَذَٰلِكَ يَضۡرِبُ ٱللَّهُ لِلنَّاسِ أَمۡثَٰلَهُمۡ

Seo ke hobane ba latolang Allah ba latela mafeela, ha ba- kholoang ba latela ‘Nete e tsoang ho Mong’a bona: ke kamoo Allah A hlophisang mehlala ka lipapiso

47:4

فَإِذَا لَقِيتُمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَضَرۡبَ ٱلرِّقَابِ حَتَّىٰٓ إِذَآ أَثۡخَنتُمُوهُمۡ فَشُدُّواْ ٱلۡوَثَاقَ فَإِمَّا مَنَّۢا بَعۡدُ وَإِمَّا فِدَآءً حَتَّىٰ تَضَعَ ٱلۡحَرۡبُ أَوۡزَارَهَاۚ ذَٰلِكَۖ وَلَوۡ يَشَآءُ ٱللَّهُ لَٱنتَصَرَ مِنۡهُمۡ وَلَٰكِن لِّيَبۡلُوَاْ بَعۡضَكُم بِبَعۡضٍۗ وَٱلَّذِينَ قُتِلُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ فَلَن يُضِلَّ أَعۡمَٰلَهُمۡ

Kahoo, ha le kopana le Mahana-tumelo(ntoeng), le ba otle melaleng; khabareng ha le se le ba thapisitse, ba tlameng ka selekane: kamorao ho moo ka pelo-nolo kapa ka tokollo ea mats’eliso: ho fihlela ntoa e letse. Ke kamoo(le laetsoeng): Empa haeba e ne e le Thato Ea Allah, A be A ba lefisitse; empa(U le lesa ho loana) hore A le behe tekong, ba banag ba lona ba tla bolaoa. Empa ba bolaoang tseleng ea Allah, – A ke ke A lesa liketso tsa bona ho ba mafeela

47:5

سَيَهۡدِيهِمۡ وَيُصۡلِحُ بَالَهُمۡ

U tla ba tataisa le hona ho phahamisa maemo a bona

47:6

وَيُدۡخِلُهُمُ ٱلۡجَنَّةَ عَرَّفَهَا لَهُمۡ

A ba amohelle Serapeng seo A ba ts’episitseng sona

47:7

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِن تَنصُرُواْ ٱللَّهَ يَنصُرۡكُمۡ وَيُثَبِّتۡ أَقۡدَامَكُمۡ

Oho lona ba-kholoang! Haeba le thusa Allah; Allah U tla le thusa, A matlafatse mehato ea lona

47:8

وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَتَعۡسًا لَّهُمۡ وَأَضَلَّ أَعۡمَٰلَهُمۡ

Empa ba latolang (Allah), – Timelo kea bona; Allah U tla etsa hore liketso tsa bona li nyelle

47:9

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ كَرِهُواْ مَآ أَنزَلَ ٱللَّهُ فَأَحۡبَطَ أَعۡمَٰلَهُمۡ

Seo ke hobane ba Hloile Ts’enolo ea Allah; kahoo U entse hore liketso tsa bona li se behe litholoana

47:10

أَفَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۖ دَمَّرَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِمۡۖ وَلِلۡكَٰفِرِينَ أَمۡثَٰلُهَا

Na ha ba es’o hahlaule le lefats’e, ba ke ba bone seo e bileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona(ba neng ba etsa bobe)? Allah U ile A ba ripitla, kotlo e joalo e emetse bohle ba Latolang Allah

47:11

ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ مَوۡلَى ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَأَنَّ ٱلۡكَٰفِرِينَ لَا مَوۡلَىٰ لَهُمۡ

Seo ke hobane Allah ke mots’ireletsi oa ba-kholoang, empa ba latolang Allah ba hloka mots’ireletsi

47:12

إِنَّ ٱللَّهَ يُدۡخِلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يَتَمَتَّعُونَ وَيَأۡكُلُونَ كَمَا تَأۡكُلُ ٱلۡأَنۡعَٰمُ وَٱلنَّارُ مَثۡوًى لَّهُمۡ

Ruri! Allah U tla amohela bohle ba – kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Lirapeng tsee ka tlasa tsona ho phallang linoka; ha ba latolang Allah ba tla natefeloa, ba je joalo ka ha likhomo li eja, Mollo e tla ba lehae la bona

47:13

وَكَأَيِّن مِّن قَرۡيَةٍ هِيَ أَشَدُّ قُوَّةً مِّن قَرۡيَتِكَ ٱلَّتِيٓ أَخۡرَجَتۡكَ أَهۡلَكۡنَٰهُمۡ فَلَا نَاصِرَ لَهُمۡ

Ke metse e mekae e matla ho feta oa heno (Makka) eo baahi ba eona ba ileng ba o phalalisa? Eaba Re e ripitla hoo ba sa kang ba eba le mothusi

47:14

أَفَمَن كَانَ عَلَىٰ بَيِّنَةٍ مِّن رَّبِّهِۦ كَمَن زُيِّنَ لَهُۥ سُوٓءُ عَمَلِهِۦ وَٱتَّبَعُوٓاْ أَهۡوَآءَهُم

Na ea tseleleng e hlakileng ho tsoa ho Mong`a hae, a ka ts’oana le eo libe tsa hae li ntlafalitsoeng ho mo khahla, a sa ntse a setse litakatso tsa hae morao

47:15

مَّثَلُ ٱلۡجَنَّةِ ٱلَّتِي وُعِدَ ٱلۡمُتَّقُونَۖ فِيهَآ أَنۡهَٰرٌ مِّن مَّآءٍ غَيۡرِ ءَاسِنٍ وَأَنۡهَٰرٌ مِّن لَّبَنٍ لَّمۡ يَتَغَيَّرۡ طَعۡمُهُۥ وَأَنۡهَٰرٌ مِّنۡ خَمۡرٍ لَّذَّةٍ لِّلشَّٰرِبِينَ وَأَنۡهَٰرٌ مِّنۡ عَسَلٍ مُّصَفًّىۖ وَلَهُمۡ فِيهَا مِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِ وَمَغۡفِرَةٌ مِّن رَّبِّهِمۡۖ كَمَنۡ هُوَ خَٰلِدٌ فِي ٱلنَّارِ وَسُقُواْ مَآءً حَمِيمًا فَقَطَّعَ أَمۡعَآءَهُمۡ

Ena ke papiso ea Serapa se ts’episitsoeng bohle ba ts’abang Allah: ka hare ho sona ho teng linoka tse metsi a hloekileng: linoka tsa lebese le tatso e sa fetoheng, linoka tsa veine e natefelang ba e noang, le linoka tse kopotsang manepe; ho teng mefuta ea litholoana le Lereko le tsoang ho Mong`a bona. Na ba ka bapisoa le ba hlolang Mollong kahosafeleng, ba fuoa metsi a belang ho noa, hoo a bileng a khaolang mala a bona(likotoana)

47:16

وَمِنۡهُم مَّن يَسۡتَمِعُ إِلَيۡكَ حَتَّىٰٓ إِذَا خَرَجُواْ مِنۡ عِندِكَ قَالُواْ لِلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ مَاذَا قَالَ ءَانِفًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ طَبَعَ ٱللَّهُ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ وَٱتَّبَعُوٓاْ أَهۡوَآءَهُمۡ

Har’a bona ho teng ba u mamelang, empa qetellong ha ba u furalla, e be ba re ho ba filoeng tsebo: “Ke eng seo a neng a ntse a se buoa?” Bao ke batho bao Allah A kabieng lipelo tsa bona, ba latelang litakatso tsa bona

47:17

وَٱلَّذِينَ ٱهۡتَدَوۡاْ زَادَهُمۡ هُدًى وَءَاتَىٰهُمۡ تَقۡوَىٰهُمۡ

Empa ba amohelang tataiso, U ba ekeletsa(khanya) tataiso, A ba sitse ka Khalalelo le Ts’ireletso (sebeng)

47:18

فَهَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّا ٱلسَّاعَةَ أَن تَأۡتِيَهُم بَغۡتَةًۖ فَقَدۡ جَآءَ أَشۡرَاطُهَاۚ فَأَنَّىٰ لَهُمۡ إِذَا جَآءَتۡهُمۡ ذِكۡرَىٰهُمۡ

Ba emetse Hora, – hore e tla ba fihlela ba sa lebella? Empa lits’upiso tsa eona li se li finyeletse, ha e se e ba fihletse, ba tla hloka molemo ofe khalemong ea bona

47:19

فَٱعۡلَمۡ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱللَّهُ وَٱسۡتَغۡفِرۡ لِذَنۢبِكَ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۗ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مُتَقَلَّبَكُمۡ وَمَثۡوَىٰكُمۡ

Tseba hore ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah, u kope ts’oarelo ea libe tsa hau, le tsa batho ba-kholoang le tsa basali ba-kholoang. Hobane Allah U tseba metsamao ea lona le kamoo le phelang kateng malapeng a lona

47:20

وَيَقُولُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَوۡلَا نُزِّلَتۡ سُورَةٌۖ فَإِذَآ أُنزِلَتۡ سُورَةٌ مُّحۡكَمَةٌ وَذُكِرَ فِيهَا ٱلۡقِتَالُ رَأَيۡتَ ٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ يَنظُرُونَ إِلَيۡكَ نَظَرَ ٱلۡمَغۡشِيِّ عَلَيۡهِ مِنَ ٱلۡمَوۡتِۖ فَأَوۡلَىٰ لَهُمۡ

Ba-kholoang ba re: “Hobaneng Khaolo e sa romeloe ho rona? Empa ha Khaolo e totobetseng, e bolela ka ntoa, u tla bona bao lipelong ho bona ho tletseng maloetse ba u shalimile joalo ka ha eka ba makhatheng a lefu. Empa ba ne ba loketse

47:21

طَاعَةٌ وَقَوۡلٌ مَّعۡرُوفٌۚ فَإِذَا عَزَمَ ٱلۡأَمۡرُ فَلَوۡ صَدَقُواْ ٱللَّهَ لَكَانَ خَيۡرًا لَّهُمۡ

Ho amohela ba bue toka, hore ha taba e rarolotsoe, e ne etla ba molemo ha ba ne ba ena le ‘nete ho Allah

47:22

فَهَلۡ عَسَيۡتُمۡ إِن تَوَلَّيۡتُمۡ أَن تُفۡسِدُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَتُقَطِّعُوٓاْ أَرۡحَامَكُمۡ

Joale, ho lebeletsoe ho tsoa ho uena haeba u fuoe matla, hore u tla fehla mofere-fere holim’a lefats’e, u khaole maqhama a tsoalano le beng ka uena

47:23

أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ لَعَنَهُمُ ٱللَّهُ فَأَصَمَّهُمۡ وَأَعۡمَىٰٓ أَبۡصَٰرَهُمۡ

Ba joalo ke batho bao Allah A ba rohakileng hobane U ba entse Litholo le ho ba foufatsa

47:24

أَفَلَا يَتَدَبَّرُونَ ٱلۡقُرۡءَانَ أَمۡ عَلَىٰ قُلُوبٍ أَقۡفَالُهَآ

Joale ha ba leke ka matla ho batla ho utloisisa Qura’n, kapa lipelo tsa bona ba li tlamme mafito

47:25

إِنَّ ٱلَّذِينَ ٱرۡتَدُّواْ عَلَىٰٓ أَدۡبَٰرِهِم مِّنۢ بَعۡدِ مَا تَبَيَّنَ لَهُمُ ٱلۡهُدَى ٱلشَّيۡطَٰنُ سَوَّلَ لَهُمۡ وَأَمۡلَىٰ لَهُمۡ

Haele ba koenehang kamor’a hoba tataiso e totobatsoe kapel’a bona, E Mobe o ba ekile; ka ts’episo ea mafeela

47:26

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ قَالُواْ لِلَّذِينَ كَرِهُواْ مَا نَزَّلَ ٱللَّهُ سَنُطِيعُكُمۡ فِي بَعۡضِ ٱلۡأَمۡرِۖ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ إِسۡرَارَهُمۡ

Sena ke hobane ba re ho ba hloileng molaetsa o senotsoeng ke Allah: “Re tla le mamela karolong ea litaba tsena;” empa Allah U tseba liphiri tsa bona

47:27

فَكَيۡفَ إِذَا تَوَفَّتۡهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَضۡرِبُونَ وُجُوهَهُمۡ وَأَدۡبَٰرَهُمۡ

Empa ho tlaba joang mohla manyeloi a nkang meea ea bona lefung, a ba otla lifahlehong le ka mekokotlong

47:28

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمُ ٱتَّبَعُواْ مَآ أَسۡخَطَ ٱللَّهَ وَكَرِهُواْ رِضۡوَٰنَهُۥ فَأَحۡبَطَ أَعۡمَٰلَهُمۡ

Sena e le hobane ba ile ba latela se khopisang Allah, eaba ba hloea se Mo thabisang. Kahoo, o fetotse liketso tsa bona mafeela

47:29

أَمۡ حَسِبَ ٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ أَن لَّن يُخۡرِجَ ٱللَّهُ أَضۡغَٰنَهُمۡ

Kapa bao Lipelo tsa bona li tletseng maloetse ba nahana hore Allah A ke ke A behaa pooaneng lehloeo la bona

47:30

وَلَوۡ نَشَآءُ لَأَرَيۡنَٰكَهُمۡ فَلَعَرَفۡتَهُم بِسِيمَٰهُمۡۚ وَلَتَعۡرِفَنَّهُمۡ فِي لَحۡنِ ٱلۡقَوۡلِۚ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ أَعۡمَٰلَكُمۡ

Hoja ke thato ea Rona, Re ka be Re u joents’itse bona, hore ka ‘nete u tle u ba tsebe ka mats’oao a bona: empa u tla ba tseba ka lipuo tsa bona! Allah U tseba tsohle tseo le li etsang

47:31

وَلَنَبۡلُوَنَّكُمۡ حَتَّىٰ نَعۡلَمَ ٱلۡمُجَٰهِدِينَ مِنكُمۡ وَٱلصَّٰبِرِينَ وَنَبۡلُوَاْ أَخۡبَارَكُمۡ

Re tla le beha tekong ho fihlela Re leka ba tsitlalletseng ka tieo har’a lona (ts’ebeletsong ea Allah), ba tsitlalla ka mamello; Re tla hlahloba litlaleho tsa lona

47:32

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَشَآقُّواْ ٱلرَّسُولَ مِنۢ بَعۡدِ مَا تَبَيَّنَ لَهُمُ ٱلۡهُدَىٰ لَن يَضُرُّواْ ٱللَّهَ شَيۡـًٔا وَسَيُحۡبِطُ أَعۡمَٰلَهُمۡ

Ba latolang Allah, ba thibela batho tseleng ea Allah le ho hanetsa moromuoa kamor’a hoba tataiso e totobatsoe kapel’a bona, ha ho moo ba hlokofatsang Allah leha nyenyane, empa U tla fetola liketso tsa bona mafeela

47:33

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَ وَلَا تُبۡطِلُوٓاْ أَعۡمَٰلَكُمۡ

Oho lona ba-kholoang! Mamelang Allah le moromuoa, le se ke la fetola liketso tsa lona mafeela

47:34

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ ثُمَّ مَاتُواْ وَهُمۡ كُفَّارٌ فَلَن يَغۡفِرَ ٱللَّهُ لَهُمۡ

Ba latolang Allah, ba bile ba thibela batho tseleng ea Allah, ebe ba khahlanyetsoa ke lefu ba ntse ba latola Allah, – Allah A ke ke A ba ts’oarela

47:35

فَلَا تَهِنُواْ وَتَدۡعُوٓاْ إِلَى ٱلسَّلۡمِ وَأَنتُمُ ٱلۡأَعۡلَوۡنَ وَٱللَّهُ مَعَكُمۡ وَلَن يَتِرَكُمۡ أَعۡمَٰلَكُمۡ

Le se khathale le hona ho nyahama ‘moko, le llela khotso, ha le tlameha ho ba maemong a phahameng: hobane Allah U na le lona, A ke ke A le lahla ka lebaka la liketso tsa lona tse ntle

47:36

إِنَّمَا ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَا لَعِبٌ وَلَهۡوٌۚ وَإِن تُؤۡمِنُواْ وَتَتَّقُواْ يُؤۡتِكُمۡ أُجُورَكُمۡ وَلَا يَسۡـَٔلۡكُمۡ أَمۡوَٰلَكُمۡ

Bophelo ba lefats’e lena empa ele papali le boithabiso. Empa a u kholoa e bile u nyelisa bobe, U tla le neha meputso ea lona; A ke ke A le kopa (ho khaohana le) matlotlo a lona

47:37

إِن يَسۡـَٔلۡكُمُوهَا فَيُحۡفِكُمۡ تَبۡخَلُواْ وَيُخۡرِجۡ أَضۡغَٰنَكُمۡ

Hoja e be U ne A ka le kopa ona kaofela, A le latella, le ne le tla a khoaela; U ne A tla hlahisa mahloeo a lona a sephiri pooaneng

47:38

هَٰٓأَنتُمۡ هَٰٓؤُلَآءِ تُدۡعَوۡنَ لِتُنفِقُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ فَمِنكُم مَّن يَبۡخَلُۖ وَمَن يَبۡخَلۡ فَإِنَّمَا يَبۡخَلُ عَن نَّفۡسِهِۦۚ وَٱللَّهُ ٱلۡغَنِيُّ وَأَنتُمُ ٱلۡفُقَرَآءُۚ وَإِن تَتَوَلَّوۡاْ يَسۡتَبۡدِلۡ قَوۡمًا غَيۡرَكُمۡ ثُمَّ لَا يَكُونُوٓاْ أَمۡثَٰلَكُم

Ruri! Lona le ba memetsoeng ho senyeheloa tseleng ea Allah, le hoja har’a lona hona le ba bang ba khoaetseng matlotlo. Eo ea khoaetseng, o mpa a etsa joalo feela molemong oa moea oa hae. ‘Allah ha A hloke letho, lona le mafutsana. Haeba le koeneha, Ruri! O tla le fapanyetsa ka mofuta o mong oa batho o keng oa ts’oana le lona

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.