Surah 70 · 44 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Al-Ma'arij in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
تَعۡرُجُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَٱلرُّوحُ إِلَيۡهِ فِي يَوۡمٍ كَانَ مِقۡدَارُهُۥ خَمۡسِينَ أَلۡفَ سَنَةٍ
Tseo manyeloi le Khabariele a nyolohelang ho Eena ka letsatsi leo tekanyo ea lona e ka bang likete tse mashome a mahlano a lilemo
يَوۡمَ تَكُونُ ٱلسَّمَآءُ كَٱلۡمُهۡلِ
Letsatsi leo ka lona leholimo le tlang ho ho ba joalo ka lesheleshele la koporo
يُبَصَّرُونَهُمۡۚ يَوَدُّ ٱلۡمُجۡرِمُ لَوۡ يَفۡتَدِي مِنۡ عَذَابِ يَوۡمِئِذِۭ بِبَنِيهِ
Le hoja ba tla be ba filoe pono ea hore ba bonane. Takatso ea moetsalibe; e tla ba e ka a ka itokolla Kahlolong ea Letsatsi leo ka ho itefella ka bana ba hae
وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعًا ثُمَّ يُنجِيهِ
Le ka bohle ba teng mona lefats’eng, haeba ho khoneha ho mo lopolla
وَٱلَّذِينَ فِيٓ أَمۡوَٰلِهِمۡ حَقٌّ مَّعۡلُومٌ
Bao thepeng ea bona ho nang le litokelo tse fanoeng
إِنَّ عَذَابَ رَبِّهِمۡ غَيۡرُ مَأۡمُونٍ
Hobane Mesarelo ea Mong`a bona e khahlanong le Khotso le Boiketlo; –
إِلَّا عَلَىٰٓ أَزۡوَٰجِهِمۡ أَوۡ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ فَإِنَّهُمۡ غَيۡرُ مَلُومِينَ
Kantle le basali ba bona le bao matsoho a matona a bona a ba ruileng, kahoo ba ke keba behoa molato
فَمَنِ ٱبۡتَغَىٰ وَرَآءَ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡعَادُونَ
Empa haele ba tlolang meeli eo, Ruri! bao e tla be e le batloli ba melao
وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِأَمَٰنَٰتِهِمۡ وَعَهۡدِهِمۡ رَٰعُونَ
Ka ho ts’oana le ba bolokang likano tsa bona le selekane sa bona
وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَلَىٰ صَلَاتِهِمۡ يُحَافِظُونَ
Hammoho le bohle ba hlokolosi lithapelong tsa bona
فَمَالِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ قِبَلَكَ مُهۡطِعِينَ
Molato ke eng ka mahana-tumelo haele moo ba u tonetse mahlo
عَنِ ٱلۡيَمِينِ وَعَنِ ٱلشِّمَالِ عِزِينَ
Ka lehlakoreng le letona le le lets’eali ka mekhahlelo
أَيَطۡمَعُ كُلُّ ٱمۡرِيٍٕ مِّنۡهُمۡ أَن يُدۡخَلَ جَنَّةَ نَعِيمٍ
Ana motho e mong le e mong har’a bona o rata ho kena kahar’a Serapa sa Nyakallo
فَلَآ أُقۡسِمُ بِرَبِّ ٱلۡمَشَٰرِقِ وَٱلۡمَغَٰرِبِ إِنَّا لَقَٰدِرُونَ
Ke ikana ka Mong`a ‘nqa tsohle tsa Bochabela le Bophirima hore re na le matla
عَلَىٰٓ أَن نُّبَدِّلَ خَيۡرًا مِّنۡهُمۡ وَمَا نَحۡنُ بِمَسۡبُوقِينَ
Ho beha ba betere ho ba feta sebakeng sa bona. Re ke ke ra hloloa
فَذَرۡهُمۡ يَخُوضُواْ وَيَلۡعَبُواْ حَتَّىٰ يُلَٰقُواْ يَوۡمَهُمُ ٱلَّذِي يُوعَدُونَ
Kahoo, ba tlohele ho itaola le ho bapala ho fihlela ba kopana le letsatsi la bona leo ba le ts’episitsoeng
يَوۡمَ يَخۡرُجُونَ مِنَ ٱلۡأَجۡدَاثِ سِرَاعًا كَأَنَّهُمۡ إِلَىٰ نُصُبٍ يُوفِضُونَ
Eleng letsatsi leo ba tlang ho tsosoa mabitleng ka potlako joaloka ha eka ke litlholisano ho ea leseleng
خَٰشِعَةً أَبۡصَٰرُهُمۡ تَرۡهَقُهُمۡ ذِلَّةٌۚ ذَٰلِكَ ٱلۡيَوۡمُ ٱلَّذِي كَانُواْ يُوعَدُونَ
Ka mahlo a ts’ohileng, ba bile ba aparetsoe ke masoabi: leo e tla be ele letsatsi leo ba le ts’episitsoeng
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.