Surah 40 · 85 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Ghafir in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

40:1

حمٓ

Ha. Mim

40:2

تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ مِنَ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡعَلِيمِ

Ts’enolo ea

40:3

غَافِرِ ٱلذَّنۢبِ وَقَابِلِ ٱلتَّوۡبِ شَدِيدِ ٱلۡعِقَابِ ذِي ٱلطَّوۡلِۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ إِلَيۡهِ ٱلۡمَصِيرُ

Ea ts’oarelang Libe, Moamoheli oa Boinyatso, Ea Tsitlallelang Kahlolong, eo nala ea Hae e Khaphatsehang. Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Pheletso ea leeto la rona e ho Eena

40:4

مَا يُجَٰدِلُ فِيٓ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ إِلَّا ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَلَا يَغۡرُرۡكَ تَقَلُّبُهُمۡ فِي ٱلۡبِلَٰدِ

Ha ho ope ea ka latolang lits’enolo tsa Allah kantle le mahana- tumelo, se thetsoe ke ha ba ntse ba nyolosa ba theosa lefats’eng ka boikhohomoso

40:5

كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحٍ وَٱلۡأَحۡزَابُ مِنۢ بَعۡدِهِمۡۖ وَهَمَّتۡ كُلُّ أُمَّةِۭ بِرَسُولِهِمۡ لِيَأۡخُذُوهُۖ وَجَٰدَلُواْ بِٱلۡبَٰطِلِ لِيُدۡحِضُواْ بِهِ ٱلۡحَقَّ فَأَخَذۡتُهُمۡۖ فَكَيۡفَ كَانَ عِقَابِ

Batho ba habo Nooe le baikopanyi ba bileng teng pele ho bona ba ‘nile ba latola baromuoa, Sechaba se seng le se seng se ile sa ithera khahlano le moporofeta oa sona, ho mo tsometsa, le ho pheha khang ka leshano, ka monahano oa ho phehisa ‘nete. Kahoo, Ke ile Ka ba tsometsa, kotlo ea ka ebile e ts’abehang

40:6

وَكَذَٰلِكَ حَقَّتۡ كَلِمَتُ رَبِّكَ عَلَى ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَنَّهُمۡ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِ

Ke kamoo lentsoe la Mong`a hau le ileng la phethahala kateng khahlanong le mahana-tumelo: hore ruri ke Balekane ba Mollo

40:7

ٱلَّذِينَ يَحۡمِلُونَ ٱلۡعَرۡشَ وَمَنۡ حَوۡلَهُۥ يُسَبِّحُونَ بِحَمۡدِ رَبِّهِمۡ وَيُؤۡمِنُونَ بِهِۦ وَيَسۡتَغۡفِرُونَ لِلَّذِينَ ءَامَنُواْۖ رَبَّنَا وَسِعۡتَ كُلَّ شَيۡءٍ رَّحۡمَةً وَعِلۡمًا فَٱغۡفِرۡ لِلَّذِينَ تَابُواْ وَٱتَّبَعُواْ سَبِيلَكَ وَقِهِمۡ عَذَابَ ٱلۡجَحِيمِ

Ba kakatletseng Terone le bohle ba e pota-potileng, ba pheta Lithoriso le Tlotla tsa Mong`a bona: ba kholoa ho Eena, ba kopela ba-kholoang ts’oarelo: “Mong`a rona! Ke Uena Ea etselitseng lintho tsohle lesakana-la-nkope ka Mohau le Tsebo, kahoo ts’oarela bohle ba sokolohang, ba latela tsela ea Hau. Ak’u ba qobise Kahlolo ea Lihele

40:8

رَبَّنَا وَأَدۡخِلۡهُمۡ جَنَّٰتِ عَدۡنٍ ٱلَّتِي وَعَدتَّهُمۡ وَمَن صَلَحَ مِنۡ ءَابَآئِهِمۡ وَأَزۡوَٰجِهِمۡ وَذُرِّيَّٰتِهِمۡۚ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

“Mong`a rona! U be U etse hore ba tle ba kene kahar’a Serapa sa Edene seo U ba ts’episitseng sona le har’a bo-ntat’a bona ba ileng ba etsa toka, basali ba bona, le litloholo tsa bona. Hobane ke Uena, Ea Matla Oohle, Ea Seli

40:9

وَقِهِمُ ٱلسَّيِّـَٔاتِۚ وَمَن تَقِ ٱلسَّيِّـَٔاتِ يَوۡمَئِذٍ فَقَدۡ رَحِمۡتَهُۥۚ وَذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ

U ba sireletse bobeng; etsoe mong le mong eo U tlang ho mo sireletsa bobeng Letsatsing leo, – Ke eo U tla beng U mo sikile ka Mohau: Seo e tla be e le katleho e babatsehang.”

40:10

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يُنَادَوۡنَ لَمَقۡتُ ٱللَّهِ أَكۡبَرُ مِن مَّقۡتِكُمۡ أَنفُسَكُمۡ إِذۡ تُدۡعَوۡنَ إِلَى ٱلۡإِيمَٰنِ فَتَكۡفُرُونَ

Mahana-tumelo ba tla buisoa joana: “Lehloeo la Allah ke le ts’abehang ho feta lehloeo leo lona le hloeaneng ka lona, hobane nakong eo le neng le bitsetsoa Tumelong le ne le nyelisa.”

40:11

قَالُواْ رَبَّنَآ أَمَتَّنَا ٱثۡنَتَيۡنِ وَأَحۡيَيۡتَنَا ٱثۡنَتَيۡنِ فَٱعۡتَرَفۡنَا بِذُنُوبِنَا فَهَلۡ إِلَىٰ خُرُوجٍ مِّن سَبِيلٍ

Ba tla re: “Mong`a rona! U entse hore re shoe habeli, le hona hore re tsohe habeli. Hajoale re lemohile libe tsa rona: Na ha ho monyetla oa hore re phonyohe?”

40:12

ذَٰلِكُم بِأَنَّهُۥٓ إِذَا دُعِيَ ٱللَّهُ وَحۡدَهُۥ كَفَرۡتُمۡ وَإِن يُشۡرَكۡ بِهِۦ تُؤۡمِنُواْۚ فَٱلۡحُكۡمُ لِلَّهِ ٱلۡعَلِيِّ ٱلۡكَبِيرِ

(Karabo e tla ba): “Sena ke hobane, ha ho ne ho bitsoa ho Allah, le ile la latola Tumelo, empa ha batlatsetsi ba kopang’oa le Eena, le ile le kholoa! Taelo e tsoa feela ho Allah, Ea Phahameng, Motlotlehi.”

40:13

هُوَ ٱلَّذِي يُرِيكُمۡ ءَايَٰتِهِۦ وَيُنَزِّلُ لَكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ رِزۡقًاۚ وَمَا يَتَذَكَّرُ إِلَّا مَن يُنِيبُ

Ke Eena Ea le bonts’ang Lits’upiso tsa Hae le ho le romella nala e tsoang marung. Empa ke ba amohelang khalemo ba sokolohelang ho Eena

40:14

فَٱدۡعُواْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡكَٰفِرُونَ

Kahoo, bitsang ho Allah, ka lerato la sebele ho Eena, le haeba Mahana-tumelo a ka e hloea ha kakang –

40:15

رَفِيعُ ٱلدَّرَجَٰتِ ذُو ٱلۡعَرۡشِ يُلۡقِي ٱلرُّوحَ مِنۡ أَمۡرِهِۦ عَلَىٰ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦ لِيُنذِرَ يَوۡمَ ٱلتَّلَاقِ

Ke Allah Mookameli oa maemo oohle Mong`a Terone. U romela moea oa ts’usumetso ka Taelo ea Hae ho ea khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae, hore a tle a hlokomelise batho ka Letsatsi la Kopano

40:16

يَوۡمَ هُم بَٰرِزُونَۖ لَا يَخۡفَىٰ عَلَى ٱللَّهِ مِنۡهُمۡ شَيۡءٌۚ لِّمَنِ ٱلۡمُلۡكُ ٱلۡيَوۡمَۖ لِلَّهِ ٱلۡوَٰحِدِ ٱلۡقَهَّارِ

Letsatsi leo ka lona ba tla hlahella pooaneng: ha ho letho la bona le tla pateha ho Allah. Puso e tla ba ea mang Letsatsing leo? Ea Allah, Ea Inots’i, Ea Matla Oohle

40:17

ٱلۡيَوۡمَ تُجۡزَىٰ كُلُّ نَفۡسِۭ بِمَا كَسَبَتۡۚ لَا ظُلۡمَ ٱلۡيَوۡمَۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَرِيعُ ٱلۡحِسَابِ

Letsatsing leo moea ka mong o tla ho lefshoa seo o se kotutseng; ha ho bolotsana bo tla etsoa Letsatsing leo. Hobane Allah U akofela boikarabellong

40:18

وَأَنذِرۡهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡأٓزِفَةِ إِذِ ٱلۡقُلُوبُ لَدَى ٱلۡحَنَاجِرِ كَٰظِمِينَۚ مَا لِلظَّٰلِمِينَ مِنۡ حَمِيمٍ وَلَا شَفِيعٍ يُطَاعُ

Ba hlokomelise ka letsatsi le ntseng le atamela, mohla Lipelo li tla khama liqoqotho; ho ke ke haeba le ‘muelli kapa motsoalle eo baetsalibe ba tla ba le eena, ea tla mameloa

40:19

يَعۡلَمُ خَآئِنَةَ ٱلۡأَعۡيُنِ وَمَا تُخۡفِي ٱلصُّدُورُ

Allah U tseba se ekang mahlo le se patiloeng ke lifuba

40:20

وَٱللَّهُ يَقۡضِي بِٱلۡحَقِّۖ وَٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ لَا يَقۡضُونَ بِشَيۡءٍۗ إِنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ

‘Allah U tla ahlola ka ‘Nete; Empa ba bitsoang kathoko ho Eena ha ban a hoba maemong a ho ahlola ho hang. Ruri Allah U utloa tsohle, U bona tsohle

40:21

أَوَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ كَانُواْ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَانُواْ هُمۡ أَشَدَّ مِنۡهُمۡ قُوَّةً وَءَاثَارًا فِي ٱلۡأَرۡضِ فَأَخَذَهُمُ ٱللَّهُ بِذُنُوبِهِمۡ وَمَا كَانَ لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ مِن وَاقٍ

Na ha ba hahlaule le lefats’e hore ba bone seo ebileng pheletso ea bileng teng pele ho bona? Ba neng ba le matla a fetang a bona le mehlaleng eo ba e siileng lefats’eng. Allah U ile A ba biletsa kahlolong ho latela libe tsa bona, ha ho oa ba le mosireletsi khahlano le Allah

40:22

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ كَانَت تَّأۡتِيهِمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَكَفَرُواْ فَأَخَذَهُمُ ٱللَّهُۚ إِنَّهُۥ قَوِيٌّ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Hobane baromuoa ba bona ba tlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng, empa ile ba ba latola; kahoo Allah U ile biletsa kahlolong. Hobane U Matla Oohle, U Tsitlallela Kahlolong

40:23

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَا وَسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ

Re ile ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona le matla a hlakileng

40:24

إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَهَٰمَٰنَ وَقَٰرُونَ فَقَالُواْ سَٰحِرٌ كَذَّابٌ

Ho Faro, Hamana le Karun, empa ba ile ba ‘mitsa: “moloi ea buang leshano!”

40:25

فَلَمَّا جَآءَهُم بِٱلۡحَقِّ مِنۡ عِندِنَا قَالُواْ ٱقۡتُلُوٓاْ أَبۡنَآءَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مَعَهُۥ وَٱسۡتَحۡيُواْ نِسَآءَهُمۡۚ وَمَا كَيۡدُ ٱلۡكَٰفِرِينَ إِلَّا فِي ضَلَٰلٍ

Eitse hoba a tle ho bona ka `Nete e tsoang ho Rona, ba re: “Bolaeang bara ba bohle ba-kholoang le eena, le lese barali ba bona.” Empa morero oa mahana-tumelo ha se letho haese feela linyonts’a

40:26

وَقَالَ فِرۡعَوۡنُ ذَرُونِيٓ أَقۡتُلۡ مُوسَىٰ وَلۡيَدۡعُ رَبَّهُۥٓۖ إِنِّيٓ أَخَافُ أَن يُبَدِّلَ دِينَكُمۡ أَوۡ أَن يُظۡهِرَ فِي ٱلۡأَرۡضِ ٱلۡفَسَادَ

Faro a re: “Nteseng ke bolaee Moshe, le mo lese ho bitsa ho Mong`a hae! Ke na le ts’abo ea hore mohlaope a fetola tumelo ea lona, kapa mohlomong a baka mofere-fere ka har’a naha.”

40:27

وَقَالَ مُوسَىٰٓ إِنِّي عُذۡتُ بِرَبِّي وَرَبِّكُم مِّن كُلِّ مُتَكَبِّرٍ لَّا يُؤۡمِنُ بِيَوۡمِ ٱلۡحِسَابِ

Moshe a re: “Ruri! Ke bitsitse ho Mong`a ka le Mong`a hau khahlano le moikhants’i ofe kapa ofe ea sa kholoeng Letsatsi la Pallo

40:28

وَقَالَ رَجُلٌ مُّؤۡمِنٌ مِّنۡ ءَالِ فِرۡعَوۡنَ يَكۡتُمُ إِيمَٰنَهُۥٓ أَتَقۡتُلُونَ رَجُلًا أَن يَقُولَ رَبِّيَ ٱللَّهُ وَقَدۡ جَآءَكُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ مِن رَّبِّكُمۡۖ وَإِن يَكُ كَٰذِبًا فَعَلَيۡهِ كَذِبُهُۥۖ وَإِن يَكُ صَادِقًا يُصِبۡكُم بَعۡضُ ٱلَّذِي يَعِدُكُمۡۖ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ مُسۡرِفٌ كَذَّابٌ

Monna ea kholoang har’a sechaba sa Faro, ea neng a patile Tumelo ea hae, a re, o: “U bolaea motho hobane a re: “Mong`a ka ke Allah?’ – Ea u tliselitseng lits’upiso tse hlakileng tse tsoang ho Mong`a hau? Ha feela eba a le leshano, leshano la hae le tlaba holim’a hae; empa haeba a bua ‘nete, tse ling tsa lintho tseo ebang o u hlokomelisa ka tsona, li tla o aparela; ruri! Allah ha A tataise motho ea tlolang meeli le ea leshano

40:29

يَٰقَوۡمِ لَكُمُ ٱلۡمُلۡكُ ٱلۡيَوۡمَ ظَٰهِرِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَمَن يَنصُرُنَا مِنۢ بَأۡسِ ٱللَّهِ إِن جَآءَنَاۚ قَالَ فِرۡعَوۡنُ مَآ أُرِيكُمۡ إِلَّا مَآ أَرَىٰ وَمَآ أَهۡدِيكُمۡ إِلَّا سَبِيلَ ٱلرَّشَادِ

“Oho batho ba heso! Puso ke’a lona kajeno: le na le matla ka har’a naha. Empa ke mang ea tlang ho re pholosa khahlano le khalefo ea Allah haeba e ka re oela?” Faro a re: “Ke mpa feela ke le bonts’a seo ke se nahanang, ke bile ke le tataisetsa feela tseleng e nepahetseng.”

40:30

وَقَالَ ٱلَّذِيٓ ءَامَنَ يَٰقَوۡمِ إِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُم مِّثۡلَ يَوۡمِ ٱلۡأَحۡزَابِ

Eaba monna ea kholoang o re: “Oho batho ba heso! Ke na le ts’abo ka sekhobo se ts’oanang le se kileng sa oela ba ikopanyi ba khale-khale

40:31

مِثۡلَ دَأۡبِ قَوۡمِ نُوحٍ وَعَادٍ وَثَمُودَ وَٱلَّذِينَ مِنۢ بَعۡدِهِمۡۚ وَمَا ٱللَّهُ يُرِيدُ ظُلۡمًا لِّلۡعِبَادِ

“Sekhobo se ts’oanang le sa batho ba habo Nooe, Ba-Ad, Ba- Thamude le ba bileng teng kamor’a bona, empa Allah ha A lakatse khanyapetso makhabunyaneng a Hae

40:32

وَيَٰقَوۡمِ إِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ يَوۡمَ ٱلتَّنَادِ

“Oho batho ba heso! Ke na le ts’abo ea Letsatsi la Pitso khahlano le lona

40:33

يَوۡمَ تُوَلُّونَ مُدۡبِرِينَ مَا لَكُم مِّنَ ٱللَّهِ مِنۡ عَاصِمٍۗ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِنۡ هَادٍ

“Letsatsing leo le tla ho furalla le balehe: le tla hloka mots’ireletsi khahlano le Allah: mong le mong eo Allah A mo lesang ho kheloha, a ke a fumana tataiso

40:34

وَلَقَدۡ جَآءَكُمۡ يُوسُفُ مِن قَبۡلُ بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَمَا زِلۡتُمۡ فِي شَكٍّ مِّمَّا جَآءَكُم بِهِۦۖ حَتَّىٰٓ إِذَا هَلَكَ قُلۡتُمۡ لَن يَبۡعَثَ ٱللَّهُ مِنۢ بَعۡدِهِۦ رَسُولًاۚ كَذَٰلِكَ يُضِلُّ ٱللَّهُ مَنۡ هُوَ مُسۡرِفٌ مُّرۡتَابٌ

“Le Josefa o ile a tla ho lona ka lits’upiso tse hlakileng, empa ha le’a ka la khaotsa ho ba le khoao ho tseo a neng a le tletse tsona, ho fihlela a le makhatheng a lefu, eaba o re: “Ruri! Allah A ke ke A hlotse A romella moromuoa ofe kapa ofe kamor’a hae.” Ke kamoo Allah A lesang ea nang le khoao ho kheloha kateng

40:35

ٱلَّذِينَ يُجَٰدِلُونَ فِيٓ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ بِغَيۡرِ سُلۡطَٰنٍ أَتَىٰهُمۡۖ كَبُرَ مَقۡتًا عِندَ ٱللَّهِ وَعِندَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْۚ كَذَٰلِكَ يَطۡبَعُ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ قَلۡبِ مُتَكَبِّرٍ جَبَّارٍ

Ba ngangisanang ka lits’enolo tsa Allah ho se matla a finyeletseng ho bona, Ketso ea bona e mpe le ho nyonyeha mahlong A Allah le mahlong a ba-kholoang. Ke kamoo Allah a kabang lipelo tsaba ikhants’i le ba tlolang meeli kateng.”

40:36

وَقَالَ فِرۡعَوۡنُ يَٰهَٰمَٰنُ ٱبۡنِ لِي صَرۡحًا لَّعَلِّيٓ أَبۡلُغُ ٱلۡأَسۡبَٰبَ

Faro a re: “Hamana! Nkahele tora, hore ke tle ke fihlele litsela le mekhoa

40:37

أَسۡبَٰبَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ فَأَطَّلِعَ إِلَىٰٓ إِلَٰهِ مُوسَىٰ وَإِنِّي لَأَظُنُّهُۥ كَٰذِبًاۚ وَكَذَٰلِكَ زُيِّنَ لِفِرۡعَوۡنَ سُوٓءُ عَمَلِهِۦ وَصُدَّ عَنِ ٱلسَّبِيلِۚ وَمَا كَيۡدُ فِرۡعَوۡنَ إِلَّا فِي تَبَابٍ

“Litsela le mekhoa ea ho fihla maholimong, hore ke tle ke fihlele `Mopi oa Moshe: empa ho ea ka ‘na ke nahana hore Moshe o leshano!” Ke kamoo ho ileng hoa etsoa hore liketso tsa Faro li shebahale li khahla mahlong a hae, o ile a thibeloa ho kena tseleng e nepahetseng. Morero oa Faro o ile oa fella ts’enyehong

40:38

وَقَالَ ٱلَّذِيٓ ءَامَنَ يَٰقَوۡمِ ٱتَّبِعُونِ أَهۡدِكُمۡ سَبِيلَ ٱلرَّشَادِ

Monna ea kholoang a re: “Batho ba heso! Ntateleng. Ke tla le tataisetsa tseleng e nepahetseng

40:39

يَٰقَوۡمِ إِنَّمَا هَٰذِهِ ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَا مَتَٰعٌ وَإِنَّ ٱلۡأٓخِرَةَ هِيَ دَارُ ٱلۡقَرَارِ

“Batho ba heso! “Bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese monyaka oa nakoana, bophelo Bo-tlang bona, ke Lehae le ke keng la feela

40:40

مَنۡ عَمِلَ سَيِّئَةً فَلَا يُجۡزَىٰٓ إِلَّا مِثۡلَهَاۖ وَمَنۡ عَمِلَ صَٰلِحًا مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنٌ فَأُوْلَٰٓئِكَ يَدۡخُلُونَ ٱلۡجَنَّةَ يُرۡزَقُونَ فِيهَا بِغَيۡرِ حِسَابٍ

“Ea etsang liketso tse soabisang, o tla una molemo o ts’oanang le seo a neng a se etsa, empa ea etsang toka eka ba monna kapa mosali, ebile ele ea kholoang, ba joalo ba tla kena ka har’a Serapa, moo ba tla fumana phepo e se nang tekano

40:41

وَيَٰقَوۡمِ مَا لِيٓ أَدۡعُوكُمۡ إِلَى ٱلنَّجَوٰةِ وَتَدۡعُونَنِيٓ إِلَى ٱلنَّارِ

“Batho ba heso! “Ho tla joang hore ke le bitsetsa pholohong lona le mpitsetsa Mollong

40:42

تَدۡعُونَنِي لِأَكۡفُرَ بِٱللَّهِ وَأُشۡرِكَ بِهِۦ مَا لَيۡسَ لِي بِهِۦ عِلۡمٌ وَأَنَا۠ أَدۡعُوكُمۡ إِلَى ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡغَفَّٰرِ

“Le nkhothaletsa ho nyefola Allah le ho mo kopanya le batlatsetsiba bao ke senang tsebo ka bona: ha ‘na ke le bitsetsa ho Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang joalo-joalo!”

40:43

لَا جَرَمَ أَنَّمَا تَدۡعُونَنِيٓ إِلَيۡهِ لَيۡسَ لَهُۥ دَعۡوَةٌ فِي ٱلدُّنۡيَا وَلَا فِي ٱلۡأٓخِرَةِ وَأَنَّ مَرَدَّنَآ إِلَى ٱللَّهِ وَأَنَّ ٱلۡمُسۡرِفِينَ هُمۡ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِ

“Kantle ho khoao eo le mpitsetsang ho eena ha a na tokelo ea ho biletsoa ho eena, lefats’eng lena, kapa bophelong Bo-tlang, bohle re tla boela ho Allah; Batloli ba meeli etla ba Balekane ba Mollo

40:44

فَسَتَذۡكُرُونَ مَآ أَقُولُ لَكُمۡۚ وَأُفَوِّضُ أَمۡرِيٓ إِلَى ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ بَصِيرُۢ بِٱلۡعِبَادِ

“Haufi le tla hopola seo ke le bolellang sona. Ke rolela moroalo oa ka ho Allah. Hobane Allah ke Molisa oa makhabunyane a Hae.”

40:45

فَوَقَىٰهُ ٱللَّهُ سَيِّـَٔاتِ مَا مَكَرُواْۖ وَحَاقَ بِـَٔالِ فِرۡعَوۡنَ سُوٓءُ ٱلۡعَذَابِ

Allah U ile a mo lopolla linyonts’eng tseo ba neng ba li rerile mabapi le eena, Empa bohale ba Kahlolo ba kopela Batho ba Faro ka mahlakore oohle

40:46

ٱلنَّارُ يُعۡرَضُونَ عَلَيۡهَا غُدُوًّا وَعَشِيًّاۚ وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ أَدۡخِلُوٓاْ ءَالَ فِرۡعَوۡنَ أَشَدَّ ٱلۡعَذَابِ

Ba tla bokelloa kapel’a mollo hoseng le mats’iboea; Letsatsing leo Kahlolo e tlang ho phethahatsoa ka lona,: “Akhelang batho ba habo Faro ka har’a kahlolo e ts’abehang.”

40:47

وَإِذۡ يَتَحَآجُّونَ فِي ٱلنَّارِ فَيَقُولُ ٱلضُّعَفَٰٓؤُاْ لِلَّذِينَ ٱسۡتَكۡبَرُوٓاْ إِنَّا كُنَّا لَكُمۡ تَبَعًا فَهَلۡ أَنتُم مُّغۡنُونَ عَنَّا نَصِيبًا مِّنَ ٱلنَّارِ

Ba tla ngangisana ka har’a mollo, ba fokolang ba tla re ho ba neng ba ikhohomosa: “Ruri! Re ne re le balateli ba lona: ka lebaka leo, ak’u re fokoletseng, karolo e ng’oe ea Mollo ebe ho lona?”

40:48

قَالَ ٱلَّذِينَ ٱسۡتَكۡبَرُوٓاْ إِنَّا كُلٌّ فِيهَآ إِنَّ ٱللَّهَ قَدۡ حَكَمَ بَيۡنَ ٱلۡعِبَادِ

Ba neng ba ikhohomosa ba tla re: “Re ‘moho kaofela mollong ona. Ruri! Allah U ahlotse lipakeng tsa makhabunyane a Hae.”

40:49

وَقَالَ ٱلَّذِينَ فِي ٱلنَّارِ لِخَزَنَةِ جَهَنَّمَ ٱدۡعُواْ رَبَّكُمۡ يُخَفِّفۡ عَنَّا يَوۡمًا مِّنَ ٱلۡعَذَابِ

Ba ka har’a Mollo ba tla re ho Baalosi ba Lihele: “Rapelang Mong`a lona hore A ke A re bebofaletse kahlolo ena letsatsi feela.”

40:50

قَالُوٓاْ أَوَلَمۡ تَكُ تَأۡتِيكُمۡ رُسُلُكُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِۖ قَالُواْ بَلَىٰۚ قَالُواْ فَٱدۡعُواْۗ وَمَا دُعَٰٓؤُاْ ٱلۡكَٰفِرِينَ إِلَّا فِي ضَلَٰلٍ

Ba tla re: “Na baromuoa ha ba ea fihla ho lona ka lits’upiso tse hlakileng? ba tla re: “E, Ruri.” Bat la araba: “Joale, rapelang, le hoja thapelo ea ba hlokang tumelo e se letho haese joalo ka ea hlahlathellang thoko.”

40:51

إِنَّا لَنَنصُرُ رُسُلَنَا وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَيَوۡمَ يَقُومُ ٱلۡأَشۡهَٰدُ

Kantle ho khoao Re tla thusa baromuoa ba Rona, le bohle ba-kholoang bophelong ba lefats’e lena le mohla letsatsi leo ka lona Lipaki li tlang ho hlahella, –

40:52

يَوۡمَ لَا يَنفَعُ ٱلظَّٰلِمِينَ مَعۡذِرَتُهُمۡۖ وَلَهُمُ ٱللَّعۡنَةُ وَلَهُمۡ سُوٓءُ ٱلدَّارِ

Letsatsing leo ho kopa ts’oarelo hoa bona ho ke keng ha thusa baetsalibe, thohako ke’a bona le lona Lehae la Ts’otleho

40:53

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡهُدَىٰ وَأَوۡرَثۡنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱلۡكِتَٰبَ

Re ile Ra fana ka Tataiso ho Moshe, eaba Re hlomamisa bana ba Israele ho ba majalefa a Lengolo, –

40:54

هُدًى وَذِكۡرَىٰ لِأُوْلِي ٱلۡأَلۡبَٰبِ

Tataiso le Molaetsa ho batho ba nang le kutloisiso

40:55

فَٱصۡبِرۡ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَٱسۡتَغۡفِرۡ لِذَنۢبِكَ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ بِٱلۡعَشِيِّ وَٱلۡإِبۡكَٰرِ

Mamella, u tsitlalle: Hobane ts’episo ea Allah ke ‘nete: U kope ts’oarelo khahlano le sebe sa hau, u phete lithoriso tsa Mong`a hau bosiu le mots’eare

40:56

إِنَّ ٱلَّذِينَ يُجَٰدِلُونَ فِيٓ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ بِغَيۡرِ سُلۡطَٰنٍ أَتَىٰهُمۡ إِن فِي صُدُورِهِمۡ إِلَّا كِبۡرٌ مَّا هُم بِبَٰلِغِيهِۚ فَٱسۡتَعِذۡ بِٱللَّهِۖ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ

Ba ngangisanang ka lits’enolo tsa Allah ho se matla a finyeletseng ho bona, ha ho letho ka har’a lifuba tsa bona haese boholo boo ba ke keng ba bo fihlela. Kopa ts’ireletso ho Allah. Hobane ke Eena, Ea utloang tsohle, Ea bonang tsohle

40:57

لَخَلۡقُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ أَكۡبَرُ مِنۡ خَلۡقِ ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ

Ruri! Tlholeho ea maholimo le lefats’e e kholo haholo ho feta tlholeho ea batho; empa bongata ba batho ha bo na kutloisiso

40:58

وَمَا يَسۡتَوِي ٱلۡأَعۡمَىٰ وَٱلۡبَصِيرُ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَلَا ٱلۡمُسِيٓءُۚ قَلِيلًا مَّا تَتَذَكَّرُونَ

Sefofu ha se ts’oane le ea bonang, ka ho ts’oana le ba-kholoang, ba etsa liketso tse lokileng; ha ba ts’oane le baetsalibe. Le ithuta hanyane ka khalemo

40:59

إِنَّ ٱلسَّاعَةَ لَأٓتِيَةٌ لَّا رَيۡبَ فِيهَا وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يُؤۡمِنُونَ

Ruri! Hora eona e ea tla, ha ho khoao; le hoja bongata ba batho bo sa kholoe

40:60

وَقَالَ رَبُّكُمُ ٱدۡعُونِيٓ أَسۡتَجِبۡ لَكُمۡۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَسۡتَكۡبِرُونَ عَنۡ عِبَادَتِي سَيَدۡخُلُونَ جَهَنَّمَ دَاخِرِينَ

Mong`a lona U re: “Bitsang ho ‘Na, Ke tla araba thapelo ea lona. Empa ba ikhomosang ho ka Nts’ebeletsa, ruri ba tla iphumana ka har’a lihele – ba tlontlolehile.”

40:61

ٱللَّهُ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ لِتَسۡكُنُواْ فِيهِ وَٱلنَّهَارَ مُبۡصِرًاۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَشۡكُرُونَ

Ke Allah Ea le hlophetseng bosiu, hore le tle le phomole ka bona le hore le tle le bone mots’eare. Ruri! Allah U Tletse Nala le Mohau ho batho: empa boholo ba batho bo hloka liteboho

40:62

ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءٍ لَّآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ فَأَنَّىٰ تُؤۡفَكُونَ

Eo ke Allah, Mong`a lona, `Mopi oa lintho tsohle. Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Joale, hobaneng le khelohile ‘Neteng

40:63

كَذَٰلِكَ يُؤۡفَكُ ٱلَّذِينَ كَانُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ يَجۡحَدُونَ

Ke kamoo ba khelohileng ba latolang Lits’enolo tsa Allah

40:64

ٱللَّهُ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ قَرَارًا وَٱلسَّمَآءَ بِنَآءً وَصَوَّرَكُمۡ فَأَحۡسَنَ صُوَرَكُمۡ وَرَزَقَكُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِۚ ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡۖ فَتَبَارَكَ ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Ke Allah Ea hlophisitseng lefats’e hoba sebaka sa lona sa phomolo le maru hoba sekhele, U le bopile esita le ho le neha libopeho tse ntle; U le sitsitse ka lintho tsohle. Eo ke Allah, Mong`a lona. Tlotla e be ho Allah, Mong`a Mafats’e

40:65

هُوَ ٱلۡحَيُّ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ فَٱدۡعُوهُ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَۗ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Ke Eena Ea Phelang. Ha ho `Mopi ntle ho Eena. Kahoo, Bitsang ho Eena, le Mo nehe lerato la sebele. Thoriso e be ho Allah, Mong`a Mafats’e

40:66

قُلۡ إِنِّي نُهِيتُ أَنۡ أَعۡبُدَ ٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَمَّا جَآءَنِيَ ٱلۡبَيِّنَٰتُ مِن رَّبِّي وَأُمِرۡتُ أَنۡ أُسۡلِمَ لِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

E re: “Ke hanetsoe ho bitsa ho bao le btsang ho bona ntle ho Allah ho tloha mohla lits’upiso tse hlakileng li neng li finyella ho ‘na tse tsoang ho Mong`a ka, ke bile ke laetsoe ho inehela ho Mong`a Mafats’e

40:67

هُوَ ٱلَّذِي خَلَقَكُم مِّن تُرَابٍ ثُمَّ مِن نُّطۡفَةٍ ثُمَّ مِنۡ عَلَقَةٍ ثُمَّ يُخۡرِجُكُمۡ طِفۡلًا ثُمَّ لِتَبۡلُغُوٓاْ أَشُدَّكُمۡ ثُمَّ لِتَكُونُواْ شُيُوخًاۚ وَمِنكُم مَّن يُتَوَفَّىٰ مِن قَبۡلُۖ وَلِتَبۡلُغُوٓاْ أَجَلًا مُّسَمًّى وَلَعَلَّكُمۡ تَعۡقِلُونَ

Ke Eena ea le hlotseng ka lerole, le ka lerotholi la there, la fetoha lehloele, lehloele la hlaha e se e le ngoana, eaba o’A le holisa ho fihlela lilemo tsa bohlankana, kamor’a mona le tla fetoha maqhekoana – le hoja ba bang ba lona ba shoa ba es’o fihlele lilemo tsena – ho fihlela le finyella nakong ea pallo, hore le tle le utloisise

40:68

هُوَ ٱلَّذِي يُحۡيِۦ وَيُمِيتُۖ فَإِذَا قَضَىٰٓ أَمۡرًا فَإِنَّمَا يَقُولُ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ

Ke Eena Ea fanang ka bophelo le lefu. Ha A na le morero, U re feela ho ona: “Eba teng!” O fele o be teng

40:69

أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ يُجَٰدِلُونَ فِيٓ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ أَنَّىٰ يُصۡرَفُونَ

Na ha le es’o bone kamoo ba ngangisanang ka Lits’enolo tsa Allah? Ba khelohang kateng? –

40:70

ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِٱلۡكِتَٰبِ وَبِمَآ أَرۡسَلۡنَا بِهِۦ رُسُلَنَاۖ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ

Ba latolang Lengolo le molaetsa oo Re o romeletseng baromuoa ba Rona: Empa haufi ba tla tseba, –

40:71

إِذِ ٱلۡأَغۡلَٰلُ فِيٓ أَعۡنَٰقِهِمۡ وَٱلسَّلَٰسِلُ يُسۡحَبُونَ

Mohla lijoko li tla beng li le melaleng ea bona le liketane: ba tla hulang’oa

40:72

فِي ٱلۡحَمِيمِ ثُمَّ فِي ٱلنَّارِ يُسۡجَرُونَ

Ka har’a metsi a nkhang, a belang; ba tla chesoa ka har’a Mollo

40:73

ثُمَّ قِيلَ لَهُمۡ أَيۡنَ مَا كُنتُمۡ تُشۡرِكُونَ

Ho tla thoe ho bona: “E kae melingoana eo le neng le tloaetse ho khumamela –

40:74

مِن دُونِ ٱللَّهِۖ قَالُواْ ضَلُّواْ عَنَّا بَل لَّمۡ نَكُن نَّدۡعُواْ مِن قَبۡلُ شَيۡـًٔاۚ كَذَٰلِكَ يُضِلُّ ٱللَّهُ ٱلۡكَٰفِرِينَ

“Khahlanong le Allah?” Ba tla araba: “E re phoqile; empa ho ne ho se letho leo re neng re bitsa ho lona pele.” Ke ka mokhoa oo Allah A lesang mahana-tumelo ho kheloha

40:75

ذَٰلِكُم بِمَا كُنتُمۡ تَفۡرَحُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّ وَبِمَا كُنتُمۡ تَمۡرَحُونَ

“Sena ke hobane le ne le nyakalla ka thabo lefats’eng limthong tse ling kantle ho ‘nete, le ne le qoetse boikhohomosong

40:76

ٱدۡخُلُوٓاْ أَبۡوَٰبَ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَاۖ فَبِئۡسَ مَثۡوَى ٱلۡمُتَكَبِّرِينَ

“Kenang mekoallong ea Lihele, moo le tlang ho phela kateng. Etsoe se nyonyehang ke lehae la baikhohomosi.”

40:77

فَٱصۡبِرۡ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّۚ فَإِمَّا نُرِيَنَّكَ بَعۡضَ ٱلَّذِي نَعِدُهُمۡ أَوۡ نَتَوَفَّيَنَّكَ فَإِلَيۡنَا يُرۡجَعُونَ

Kahoo tsitlalla ka mamello; Hobane ts’episo ea Allah ke ‘nete. Ebang Re ka u bonts’a karolo ea seo Re ba ts’episitseng sona, kapa ebang Re ka etsa hore u shoe ho ea ts’oana, ba tla boela ho Rona

40:78

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا رُسُلًا مِّن قَبۡلِكَ مِنۡهُم مَّن قَصَصۡنَا عَلَيۡكَ وَمِنۡهُم مَّن لَّمۡ نَقۡصُصۡ عَلَيۡكَۗ وَمَا كَانَ لِرَسُولٍ أَن يَأۡتِيَ بِـَٔايَةٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ فَإِذَا جَآءَ أَمۡرُ ٱللَّهِ قُضِيَ بِٱلۡحَقِّ وَخَسِرَ هُنَالِكَ ٱلۡمُبۡطِلُونَ

Re ‘nile Ra romella baromuoa pele ho uena, bao har’a bona Re ‘nileng Ra u phetela bona le bao Re sa kang Ra u bolella bona; ha ho oa fanoa ho moromuoa ofe kapa ofe tumello ea hore a ka hlahisa sesupo kantle le tumello ea Allah, empa hang ha taelo ea Allah e se e tlile, e be nyeoe eo e ahloloa ka toka, ba sesang har’a Mashano ba timelang hang

40:79

ٱللَّهُ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَنۡعَٰمَ لِتَرۡكَبُواْ مِنۡهَا وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ

Ke Allah ea le hloletseng Likhomo, hore le tle le palame tse ling tsa tsona, ha tse ling e le lijo –

40:80

وَلَكُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ وَلِتَبۡلُغُواْ عَلَيۡهَا حَاجَةً فِي صُدُورِكُمۡ وَعَلَيۡهَا وَعَلَى ٱلۡفُلۡكِ تُحۡمَلُونَ

Le na le melemo e mengata ho tsona – le khotsofatsa lipelo tsa lona ka melemo ea tsona, e bile li jara meroalo ea lona le likepe ho le jara

40:81

وَيُرِيكُمۡ ءَايَٰتِهِۦ فَأَيَّ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ تُنكِرُونَ

Ebile U le bonts’a Lits’upiso tsa Hae. Ke se sesupo se fe sa Allah seo u ka se latolang

40:82

أَفَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَانُوٓاْ أَكۡثَرَ مِنۡهُمۡ وَأَشَدَّ قُوَّةً وَءَاثَارًا فِي ٱلۡأَرۡضِ فَمَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ

Na ha ba hahlaule le lefats’e ho bona pheletso ea ba bileng teng pele ho bona? Ba neng ba ba menahanya ka palo, ba le matla ho ba feta le mehlaleng eo ba e sileng lefats’eng: empa tsohle tseo ba neng ba e na le tsona ha li’a ka tsa ba thusa ka letho

40:83

فَلَمَّا جَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَرِحُواْ بِمَا عِندَهُم مِّنَ ٱلۡعِلۡمِ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ

Hobane ha baromuoa ba bona ba tlisitse lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, ba neba nkehile ke menate ea lefats’e eo ba ena le eona: empa seo ba neng ba tloaetse ho se soma, se ile sa ba aparela

40:84

فَلَمَّا رَأَوۡاْ بَأۡسَنَا قَالُوٓاْ ءَامَنَّا بِٱللَّهِ وَحۡدَهُۥ وَكَفَرۡنَا بِمَا كُنَّا بِهِۦ مُشۡرِكِينَ

Eitse ha ba bona Kahlolo ea Rona, ba re: “Re kholoa ho Allah – Allah A Inotsi – re latola batlatsetsi bao re neng re tloaetse ho ba kopanya le Eena.”

40:85

فَلَمۡ يَكُ يَنفَعُهُمۡ إِيمَٰنُهُمۡ لَمَّا رَأَوۡاْ بَأۡسَنَاۖ سُنَّتَ ٱللَّهِ ٱلَّتِي قَدۡ خَلَتۡ فِي عِبَادِهِۦۖ وَخَسِرَ هُنَالِكَ ٱلۡكَٰفِرُونَ

Empa ho ipolela Tumelo ha bona ho ke ke ha ba thusa ka letho ha ba bona kahlolo ea Rona. Ke tsela eo Allah A sebetsang ka eona malebana le makhabunyane a Hae. Ke kamoo mahana- tumelo ba tla timela

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.