Surah 73 · 20 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Al-Muzzammil in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
أَوۡ زِدۡ عَلَيۡهِ وَرَتِّلِ ٱلۡقُرۡءَانَ تَرۡتِيلًا
Kapa haholoanyane, o phete Qur`an ka tekanyo ea lentsoe butle
إِنَّ نَاشِئَةَ ٱلَّيۡلِ هِيَ أَشَدُّ وَطۡـًٔا وَأَقۡوَمُ قِيلًا
Ruri! Ho tsoha bosiu ho bohlokoa molemong oa taolo ea phefomoloho ea hau, e molemo haholo sebakeng sa Lentsoe
وَٱذۡكُرِ ٱسۡمَ رَبِّكَ وَتَبَتَّلۡ إِلَيۡهِ تَبۡتِيلًا
Empa tsitlallela khopolong ea lebitso la Mong`a hau; ikitlaelletsa ho Eena ka pelo eohle
رَّبُّ ٱلۡمَشۡرِقِ وَٱلۡمَغۡرِبِ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ فَٱتَّخِذۡهُ وَكِيلًا
Mong`a Bochabela le Bophirima: ha ho `Mopi kantle ho Eena; ikhethele Eena feela e le mosireletsi oa hau
وَٱصۡبِرۡ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَٱهۡجُرۡهُمۡ هَجۡرًا جَمِيلًا
U be le mamello ho seo ba se buang, o tlohe pela bona ka tlhompho
وَذَرۡنِي وَٱلۡمُكَذِّبِينَ أُوْلِي ٱلنَّعۡمَةِ وَمَهِّلۡهُمۡ قَلِيلًا
U ntese ho sebetsana le ba nang le lintho tse khotsofatsang tsa lefats`e, ba latolang `nete; u ba nehe nyehlisetso ha nakoana
يَوۡمَ تَرۡجُفُ ٱلۡأَرۡضُ وَٱلۡجِبَالُ وَكَانَتِ ٱلۡجِبَالُ كَثِيبًا مَّهِيلًا
Ka Letsatsi le leng lefats’e le lithaba li tla tsukutleha. Le lithaba li tla fetoha qubu ea lehlabathe le qhalanang
إِنَّآ أَرۡسَلۡنَآ إِلَيۡكُمۡ رَسُولًا شَٰهِدًا عَلَيۡكُمۡ كَمَآ أَرۡسَلۡنَآ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ رَسُولًا
Re le romeletse, moromuoa, eo e tla ba paki khahlano le lona, joalo ka ha Re ile Ra romella moromuoa ho Faro
فَعَصَىٰ فِرۡعَوۡنُ ٱلرَّسُولَ فَأَخَذۡنَٰهُ أَخۡذًا وَبِيلًا
Empa Faro o ile a latola moromuoa, Re ile Ra mo nanola ka kotlo e boima
فَكَيۡفَ تَتَّقُونَ إِن كَفَرۡتُمۡ يَوۡمًا يَجۡعَلُ ٱلۡوِلۡدَٰنَ شِيبًا
Joale ha o latola Allah, o tla its’ireletsa joang ka letsatsi leo Bana ba tlang ho ba moriri o moputsoa
ٱلسَّمَآءُ مُنفَطِرُۢ بِهِۦۚ كَانَ وَعۡدُهُۥ مَفۡعُولًا
Mohlang leholimo le patsohang ka lehare? Ts’episo ea Hae e tla phethahala
إِنَّ هَٰذِهِۦ تَذۡكِرَةٌۖ فَمَن شَآءَ ٱتَّخَذَ إِلَىٰ رَبِّهِۦ سَبِيلًا
Ruri! Sena ke keletso: kahoo, ea ratang, a nke tsela e eang ho Mong`a hae
إِنَّ رَبَّكَ يَعۡلَمُ أَنَّكَ تَقُومُ أَدۡنَىٰ مِن ثُلُثَيِ ٱلَّيۡلِ وَنِصۡفَهُۥ وَثُلُثَهُۥ وَطَآئِفَةٌ مِّنَ ٱلَّذِينَ مَعَكَۚ وَٱللَّهُ يُقَدِّرُ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَۚ عَلِمَ أَن لَّن تُحۡصُوهُ فَتَابَ عَلَيۡكُمۡۖ فَٱقۡرَءُواْ مَا تَيَسَّرَ مِنَ ٱلۡقُرۡءَانِۚ عَلِمَ أَن سَيَكُونُ مِنكُم مَّرۡضَىٰ وَءَاخَرُونَ يَضۡرِبُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ يَبۡتَغُونَ مِن فَضۡلِ ٱللَّهِ وَءَاخَرُونَ يُقَٰتِلُونَ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِۖ فَٱقۡرَءُواْ مَا تَيَسَّرَ مِنۡهُۚ وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتُواْ ٱلزَّكَوٰةَ وَأَقۡرِضُواْ ٱللَّهَ قَرۡضًا حَسَنًاۚ وَمَا تُقَدِّمُواْ لِأَنفُسِكُم مِّنۡ خَيۡرٍ تَجِدُوهُ عِندَ ٱللَّهِ هُوَ خَيۡرًا وَأَعۡظَمَ أَجۡرًاۚ وَٱسۡتَغۡفِرُواْ ٱللَّهَۖ إِنَّ ٱللَّهَ غَفُورٌ رَّحِيمُۢ
Mong`a hau U oa tseba hore o ne o ema karolo-bobeli e boraro ea bosiu, kapa karolo ea bosiu, kapa karolo ng`oe ea boraro, le ka ho ts`oana le karolo eaba nang uena. Empa Allah U lekanya bosiu le mots’eare, hore u tsebe ho boloka palo moo. Kahoo u retelehetse ka ho uena ka mohau: bala, likarolo tsa Qur`an ka mokhoa oo le ka etsang tse bonolo. U tsebe ka botlalo hore ho ka `na haeba ba fokolang bophelong hara lona; ba bang ke bahahlauli, ba tsomana le nala ea Allah, ha ba bang ba loana tseleng ea Allah, bala Qur`an ka mokhoa oo le ka khonang; le rapele kamehla, le fane ka nyehelo; le alime Allah, kalimo e ntle. Etsoe botle bohle boo le bo romelang nale sebakeng sa phefomoloho ea lona le tla bo fumana kapela Allah; Eea, bo phahame ka moputso, le batle Lereko la Allah; Allah U Ts’oarela-khafetsa, U Mohau o Khaphatsehang
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.