بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
74:1يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمُدَّثِّرُ
Oho uena ea ikhatlileng
74:2قُمۡ فَأَنذِرۡ
Tsoha u fane ka temoso
74:3وَرَبَّكَ فَكَبِّرۡ
U rorise Mong`a hau
74:4وَثِيَابَكَ فَطَهِّرۡ
Liaparo tsa hau u li hloekise
74:5وَٱلرُّجۡزَ فَٱهۡجُرۡ
U nene tsohle tse mpe
74:6وَلَا تَمۡنُن تَسۡتَكۡثِرُ
Kapa phanong ea hau, oa labella kuno
74:7وَلِرَبِّكَ فَٱصۡبِرۡ
Empa u be le mamello, u tsitlalle tseleng ea Mong`a hau
74:8فَإِذَا نُقِرَ فِي ٱلنَّاقُورِ
Qetellong, ha Terompeta e lla
74:9فَذَٰلِكَ يَوۡمَئِذٍ يَوۡمٌ عَسِيرٌ
Leo e tlaba Letsatsi; Letsatsi la mahlomola
74:10عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ غَيۡرُ يَسِيرٍ
Le seng bonolo ho ba se nang tumelo
74:11ذَرۡنِي وَمَنۡ خَلَقۡتُ وَحِيدًا
Ntese, le eo ke mo hlotseng Ke Inots’i
74:12وَجَعَلۡتُ لَهُۥ مَالًا مَّمۡدُودًا
Eo Ke mo sitsitseng ka melemo e fetang tekano
74:13وَبَنِينَ شُهُودًا
Le bara ho ba pela hae
74:14وَمَهَّدتُّ لَهُۥ تَمۡهِيدًا
Eo ke mo nolofalelitseng bophelo
74:15ثُمَّ يَطۡمَعُ أَنۡ أَزِيدَ
Empa o meharo hore ke mo ekeletse
74:16كـَلَّآۖ إِنَّهُۥ كَانَ لِأٓيَٰتِنَا عَنِيدًا
Che, ho lits`opiso tsa Rona o khopame
74:17سَأُرۡهِقُهُۥ صَعُودًا
Haufinyane Ke tla mo lahlela Mollong-oa-Lihele
74:18إِنَّهُۥ فَكَّرَ وَقَدَّرَ
U nahanne, a loha maqiti; –
74:19فَقُتِلَ كَيۡفَ قَدَّرَ
Sekhobo se be ho eena; kamoo a lohileng maqiti
74:20ثُمَّ قُتِلَ كَيۡفَ قَدَّرَ
Ee, sekhobo se be ho eena; kamoo a lohileng maqiti! –
74:21ثُمَّ نَظَرَ
Eaba o oa qamaka
74:22ثُمَّ عَبَسَ وَبَسَرَ
Eaba o busa lifahleho, o oa koata
74:23ثُمَّ أَدۡبَرَ وَٱسۡتَكۡبَرَ
Eaba o furalla ka boikhants’o
74:24فَقَالَ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا سِحۡرٌ يُؤۡثَرُ
Eaba o re: “Sena ha se letho haese boloi, ba mehleng ea khale
74:25إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا قَوۡلُ ٱلۡبَشَرِ
Sena ke lentsoe la motho.”
74:26سَأُصۡلِيهِ سَقَرَ
Hahufinyane! Ke tla mo lahlela Mollong oa Lihele
74:27وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا سَقَرُ
Ke`ng se tla le hlalosetsa hore na Mollo-oa-Lihele ke eng
74:28لَا تُبۡقِي وَلَا تَذَرُ
Ha o lumelle letho ho phela, le hona ho tlohela feela! –
74:29لَوَّاحَةٌ لِّلۡبَشَرِ
O nts`ofatsa le ho fetola `mala oa motho
74:30عَلَيۡهَا تِسۡعَةَ عَشَرَ
Holima ona hona le ba leshome le metso e robong
74:31وَمَا جَعَلۡنَآ أَصۡحَٰبَ ٱلنَّارِ إِلَّا مَلَٰٓئِكَةًۖ وَمَا جَعَلۡنَا عِدَّتَهُمۡ إِلَّا فِتۡنَةً لِّلَّذِينَ كَفَرُواْ لِيَسۡتَيۡقِنَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ وَيَزۡدَادَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِيمَٰنًا وَلَا يَرۡتَابَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡمُؤۡمِنُونَ وَلِيَقُولَ ٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ وَٱلۡكَٰفِرُونَ مَاذَآ أَرَادَ ٱللَّهُ بِهَٰذَا مَثَلًاۚ كَذَٰلِكَ يُضِلُّ ٱللَّهُ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُۚ وَمَا يَعۡلَمُ جُنُودَ رَبِّكَ إِلَّا هُوَۚ وَمَا هِيَ إِلَّا ذِكۡرَىٰ لِلۡبَشَرِ
Ha ho ope ntle le manyeloi joalo ka ba hlokomeli ba mollo; palo e tsepamisitsoeng e le teko ho mahana-tumelo, – hore batho ba Lengolo ba tle ba fihlele qeto, le ba-kholoang ba eketse ho tiisa tumelong; – ba nang le khoao ba tlohetse Batho- ba-Lengolo le ba-kholoang, le bao pelong tsa bona ho nang le maloetse le mahana-tumelo ba ka`na ba re: “E be Allah U bolelang ka papiso ee?” Allah U khelosa ea ratoang ke Eena, U tataisa ea ratoang ke Eena: ha ho ea ka tsebang ka matla a Mong`a hau, kantle ho Eena. Sena ke molaetsa ho batho
74:32كـَلَّا وَٱلۡقَمَرِ
Che, Ruri; ka ngoeli
74:33وَٱلَّيۡلِ إِذۡ أَدۡبَرَ
Le ka bosiu ha bo esa
74:34وَٱلصُّبۡحِ إِذَآ أَسۡفَرَ
Le ka meso ha mafube a hlaha
74:35إِنَّهَا لَإِحۡدَى ٱلۡكُبَرِ
Sena empa e le se seng sa lits’upiso tse kholohali
74:36نَذِيرًا لِّلۡبَشَرِ
Temoso ho batho
74:37لِمَن شَآءَ مِنكُمۡ أَن يَتَقَدَّمَ أَوۡ يَتَأَخَّرَ
Ho e mong le e mong oa lona ea khethang tsela e nepahetseng
74:38كُلُّ نَفۡسِۭ بِمَا كَسَبَتۡ رَهِينَةٌ
Phefomoloho ka ngoe e tla paka liketso tsa eona
74:39إِلَّآ أَصۡحَٰبَ ٱلۡيَمِينِ
Kantle le balekane ba letsoho la molema
74:40فِي جَنَّٰتٍ يَتَسَآءَلُونَ
Lirapeng: ba tla botsana
74:41عَنِ ٱلۡمُجۡرِمِينَ
Ba botse baetsalibe
74:42مَا سَلَكَكُمۡ فِي سَقَرَ
“Ke eng se le isitseng Mollong-oa-Lihele?”
74:43قَالُواْ لَمۡ نَكُ مِنَ ٱلۡمُصَلِّينَ
Ba tla re: “Re bile sieo ho ba neng ba rapela”
74:44وَلَمۡ نَكُ نُطۡعِمُ ٱلۡمِسۡكِينَ
“Kapa ba neng ba fepa mafutsana
74:45وَكُنَّا نَخُوضُ مَعَ ٱلۡخَآئِضِينَ
“Re ne re le mokhatlong oa basomi
74:46وَكُنَّا نُكَذِّبُ بِيَوۡمِ ٱلدِّينِ
“Re ne re latola Letsatsi la Kahlolo
74:47حَتَّىٰٓ أَتَىٰنَا ٱلۡيَقِينُ
“Ho fihlela lefu le re oela holimo.”
74:48فَمَا تَنفَعُهُمۡ شَفَٰعَةُ ٱلشَّٰفِعِينَ
Ha ho na ‘muelli ea tla bang molemo ho bona
74:49فَمَا لَهُمۡ عَنِ ٱلتَّذۡكِرَةِ مُعۡرِضِينَ
Joale molato ke eng ka bona hobane ba ile ba furalla temoso
74:50كَأَنَّهُمۡ حُمُرٌ مُّسۡتَنفِرَةٌ
Joaloka ha eka ke lipokola li ts’ohile
74:51فَرَّتۡ مِن قَسۡوَرَةِۭ
Li baleha tau
74:52بَلۡ يُرِيدُ كُلُّ ٱمۡرِيٍٕ مِّنۡهُمۡ أَن يُؤۡتَىٰ صُحُفًا مُّنَشَّرَةً
Mehlolo, mong le mong o batla ho fuoa maqhepe a manolotsoeng
74:53كـَلَّاۖ بَل لَّا يَخَافُونَ ٱلۡأٓخِرَةَ
Che, ha ba na letsoalo la Bo-tlang
74:54كـَلَّآ إِنَّهُۥ تَذۡكِرَةٌ
Che, Ruri sena ke temoso
74:55فَمَن شَآءَ ذَكَرَهُۥ
Mong le mong ea nang le hona a inkele temoso
74:56وَمَا يَذۡكُرُونَ إِلَّآ أَن يَشَآءَ ٱللَّهُۚ هُوَ أَهۡلُ ٱلتَّقۡوَىٰ وَأَهۡلُ ٱلۡمَغۡفِرَةِ
Empa ha ho mong ea tla e boloka ka khopolo, kantle ho thato ea Allah: ke Mong`a Botlehali, le tsoarelo
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.