Surah 71 · 28 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Nuh in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
إِنَّآ أَرۡسَلۡنَا نُوحًا إِلَىٰ قَوۡمِهِۦٓ أَنۡ أَنذِرۡ قَوۡمَكَ مِن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ
Ruri! Re ile Ra romella Nooe ho batho ba habo: “Lemosa batho ba heno esere kahlolo e mahlonoko ea tloha ea ba oela holimo
قَالَ يَٰقَوۡمِ إِنِّي لَكُمۡ نَذِيرٌ مُّبِينٌ
A re: “Oho batho ba heso! Ruri! Ke mohlokomelisi ea totobetseng ho lona
أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱتَّقُوهُ وَأَطِيعُونِ
“Hore le tlameha ho khumamela Allah le hona ho mo sebeletsa ka tieo, le nkutloe
يَغۡفِرۡ لَكُم مِّن ذُنُوبِكُمۡ وَيُؤَخِّرۡكُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّىۚ إِنَّ أَجَلَ ٱللَّهِ إِذَا جَآءَ لَا يُؤَخَّرُۚ لَوۡ كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ
“Hore A tle A le ts’oarele libe tsa lona le hona ho lelefatsa nako ea lona ea pallo. Hobane Ruri! Nako eo pallo ea Allah e tlang, e ke ke ea liehisoa hoja le ne le tseba.”
قَالَ رَبِّ إِنِّي دَعَوۡتُ قَوۡمِي لَيۡلًا وَنَهَارًا
A re: “Mong`a ka! Ruri! Ke ne ke etsa pitso ho batho ba heso bosiu le mots’eare
فَلَمۡ يَزِدۡهُمۡ دُعَآءِيٓ إِلَّا فِرَارًا
Empa lipitso tsohle tsa ka ha li’a ka tsa thusa letho haese hona hore ba balehe ‘neteng
وَإِنِّي كُلَّمَا دَعَوۡتُهُمۡ لِتَغۡفِرَ لَهُمۡ جَعَلُوٓاْ أَصَٰبِعَهُمۡ فِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَٱسۡتَغۡشَوۡاْ ثِيَابَهُمۡ وَأَصَرُّواْ وَٱسۡتَكۡبَرُواْ ٱسۡتِكۡبَارًا
“Hobane ka linako tsohle ha ke ba bitsetsa hore U tle U ba ts’oarele, ba kiba litsebe tsa bona ka menoana le hona ho ipata lifahleho ka liaparo tsa bona; ba tsitlaletse nyefolong le hona ho ikhohomosa
ثُمَّ إِنِّيٓ أَعۡلَنتُ لَهُمۡ وَأَسۡرَرۡتُ لَهُمۡ إِسۡرَارًا
“Ke ile ka phatlalatsa molaetsa pooaneng ho bona; ka etsa kopo ho bona sephiring
فَقُلۡتُ ٱسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّكُمۡ إِنَّهُۥ كَانَ غَفَّارًا
“Ke re: kopang ts’oarelo ho Mong`a lona. Hobane U Ts’oarela ka Mehla eohle
وَيُمۡدِدۡكُم بِأَمۡوَٰلٍ وَبَنِينَ وَيَجۡعَل لَّكُمۡ جَنَّٰتٍ وَيَجۡعَل لَّكُمۡ أَنۡهَٰرًا
“A le ekeletse maruo le bara; A le sitse ka Lirapa le Linoka tse phallang
مَّا لَكُمۡ لَا تَرۡجُونَ لِلَّهِ وَقَارًا
“Molato ke eng ka lona haele moo le hloka ts’epo ho Allah molemong oa boits’oaro bo nepahetseng
أَلَمۡ تَرَوۡاْ كَيۡفَ خَلَقَ ٱللَّهُ سَبۡعَ سَمَٰوَٰتٍ طِبَاقًا
Na ha le bone kamoo Allah a hlotseng maholimo a supileng kateng ka tatellano
وَجَعَلَ ٱلۡقَمَرَ فِيهِنَّ نُورًا وَجَعَلَ ٱلشَّمۡسَ سِرَاجًا
A tsepamisa ngoeli ho ba khanya leholimong le lona letsatsi ho ba lebone
وَٱللَّهُ أَنۢبَتَكُم مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ نَبَاتًا
“Ke Allah ea le hlahisitseng leroleng la lefats’e
ثُمَّ يُعِيدُكُمۡ فِيهَا وَيُخۡرِجُكُمۡ إِخۡرَاجًا
“Pheletsong U tla boela A le busetsa ho lona hape, U tla le tsosa hape ka Letsatsi la Tsoho
لِّتَسۡلُكُواْ مِنۡهَا سُبُلًا فِجَاجًا
“Hore le tle le hahlaule holim’a lona ka litsela tse pharaletseng.”
قَالَ نُوحٌ رَّبِّ إِنَّهُمۡ عَصَوۡنِي وَٱتَّبَعُواْ مَن لَّمۡ يَزِدۡهُ مَالُهُۥ وَوَلَدُهُۥٓ إِلَّا خَسَارًا
Nooe a re: “Mong`a ka! Ruri! ba ntatotse, eaba ba sala morao batho bao thepa le bana ba bona li sa tl’ong ho ba thusa ka letho haese Tahleho
وَقَالُواْ لَا تَذَرُنَّ ءَالِهَتَكُمۡ وَلَا تَذَرُنَّ وَدًّا وَلَا سُوَاعًا وَلَا يَغُوثَ وَيَعُوقَ وَنَسۡرًا
“Ba re: “Le se lahle melingoana ea lona kherehloa. E leng Wadd kapa Suw’a, le haele Yaghuth, Ya’uq kapa Nasr
وَقَدۡ أَضَلُّواْ كَثِيرًاۖ وَلَا تَزِدِ ٱلظَّٰلِمِينَ إِلَّا ضَلَٰلًا
Ruri! Ba khelositse batho ba bangata tseleng, uena ha ho kamoo u ka putsang baetsalibe kateng haese ka ho kheloha.”
مِّمَّا خَطِيٓـَٰٔتِهِمۡ أُغۡرِقُواْ فَأُدۡخِلُواْ نَارًا فَلَمۡ يَجِدُواْ لَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ أَنصَارًا
Ba ile ba khamisoa metsi ho latela libe tsa bona, eaba ba akheloa Mollong. Ha ho bathusi ba ileng ba ba fumana ntle ho Allah
وَقَالَ نُوحٌ رَّبِّ لَا تَذَرۡ عَلَى ٱلۡأَرۡضِ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ دَيَّارًا
Nooe a re: “Mong`a ka! U se siee leha e le moneketsela feela oa moetsalibe lefats’eng
إِنَّكَ إِن تَذَرۡهُمۡ يُضِلُّواْ عِبَادَكَ وَلَا يَلِدُوٓاْ إِلَّا فَاجِرًا كَفَّارًا
Hobane haeba U ka ba siea, ba tla khelosa makhabunyane a Hau le tsoala tsa bona e tla ba baetsalibe
رَّبِّ ٱغۡفِرۡ لِي وَلِوَٰلِدَيَّ وَلِمَن دَخَلَ بَيۡتِيَ مُؤۡمِنًا وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۖ وَلَا تَزِدِ ٱلظَّٰلِمِينَ إِلَّا تَبَارَۢا
Mong`a ka! U nts’oarele ‘moho le batsoali ba ka le ba-kholoang bohle ba keneng lelapeng la ka, banna le basali, U se ke oa putsa baetsalibe ka letho haese timelo
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.