Surah 29 · 69 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-'Ankabut in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

29:1

الٓمٓ

Alif. Lam. Mim

29:2

أَحَسِبَ ٱلنَّاسُ أَن يُتۡرَكُوٓاْ أَن يَقُولُوٓاْ ءَامَنَّا وَهُمۡ لَا يُفۡتَنُونَ

Na batho ba nahana hore ba tla lesoa feela ho ba baitse: “Re’a kholoa”, Ba keke ba lekoa

29:3

وَلَقَدۡ فَتَنَّا ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۖ فَلَيَعۡلَمَنَّ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ صَدَقُواْ وَلَيَعۡلَمَنَّ ٱلۡكَٰذِبِينَ

Re ile Ra leka ba bileng teng pele ho lona. Ke kamoo Allah A tsebang ba ikokobetsang le ba ikaketsang

29:4

أَمۡ حَسِبَ ٱلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلسَّيِّـَٔاتِ أَن يَسۡبِقُونَاۚ سَآءَ مَا يَحۡكُمُونَ

Ebe ba etsang liketso tse fosahetseng ba nahana hore liketso tsa bona li ka ba molemo ho feta Rona? Se sebe ke qetello ea bona

29:5

مَن كَانَ يَرۡجُواْ لِقَآءَ ٱللَّهِ فَإِنَّ أَجَلَ ٱللَّهِ لَأٓتٍۚ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ

Athe haele mang, kapa mang ea tsitlallelang ho kopana le Allah, a tsebe hore Ruri! Pallo ea Allah e haufinyane, U Utloa Tsohle, U Tseba Tsohle

29:6

وَمَن جَٰهَدَ فَإِنَّمَا يُجَٰهِدُ لِنَفۡسِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَغَنِيٌّ عَنِ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Etsoe mang, kapa mang ea tsitlalletseng, ba etsa joalo molemong oa meea ea bona; hobane Allah ha A hloke letho ho libupuoa tsa Hae

29:7

وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَنُكَفِّرَنَّ عَنۡهُمۡ سَيِّـَٔاتِهِمۡ وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَحۡسَنَ ٱلَّذِي كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Bohle ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, Re tla hlakola liketso tsa bona tse mpe, ebe Re ba putsa ka se molemo seo ba se entseng

29:8

وَوَصَّيۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ بِوَٰلِدَيۡهِ حُسۡنًاۖ وَإِن جَٰهَدَاكَ لِتُشۡرِكَ بِي مَا لَيۡسَ لَكَ بِهِۦ عِلۡمٌ فَلَا تُطِعۡهُمَآۚ إِلَيَّ مَرۡجِعُكُمۡ فَأُنَبِّئُكُم بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Re khothalelitse batho ho ba mosa ho batsoali ba bona; empa haeba ba ka tsitlallela ho o khothaletsa ho maneha e mong ho ‘na eo o se nang tsebo ka eena, o se ke oa ba mamela. Hobane poelo ea hau e ho ‘Na, ke tla o bolella seo le neng le tloaetse ho se etsa

29:9

وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَنُدۡخِلَنَّهُمۡ فِي ٱلصَّٰلِحِينَ

Haele ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Ruri! Re tla ba amohela har’a ba lokileng

29:10

وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يَقُولُ ءَامَنَّا بِٱللَّهِ فَإِذَآ أُوذِيَ فِي ٱللَّهِ جَعَلَ فِتۡنَةَ ٱلنَّاسِ كَعَذَابِ ٱللَّهِۖ وَلَئِن جَآءَ نَصۡرٌ مِّن رَّبِّكَ لَيَقُولُنَّ إِنَّا كُنَّا مَعَكُمۡۚ أَوَلَيۡسَ ٱللَّهُ بِأَعۡلَمَ بِمَا فِي صُدُورِ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Ho teng har’a batho ba reng: “Re kholoa ho Allah”, Empa ha a thulana le bothata ts’ebeletsong ea Allah, o tsoelipanya khatello ea batho joaloka ha eka ke kotlo ea Allah; haeba u ka fumana tlholo e tsoang ho Mong`a hau, ba tla re: “Ruri! Re bile le uena nako ena eohle. Ana ha se Allah Ea hlokolosi ka ho fetisisa ka tseo tse ka har’a lifuba tsa libopuoa tsa Hae

29:11

وَلَيَعۡلَمَنَّ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَلَيَعۡلَمَنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ

Ruri! Allah U tseba ka botlalo ba kholoang le Baikaketsi

29:12

وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّبِعُواْ سَبِيلَنَا وَلۡنَحۡمِلۡ خَطَٰيَٰكُمۡ وَمَا هُم بِحَٰمِلِينَ مِنۡ خَطَٰيَٰهُم مِّن شَيۡءٍۖ إِنَّهُمۡ لَكَٰذِبُونَ

Mahana-tumelo ba re ho ba kholoang: “Latelang tsela ea rona ea tumelo, Ruri! Re tla jara libe tsa lona.” Ha ho seo ba ka se jarang libeng tsa bona. Hobane Ruri! ba leshano

29:13

وَلَيَحۡمِلُنَّ أَثۡقَالَهُمۡ وَأَثۡقَالًا مَّعَ أَثۡقَالِهِمۡۖ وَلَيُسۡـَٔلُنَّ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ عَمَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ

Empa ba tla jara mejaro ea bona le’a ba bang kathoko ho ea bona, ba bile ba tla botsoa mohla Letsatsi la Kahlolo ka lebaka la mashano a bona

29:14

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا نُوحًا إِلَىٰ قَوۡمِهِۦ فَلَبِثَ فِيهِمۡ أَلۡفَ سَنَةٍ إِلَّا خَمۡسِينَ عَامًا فَأَخَذَهُمُ ٱلطُّوفَانُ وَهُمۡ ظَٰلِمُونَ

Re ile Ra romella Nooe, ho batho ba habo, o bile le bona ka lilemo tse makholo a robong le mashome a mahlano; empa ba ile ba khangoa ke moroallo oa metsi, ba lutse sebeng

29:15

فَأَنجَيۡنَٰهُ وَأَصۡحَٰبَ ٱلسَّفِينَةِ وَجَعَلۡنَٰهَآ ءَايَةً لِّلۡعَٰلَمِينَ

Re ile Ra mo pholosa le Balekane ba Areka, Ra etsa Areka Sesupo ho batho bohle

29:16

وَإِبۡرَٰهِيمَ إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱتَّقُوهُۖ ذَٰلِكُمۡ خَيۡرٌ لَّكُمۡ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

Le Abrahama Re ile Ra mo pholosa: Bonang, a re ho batho ba habo: “Sebeletsang Allah, le ts’abe Eena feela; seo se molemo ho lona – hoja ebe lea utloisisa

29:17

إِنَّمَا تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ أَوۡثَٰنًا وَتَخۡلُقُونَ إِفۡكًاۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَا يَمۡلِكُونَ لَكُمۡ رِزۡقًا فَٱبۡتَغُواْ عِندَ ٱللَّهِ ٱلرِّزۡقَ وَٱعۡبُدُوهُ وَٱشۡكُرُواْ لَهُۥٓۖ إِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

“Hobane le khumamela melingoana kantle ho Allah, e bile le qapa Leshano. Bohle bao le ba sebeletsang ntle ho Allah, ha ho phepo eo ba ka le nehang eona. Kahoo, kopang phepo ea lona ho Allah, mo sebeletseng le hona ho fana ka liteboho ho Eena, hobane poelo ea lona bohle e ho Eena

29:18

وَإِن تُكَذِّبُواْ فَقَدۡ كَذَّبَ أُمَمٌ مِّن قَبۡلِكُمۡۖ وَمَا عَلَى ٱلرَّسُولِ إِلَّا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ

Haeba le’a latola, lichaba li ‘nile tsa latola tse bileng teng pele ho lona, ts’ebetso ea moromuoa ke ho phatlalatsa molaetsa feela ka ho totobala.”

29:19

أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ كَيۡفَ يُبۡدِئُ ٱللَّهُ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥٓۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٌ

Na ha ba bone kamoo Allah A hlahisang tlholeho kateng, joale e be U e pheta hape? Hobane Ruri! Seo se bobebe ho Allah

29:20

قُلۡ سِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ بَدَأَ ٱلۡخَلۡقَۚ ثُمَّ ٱللَّهُ يُنشِئُ ٱلنَّشۡأَةَ ٱلۡأٓخِرَةَۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ

E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone kamoo Allah A hlolang tlholeho kateng, le kamoo Allah a boetseng A tlang ho e pheta hape. Hobane Allah U na le matla holima lintho tsohle

29:21

يُعَذِّبُ مَن يَشَآءُ وَيَرۡحَمُ مَن يَشَآءُۖ وَإِلَيۡهِ تُقۡلَبُونَ

U ahlola eo A ikhethelang Eena, ebile U apesa ka mohau eo A khahloang ke Eena, poelo ea lona bohle e ho Eena

29:22

وَمَآ أَنتُم بِمُعۡجِزِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِي ٱلسَّمَآءِۖ وَمَا لَكُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ مِن وَلِيٍّ وَلَا نَصِيرٍ

Le ke ke la phonyoha ho Eena lefats’eng le leholimong, etsoe kathoko ho Allah ha le na motsoalle, kapa eena mothusi

29:23

وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَلِقَآئِهِۦٓ أُوْلَٰٓئِكَ يَئِسُواْ مِن رَّحۡمَتِي وَأُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ

Haele ba latolang lits’enolo tsa Allah esita le eona kopano ea bona le Eena, – Ke bona bat la hloka ts’epo mohaung oa Ka. Ke bona ba tla oeloa ke Kahlolo e mahlonoko

29:24

فَمَا كَانَ جَوَابَ قَوۡمِهِۦٓ إِلَّآ أَن قَالُواْ ٱقۡتُلُوهُ أَوۡ حَرِّقُوهُ فَأَنجَىٰهُ ٱللَّهُ مِنَ ٱلنَّارِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ

Empa karabo ea batho ba habo ebile feela hore ba re: “‘Molaeng kapa le mo chese.” Allah U ile a mo pholosa mollong oo. Ruri

29:25

وَقَالَ إِنَّمَا ٱتَّخَذۡتُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ أَوۡثَٰنًا مَّوَدَّةَ بَيۡنِكُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ ثُمَّ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ يَكۡفُرُ بَعۡضُكُم بِبَعۡضٍ وَيَلۡعَنُ بَعۡضُكُم بَعۡضًا وَمَأۡوَىٰكُمُ ٱلنَّارُ وَمَا لَكُم مِّن نَّٰصِرِينَ

Eaba o re: “Le ikhethetse melingoana ntle ho Allah. Le lerato le teng lipakeng tsa lona ke la bophelo ba lefats’e lena feela. Mohla Letsatsi la Kahlolo le tla nyelisana, le ho rohakana ka bo-lona, lehae la lona e tla ba mollo, le ke ke la fumana ope ho le thusa.”

29:26

فَـَٔامَنَ لَهُۥ لُوطٌۘ وَقَالَ إِنِّي مُهَاجِرٌ إِلَىٰ رَبِّيٓۖ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Empa Lota o ne a lumela ho Eena: A re: “Ke tla siea lehae ka lebaka la Mong`a ka. Hobane Ruri! Ke Eena, Eena feela Ea Matla Oohle, Ea Seli.”

29:27

وَوَهَبۡنَا لَهُۥٓ إِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ وَجَعَلۡنَا فِي ذُرِّيَّتِهِ ٱلنُّبُوَّةَ وَٱلۡكِتَٰبَ وَءَاتَيۡنَٰهُ أَجۡرَهُۥ فِي ٱلدُّنۡيَاۖ وَإِنَّهُۥ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ لَمِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

Re ile Ra sitsa Abrahama ka Isaaka le Jakobo, le hona ho phethahatsa Boporofeta le Lengolo har’a litloholo tsa hae, Re bile Ra mo neha moputso oa hae lefats’eng lena, le ho bo-tlang ha ho tika-tiko, Ruri! O tla ba har’a ba lokileng

29:28

وَلُوطًا إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦٓ إِنَّكُمۡ لَتَأۡتُونَ ٱلۡفَٰحِشَةَ مَا سَبَقَكُم بِهَا مِنۡ أَحَدٍ مِّنَ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Hopola Lota! Mohla a neng a re ho batho ba habo: “Ruri! Le etsa liketso tse soabisang tseo ho sa kang haeba le sebopuoa se kileng sa li etsa pele ho lona

29:29

أَئِنَّكُمۡ لَتَأۡتُونَ ٱلرِّجَالَ وَتَقۡطَعُونَ ٱلسَّبِيلَ وَتَأۡتُونَ فِي نَادِيكُمُ ٱلۡمُنكَرَۖ فَمَا كَانَ جَوَابَ قَوۡمِهِۦٓ إِلَّآ أَن قَالُواْ ٱئۡتِنَا بِعَذَابِ ٱللَّهِ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ

Na Ruri le na le likamano le banna, ha ele moo le eka bahahlaoli tseleng le hona ho etsa liketso tse fosahetseng likopanong tsa lona? Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore ba re: “Re tlisetse kahlolo ea Allah haeba u hlile u na le ‘nete!”

29:30

قَالَ رَبِّ ٱنصُرۡنِي عَلَى ٱلۡقَوۡمِ ٱلۡمُفۡسِدِينَ

A re: “Mong`a ka! Ak’u mphe tlholo khahlanong le batho ba etsang manyala!”

29:31

وَلَمَّا جَآءَتۡ رُسُلُنَآ إِبۡرَٰهِيمَ بِٱلۡبُشۡرَىٰ قَالُوٓاْ إِنَّا مُهۡلِكُوٓاْ أَهۡلِ هَٰذِهِ ٱلۡقَرۡيَةِۖ إِنَّ أَهۡلَهَا كَانُواْ ظَٰلِمِينَ

Mohla baromuoa ba Rona ba neng ba tliselitse Abrahama litaba tse molemo, ba ne ba re: “Ruri! Re haufinyane le ho ripitla batho ba motse ona, hobane baahi ba ona ke baetsalibe.”

29:32

قَالَ إِنَّ فِيهَا لُوطًاۚ قَالُواْ نَحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَن فِيهَاۖ لَنُنَجِّيَنَّهُۥ وَأَهۡلَهُۥٓ إِلَّا ٱمۡرَأَتَهُۥ كَانَتۡ مِنَ ٱلۡغَٰبِرِينَ

Eaba Abrahama o re: Lota o teng moo.” Baromuoa ba re: “Re hlokolosi ka ho fetisisa ka ba teng moo. Re tla mo pholosa le ba lelapa la hae kaofela ntle le mosali oa hae, eo eena a tlang ho ba har’a ba saletseng morao.”

29:33

وَلَمَّآ أَن جَآءَتۡ رُسُلُنَا لُوطًا سِيٓءَ بِهِمۡ وَضَاقَ بِهِمۡ ذَرۡعًاۖ وَقَالُواْ لَا تَخَفۡ وَلَا تَحۡزَنۡ إِنَّا مُنَجُّوكَ وَأَهۡلَكَ إِلَّا ٱمۡرَأَتَكَ كَانَتۡ مِنَ ٱلۡغَٰبِرِينَ

Mohla baromuoa ba Rona ba neng ba fihla ho Lota, o n’a be a le maqakabetsing ke liketso tsa mehahabo, hobane o ne a hloleha ho ba s’ireletsa; empa baromuoa ba ile ba re: “Se ts’ohe le hona hoba mahlomoleng! Ruri! Re tla u pholosa le lelapa la hau kaofela, ntle feela le mosali oa hau, eo eena a tlang hoba har’a ba saletseng morao

29:34

إِنَّا مُنزِلُونَ عَلَىٰٓ أَهۡلِ هَٰذِهِ ٱلۡقَرۡيَةِ رِجۡزًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ بِمَا كَانُواْ يَفۡسُقُونَ

Ruri! Re haufi le ho lihela kotlo holim’a baahi ba motse ona e tsoang leholimong, hobane ke baetsalibe.”

29:35

وَلَقَد تَّرَكۡنَا مِنۡهَآ ءَايَةَۢ بَيِّنَةً لِّقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ

Ka kotlo eo, Re siile sesupo se hlakileng ho batho ba nang le kelello

29:36

وَإِلَىٰ مَدۡيَنَ أَخَاهُمۡ شُعَيۡبًا فَقَالَ يَٰقَوۡمِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱرۡجُواْ ٱلۡيَوۡمَ ٱلۡأٓخِرَ وَلَا تَعۡثَوۡاْ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُفۡسِدِينَ

Re ne Re romelle Shuaib ho batho ba Mediane, e le ngoana’bo bona. O ne a re: “Oho batho ba heso! Sebeletsang Allah, le ts’abe pele ho Letsatsi la Bofelo, le se etse linyonts’a ka ho etsa manyala lefats’eng.”

29:37

فَكَذَّبُوهُ فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلرَّجۡفَةُ فَأَصۡبَحُواْ فِي دَارِهِمۡ جَٰثِمِينَ

Empa ba mo latola, eaba ts’its’inyeho e ts’abehang ea lefats’e e ea ba metsa, esale hosasa ba fumanoa ba tjapaletse malapeng a bona

29:38

وَعَادًا وَثَمُودَاْ وَقَد تَّبَيَّنَ لَكُم مِّن مَّسَٰكِنِهِمۡۖ وَزَيَّنَ لَهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَصَدَّهُمۡ عَنِ ٱلسَّبِيلِ وَكَانُواْ مُسۡتَبۡصِرِينَ

Ba-Ad le Ba-Thamud! Koluoa ea bona e hlakile ho lona ka lesupi le lithako tsa malapa a bona. Ke satane ea entseng hore liketso tsa bona li shebahale li khahlisa mahlong a bona, o ile a ba sitisa ho kena tseleng, le hoja bane ba filoe Bohlale le Tsebo

29:39

وَقَٰرُونَ وَفِرۡعَوۡنَ وَهَٰمَٰنَۖ وَلَقَدۡ جَآءَهُم مُّوسَىٰ بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَٱسۡتَكۡبَرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا كَانُواْ سَٰبِقِينَ

Joaloka Qarun, Faro le Hamana! Moshe o ile a ea ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa matla a Allah, empa ba ile ba ikakasa lefats’eng. Ha ba ka ba una mojahong

29:40

فَكُلًّا أَخَذۡنَا بِذَنۢبِهِۦۖ فَمِنۡهُم مَّنۡ أَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِ حَاصِبًا وَمِنۡهُم مَّنۡ أَخَذَتۡهُ ٱلصَّيۡحَةُ وَمِنۡهُم مَّنۡ خَسَفۡنَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ وَمِنۡهُم مَّنۡ أَغۡرَقۡنَاۚ وَمَا كَانَ ٱللَّهُ لِيَظۡلِمَهُمۡ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ

Re ile Ra nka e mong le e mong oa bona ho latela sebe sa hae; har’a bona ho ne ho le teng eo Re neng Re mo romelle sefako, e mong eena Re ne Re mo hloibile ka ho qhoma ho ts’abehang, ha emong eena a ne a metsoe ke lefats’e e mong eena o ne a khangoe ke metsi. Ha se Allah ea ba foselitseng, empa ba ile ba iphosetsa

29:41

مَثَلُ ٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ أَوۡلِيَآءَ كَمَثَلِ ٱلۡعَنكَبُوتِ ٱتَّخَذَتۡ بَيۡتًاۖ وَإِنَّ أَوۡهَنَ ٱلۡبُيُوتِ لَبَيۡتُ ٱلۡعَنكَبُوتِۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ

Papiso ea ba ikhethelang bats’ireletsi ba bang ntle ho Allah, e ts’oana le’a sekho nakong eo se ikhahelang ntlo, Ruri! Se bobebe ka ho fetisisa har’a matlo ke ntlo ea sekho, hoja e be ba ne ba tseba

29:42

إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ مِن شَيۡءٍۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tseo ba bitsang ho tsona ntle ho Eena. Etsoe U Matla Oohle, U Seli

29:43

وَتِلۡكَ ٱلۡأَمۡثَٰلُ نَضۡرِبُهَا لِلنَّاسِۖ وَمَا يَعۡقِلُهَآ إِلَّا ٱلۡعَٰلِمُونَ

Lipapiso tsena, Re li pheta molemong oa batho: Empa ba li utloisisang ke ba nang le Tsebo

29:44

خَلَقَ ٱللَّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّلۡمُؤۡمِنِينَ

Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka tekanyo ea ‘nete. Ruri! Hona ke sesupo ho ba kholoang

29:45

ٱتۡلُ مَآ أُوحِيَ إِلَيۡكَ مِنَ ٱلۡكِتَٰبِ وَأَقِمِ ٱلصَّلَوٰةَۖ إِنَّ ٱلصَّلَوٰةَ تَنۡهَىٰ عَنِ ٱلۡفَحۡشَآءِ وَٱلۡمُنكَرِۗ وَلَذِكۡرُ ٱللَّهِ أَكۡبَرُۗ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا تَصۡنَعُونَ

Pheta Lengolo le tlileng ho uena ka ts’usumetso, u phethe lithapelo tsa mehla eohle. Hobane thapelo eo thibela liketso tse soabisang le tse fosahetseng, hobane Khopolo ea Allah e bohlokoa haholo. Etsoe Allah U tseba tseo le li etsang

29:46

وَلَا تُجَٰدِلُوٓاْ أَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ إِلَّا بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ إِلَّا ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ مِنۡهُمۡۖ وَقُولُوٓاْ ءَامَنَّا بِٱلَّذِيٓ أُنزِلَ إِلَيۡنَا وَأُنزِلَ إِلَيۡكُمۡ وَإِلَٰهُنَا وَإِلَٰهُكُمۡ وَٰحِدٌ وَنَحۡنُ لَهُۥ مُسۡلِمُونَ

U se phehe khang le batho ba Lengolo ntle le haeba e le ka mokhoa o molemo, le bao har’a bona ba etsang libe; feela u re: “Re kholoa ho seo re se senoletsoeng le seo lona le se senoletsoeng; `Mopi oa rona le `Mopi oa lona ke `Mopi a le mong, re inehetse ho Eena.”

29:47

وَكَذَٰلِكَ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَۚ فَٱلَّذِينَ ءَاتَيۡنَٰهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ يُؤۡمِنُونَ بِهِۦۖ وَمِنۡ هَٰٓؤُلَآءِ مَن يُؤۡمِنُ بِهِۦۚ وَمَا يَجۡحَدُ بِـَٔايَٰتِنَآ إِلَّا ٱلۡكَٰفِرُونَ

Eleng lona lebaka leo ka lona re u senoletse

29:48

وَمَا كُنتَ تَتۡلُواْ مِن قَبۡلِهِۦ مِن كِتَٰبٍ وَلَا تَخُطُّهُۥ بِيَمِينِكَۖ إِذًا لَّٱرۡتَابَ ٱلۡمُبۡطِلُونَ

Ha’o es’o bale Lengolo pele ho lena, kapa hona ho le ngola ka letsoho la hau le letona, mohlomong balateli ba leshano ba tloha ba eba le khoao

29:49

بَلۡ هُوَ ءَايَٰتُۢ بَيِّنَٰتٌ فِي صُدُورِ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَۚ وَمَا يَجۡحَدُ بِـَٔايَٰتِنَآ إِلَّا ٱلظَّٰلِمُونَ

Empa ke Lits’enolo tse hlakileng lipelong tsa ba nehiloeng tsebo, ha ho ba ka latolang Lits’enolo tsa Rona haese feela baetsalibe

29:50

وَقَالُواْ لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡهِ ءَايَٰتٌ مِّن رَّبِّهِۦۚ قُلۡ إِنَّمَا ٱلۡأٓيَٰتُ عِندَ ٱللَّهِ وَإِنَّمَآ أَنَا۠ نَذِيرٌ مُّبِينٌ

Ba bile ba re: “Hobaneng ha litsenolo li sa romelloe ho eena ho tsoa ho Mong`a hae?” E re: “Lits’upiso li ho Allah feela, ‘na ke mpa ke le mohlokomelisi ea pepenene.”

29:51

أَوَلَمۡ يَكۡفِهِمۡ أَنَّآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ يُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَرَحۡمَةً وَذِكۡرَىٰ لِقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ

Na ha ho oa lekana ho bona haele moo Re ile Ra romella Lengolo ho uena leo u ba ballang lona? Ruri

29:52

قُلۡ كَفَىٰ بِٱللَّهِ بَيۡنِي وَبَيۡنَكُمۡ شَهِيدًاۖ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱلۡبَٰطِلِ وَكَفَرُواْ بِٱللَّهِ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ

E re: “Allah U lekane e le paki lipakeng tsa ka le lona. E bile o tseba lintho tsohle tse teng maholimong le lefats’eng. Haele ba kholoang mashano, ba latola Allah, ke bona ba lahlehetsoeng.”

29:53

وَيَسۡتَعۡجِلُونَكَ بِٱلۡعَذَابِ وَلَوۡلَآ أَجَلٌ مُّسَمًّى لَّجَآءَهُمُ ٱلۡعَذَابُۚ وَلَيَأۡتِيَنَّهُم بَغۡتَةً وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ

Ba u kopa ho potlakisa Kahlolo ea Allah. Hoja e be ho ne ho sa ka ho’a tsepamisoa nako ea pallo, Ruri! Kahlolo e ka be e tlile ho bona. Ruri! E tla tla ho bona ka sekhahla nakong eo ba sa hlokomelang

29:54

يَسۡتَعۡجِلُونَكَ بِٱلۡعَذَابِ وَإِنَّ جَهَنَّمَ لَمُحِيطَةُۢ بِٱلۡكَٰفِرِينَ

Ba u kopa ho potlakisa kahlolo, le hoja Ruri! Lihele li kopetse balatoli ba tumelo har’e

29:55

يَوۡمَ يَغۡشَىٰهُمُ ٱلۡعَذَابُ مِن فَوۡقِهِمۡ وَمِن تَحۡتِ أَرۡجُلِهِمۡ وَيَقُولُ ذُوقُواْ مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Mohla letsatsi leo ka lona Kahlolo e tlang ho ba kupetsa holimo le ka tlase, Lentsoe le tla re: “Latsoang litholoana tsa liketso tsa lona!”

29:56

يَٰعِبَادِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِنَّ أَرۡضِي وَٰسِعَةٌ فَإِيَّٰيَ فَٱعۡبُدُونِ

Oho lona makhabunyane a Ka a kholoang! Ruri! Lefats’e la Ka le pharaletse. Kahoo, sebeletsang ‘Na feela

29:57

كُلُّ نَفۡسٍ ذَآئِقَةُ ٱلۡمَوۡتِۖ ثُمَّ إِلَيۡنَا تُرۡجَعُونَ

Moea ka mong o tla latsoa lefu. Qetellong Poelo ea lona bohle e ho Rona

29:58

وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَنُبَوِّئَنَّهُم مِّنَ ٱلۡجَنَّةِ غُرَفًا تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ نِعۡمَ أَجۡرُ ٱلۡعَٰمِلِينَ

Haele ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng – ba tla fuoa matlo Leholimong, – a mekato ao e leng malapa a serapa seo linoka li phallang tlas’a tsona. Kamoo teng ba tla phela kahosafeleng. O babatsehang moputso oa ba etsang botle

29:59

ٱلَّذِينَ صَبَرُواْ وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ

Ba nang le mamello, ba behile ts’epo ea bona ho Mong`a bona le Mots’ireletsi

29:60

وَكَأَيِّن مِّن دَآبَّةٍ لَّا تَحۡمِلُ رِزۡقَهَا ٱللَّهُ يَرۡزُقُهَا وَإِيَّاكُمۡۚ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ

Ana ke liphoofolo tse kae tse teng moo tse sa jarang nala ea tsona? Ke Allah Ea li fepang `moho le lona: Hobane U utloa tsohle, U Tseba Tsohle

29:61

وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَسَخَّرَ ٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۖ فَأَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ

Haeba u ne u ka ba botsa hore na ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho tsepamisa letsatsi le eona ngoeli mocheng oa ts’ebetso? Ruri ba ne ba tla re: “Ke Allah.” Joale, hobaneng ba furaletse ‘nete

29:62

ٱللَّهُ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦ وَيَقۡدِرُ لَهُۥٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمٌ

Allah U pharalatsa nala ho ope ea khahloang ke eena har’a makhabunyane A Hae, U e fokotsa ho ope ea khahloang ke Eena. Ruri! Allah U hlokolosi linthong tsohle

29:63

وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّن نَّزَّلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَحۡيَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ مِنۢ بَعۡدِ مَوۡتِهَا لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۚ قُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡقِلُونَ

Haeba u ka ba botsa hore na ke mang ea theolelang pula lefats’eng ho tsoa marung, eo ka eona A tsosolosang lefats’e le neng le se le shoele? Ruri! ba tla re: “Ke Allah.” E re: “Lithoriso li be ho Allah!” Empa bongata ba bona ha ba na kutloisiso

29:64

وَمَا هَٰذِهِ ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَآ إِلَّا لَهۡوٌ وَلَعِبٌۚ وَإِنَّ ٱلدَّارَ ٱلۡأٓخِرَةَ لَهِيَ ٱلۡحَيَوَانُۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ

Bophelo ba lefats’e lena ke eng, haese boithabiso le papali? Lehae la bophelo bo-tlang – ke bona bophelo, hoja ba tseba

29:65

فَإِذَا رَكِبُواْ فِي ٱلۡفُلۡكِ دَعَوُاْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ فَلَمَّا نَجَّىٰهُمۡ إِلَى ٱلۡبَرِّ إِذَا هُمۡ يُشۡرِكُونَ

Nakong eo ba kenang likepeng ba bitsa ho Allah, moo ba hloekisang tumelo ea bona ho Eena feela, empa nakong eo A seng A ba finyelelitse lefats’eng, Bona! ba simolla ho maneha batlatsetsi ho Eena

29:66

لِيَكۡفُرُواْ بِمَآ ءَاتَيۡنَٰهُمۡ وَلِيَتَمَتَّعُواْۚ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ

Ba nyatsa ka ho hloka teboho Limpho tsa Rona, le ho inehela menyakeng ea lefats’e!. Empa haufi ba tla tseba

29:67

أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا جَعَلۡنَا حَرَمًا ءَامِنًا وَيُتَخَطَّفُ ٱلنَّاسُ مِنۡ حَوۡلِهِمۡۚ أَفَبِٱلۡبَٰطِلِ يُؤۡمِنُونَ وَبِنِعۡمَةِ ٱللَّهِ يَكۡفُرُونَ

Ana ha ba e s’o bone hore Re phethahalitse sebaka se halalelang, batho bohle ba haufi le teng ba ripitliloe? Ana ba sa tl’a kholoa mashano, ebe ba latola motlopotlo oa Allah

29:68

وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا أَوۡ كَذَّبَ بِٱلۡحَقِّ لَمَّا جَآءَهُۥٓۚ أَلَيۡسَ فِي جَهَنَّمَ مَثۡوًى لِّلۡكَٰفِرِينَ

Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta ea qapang leshano khahlanong le Allah, kapa ebe o latola ‘nete nakong eo e finyelellang ho eena? Ana lihele ha se lehae la ba latoli ba tumelo

29:69

وَٱلَّذِينَ جَٰهَدُواْ فِينَا لَنَهۡدِيَنَّهُمۡ سُبُلَنَاۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَمَعَ ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Bohle ba tsitlallelang tseleng ea Rona, Ruri! Re tla ba tataisetsa Litseleng tsa Rona, hobane Ruri! Allah U na le bohle ba lokileng

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.