Surah 100 · 11 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-'Adiyat in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

100:1

وَٱلۡعَٰدِيَٰتِ ضَبۡحًا

Ka lipitsi tse mathang, tse hemeselang

100:2

فَٱلۡمُورِيَٰتِ قَدۡحًا

Tseo maotong a tsona ho qobang litlhase

100:3

فَٱلۡمُغِيرَٰتِ صُبۡحًا

Tse tsometsang tlhaselo ka matjeke

100:4

فَأَثَرۡنَ بِهِۦ نَقۡعًا

E be li tsosa leroele khabong

100:5

فَوَسَطۡنَ بِهِۦ جَمۡعًا

Li parola lebotho la lira ka lehare e le ngatana ng’oe

100:6

إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لِرَبِّهِۦ لَكَنُودٌ

Ruri! Motho o hloka teboho ho Mong`a hae

100:7

وَإِنَّهُۥ عَلَىٰ ذَٰلِكَ لَشَهِيدٌ

E bile ke paki holim’a seo

100:8

وَإِنَّهُۥ لِحُبِّ ٱلۡخَيۡرِ لَشَدِيدٌ

O lehala leratong la leruo

100:9

أَفَلَا يَعۡلَمُ إِذَا بُعۡثِرَ مَا فِي ٱلۡقُبُورِ

Na ha a tsebe hore mohla mabitla a hlatsang likateng

100:10

وَحُصِّلَ مَا فِي ٱلصُّدُورِ

Se ka lifubeng tsa batho se tla behoa pepeneneng

100:11

إِنَّ رَبَّهُم بِهِمۡ يَوۡمَئِذٍ لَّخَبِيرُۢ

Letsatsing leo Mong`a bona U tlabe A tseba tsohle tsa bona

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.