Surah 28 · 88 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Qasas in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

28:1

طسٓمٓ

Ta. Sin. Mim

28:2

تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡمُبِينِ

Tsena ke lits’enolo tsa Lengolo tse hlakisang

28:3

نَتۡلُواْ عَلَيۡكَ مِن نَّبَإِ مُوسَىٰ وَفِرۡعَوۡنَ بِٱلۡحَقِّ لِقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ

Re u phetela pale ea Moshe le Faro ka ‘Nete molemong oa batho ba kholoang

28:4

إِنَّ فِرۡعَوۡنَ عَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَجَعَلَ أَهۡلَهَا شِيَعًا يَسۡتَضۡعِفُ طَآئِفَةً مِّنۡهُمۡ يُذَبِّحُ أَبۡنَآءَهُمۡ وَيَسۡتَحۡيِۦ نِسَآءَهُمۡۚ إِنَّهُۥ كَانَ مِنَ ٱلۡمُفۡسِدِينَ

Faro o ne a ikakasa lefats’eng, a bile a entse batho libopuoa tsa hae. Har’a bona ho ne ho e na le mohlobo oo a neng a o hateletse, a bolaea bara ba bona a siea basetsana. Ruri! O ne a le har’a ba fehlang merusu

28:5

وَنُرِيدُ أَن نَّمُنَّ عَلَى ٱلَّذِينَ ٱسۡتُضۡعِفُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَنَجۡعَلَهُمۡ أَئِمَّةً وَنَجۡعَلَهُمُ ٱلۡوَٰرِثِينَ

Eaba Re rata ho bonts’a Lereko ho ba neng ba hateletsoe lefats’eng, le hona ho ba etsa baetapele le majalefa

28:6

وَنُمَكِّنَ لَهُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَنُرِيَ فِرۡعَوۡنَ وَهَٰمَٰنَ وَجُنُودَهُمَا مِنۡهُم مَّا كَانُواْ يَحۡذَرُونَ

Le ho ba tsitsisa lefats’eng, ho bonts’a Faro, Hamana esita le mabotho a bona seo ba neng ba its’ireletsa ho sona

28:7

وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰٓ أُمِّ مُوسَىٰٓ أَنۡ أَرۡضِعِيهِۖ فَإِذَا خِفۡتِ عَلَيۡهِ فَأَلۡقِيهِ فِي ٱلۡيَمِّ وَلَا تَخَافِي وَلَا تَحۡزَنِيٓۖ إِنَّا رَآدُّوهُ إِلَيۡكِ وَجَاعِلُوهُ مِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Eaba Re susumetsa ‘ma’ea Moshe: “mo nyants’e, haeba u na le ts’abo ka eena, mo lahlele nokeng ntle le lets’oalo la letho esita le hona ho sareloa. Hobane Ruri! Re tla mo busetsa ho uena, e be Re mo etsa e mong oa baromuoa ba Rona.”

28:8

فَٱلۡتَقَطَهُۥٓ ءَالُ فِرۡعَوۡنَ لِيَكُونَ لَهُمۡ عَدُوًّا وَحَزَنًاۗ إِنَّ فِرۡعَوۡنَ وَهَٰمَٰنَ وَجُنُودَهُمَا كَانُواْ خَٰطِـِٔينَ

Ebile moo lelapa la Faro le inkelang eena nokeng, hore e tle e be sera le mokhoka khoale oa bona. Ruri! Faro le Hamana le mabotho a bona ene ele baetsalibe

28:9

وَقَالَتِ ٱمۡرَأَتُ فِرۡعَوۡنَ قُرَّتُ عَيۡنٍ لِّي وَلَكَۖ لَا تَقۡتُلُوهُ عَسَىٰٓ أَن يَنفَعَنَآ أَوۡ نَتَّخِذَهُۥ وَلَدًا وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ

Eaba mosali oa Faro o re: “Lebitso la hae e tla ba Moshe mots’elisi oa ka le uena. Se ‘molae. Mohlomong o tla ba le molemo ho rona, kapa re mo etse mora oa rona.” Ho se seo ba se elelletsoeng ho hang

28:10

وَأَصۡبَحَ فُؤَادُ أُمِّ مُوسَىٰ فَٰرِغًاۖ إِن كَادَتۡ لَتُبۡدِي بِهِۦ لَوۡلَآ أَن رَّبَطۡنَا عَلَىٰ قَلۡبِهَا لِتَكُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Empa pelo ea ‘ma’ea Moshe ene e saretsoe, o ne a se a le haufi le ho mo phanyaola Moshe hoja re ne re sa ka ra tiisa pelo ea hae, hore a tle a be har’a ba kholoang

28:11

وَقَالَتۡ لِأُخۡتِهِۦ قُصِّيهِۖ فَبَصُرَتۡ بِهِۦ عَن جُنُبٍ وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ

Eaba ‘ma’e o re ho khaitseli ea hae: “Mo sale morao”. O ile a ‘monela thokoana, etsoe ho se seo ba se elelletsoeng

28:12

وَحَرَّمۡنَا عَلَيۡهِ ٱلۡمَرَاضِعَ مِن قَبۡلُ فَقَالَتۡ هَلۡ أَدُلُّكُمۡ عَلَىٰٓ أَهۡلِ بَيۡتٍ يَكۡفُلُونَهُۥ لَكُمۡ وَهُمۡ لَهُۥ نَٰصِحُونَ

Ho tloha sethathong Re ne Re sa ka Ra rata ho nehelana ka eena ho bo-’m’e monyants’ents’i, eaba khaitseli’ae e re ho mosali oa Faro: “Na nka u bonts’a lelapa le ka u holisetsang eena le ho fana ka tlokomelo ho eena?”

28:13

فَرَدَدۡنَٰهُ إِلَىٰٓ أُمِّهِۦ كَيۡ تَقَرَّ عَيۡنُهَا وَلَا تَحۡزَنَ وَلِتَعۡلَمَ أَنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ

Kahoo, Re ile Ra ‘musetsa ho ‘ma’e, e le hore a tle a khotsofale esita le hona ho se be mats’oenyehong, a tle a tsebe hore ts’episo ea Allah ke ‘nete. Le hoja bongata ba bona bo hloka kutloisiso

28:14

وَلَمَّا بَلَغَ أَشُدَّهُۥ وَٱسۡتَوَىٰٓ ءَاتَيۡنَٰهُ حُكۡمًا وَعِلۡمًاۚ وَكَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Hoba a fihlele lilemo tsa boholo, ese ele mohlankana, eaba Re mo neha bohlale le tsebo. Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

28:15

وَدَخَلَ ٱلۡمَدِينَةَ عَلَىٰ حِينِ غَفۡلَةٍ مِّنۡ أَهۡلِهَا فَوَجَدَ فِيهَا رَجُلَيۡنِ يَقۡتَتِلَانِ هَٰذَا مِن شِيعَتِهِۦ وَهَٰذَا مِنۡ عَدُوِّهِۦۖ فَٱسۡتَغَٰثَهُ ٱلَّذِي مِن شِيعَتِهِۦ عَلَى ٱلَّذِي مِنۡ عَدُوِّهِۦ فَوَكَزَهُۥ مُوسَىٰ فَقَضَىٰ عَلَيۡهِۖ قَالَ هَٰذَا مِنۡ عَمَلِ ٱلشَّيۡطَٰنِۖ إِنَّهُۥ عَدُوٌّ مُّضِلٌّ مُّبِينٌ

O ile a kena motseng ka nako eo baahi ba teng ba neng ba sa tsotelle, eaba o fumana banna ba babeli ba loana har’a motse, e mong e ne e le oa tumelo ea hae, ha e mong eena e ne e le oa lireng; eaba moo oa tumelo ea hae a ileng a mo kopa thuso khahlano le sera sa hae. Moshe o ile a mo pshatla ka setebele a ba a ‘molaea. Eaba o re: “Sena ke mosebetsi oa liabolosi. Hobane Ruri! Eena ke sera, mokhelosi ea totobetseng.”

28:16

قَالَ رَبِّ إِنِّي ظَلَمۡتُ نَفۡسِي فَٱغۡفِرۡ لِي فَغَفَرَ لَهُۥٓۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ

Moshe a rapela: “Mong`a ka! Ke foselitse moea oa ka, kahoo Ak’u nts`oarele”. Allah U ile A mo ts’oarela. Hobane Ruri! Allah U ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

28:17

قَالَ رَبِّ بِمَآ أَنۡعَمۡتَ عَلَيَّ فَلَنۡ أَكُونَ ظَهِيرًا لِّلۡمُجۡرِمِينَ

A re: “Mong`a ka! Hobane U nkapesitse ka Lereko la Hau nke ke ka hlola ke thusa ea molato.”

28:18

فَأَصۡبَحَ فِي ٱلۡمَدِينَةِ خَآئِفًا يَتَرَقَّبُ فَإِذَا ٱلَّذِي ٱسۡتَنصَرَهُۥ بِٱلۡأَمۡسِ يَسۡتَصۡرِخُهُۥۚ قَالَ لَهُۥ مُوسَىٰٓ إِنَّكَ لَغَوِيٌّ مُّبِينٌ

Moshe o ile a lula motseng moo ho fihlela hoseng, a le matsoalong a lebeletse se tlang ho etsahala, eaba o bona monna eane ea neng a mo kopa thuso ka la maobane a boetse a ‘mitsa hape ho tla mo thusa. Eaba Moshe o re ho eena: “Ruri! Haele uena ho totobetse hore o moferekanyi.”

28:19

فَلَمَّآ أَنۡ أَرَادَ أَن يَبۡطِشَ بِٱلَّذِي هُوَ عَدُوٌّ لَّهُمَا قَالَ يَٰمُوسَىٰٓ أَتُرِيدُ أَن تَقۡتُلَنِي كَمَا قَتَلۡتَ نَفۡسَۢا بِٱلۡأَمۡسِۖ إِن تُرِيدُ إِلَّآ أَن تَكُونَ جَبَّارًا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا تُرِيدُ أَن تَكُونَ مِنَ ٱلۡمُصۡلِحِينَ

Nakong eo Moshe a neng a lokela ho kopana le monna eo e neng e le sera sa bona ka bobeli, eaba o re: “Oho Moshe! Na u rata ho mpolaea joalo ka ha u ile oa bolaea motho maobane? Morero oa hau ha se hona haese ho iketsa mpoli kahara naha ese ea khothaletsang botle.”

28:20

وَجَآءَ رَجُلٌ مِّنۡ أَقۡصَا ٱلۡمَدِينَةِ يَسۡعَىٰ قَالَ يَٰمُوسَىٰٓ إِنَّ ٱلۡمَلَأَ يَأۡتَمِرُونَ بِكَ لِيَقۡتُلُوكَ فَٱخۡرُجۡ إِنِّي لَكَ مِنَ ٱلنَّٰصِحِينَ

Monna e mong a hlaha a matha a tsoa qetellong ea motse. Eaba o re: “Oho Moshe! Ruri! Marena a ntse a ithera khahlano le uena, ba rera ho u bolaea; kahoo baleha. Ruri! ‘na ke mpa ke fana ka keletso ea bohlokoa ho uena.”

28:21

فَخَرَجَ مِنۡهَا خَآئِفًا يَتَرَقَّبُۖ قَالَ رَبِّ نَجِّنِي مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ

Moshe o ile a baleha motseng oo a le matsoalong, a ntse a qamaka koana le koana. A re: “Mong`a ka! Ak’u mpholose har’a batho ba etsang liketso tse fosahetseng.”

28:22

وَلَمَّا تَوَجَّهَ تِلۡقَآءَ مَدۡيَنَ قَالَ عَسَىٰ رَبِّيٓ أَن يَهۡدِيَنِي سَوَآءَ ٱلسَّبِيلِ

Joale, eitse hoba a reteletse sefahleho sa hae Mediane, a re: “Ka mohlomong Mong`a ka A ka ntataisetsa Tseleng e nepahetseng.”

28:23

وَلَمَّا وَرَدَ مَآءَ مَدۡيَنَ وَجَدَ عَلَيۡهِ أُمَّةً مِّنَ ٱلنَّاسِ يَسۡقُونَ وَوَجَدَ مِن دُونِهِمُ ٱمۡرَأَتَيۡنِ تَذُودَانِۖ قَالَ مَا خَطۡبُكُمَاۖ قَالَتَا لَا نَسۡقِي حَتَّىٰ يُصۡدِرَ ٱلرِّعَآءُۖ وَأَبُونَا شَيۡخٌ كَبِيرٌ

Nakong eo a neng a se a atametse haufi le noka ea Mediane, eaba o fumana banna ba motse ba noesa mehlape. Thokoana mane le bona a bona basetsana ba babeli ba hanetse mohlape oa bona. A re: “Le emetseng moo?” Ba re: “Re ke ke ra noesa mohlape oa rona ho fihlela balisa ba suthile metsing moo; ntat’a rona o se a tsofetse.”

28:24

فَسَقَىٰ لَهُمَا ثُمَّ تَوَلَّىٰٓ إِلَى ٱلظِّلِّ فَقَالَ رَبِّ إِنِّي لِمَآ أَنزَلۡتَ إِلَيَّ مِنۡ خَيۡرٍ فَقِيرٌ

Eaba Moshe o noesa mohlape oa bona. A boela moriting, a re: “Mong`a ka! Ke nyoretsoe eng kapa eng eo U ka E romellang ho ‘na.”

28:25

فَجَآءَتۡهُ إِحۡدَىٰهُمَا تَمۡشِي عَلَى ٱسۡتِحۡيَآءٍ قَالَتۡ إِنَّ أَبِي يَدۡعُوكَ لِيَجۡزِيَكَ أَجۡرَ مَا سَقَيۡتَ لَنَاۚ فَلَمَّا جَآءَهُۥ وَقَصَّ عَلَيۡهِ ٱلۡقَصَصَ قَالَ لَا تَخَفۡۖ نَجَوۡتَ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ

Eaba mosetsana e mong o atamela ho eena, a tsamaea ka letsoalo. A re: “Ntate o’a u bitsa, hore a tle a u nehe moputso haele mona u ile o’a noesa mohlape oa rona.” Ke moo a ileng a ea ho eena, a ‘molella litaba tsohle, eaba ntat’a bona o re: “Se ts’ohe! Ruri! U pholohile har’a batho ba fosahetseng.”

28:26

قَالَتۡ إِحۡدَىٰهُمَا يَٰٓأَبَتِ ٱسۡتَـٔۡجِرۡهُۖ إِنَّ خَيۡرَ مَنِ ٱسۡتَـٔۡجَرۡتَ ٱلۡقَوِيُّ ٱلۡأَمِينُ

E mong oa barali ba hae a re: “Oho ntate! Ak’u mpe u mo fe mosebetsi! Hobane u bonahala a le molemo, a bile a le matla le hona ho ts’epahala.”

28:27

قَالَ إِنِّيٓ أُرِيدُ أَنۡ أُنكِحَكَ إِحۡدَى ٱبۡنَتَيَّ هَٰتَيۡنِ عَلَىٰٓ أَن تَأۡجُرَنِي ثَمَٰنِيَ حِجَجٍۖ فَإِنۡ أَتۡمَمۡتَ عَشۡرًا فَمِنۡ عِندِكَۖ وَمَآ أُرِيدُ أَنۡ أَشُقَّ عَلَيۡكَۚ سَتَجِدُنِيٓ إِن شَآءَ ٱللَّهُ مِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

A re: “Ruri! Ke rata ha u ka nyala e mong oa barali bana ba ka, ka mokhoa oa hore u nts’ebeletse lilemo tse robeli. Empa haeba u ka qeta tse leshome seo se tla be se le molemo ho uena, hobane nke ke ka u sotla. Haeba e le thato ea Allah, Ruri! U tla fumana hore ke e mong oa ba lokileng.”

28:28

قَالَ ذَٰلِكَ بَيۡنِي وَبَيۡنَكَۖ أَيَّمَا ٱلۡأَجَلَيۡنِ قَضَيۡتُ فَلَا عُدۡوَٰنَ عَلَيَّۖ وَٱللَّهُ عَلَىٰ مَا نَقُولُ وَكِيلٌ

A re: “Seo ha e be litumellano lipakeng tsa ka le uena. Pallo efe kapa efe eo ke tlang ho e phetha ho se ke haeba le bolotsana malebana le ‘na, Allah ke paki holim’a litumellano tsa rona.”

28:29

فَلَمَّا قَضَىٰ مُوسَى ٱلۡأَجَلَ وَسَارَ بِأَهۡلِهِۦٓ ءَانَسَ مِن جَانِبِ ٱلطُّورِ نَارًاۖ قَالَ لِأَهۡلِهِ ٱمۡكُثُوٓاْ إِنِّيٓ ءَانَسۡتُ نَارًا لَّعَلِّيٓ ءَاتِيكُم مِّنۡهَا بِخَبَرٍ أَوۡ جَذۡوَةٍ مِّنَ ٱلنَّارِ لَعَلَّكُمۡ تَصۡطَلُونَ

Hang hoba Moshe a phethise lipallo, eaba u tsamaea le lelapa la hae, eleng moo a ileng a bona mollo sebakana le eena; a re ho lelapa la hae: “Salang mona. Ruri! Ke bona mollo thoko mane; mohlomong ke tla le tlela le litaba tse molemo ho ona, kapa ke tla le okhela leshala ho ona, hore le tle le iphuthumatse.”

28:30

فَلَمَّآ أَتَىٰهَا نُودِيَ مِن شَٰطِيِٕ ٱلۡوَادِ ٱلۡأَيۡمَنِ فِي ٱلۡبُقۡعَةِ ٱلۡمُبَٰرَكَةِ مِنَ ٱلشَّجَرَةِ أَن يَٰمُوسَىٰٓ إِنِّيٓ أَنَا ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Eitse hoba a atamele ho ona, eaba o utloa a bitsoa ka lehlakoreng le letona la phula sebakeng se halalelang se haufi le sefate: “Oho Moshe! Ruri! Ke ‘Na Allah, Mong`a Mafats’e

28:31

وَأَنۡ أَلۡقِ عَصَاكَۚ فَلَمَّا رَءَاهَا تَهۡتَزُّ كَأَنَّهَا جَآنٌّ وَلَّىٰ مُدۡبِرًا وَلَمۡ يُعَقِّبۡۚ يَٰمُوسَىٰٓ أَقۡبِلۡ وَلَا تَخَفۡۖ إِنَّكَ مِنَ ٱلۡأٓمِنِينَ

Lahlela lere la hau fats’e.” Ha a bona le hahaba joaloka noha, eaba o thinya ka potlako, lentsoe la re: “Oho Moshe! Atamela haufinyane, u se ts’abe letho. Hobane Ruri! U e mong oa ba ts’ireletsong

28:32

ٱسۡلُكۡ يَدَكَ فِي جَيۡبِكَ تَخۡرُجۡ بَيۡضَآءَ مِنۡ غَيۡرِ سُوٓءٍ وَٱضۡمُمۡ إِلَيۡكَ جَنَاحَكَ مِنَ ٱلرَّهۡبِۖ فَذَٰنِكَ بُرۡهَٰنَانِ مِن رَّبِّكَ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦٓۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمًا فَٰسِقِينَ

Kenya letsoho la hau sefubeng, le tlatsoa le le lesoeu le sena lebali, ebe o pholla letsoho la hau lehlakoreng khahlanong le ts`abo. Tsena e tla ba lits’upiso tse peli tse tsoang ho Mong`a hau tseo u tla ea le tsona ho Faro le Matona a hae: Ruri! Ke batho ba qoetseng sebeng, ba soto.”

28:33

قَالَ رَبِّ إِنِّي قَتَلۡتُ مِنۡهُمۡ نَفۡسًا فَأَخَافُ أَن يَقۡتُلُونِ

A re: “Mong`a ka! Ruri! Ke ile ka bolaea motho har’a bona, ke ts’aba hore ba tloha ba mpolaea

28:34

وَأَخِي هَٰرُونُ هُوَ أَفۡصَحُ مِنِّي لِسَانًا فَأَرۡسِلۡهُ مَعِيَ رِدۡءًا يُصَدِّقُنِيٓۖ إِنِّيٓ أَخَافُ أَن يُكَذِّبُونِ

Moena’ka Aarone ke kheleke ho feta `na. Kahoo, nthome le eena ho ba mothusi oa ka ho mpakela. Ruri! Ke ts’aba hore ba tloha ba nqosa ka leshano.”

28:35

قَالَ سَنَشُدُّ عَضُدَكَ بِأَخِيكَ وَنَجۡعَلُ لَكُمَا سُلۡطَٰنًا فَلَا يَصِلُونَ إِلَيۡكُمَا بِـَٔايَٰتِنَآۚ أَنتُمَا وَمَنِ ٱتَّبَعَكُمَا ٱلۡغَٰلِبُونَ

Allah A re: “Re tla matlafatsa letsoho la hau ka moena’o, Re tla le neha matla ka bobeli ba lona, hore ba tle ba se ke ba le atamela ho latela Lits’upiso tsa Rona. Lona le le babeli le tla ba bahloli `moho le bohle ba tla le latela.”

28:36

فَلَمَّا جَآءَهُم مُّوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَا بَيِّنَٰتٍ قَالُواْ مَا هَٰذَآ إِلَّا سِحۡرٌ مُّفۡتَرًى وَمَا سَمِعۡنَا بِهَٰذَا فِيٓ ءَابَآئِنَا ٱلۡأَوَّلِينَ

Ha Moshe a tla ho bona ka Lits’upiso tsa Rona tse hlakileng, ba ile ba re: “Tsena ha se letho haese boloi bo iqapetsoeng. Etsoe ha re’a s’o ka re utloa sena har’a bo-ntat’a rona moholo.”

28:37

وَقَالَ مُوسَىٰ رَبِّيٓ أَعۡلَمُ بِمَن جَآءَ بِٱلۡهُدَىٰ مِنۡ عِندِهِۦ وَمَن تَكُونُ لَهُۥ عَٰقِبَةُ ٱلدَّارِۚ إِنَّهُۥ لَا يُفۡلِحُ ٱلظَّٰلِمُونَ

Moshe a re: “Mong`a ka ke Eena ea Tsebang ka botlalo ea tlisang tataiso e tsoang ho Eena, eo qetello ea hae e tla khahlang bophelong Bo-tlang. `Nete ke hore baetsalibe bona ba ke ke ba atleha.”

28:38

وَقَالَ فِرۡعَوۡنُ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَأُ مَا عَلِمۡتُ لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرِي فَأَوۡقِدۡ لِي يَٰهَٰمَٰنُ عَلَى ٱلطِّينِ فَٱجۡعَل لِّي صَرۡحًا لَّعَلِّيٓ أَطَّلِعُ إِلَىٰٓ إِلَٰهِ مُوسَىٰ وَإِنِّي لَأَظُنُّهُۥ مِنَ ٱلۡكَٰذِبِينَ

Faro a re: “Oho lona Matona! Ha ke tsebe haeba le na le molimo o mong ntle ho ‘na, kahoo, uena Haman mpesetse mollo ke tl’o foroma litene; u nketsetse Paleise e phahameng, hore ke tle ke hloelise `Mopi oa Moshe; empa ka ho ea ka `na ke nahana hore o leshano.”

28:39

وَٱسۡتَكۡبَرَ هُوَ وَجُنُودُهُۥ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّ وَظَنُّوٓاْ أَنَّهُمۡ إِلَيۡنَا لَا يُرۡجَعُونَ

O ne a ikhohomosa le ho ikakasa lefats’eng ho feta tekano, – eena le mahlahana a hae ba ne ba sa nahane hore ba tla khutlela ho Rona

28:40

فَأَخَذۡنَٰهُ وَجُنُودَهُۥ فَنَبَذۡنَٰهُمۡ فِي ٱلۡيَمِّۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلظَّٰلِمِينَ

Kahoo Re ile Ra mo nanola mmoho le mahlahana a hae, Ra ba lahlela har’a leoatle. Joale, bona qetello ea baetsalibe

28:41

وَجَعَلۡنَٰهُمۡ أَئِمَّةً يَدۡعُونَ إِلَى ٱلنَّارِۖ وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ لَا يُنصَرُونَ

Re ile Ra ba etsa Baetapele ba biletsang mollong, mohla Letsatsi la Kahlolo ba ke ke ba fumana thuso

28:42

وَأَتۡبَعۡنَٰهُمۡ فِي هَٰذِهِ ٱلدُّنۡيَا لَعۡنَةًۖ وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ هُم مِّنَ ٱلۡمَقۡبُوحِينَ

Re hlotse thohako lefats’eng lena ho ba salama, mohla Letsatsi la Kahlolo ba tla ba har’a bakhesehang

28:43

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ مِنۢ بَعۡدِ مَآ أَهۡلَكۡنَا ٱلۡقُرُونَ ٱلۡأُولَىٰ بَصَآئِرَ لِلنَّاسِ وَهُدًى وَرَحۡمَةً لَّعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ

Re ile Ra senolela Moshe Lengolo kamor’a hoba Re ripitle meloko ea pele; Thlakiso ho batho, Tataiso le mohau, hore ba tle ba amohele khalemo

28:44

وَمَا كُنتَ بِجَانِبِ ٱلۡغَرۡبِيِّ إِذۡ قَضَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَى ٱلۡأَمۡرَ وَمَا كُنتَ مِنَ ٱلشَّٰهِدِينَ

U ne u le sieo ka lehlakoreng la bophirima ho thaba nakong eo Re neng Re hlalosetsa Moshe melao, kapa ho ba paki

28:45

وَلَٰكِنَّآ أَنشَأۡنَا قُرُونًا فَتَطَاوَلَ عَلَيۡهِمُ ٱلۡعُمُرُۚ وَمَا كُنتَ ثَاوِيًا فِيٓ أَهۡلِ مَدۡيَنَ تَتۡلُواْ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتِنَا وَلَٰكِنَّا كُنَّا مُرۡسِلِينَ

Empa Re ile Ra tsosolosa meloko, ba phetse lilemo tse telele tse ileng tsa feta. U ne u se moahi oa Mediane, nakong eo Re neng Re ba phetela lits’enolo tsa Rona, Re ‘nile Ra ba romella Baromuoa

28:46

وَمَا كُنتَ بِجَانِبِ ٱلطُّورِ إِذۡ نَادَيۡنَا وَلَٰكِن رَّحۡمَةً مِّن رَّبِّكَ لِتُنذِرَ قَوۡمًا مَّآ أَتَىٰهُم مِّن نَّذِيرٍ مِّن قَبۡلِكَ لَعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ

Ebile u ne u se haufi le Tur nakong eo Re neng Re epa pitso; empa e le Mohau o tsoang ho Mong`a hau, ho fana ka thlokomelise ho batho bao ho bona ho sa kang ha finyella mohlokomelisi pele ho uena, e le hore ba tle ba amohele khalemo

28:47

وَلَوۡلَآ أَن تُصِيبَهُم مُّصِيبَةُۢ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيهِمۡ فَيَقُولُواْ رَبَّنَا لَوۡلَآ أَرۡسَلۡتَ إِلَيۡنَا رَسُولًا فَنَتَّبِعَ ءَايَٰتِكَ وَنَكُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Haeba koluoa e ka ba oela ho latela liketso tseo matsoho a bona a li rometseng nale, ba tle ba re: “Mong`a rona! Hobaneng ha o sa ka oa romella Moromuoa ho rona, hoo re ka beng re ile ra latela lits’enolo tsa hau le ho ba har’a ba kholoang?”

28:48

فَلَمَّا جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ مِنۡ عِندِنَا قَالُواْ لَوۡلَآ أُوتِيَ مِثۡلَ مَآ أُوتِيَ مُوسَىٰٓۚ أَوَلَمۡ يَكۡفُرُواْ بِمَآ أُوتِيَ مُوسَىٰ مِن قَبۡلُۖ قَالُواْ سِحۡرَانِ تَظَٰهَرَا وَقَالُوٓاْ إِنَّا بِكُلٍّ كَٰفِرُونَ

Empa hang ha ‘nete e se e finyeletse ho bona e tsoang ho Rona, ba re: “Ke hobaneng ha a sa fuoa Lengolo le ts’oanang le la Moshe?” Ha ba ka ba latola Lengolo le neng le filoe Moshe? Ba re: “Boloi ka bobeli bo thusanang;” ba bile ba re: “Rona re`a li latola kaofela.”

28:49

قُلۡ فَأۡتُواْ بِكِتَٰبٍ مِّنۡ عِندِ ٱللَّهِ هُوَ أَهۡدَىٰ مِنۡهُمَآ أَتَّبِعۡهُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

E re: “Hlahisang Lengolo ho tsoa ho Allah le fanang ka tataiso e hlakileng ho feta ana a mabeli, hore ke tle ke le sale morao haeba le hlile le buoa ‘nete.”

28:50

فَإِن لَّمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَكَ فَٱعۡلَمۡ أَنَّمَا يَتَّبِعُونَ أَهۡوَآءَهُمۡۚ وَمَنۡ أَضَلُّ مِمَّنِ ٱتَّبَعَ هَوَىٰهُ بِغَيۡرِ هُدًى مِّنَ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ

Empa haeba ba sa fane ka karabo, joale u tsebe hore seo ba se latelang ke litakatso tsa bona. Etsoe hana ke mang ea khelohileng ka ho fetisisa ha ese ea latelang litakatso tsa hae kantle le tataiso e tsoang ho Allah. Ruri! Allah ha A tataise batho ba oetseng sebeng

28:51

وَلَقَدۡ وَصَّلۡنَا لَهُمُ ٱلۡقَوۡلَ لَعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ

Ha joale Re entse hore lentsoe le fihle ho bona, e le hore ba tle ba amohele khalemo

28:52

ٱلَّذِينَ ءَاتَيۡنَٰهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ مِن قَبۡلِهِۦ هُم بِهِۦ يُؤۡمِنُونَ

Bao Re ileng Ra ba neha Lengolo pele ho Qura’n, ba kholoa ts’enolong ena

28:53

وَإِذَا يُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ قَالُوٓاْ ءَامَنَّا بِهِۦٓ إِنَّهُ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّنَآ إِنَّا كُنَّا مِن قَبۡلِهِۦ مُسۡلِمِينَ

Nakong eo ba le pheteloang, ba re: “Re kholoa ho lona. Hobane Ruri! Ke ‘nete e tsoang ho Mong`a rona. Le pele ho lona re ne ntse re le har’a ba inehetseng ho Eena.”

28:54

أُوْلَٰٓئِكَ يُؤۡتَوۡنَ أَجۡرَهُم مَّرَّتَيۡنِ بِمَا صَبَرُواْ وَيَدۡرَءُونَ بِٱلۡحَسَنَةِ ٱلسَّيِّئَةَ وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ

Ruri! Haele ba tla nehoa moputso oa bona o menahantsoe ha beli, hobane bana le mamello, ba phetetsa bobe ka botle le ho fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

28:55

وَإِذَا سَمِعُواْ ٱللَّغۡوَ أَعۡرَضُواْ عَنۡهُ وَقَالُواْ لَنَآ أَعۡمَٰلُنَا وَلَكُمۡ أَعۡمَٰلُكُمۡ سَلَٰمٌ عَلَيۡكُمۡ لَا نَبۡتَغِي ٱلۡجَٰهِلِينَ

Nakong eo ba utloang lipuo tse hlabisang lihlong, ba sutha pel’a tsona, ebe ba re: “Mesebetsi ea rona e be ho rona, le lona ka ho ts’oana. Khotso e be ho lona! Ha re thabele maoatla.”

28:56

إِنَّكَ لَا تَهۡدِي مَنۡ أَحۡبَبۡتَ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يَهۡدِي مَن يَشَآءُۚ وَهُوَ أَعۡلَمُ بِٱلۡمُهۡتَدِينَ

Ke `nete u ke ke oa tataisa e mong le e mong eo u mo ratang, empa Allah U tataisa ea khahloang ke Eena. Ke Eena Ea tsebang hantle ba amohelang tataiso

28:57

وَقَالُوٓاْ إِن نَّتَّبِعِ ٱلۡهُدَىٰ مَعَكَ نُتَخَطَّفۡ مِنۡ أَرۡضِنَآۚ أَوَلَمۡ نُمَكِّن لَّهُمۡ حَرَمًا ءَامِنًا يُجۡبَىٰٓ إِلَيۡهِ ثَمَرَٰتُ كُلِّ شَيۡءٍ رِّزۡقًا مِّن لَّدُنَّا وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ

Ba bile ba re: “Hoja e be re ne re ka latela tataiso ea hau, re ne re tla lelekoa ka har’a naha ea rona.” Ana ha Re’a thoma nqalo e ts’ireletsehileng, moo ho hlahang litholoana ka mefuta, ebile e le nala e tsoang ho rona? Ruri! Bongata ba bona ha ba na kutloisiso

28:58

وَكَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِن قَرۡيَةِۭ بَطِرَتۡ مَعِيشَتَهَاۖ فَتِلۡكَ مَسَٰكِنُهُمۡ لَمۡ تُسۡكَن مِّنۢ بَعۡدِهِمۡ إِلَّا قَلِيلًاۖ وَكُنَّا نَحۡنُ ٱلۡوَٰرِثِينَ

Hana ke lichaba tse kae tseo re ileng ra li ripitla tse neng li hloka teboho malebana le mekhoa ea bona ea bophelo! Metse ea bona ke lithako, tseo ho sa kang haeba le batho ba ileng ba lula ho tsona kamor’a bona haese feela ba fokolang. Ebile Rona bao ebileng majalefa

28:59

وَمَا كَانَ رَبُّكَ مُهۡلِكَ ٱلۡقُرَىٰ حَتَّىٰ يَبۡعَثَ فِيٓ أُمِّهَا رَسُولًا يَتۡلُواْ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتِنَاۚ وَمَا كُنَّا مُهۡلِكِي ٱلۡقُرَىٰٓ إِلَّا وَأَهۡلُهَا ظَٰلِمُونَ

Ebile Mong`a hau ha A es’o ka A ripitla metse, A es`o bahlahisetse Moromuoa pele har’a bona ea ba phetelang lits’enolo tsa Rona. Ha Re’a s’o ka Re ripilta metse kantle le hore ebe baahi ba eona ebile baetsalibe

28:60

وَمَآ أُوتِيتُم مِّن شَيۡءٍ فَمَتَٰعُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَزِينَتُهَاۚ وَمَا عِندَ ٱللَّهِ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰٓۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ

Eng kapa eng eo ebang le kile la e fuoa, ke boithabiso ba lefats’e lena le eona mekhabiso; haele tseo Allah A li ruileng li molemo, ebile li ke ke tsa fela. Ha le na kelello na

28:61

أَفَمَن وَعَدۡنَٰهُ وَعۡدًا حَسَنًا فَهُوَ لَٰقِيهِ كَمَن مَّتَّعۡنَٰهُ مَتَٰعَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا ثُمَّ هُوَ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ مِنَ ٱلۡمُحۡضَرِينَ

Ana eo Re mo ts’episitseng ts’episo ea ‘nete eo a tlang ho e fumana, a ka ts’oana le’a filoeng nyakallo e fokolang ea monyaka oa bophelo ba lefats’e, eo ka letsatsi la tsoho a tlang ho ba har’a ba bilelitsoeng kahlolong

28:62

وَيَوۡمَ يُنَادِيهِمۡ فَيَقُولُ أَيۡنَ شُرَكَآءِيَ ٱلَّذِينَ كُنتُمۡ تَزۡعُمُونَ

Mohla letsatsi leo ka lona A tlang ho ba bitsa, e be U re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka bao le neng le ba nahana?”

28:63

قَالَ ٱلَّذِينَ حَقَّ عَلَيۡهِمُ ٱلۡقَوۡلُ رَبَّنَا هَٰٓؤُلَآءِ ٱلَّذِينَ أَغۡوَيۡنَآ أَغۡوَيۡنَٰهُمۡ كَمَا غَوَيۡنَاۖ تَبَرَّأۡنَآ إِلَيۡكَۖ مَا كَانُوٓاْ إِيَّانَا يَعۡبُدُونَ

Bao lentsoe le tlang ho tla ho bona ka ‘nete, ba tla re: “Mong`a rona! Bana ke bona bao re ileng ra ba tataisetsa khelohong. Re ba tataiselitse thoko joaloka ha le rona re ne re khelohile. Re hlalosa boitlhotlhollo ba rona kapel’a Hau: etsoe ba ne ba sa khumamele Rona.”

28:64

وَقِيلَ ٱدۡعُواْ شُرَكَآءَكُمۡ فَدَعَوۡهُمۡ فَلَمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَهُمۡ وَرَأَوُاْ ٱلۡعَذَابَۚ لَوۡ أَنَّهُمۡ كَانُواْ يَهۡتَدُونَ

Ho tla thoe: “Bitsang batlatsetsi ba lona.” Ba tla ba bitsa, empa ba keke ba ba mamela; ba tla bona Timelo. Hoja ebe ba ne ba ile ba tataisoa

28:65

وَيَوۡمَ يُنَادِيهِمۡ فَيَقُولُ مَاذَآ أَجَبۡتُمُ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Mohla letsatsi leo ka lona A tlang ho ba bitsa, e be U Re: “Ke efeng karabo eo le ileng la fana ka eona ho baromuoa?”

28:66

فَعَمِيَتۡ عَلَيۡهِمُ ٱلۡأَنۢبَآءُ يَوۡمَئِذٍ فَهُمۡ لَا يَتَسَآءَلُونَ

Mohla letsatsi leo litaba tsohle li tla ba timella, ba keke ba tseba ho botsana

28:67

فَأَمَّا مَن تَابَ وَءَامَنَ وَعَمِلَ صَٰلِحًا فَعَسَىٰٓ أَن يَكُونَ مِنَ ٱلۡمُفۡلِحِينَ

Empa haele ba tla sokoloha, le hona ho kholoa le ho etsa tse lokileng, ba tla ba le ts`epo ho ba har’a ba fihlelang pholoho

28:68

وَرَبُّكَ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُ وَيَخۡتَارُۗ مَا كَانَ لَهُمُ ٱلۡخِيَرَةُۚ سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ

Mong`a hau U hlola seo A se ratang, A bile A khahloa ke sona. Ha ho khetho leha e le e nyenyane eo ba nang le eona. Tlotla e be ho Allah, Ea Phahametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

28:69

وَرَبُّكَ يَعۡلَمُ مَا تُكِنُّ صُدُورُهُمۡ وَمَا يُعۡلِنُونَ

Ebile Mong`a hau U tseba ka botlalo tseo lipelo tsa bona li li patileng le tseo li li pepesang

28:70

وَهُوَ ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ لَهُ ٱلۡحَمۡدُ فِي ٱلۡأُولَىٰ وَٱلۡأٓخِرَةِۖ وَلَهُ ٱلۡحُكۡمُ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

Ke Allah; ha ho `Mopi e mong kathoko ho Eena. Ke Eena Ea rorisoang sethathong le khabareng, taelo ke’a Hae, Eo kaofela le tlang ho boela ho Eena

28:71

قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِن جَعَلَ ٱللَّهُ عَلَيۡكُمُ ٱلَّيۡلَ سَرۡمَدًا إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ مَنۡ إِلَٰهٌ غَيۡرُ ٱللَّهِ يَأۡتِيكُم بِضِيَآءٍۚ أَفَلَا تَسۡمَعُونَ

U re: “Ana le ke le nahane hore haeba Allah A ka etsa hore bosiu bo se ke ba feela hohang holima lona ho fihlela Letsatsi la Kahlolo, ekaba mang kantle ho Allah ea ka le tlisetsang leseli?” Ana ha le utloe

28:72

قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِن جَعَلَ ٱللَّهُ عَلَيۡكُمُ ٱلنَّهَارَ سَرۡمَدًا إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ مَنۡ إِلَٰهٌ غَيۡرُ ٱللَّهِ يَأۡتِيكُم بِلَيۡلٍ تَسۡكُنُونَ فِيهِۚ أَفَلَا تُبۡصِرُونَ

U re: “Ana le ke le nahana hore haeba Allah A ka etsa hore letsatsi e be sesafeleng, ke mang kantle ho Allah ea ka le tlisetsang bosiu boo le phomolang ka bona?” Na le sa tla ke le bone

28:73

وَمِن رَّحۡمَتِهِۦ جَعَلَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ لِتَسۡكُنُواْ فِيهِ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Ke Allah Ea Hlotseng bosiu le mots’eare ka Mohau Oa Hae, hore bosiu le phomole, mots’eare le tsomane le Nala Ea Hae, hore le tle le fane ka liteboho

28:74

وَيَوۡمَ يُنَادِيهِمۡ فَيَقُولُ أَيۡنَ شُرَكَآءِيَ ٱلَّذِينَ كُنتُمۡ تَزۡعُمُونَ

Mohla letsatsi leo A tlang ho ba bitsa ka lona, U tla Re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka bao le neng le hopola hore ke bona?”

28:75

وَنَزَعۡنَا مِن كُلِّ أُمَّةٍ شَهِيدًا فَقُلۡنَا هَاتُواْ بُرۡهَٰنَكُمۡ فَعَلِمُوٓاْ أَنَّ ٱلۡحَقَّ لِلَّهِ وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ

Re tla thonya paki khahlano le sechaba ka seng, e be Re Re: “Hlahisang bopaki ba lona.” Joale, ke moo ba tla tseba hore Allah U na le ‘nete, tsohle tseo ba neng ba iqapetse tsona li tla ba phoqa

28:76

إِنَّ قَٰرُونَ كَانَ مِن قَوۡمِ مُوسَىٰ فَبَغَىٰ عَلَيۡهِمۡۖ وَءَاتَيۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡكُنُوزِ مَآ إِنَّ مَفَاتِحَهُۥ لَتَنُوٓأُ بِٱلۡعُصۡبَةِ أُوْلِي ٱلۡقُوَّةِ إِذۡ قَالَ لَهُۥ قَوۡمُهُۥ لَا تَفۡرَحۡۖ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ ٱلۡفَرِحِينَ

Qarun kantle ho qeaqeo e ne e le e mong oa habo Moshe, empa o ne a ba hateletse; Re ne Re mo nehile letlotlo le ts’abehang, hoo linotlolo tsa liphaposi tsa thepa li neng li ka ba boima hoo lebotho la banna ba matla li neng li ka ba hlola. Eaba batho ba hahabo ba re: “Se ke oa ikakasa; hobane Ruri! Allah ha A rate batho ba ikakasang

28:77

وَٱبۡتَغِ فِيمَآ ءَاتَىٰكَ ٱللَّهُ ٱلدَّارَ ٱلۡأٓخِرَةَۖ وَلَا تَنسَ نَصِيبَكَ مِنَ ٱلدُّنۡيَاۖ وَأَحۡسِن كَمَآ أَحۡسَنَ ٱللَّهُ إِلَيۡكَۖ وَلَا تَبۡغِ ٱلۡفَسَادَ فِي ٱلۡأَرۡضِۖ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ ٱلۡمُفۡسِدِينَ

Empa ak’u tsomane le lehae la bo-tlang ka thepa eo Allah A u nehileng eona, u se ke oa iphapanyetsa kabelo ea hau lefats’eng lena, u be u be le mosa joaloka ha Allah A ile A ba mosa ho uena, u se ke oa fehla pherekano lefats’eng; hobane Ruri! Allah ha A rate baferekanyi.”

28:78

قَالَ إِنَّمَآ أُوتِيتُهُۥ عَلَىٰ عِلۡمٍ عِندِيٓۚ أَوَلَمۡ يَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ قَدۡ أَهۡلَكَ مِن قَبۡلِهِۦ مِنَ ٱلۡقُرُونِ مَنۡ هُوَ أَشَدُّ مِنۡهُ قُوَّةً وَأَكۡثَرُ جَمۡعًاۚ وَلَا يُسۡـَٔلُ عَن ذُنُوبِهِمُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ

Eaba o re: “Ke filoe letlotlo lena feela tlas’a bohlale boo ke nang le bona.” Ana e be ha a tsebe hore Allah U kile A ripitla meloko e bileng teng pele ho eena, banna ba neng ba ena le matla a ts’abehang ho feta eena, ebile e le barui ba mo fetang? Ba molato ha ba botsoe lipotso khahlano le libe tsa bona

28:79

فَخَرَجَ عَلَىٰ قَوۡمِهِۦ فِي زِينَتِهِۦۖ قَالَ ٱلَّذِينَ يُرِيدُونَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا يَٰلَيۡتَ لَنَا مِثۡلَ مَآ أُوتِيَ قَٰرُونُ إِنَّهُۥ لَذُو حَظٍّ عَظِيمٍ

Eaba o tsamaea ka boikakaso hara batho ba habo. Ba neng ba ena le taba-tabelo ea bophelo ba lefats’e, ba re: “Ao, hoja empe e be re ne re filoe matlotlo a ts’oanang le’a filoeng Qarun! Ke morena oa mahlohonolo ruri.”

28:80

وَقَالَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ وَيۡلَكُمۡ ثَوَابُ ٱللَّهِ خَيۡرٌ لِّمَنۡ ءَامَنَ وَعَمِلَ صَٰلِحًاۚ وَلَا يُلَقَّىٰهَآ إِلَّا ٱلصَّٰبِرُونَ

Empa haele ba neng ba filoe tsebo, ba re: “Thohako e be ho lona! Moputso oa Allah ho molumeli ea etsang toka o molemo ka ho fetisisa, ke ba nang le mamello feela ba tla una molemo oo.”

28:81

فَخَسَفۡنَا بِهِۦ وَبِدَارِهِ ٱلۡأَرۡضَ فَمَا كَانَ لَهُۥ مِن فِئَةٍ يَنصُرُونَهُۥ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَمَا كَانَ مِنَ ٱلۡمُنتَصِرِينَ

Eaba Re mo kupetsa ka lefats’e hammoho le motse oa hae. O hlokile lebotho le ka mo thusang khahlanong le Allah, kapa hona hore e be o bile har’a ba ipholosang ka bo-bona

28:82

وَأَصۡبَحَ ٱلَّذِينَ تَمَنَّوۡاْ مَكَانَهُۥ بِٱلۡأَمۡسِ يَقُولُونَ وَيۡكَأَنَّ ٱللَّهَ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦ وَيَقۡدِرُۖ لَوۡلَآ أَن مَّنَّ ٱللَّهُ عَلَيۡنَا لَخَسَفَ بِنَاۖ وَيۡكَأَنَّهُۥ لَا يُفۡلِحُ ٱلۡكَٰفِرُونَ

Eitse ka la hosasa hoa fumanoa ba neng honohela maemo a hae ba qalella ho re: “Ao, Ruri! Ke Allah ea phaellang nala ho ea khahloang ke Eena har’a makhabunyane a Hae, ebile o fokoletsa ope ea khahloang ke Eena. Hoja e se ke ea eba ka lereko la Allah holim’a rona, A ka be A ile a etsa hore le rona re metsoe ke lefats’e. Ao, letsatsi le mahlonoko! Ba latolang Allah ka ‘nete ba ke ke ba atleha

28:83

تِلۡكَ ٱلدَّارُ ٱلۡأٓخِرَةُ نَجۡعَلُهَا لِلَّذِينَ لَا يُرِيدُونَ عُلُوًّا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فَسَادًاۚ وَٱلۡعَٰقِبَةُ لِلۡمُتَّقِينَ

Lehae la Bo-tlang lona Re tla le abela ba sa ithereleng khatello lefats’eng le hona ho fehla morusu. Qetello e khahlang ke ea ba etsang botle

28:84

مَن جَآءَ بِٱلۡحَسَنَةِ فَلَهُۥ خَيۡرٌ مِّنۡهَاۖ وَمَن جَآءَ بِٱلسَّيِّئَةِ فَلَا يُجۡزَى ٱلَّذِينَ عَمِلُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ إِلَّا مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Haele mong le mong ea simollang se lokileng, o tla fumana se molemo ho feta seo; athe ba tla simolla bobe, Ruri! Baetsalibe ba tla phetetsoa feela ka tseo ba li entseng

28:85

إِنَّ ٱلَّذِي فَرَضَ عَلَيۡكَ ٱلۡقُرۡءَانَ لَرَآدُّكَ إِلَىٰ مَعَادٍۚ قُل رَّبِّيٓ أَعۡلَمُ مَن جَآءَ بِٱلۡهُدَىٰ وَمَنۡ هُوَ فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ

Hobane Ea u nehileng Qura›n e le molao, Ruri! U tla u khutlisetsa Hae hape. U re: “Mong`a ka U hlokolosi haholo ka eo ea tlisang tataiso le ea khelohetseng phosong e hlakileng.”

28:86

وَمَا كُنتَ تَرۡجُوٓاْ أَن يُلۡقَىٰٓ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبُ إِلَّا رَحۡمَةً مِّن رَّبِّكَۖ فَلَا تَكُونَنَّ ظَهِيرًا لِّلۡكَٰفِرِينَ

U ne u sa lebella hore Lengolo le ka Romeloa ho uena; empa ke mohau o tsoang ho Mong`a hau, kahoo u se ke be oa ba mothusi oa ba latolang

28:87

وَلَا يَصُدُّنَّكَ عَنۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ بَعۡدَ إِذۡ أُنزِلَتۡ إِلَيۡكَۖ وَٱدۡعُ إِلَىٰ رَبِّكَۖ وَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ

U se ke be oa ba lumella ho u khelosa lits’enolong tsa Allah kamor’a hore li finyelle ho Uena; empa u biletse batho ho Mong`a hau, u se ke be oa ba e mong oa ba manehang batlatsetsi ho Eena

28:88

وَلَا تَدۡعُ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَۘ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۚ كُلُّ شَيۡءٍ هَالِكٌ إِلَّا وَجۡهَهُۥۚ لَهُ ٱلۡحُكۡمُ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

Ho se be mong le mong eo u ka mo khumamelang kantle ho Allah. Hobane ha ho `Mopi e mong ntle le Eena. Lintho tsohle li tla timela ntle feela le sefahleho sa Hae. Taelo ke Ea Hae, lona bohle le tla boela ho Eena

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.