Surah 10 · 109 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Yunus in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

10:1

الٓرۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡحَكِيمِ

Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Lengolo le halalelang le phuthetseng bohlale

10:2

أَكَانَ لِلنَّاسِ عَجَبًا أَنۡ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ رَجُلٍ مِّنۡهُمۡ أَنۡ أَنذِرِ ٱلنَّاسَ وَبَشِّرِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَنَّ لَهُمۡ قَدَمَ صِدۡقٍ عِندَ رَبِّهِمۡۗ قَالَ ٱلۡكَٰفِرُونَ إِنَّ هَٰذَا لَسَٰحِرٌ مُّبِينٌ

Na ke taba e mohlolo ho batho haele mona re ile ra susumetsa monna har’a bona, ka hore: “Hlokomelisa batho le hona ho nehelana ka litaba tse molemo ho ba kholoang tsa hore ba be le nete ho Mong`a bona?” Mahana-tumelo a re: “Ruri enoa ke moloi ea pepenene”

10:3

إِنَّ رَبَّكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ فِي سِتَّةِ أَيَّامٍ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۖ مَا مِن شَفِيعٍ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ إِذۡنِهِۦۚ ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُوهُۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ

Ruri! Mong`a lona ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng, o tsitsitse Teroneng moo a laolang lintho tsohle. Ha ho ‘muelli ea ka bang teng lipakeng tsa Hae le batho haese kamor’a tumello ea Hae. Eo ke Eena Allah, Mong`a lona, kahoo Mo sebeletseng. Na le sa tla ke le nahane

10:4

إِلَيۡهِ مَرۡجِعُكُمۡ جَمِيعًاۖ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقًّاۚ إِنَّهُۥ يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ لِيَجۡزِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ بِٱلۡقِسۡطِۚ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَهُمۡ شَرَابٌ مِّنۡ حَمِيمٍ وَعَذَابٌ أَلِيمُۢ بِمَا كَانُواْ يَكۡفُرُونَ

Bohle le tla boela ho Eena; ena ke ts’episo ea Allah. Ke Eena ea simolotseng tlholeho, eaba o se A e pheta-pheta, hore A tle A putse bohle ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng ka tekanyo; empa ba sa kholoeng, ba tla khaqisoa metsi a belang ekasitana le eona timelo e mahlonoko ke ea bona hobane ba latotse tumelo

10:5

هُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ ٱلشَّمۡسَ ضِيَآءً وَٱلۡقَمَرَ نُورًا وَقَدَّرَهُۥ مَنَازِلَ لِتَعۡلَمُواْ عَدَدَ ٱلسِّنِينَ وَٱلۡحِسَابَۚ مَا خَلَقَ ٱللَّهُ ذَٰلِكَ إِلَّا بِٱلۡحَقِّۚ يُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لِقَوۡمٍ يَعۡلَمُونَ

Ruri! Ke Eena Ea hlotseng letsatsi le phatsimang le eona ngoeli e khanyang, eaba U e behela liteka-tekano tse fapaneng, hore le tle le tsebe ho bala lilemo le hona ho etsa lipalo. Allah U hlotse tsena tsohle ka ‘nete. Ke kamoo A hlalosang lits’enolo kateng ho ba utloisisang

10:6

إِنَّ فِي ٱخۡتِلَٰفِ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَمَا خَلَقَ ٱللَّهُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَتَّقُونَ

Ruri! Phapanyetsano ea bosiu le mots’eare le lintho tsohle tseo Allah a li hlotseng maholimong le lefats’eng ke lits’upiso Ruri, sebakeng sa ba Mo ts`abang

10:7

إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا وَرَضُواْ بِٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَٱطۡمَأَنُّواْ بِهَا وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَنۡ ءَايَٰتِنَا غَٰفِلُونَ

Ba sa lebellang kopano le rona, ba mpa ba laba-labela bophelo ba lefats’e lena le hona ho ikutloa ba hlokomelehile ho lona, le bohle ba sa tsotelleng lits’enolo tsa Rona

10:8

أُوْلَٰٓئِكَ مَأۡوَىٰهُمُ ٱلنَّارُ بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ

Lehae la bona e tla ba mollo ho latela lintho tseo ba li kotutseng

10:9

إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ يَهۡدِيهِمۡ رَبُّهُم بِإِيمَٰنِهِمۡۖ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهِمُ ٱلۡأَنۡهَٰرُ فِي جَنَّٰتِ ٱلنَّعِيمِ

Ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Ruri Mong`a bona U ba tataisa ho latela tumelo ea bona. Linoka li tla phalla mabapi le bona kahar’a lirapa tsa nyakallo

10:10

دَعۡوَىٰهُمۡ فِيهَا سُبۡحَٰنَكَ ٱللَّهُمَّ وَتَحِيَّتُهُمۡ فِيهَا سَلَٰمٌۚ وَءَاخِرُ دَعۡوَىٰهُمۡ أَنِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Sello sa bona moo teng e tlaba: “Tlotla e be ho Uena, Oho Allah!” Tumeliso ea bona e tlaba: “Khotso”. Mathetho a lithapelo tsa bona e tlaba: “Lithoriso li be ho Allah, Mong`a Mafats’e!”

10:11

وَلَوۡ يُعَجِّلُ ٱللَّهُ لِلنَّاسِ ٱلشَّرَّ ٱسۡتِعۡجَالَهُم بِٱلۡخَيۡرِ لَقُضِيَ إِلَيۡهِمۡ أَجَلُهُمۡۖ فَنَذَرُ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا فِي طُغۡيَٰنِهِمۡ يَعۡمَهُونَ

Hoja Allah a ne a ka potlakisa bobe boo batho ba bo kotutseng joaloka ha ba ne ba ka potlakela melemo, eka be eba kahlolo ea bona e se e fetile. Re mpa re lesa basa elelloeng kopano ea rona le bona ho tlankella lefifing ho latela manganga a bona

10:12

وَإِذَا مَسَّ ٱلۡإِنسَٰنَ ٱلضُّرُّ دَعَانَا لِجَنۢبِهِۦٓ أَوۡ قَاعِدًا أَوۡ قَآئِمًا فَلَمَّا كَشَفۡنَا عَنۡهُ ضُرَّهُۥ مَرَّ كَأَن لَّمۡ يَدۡعُنَآ إِلَىٰ ضُرٍّ مَّسَّهُۥۚ كَذَٰلِكَ زُيِّنَ لِلۡمُسۡرِفِينَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Empa ha tubeho e ka ama motho o memetsa ho rona, empa a paqame ka lehlakore, kapa a lutse, kapa a eme, nakong eo re mo pholosang tubehong eo; o ikela moo a ratang teng joaloka ha eka ha a e s’o re llele mathateng a kileng a mo ama. Ke kamoo liketso tsa ba bohlasoa li bonahalang li khahlisa mahlong a bona

10:13

وَلَقَدۡ أَهۡلَكۡنَا ٱلۡقُرُونَ مِن قَبۡلِكُمۡ لَمَّا ظَلَمُواْ وَجَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَمَا كَانُواْ لِيُؤۡمِنُواْۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡمُجۡرِمِينَ

Meloko pele ho lona e ile ea ripitloa nakong eo ba neng ba entse liphoso; Baromuoa ba tsoang ho Allah ba ‘nile ba tla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea hae, empa ha ba eaka ba kholoa. Ke kamoo Re putsang batho ba etsang liphoso

10:14

ثُمَّ جَعَلۡنَٰكُمۡ خَلَٰٓئِفَ فِي ٱلۡأَرۡضِ مِنۢ بَعۡدِهِمۡ لِنَنظُرَ كَيۡفَ تَعۡمَلُونَ

Eaba le etsa majalefa lefats’eng kamor’a bona, hore re tle re bone kamoo le tla its’oara kateng

10:15

وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَاتُنَا بَيِّنَٰتٍ قَالَ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا ٱئۡتِ بِقُرۡءَانٍ غَيۡرِ هَٰذَآ أَوۡ بَدِّلۡهُۚ قُلۡ مَا يَكُونُ لِيٓ أَنۡ أُبَدِّلَهُۥ مِن تِلۡقَآيِٕ نَفۡسِيٓۖ إِنۡ أَتَّبِعُ إِلَّا مَا يُوحَىٰٓ إِلَيَّۖ إِنِّيٓ أَخَافُ إِنۡ عَصَيۡتُ رَبِّي عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ

Empa nakong eo ba pheteloang lits’enolo tsa rona tse hlakileng, ba sa tsotelleng kopano le Rona ba re: “Re tlisetse thuto e ‘ngoe e fapaneng le ena, kapa le e fetole”. E re: “Ruri ha ke’a lokela ho fetola

10:16

قُل لَّوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَا تَلَوۡتُهُۥ عَلَيۡكُمۡ وَلَآ أَدۡرَىٰكُم بِهِۦۖ فَقَدۡ لَبِثۡتُ فِيكُمۡ عُمُرًا مِّن قَبۡلِهِۦٓۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ

E re: “Hoja ebile thato ea Allah, nka be ke sa ka ka le phetela lona

10:17

فَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا أَوۡ كَذَّبَ بِـَٔايَٰتِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ لَا يُفۡلِحُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ

Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano ka Allah a bile a nyefola lits’enolo tsa Hae? Bonang! Haele baetsang liphoso ba ke ke ba atleha

10:18

وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُمۡ وَلَا يَنفَعُهُمۡ وَيَقُولُونَ هَٰٓؤُلَآءِ شُفَعَٰٓؤُنَا عِندَ ٱللَّهِۚ قُلۡ أَتُنَبِّـُٔونَ ٱللَّهَ بِمَا لَا يَعۡلَمُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ

Ba sebeletsa melingoana kathoko ho Allah e ke keng ea ba hlahisa kotsi le haele ho ba thusa ka letho, ba bile ba re: “Bana ke bona babuelli ba rona ho Allah”. E re: “Na e be ho teng ntho eo le ka e tsebisang Allah eo e leng hore ha a e tsebe maholimong kapa lefats’eng? Lithoriso li be ho Eena hobane ke Eena ea phahametseng lintho tsohle ka ho fetisisa tseo le mo kopanyang le tsona

10:19

وَمَا كَانَ ٱلنَّاسُ إِلَّآ أُمَّةً وَٰحِدَةً فَٱخۡتَلَفُواْۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةٌ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡ فِيمَا فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ

Batho bohle lefats’eng ekile ea eba sechaba se le seng; liphapang li bile teng hamorao; ebang e ne e se ka lebaka la lentsoe le ileng la behoa nale ka pele-pele ke Mong`a bona, le ka be le hlile la ahlola lipakeng tsa bona ho latela moo ebang ba fapana

10:20

وَيَقُولُونَ لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡهِ ءَايَةٌ مِّن رَّبِّهِۦۖ فَقُلۡ إِنَّمَا ٱلۡغَيۡبُ لِلَّهِ فَٱنتَظِرُوٓاْ إِنِّي مَعَكُم مِّنَ ٱلۡمُنتَظِرِينَ

Ba tla re: “Hoja ho mpile ha romeloa sesupo ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” E re: “Masabonoeng ke tsa Allah feela. Kahoo letang! Ruri, le ‘na ke tla leta le lona

10:21

وَإِذَآ أَذَقۡنَا ٱلنَّاسَ رَحۡمَةً مِّنۢ بَعۡدِ ضَرَّآءَ مَسَّتۡهُمۡ إِذَا لَهُم مَّكۡرٌ فِيٓ ءَايَاتِنَاۚ قُلِ ٱللَّهُ أَسۡرَعُ مَكۡرًاۚ إِنَّ رُسُلَنَا يَكۡتُبُونَ مَا تَمۡكُرُونَ

Hoba re etse hore batho ba latsoe mohau kamor’a litubeho tse seng kae tse ileng tsa ba ama, bonang! Ke moo ba simolla ho rera sephiring khahlanong le lits’enolo tsa rona. U re: “Ruri ea potlakang ka ho fetisisa ka merero ke Allah”. Ruri! Baromuoa ba Rona ba ngola fats’e merero eo le e rerang

10:22

هُوَ ٱلَّذِي يُسَيِّرُكُمۡ فِي ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِۖ حَتَّىٰٓ إِذَا كُنتُمۡ فِي ٱلۡفُلۡكِ وَجَرَيۡنَ بِهِم بِرِيحٍ طَيِّبَةٍ وَفَرِحُواْ بِهَا جَآءَتۡهَا رِيحٌ عَاصِفٌ وَجَآءَهُمُ ٱلۡمَوۡجُ مِن كُلِّ مَكَانٍ وَظَنُّوٓاْ أَنَّهُمۡ أُحِيطَ بِهِمۡ دَعَوُاْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ لَئِنۡ أَنجَيۡتَنَا مِنۡ هَٰذِهِۦ لَنَكُونَنَّ مِنَ ٱلشَّٰكِرِينَ

Ebile ke eena ea le nolofaletsang ho tsamaea lefats’eng le leoatleng, ho fihlela le palame likepe, e be li sesa ka lona li sututsoa ke liphefo, e be le thabile kahar’a tsona, e re ha sefefo se le tsometsa le maqhubu a le aparela ka mahohle, le se le bile le nahana hore le tla qoela bolibeng moo; le simolla ho memetsa ho Allah, moo le lekang ho hloekisa tumelo ea lona malebana le eena feela, ka hore: “Haeba U ka re pholosa kotsing ena, Ruri re tla ba har’a ba fanang ka liteboho”

10:23

فَلَمَّآ أَنجَىٰهُمۡ إِذَا هُمۡ يَبۡغُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّۗ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنَّمَا بَغۡيُكُمۡ عَلَىٰٓ أَنفُسِكُمۖ مَّتَٰعَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ ثُمَّ إِلَيۡنَا مَرۡجِعُكُمۡ فَنُنَبِّئُكُم بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Empa hoba A ba pholose, ba tlola melao lefats’eng ka boikhants’o bohle. Oho batho! Borabele ba lona bo mpa feela bo le khahlanong le lona. Le natefetsoe ke bophelo ba lefats’e lena; empa le tla boela ho rona, re tla le tsebisa lintho tseo le neng le li etsa

10:24

إِنَّمَا مَثَلُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا كَمَآءٍ أَنزَلۡنَٰهُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ فَٱخۡتَلَطَ بِهِۦ نَبَاتُ ٱلۡأَرۡضِ مِمَّا يَأۡكُلُ ٱلنَّاسُ وَٱلۡأَنۡعَٰمُ حَتَّىٰٓ إِذَآ أَخَذَتِ ٱلۡأَرۡضُ زُخۡرُفَهَا وَٱزَّيَّنَتۡ وَظَنَّ أَهۡلُهَآ أَنَّهُمۡ قَٰدِرُونَ عَلَيۡهَآ أَتَىٰهَآ أَمۡرُنَا لَيۡلًا أَوۡ نَهَارًا فَجَعَلۡنَٰهَا حَصِيدًا كَأَن لَّمۡ تَغۡنَ بِٱلۡأَمۡسِۚ كَذَٰلِكَ نُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لِقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ

Papiso ea bophelo ba lefats’e lena e ka ts’oants’oa feela le pula eo Re e nesang ho tsoa marung, joale e be lefats’e le hlahisa limela tseo eleng lijo ho batho le liphoofolo ho latela mefuta ea tsona, ho fihlela nakong eo lefats’e le aparetsoeng ke mekhabiso ea mefuta-futa, e be ke moo batho ba lona lefats’e ba eng ba nahane hore ke balaoli ba lona, joale ha taelo ea Rona e fihla bosiu kapa mots’eare, ebe moo re e etsang hore eke ke lijo-thollo tse seng li kotutsoe joaloka ha eka e ne e sa tlokome maobane. Ke kamoo Re hlalosang lits’enolo kateng ho batho ba nahanang

10:25

وَٱللَّهُ يَدۡعُوٓاْ إِلَىٰ دَارِ ٱلسَّلَٰمِ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ

Allah U ntse a biletsa bohle lehaeng la khotso, e bile o tataisetsa bao a ikhethetseng bona tseleng e otlolohileng

10:26

لِّلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ ٱلۡحُسۡنَىٰ وَزِيَادَةٌۖ وَلَا يَرۡهَقُ وُجُوهَهُمۡ قَتَرٌ وَلَا ذِلَّةٌۚ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

Bohle ba etsang botle, moputso oa bona ke o molemo le e meng e mengata hona moo. Ha ho kamoo lerole kapa masoabi a tlang ho aparela lifahleho tsa bona. Bao ke bona majalefa ka kotloloho a Serapa; ba tla phela moo kahosafeleng

10:27

وَٱلَّذِينَ كَسَبُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ جَزَآءُ سَيِّئَةِۭ بِمِثۡلِهَا وَتَرۡهَقُهُمۡ ذِلَّةٌۖ مَّا لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ مِنۡ عَاصِمٍۖ كَأَنَّمَآ أُغۡشِيَتۡ وُجُوهُهُمۡ قِطَعًا مِّنَ ٱلَّيۡلِ مُظۡلِمًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

Haele ba etsang liketso tse fosahetseng, sebakeng sa bona ba tla amohela moputso oa bobe ka mokhoa o ts’oanang; batla apareloa ke masoabi, – ha ba na mots’ireletsi mabapi le Allah. Ho tla ts’oana le haeka lifahleho tsa bona li kile tsa bitieloa ka boka bo tsoang lefifing la bo-nka-ntjana la bosiu. Ruri bana ka kotloloho ke majalefa a mollo (liheleng); batla phela kamoo kahosafeleng

10:28

وَيَوۡمَ نَحۡشُرُهُمۡ جَمِيعًا ثُمَّ نَقُولُ لِلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ مَكَانَكُمۡ أَنتُمۡ وَشُرَكَآؤُكُمۡۚ فَزَيَّلۡنَا بَيۡنَهُمۡۖ وَقَالَ شُرَكَآؤُهُم مَّا كُنتُمۡ إِيَّانَا تَعۡبُدُونَ

Ka letsatsi le leng Re tla ba bokella hammoho kaofela, joale e be re re ho ba neng ba re kopanya le batlatsetsi: “Emellang morao, lona le batlatsetsi ba lona bao le neng le ba maneha Allah!” Ke moo Re tla ba arohanya le beng ka bona, baikaketsi ba bona ba melingoana ba tla re: “Le ne le sa khumamele rona

10:29

فَكَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدَۢا بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكُمۡ إِن كُنَّا عَنۡ عِبَادَتِكُمۡ لَغَٰفِلِينَ

Allah U lekane ka bopaki lipakeng tsa rona le lona, rona ha re’a ka ra elelloa ka ho re khumamela hoa lona”

10:30

هُنَالِكَ تَبۡلُواْ كُلُّ نَفۡسٍ مَّآ أَسۡلَفَتۡۚ وَرُدُّوٓاْ إِلَى ٱللَّهِ مَوۡلَىٰهُمُ ٱلۡحَقِّۖ وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ

Ke moo moea ka mong o tla paka tseo o li entseng esale pele, ba tla be ba khutletse ho Allah Mong`a bona ka kotloloho; boqapi ba bona bo tla be bo ba siile shalabeng

10:31

قُلۡ مَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ أَمَّن يَمۡلِكُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَمَن يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَمَن يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۚ فَسَيَقُولُونَ ٱللَّهُۚ فَقُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ

E re: “Ke mang ea le bolokileng ka bophelo ho tsoa marung ekasitana le lefats’eng, kapa eo eleng eena Mong`a kutlo le pono; le ea khutlisetsang tse phelang ho tse shoeleng le ho khutlisesta tse shoeleng ho tse phelang; ea bileng a laolang mabaka ohle?” Ba tla re: “Ke Allah.” E re: “joale hobaneng le sa boloke ts’ebeletso ea lona malebana le eena

10:32

فَذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمُ ٱلۡحَقُّۖ فَمَاذَا بَعۡدَ ٱلۡحَقِّ إِلَّا ٱلضَّلَٰلُۖ فَأَنَّىٰ تُصۡرَفُونَ

Ruri eo ke Allah, Mong`a lona ka kotloloho. Joale kamor’a ‘nete ke eng hape haese leshano? Ke hobaneng ha le sa sokolohe!”

10:33

كَذَٰلِكَ حَقَّتۡ كَلِمَتُ رَبِّكَ عَلَى ٱلَّذِينَ فَسَقُوٓاْ أَنَّهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ

Ruri ke kahoo lentsoe la Mong`a lona le pakahalitsoeng khahlanong le ba etsang liphoso: ba ke ke ba kholoa

10:34

قُلۡ هَلۡ مِن شُرَكَآئِكُم مَّن يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥۚ قُلِ ٱللَّهُ يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥۖ فَأَنَّىٰ تُؤۡفَكُونَ

U re: “Na o teng e mong oa batlatsetsi ba lona eo le mo kopanyang le Allah ea ka hlahisang tlholeho a ba e phete hape?” U re: “ke Allah ea qapang tlholeho, A boele A e phete hape. Joale ke hobaneng le khelosoang!”

10:35

قُلۡ هَلۡ مِن شُرَكَآئِكُم مَّن يَهۡدِيٓ إِلَى ٱلۡحَقِّۚ قُلِ ٱللَّهُ يَهۡدِي لِلۡحَقِّۗ أَفَمَن يَهۡدِيٓ إِلَى ٱلۡحَقِّ أَحَقُّ أَن يُتَّبَعَ أَمَّن لَّا يَهِدِّيٓ إِلَّآ أَن يُهۡدَىٰۖ فَمَا لَكُمۡ كَيۡفَ تَحۡكُمُونَ

E re: “Na o teng e mong oa batlatsetsi ba lona eo le mo kopanyang le Allah ea ka tataisetsang batho ‘neteng? E re: “Ke Allah feela ea tataisetsang ‘neteng. Na ha ho bohlokoa ho sala morao ea tataisetsang ‘neteng, kapa ho bohlokoa ho latela eo ea sa fumaneng tsela kantle le hore eena ka bo-eena a be a tataisoe. Molato ke eng ka lona? Athe le ahlola litaba joang

10:36

وَمَا يَتَّبِعُ أَكۡثَرُهُمۡ إِلَّا ظَنًّاۚ إِنَّ ٱلظَّنَّ لَا يُغۡنِي مِنَ ٱلۡحَقِّ شَيۡـًٔاۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِمَا يَفۡعَلُونَ

Bongata ba bona ha ho seo ba se latelang haese likhakanyo feela. Ruri likhakanyo ha ho kamoo li ka nkang sebaka sa ‘nete kateng. Ruri! Allah U hlokolosi ka lintho tsohle tseo ba li etsang

10:37

وَمَا كَانَ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانُ أَن يُفۡتَرَىٰ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَلَٰكِن تَصۡدِيقَ ٱلَّذِي بَيۡنَ يَدَيۡهِ وَتَفۡصِيلَ ٱلۡكِتَٰبِ لَا رَيۡبَ فِيهِ مِن رَّبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Koran ena ha se e ka qaptjoang ke e mong haese Allah; ke ts’enolo e tiisang tse etsahetseng pele ho eona, e bile e le tlhaloso ea se senoletsoeng batho, – eo ka ho eona ho seng khoao, – e bileng etsoang ho Mong`a mafats’e

10:38

أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۖ قُلۡ فَأۡتُواْ بِسُورَةٍ مِّثۡلِهِۦ وَٱدۡعُواْ مَنِ ٱسۡتَطَعۡتُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Kapa ba re: “U iqapetse eona?” E re: “Hlahisang khaolo e ts’oanang le ea eona, le be le bitse bathusi bohle bao le ka ikhethelang bona ntle ho Allah haeba le bua ‘nete”

10:39

بَلۡ كَذَّبُواْ بِمَا لَمۡ يُحِيطُواْ بِعِلۡمِهِۦ وَلَمَّا يَأۡتِهِمۡ تَأۡوِيلُهُۥۚ كَذَٰلِكَ كَذَّبَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلظَّٰلِمِينَ

Che, ba mpile ba qosa ka mashano, seo tsebo ea teng ba ke keng bae kopa; etsoe le pele tlhalosetso ea lintho e es’o finyelle ho bona. Leha ho le joalo, le ba bileng teng pele ho bona ba ‘nile ba qapa mashano. Empa bonang pheletso ea baetsa-libe e bileng sona

10:40

وَمِنۡهُم مَّن يُؤۡمِنُ بِهِۦ وَمِنۡهُم مَّن لَّا يُؤۡمِنُ بِهِۦۚ وَرَبُّكَ أَعۡلَمُ بِٱلۡمُفۡسِدِينَ

Har’a bona ho teng ba kholoang ho lona, ho boetse hona le ba bang ba sa kholoeng ho lona, kahoo Mong`a lona o hlokolosi haholo ka ba etsang litlolo tsa molao

10:41

وَإِن كَذَّبُوكَ فَقُل لِّي عَمَلِي وَلَكُمۡ عَمَلُكُمۡۖ أَنتُم بَرِيٓـُٔونَ مِمَّآ أَعۡمَلُ وَأَنَا۠ بَرِيٓءٌ مِّمَّا تَعۡمَلُونَ

Ha ba u qosa ka bohata, u re: “mosebetsi oa ka ke oa ka; le lona mosebetsi oa lona ke oa lona. Le hloke boikarabello ho seo ke se etsang, le ‘na ke tla hloka boikarabello ho seo le se etsang”

10:42

وَمِنۡهُم مَّن يَسۡتَمِعُونَ إِلَيۡكَۚ أَفَأَنتَ تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ وَلَوۡ كَانُواْ لَا يَعۡقِلُونَ

Har’a bona ho teng lequloana le u mamelang. Empa ha o ka etsa hore litholo li utloe le ha li se na kutloisiso

10:43

وَمِنۡهُم مَّن يَنظُرُ إِلَيۡكَۚ أَفَأَنتَ تَهۡدِي ٱلۡعُمۡيَ وَلَوۡ كَانُواْ لَا يُبۡصِرُونَ

Ebile ho teng e mong har’a bona ea u talimileng. Empa na o ka tataisa lifofu le ha ho se letho leo li le bonang

10:44

إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَظۡلِمُ ٱلنَّاسَ شَيۡـًٔا وَلَٰكِنَّ ٱلنَّاسَ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ

Ruri! Allah a ke ke a fosetsa batho ka soele; empa ke bathobatla fosetsa meea ea bona ka bo-bona

10:45

وَيَوۡمَ يَحۡشُرُهُمۡ كَأَن لَّمۡ يَلۡبَثُوٓاْ إِلَّا سَاعَةً مِّنَ ٱلنَّهَارِ يَتَعَارَفُونَ بَيۡنَهُمۡۚ قَدۡ خَسِرَ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِلِقَآءِ ٱللَّهِ وَمَا كَانُواْ مُهۡتَدِينَ

Ka letsatsi le leng o tla ba bokella hammoho, e tla ka hoja ba phetse hora e le ‘ngoe feela ka letsatsi, ke moo ba tla tsebana, Ruri haele banyefotseng kopano le Allah ba bile basa ka ba tataisoa ba tla timela

10:46

وَإِمَّا نُرِيَنَّكَ بَعۡضَ ٱلَّذِي نَعِدُهُمۡ أَوۡ نَتَوَفَّيَنَّكَ فَإِلَيۡنَا مَرۡجِعُهُمۡ ثُمَّ ٱللَّهُ شَهِيدٌ عَلَىٰ مَا يَفۡعَلُونَ

Le hoja Re ne Re ka u bonts’a karoloana ea seo Re ba ts’episang sona, kapa Ra nka moea oa hau, Poelo ea bona e ho rona, pheletsong Allah ke paki holim’a tsohle tseo ba li etsang

10:47

وَلِكُلِّ أُمَّةٍ رَّسُولٌۖ فَإِذَا جَآءَ رَسُولُهُمۡ قُضِيَ بَيۡنَهُم بِٱلۡقِسۡطِ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Ho merabe eohle ho bile teng Moromuoa. Nakong eo Moromuoa ka mong a tlang ho hlahela ho morabe oa habo, taba ea bona e tla ahloloa lipakeng tsa bona kantle le lits’ekamelo, ba ke ke ba qhekelloa

10:48

وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Ba bile ba re: “Ts’episo ena e tla phethisoa neneng, haeba u bua ‘nete?”

10:49

قُل لَّآ أَمۡلِكُ لِنَفۡسِي ضَرًّا وَلَا نَفۡعًا إِلَّا مَا شَآءَ ٱللَّهُۗ لِكُلِّ أُمَّةٍ أَجَلٌۚ إِذَا جَآءَ أَجَلُهُمۡ فَلَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ سَاعَةً وَلَا يَسۡتَقۡدِمُونَ

E re: “Ha ke na matla holima kotsi, kapa ona molemo haese kamoo Allah a ratileng kateng. Morabe o mong le o mong o behetsoe nako. Ha nako ea bona e se e atametse, ba ke ke ba e liehisa le haele ka hora feela, kapa hona ho e potlakisa”

10:50

قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِنۡ أَتَىٰكُمۡ عَذَابُهُۥ بَيَٰتًا أَوۡ نَهَارًا مَّاذَا يَسۡتَعۡجِلُ مِنۡهُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ

E re: “Na le’a nahana: hore haeba kotlo ea Allah e ka le fihlela ka ts’ohanyetso ekaba bosiu kapa mots’eare ho phathahanoe; ke karolo efeng ea eona eo baetsalibe ba ka lakatsang ho e potlakisa

10:51

أَثُمَّ إِذَا مَا وَقَعَ ءَامَنتُم بِهِۦٓۚ ءَآلۡـَٰٔنَ وَقَدۡ كُنتُم بِهِۦ تَسۡتَعۡجِلُونَ

Ebe ke feela le tlang ho lumela ho eona ha e se e le oetse holimo? Eng! Kholoang esale joale, ke neng esale le e potlakisitse ho fihlela joale

10:52

ثُمَّ قِيلَ لِلَّذِينَ ظَلَمُواْ ذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡخُلۡدِ هَلۡ تُجۡزَوۡنَ إِلَّا بِمَا كُنتُمۡ تَكۡسِبُونَ

Joale ke moo ho tla thoe ho bao esaleng ba tlola melao: “Latsoang ke hona timelo e sa feleng”. Na le putsitsoe ka se seng se kathoko ho seo le se sebelelitseng

10:53

وَيَسۡتَنۢبِـُٔونَكَ أَحَقٌّ هُوَۖ قُلۡ إِي وَرَبِّيٓ إِنَّهُۥ لَحَقٌّۖ وَمَآ أَنتُم بِمُعۡجِزِينَ

Ba kopa tlhalosetso ho uena ea hore: “Na ke ‘nete?” E re: “Aha, Ruri ka Mong`a ka ke ‘nete, le ke ke la phonyoha

10:54

وَلَوۡ أَنَّ لِكُلِّ نَفۡسٍ ظَلَمَتۡ مَا فِي ٱلۡأَرۡضِ لَٱفۡتَدَتۡ بِهِۦۗ وَأَسَرُّواْ ٱلنَّدَامَةَ لَمَّا رَأَوُاْ ٱلۡعَذَابَۖ وَقُضِيَ بَيۡنَهُم بِٱلۡقِسۡطِ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Haeba moea ka mong oo ebang o entse phoso o bile le lintho tsohle tse teng mona lefats’eng, o ne o tla batla ho itokolla ka tefo ea tsona; batla ikutloela bohloko lipelong tsa bona nakong eo ba bonang kahlolo. Empa ho ahlotsoe ka nepo kantle ho lits’ekamelo lipakeng tsa bona”

10:55

أَلَآ إِنَّ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ أَلَآ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ

Bonang! Ruri lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah. Ruri ts’episo ea Allah ke’a ‘nete. Le hoja bongata ba bona bo hloka tsebo

10:56

هُوَ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

Ke Eena ea fanang ka bophelo le lefu, bohlele tla boela ho Eena

10:57

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ قَدۡ جَآءَتۡكُم مَّوۡعِظَةٌ مِّن رَّبِّكُمۡ وَشِفَآءٌ لِّمَا فِي ٱلصُّدُورِ وَهُدًى وَرَحۡمَةٌ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ

Oho batho! Ho tlile ho lona keletso ea bohlokoa e tsoang ho Mong`a lona, pheko ea maloetsi a kahar’a lifuba tsa lona, Tataiso le Mohau ho ba kholoang

10:58

قُلۡ بِفَضۡلِ ٱللَّهِ وَبِرَحۡمَتِهِۦ فَبِذَٰلِكَ فَلۡيَفۡرَحُواْ هُوَ خَيۡرٌ مِّمَّا يَجۡمَعُونَ

E re: “Kahar’a nala ea Allah le Mohau oa Hae: Ba lumelleng ba nyakalle kahar’a eona. Seo se molemo ho feta matlotlo ao ba a bokelletseng”

10:59

قُلۡ أَرَءَيۡتُم مَّآ أَنزَلَ ٱللَّهُ لَكُم مِّن رِّزۡقٍ فَجَعَلۡتُم مِّنۡهُ حَرَامًا وَحَلَٰلًا قُلۡ ءَآللَّهُ أَذِنَ لَكُمۡۖ أَمۡ عَلَى ٱللَّهِ تَفۡتَرُونَ

E re: “Na le nahana ka lintho tseo Allah a li romeletseng molemong oa lona ho tla tla le phelisa, kamoo le kentseng tse ling tsa tsona molaong, empa tse ling le li hanetse ka molao?” E re: “Na Allah U le lumelletse, kapa le qapa leshano khahlanong le Allah?”

10:60

وَمَا ظَنُّ ٱلَّذِينَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَشۡكُرُونَ

Ba nahanang ba qapang leshano khahlaong le Allah ka Letsatsi la Tsoho? Ruri Allah ke Mofani ho batho, empa ba bangata ba bona ha ba’na liteboho

10:61

وَمَا تَكُونُ فِي شَأۡنٍ وَمَا تَتۡلُواْ مِنۡهُ مِن قُرۡءَانٍ وَلَا تَعۡمَلُونَ مِنۡ عَمَلٍ إِلَّا كُنَّا عَلَيۡكُمۡ شُهُودًا إِذۡ تُفِيضُونَ فِيهِۚ وَمَا يَعۡزُبُ عَن رَّبِّكَ مِن مِّثۡقَالِ ذَرَّةٍ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَلَآ أَصۡغَرَ مِن ذَٰلِكَ وَلَآ أَكۡبَرَ إِلَّا فِي كِتَٰبٍ مُّبِينٍ

Hore na u phathahantsoe ke ts’ebetso ea mofuta ofe, le hore na u pheta karolo efe Koraneng, leha ekaba lona batho ha ho ketso eo le e phethahatsang, Rona Re lipaki holim’a tsohle nakong eo le phathahantsoeng ke tsona. Ha ho letho lefats’eng kapa leholimong le ka phonyohang Mong`a lona, ekaba tse nyenyane kapa tse kholo ho feta moo, empa li’a ngoloa kahar’a buka e hlakileng

10:62

أَلَآ إِنَّ أَوۡلِيَآءَ ٱللَّهِ لَا خَوۡفٌ عَلَيۡهِمۡ وَلَا هُمۡ يَحۡزَنُونَ

Bonang! Ruri ha ho ts’abo kapa eona mesarelo e ka fihlelang metsoalle ea Allah

10:63

ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَكَانُواْ يَتَّقُونَ

Eleng ba kholoang le ho ba khahlanong le bobe

10:64

لَهُمُ ٱلۡبُشۡرَىٰ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِۚ لَا تَبۡدِيلَ لِكَلِمَٰتِ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ

Ba khoaeletsoe litaba tse molemo lefats’eng lena le bophelong bo-tlang, – ha ho phetoho Mantsoeng a Allah, – seo ke sona sehlohlolo sa Nyakallo

10:65

وَلَا يَحۡزُنكَ قَوۡلُهُمۡۘ إِنَّ ٱلۡعِزَّةَ لِلَّهِ جَمِيعًاۚ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ

U se ke oa lumella litaba tsa bona ho u khopisa. Hobane Allah U matla oohle. U utloa tsohle, e bile ke Motsebi oa lintho tsohle

10:66

أَلَآ إِنَّ لِلَّهِ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَمَا يَتَّبِعُ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ شُرَكَآءَۚ إِن يَتَّبِعُونَ إِلَّا ٱلظَّنَّ وَإِنۡ هُمۡ إِلَّا يَخۡرُصُونَ

Bonang! ruri libupuoa tsohle Ke tsa Allah, tse maholimong le tsohle tse lefats’eng. Ba sala eng morao bosaoana morao ba khumamelang batletsetsi kantle ho Allah? ha ba latele letho haese masaoana, ha ho seo ba se etsang haese ho bua leshano

10:67

هُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ لِتَسۡكُنُواْ فِيهِ وَٱلنَّهَارَ مُبۡصِرًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَسۡمَعُونَ

Ke Eena ea le etselitseng Bosiu hore ka bona le phomole, le ona Mots’eare ho le neha pono. Ruri ho tsena ke lits’upiso ho le ba utloang

10:68

قَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱللَّهُ وَلَدًاۗ سُبۡحَٰنَهُۥۖ هُوَ ٱلۡغَنِيُّۖ لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ إِنۡ عِندَكُم مِّن سُلۡطَٰنِۭ بِهَٰذَآۚ أَتَقُولُونَ عَلَى ٱللَّهِ مَا لَا تَعۡلَمُونَ

Ba re: “Allah U na le mora”, – Tlotla e be ho Eena! Allah ha A na Litlhoko. Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae. Ha le na tokelo ka tseo. Le buoa joalo ka Allah ka seo le senang tsebo ea sona

10:69

قُلۡ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ لَا يُفۡلِحُونَ

E re: “Ruri haele baqapang mashano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha.”

10:70

مَتَٰعٌ فِي ٱلدُّنۡيَا ثُمَّ إِلَيۡنَا مَرۡجِعُهُمۡ ثُمَّ نُذِيقُهُمُ ٱلۡعَذَابَ ٱلشَّدِيدَ بِمَا كَانُواْ يَكۡفُرُونَ

Nyakallo ea nakoana lefats’eng lena, ho Rona e tla ba poelo ea bona. Ke moo Re tla ba latsoisa kotlo e mahlonoko ho latela nyefolo ea bona

10:71

وَٱتۡلُ عَلَيۡهِمۡ نَبَأَ نُوحٍ إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦ يَٰقَوۡمِ إِن كَانَ كَبُرَ عَلَيۡكُم مَّقَامِي وَتَذۡكِيرِي بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ فَعَلَى ٱللَّهِ تَوَكَّلۡتُ فَأَجۡمِعُوٓاْ أَمۡرَكُمۡ وَشُرَكَآءَكُمۡ ثُمَّ لَا يَكُنۡ أَمۡرُكُمۡ عَلَيۡكُمۡ غُمَّةً ثُمَّ ٱقۡضُوٓاْ إِلَيَّ وَلَا تُنظِرُونِ

A k’u ba phetele pale ea Nooe, mohla a neng a bolella batho ba habo a re: “Oho batho ba heso! Haeba bolulo ba ka har’a lona ba nakoana le tsona likhopotso tsa ka ho lona le lits’enolo tsa Allah ke likhopiso ho lona, ‘na ke behile ts’epo ea ka ho Allah. Kahoo ralang holim’a litumellano tsa lona mahareng a lona le Batlatsetsi ba lona. Empa le hlokomele hore morero oa lona o se le nts’ofalle oa khopama. Joale e be lea nkahlola, ha le mphe phomolo

10:72

فَإِن تَوَلَّيۡتُمۡ فَمَا سَأَلۡتُكُم مِّنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَى ٱللَّهِۖ وَأُمِرۡتُ أَنۡ أَكُونَ مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ

Empa haeba le inyatsa, ha ho moputso oo ke o kopang ho lona. Moputso oa ka ke tla o fumana ho Allah, ke laetsoe ho ba har’a ba inehetseng ho Eena.”

10:73

فَكَذَّبُوهُ فَنَجَّيۡنَٰهُ وَمَن مَّعَهُۥ فِي ٱلۡفُلۡكِ وَجَعَلۡنَٰهُمۡ خَلَٰٓئِفَ وَأَغۡرَقۡنَا ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَاۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُنذَرِينَ

Empa ba ile ba mo latola, eaba Re’a mo pholosa le bohle bao a neng a e na le bona Arekeng, Ra ba etsa majalefa lefats’eng, bohle ba ileng ba latola lits’enolo tsa rona bona Re ile Ra ba khamisa morallo oa metsi. Joale bonang pheletso ea ba ileng hlokomelisoa ke efe

10:74

ثُمَّ بَعَثۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِۦ رُسُلًا إِلَىٰ قَوۡمِهِمۡ فَجَآءُوهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَمَا كَانُواْ لِيُؤۡمِنُواْ بِمَا كَذَّبُواْ بِهِۦ مِن قَبۡلُۚ كَذَٰلِكَ نَطۡبَعُ عَلَىٰ قُلُوبِ ٱلۡمُعۡتَدِينَ

Kamor’a hae Re ile Ra romella lethathama la Baromuoa bathing ba habo bona, ba ba tliselitse lits’upiso tse hlakileng. Empa ba ne ba sa itlhophela ho kholoa seo ba se latotseng pele. Ke kamoo Re bitielang lipelo tsa litloli tsa molao kateng

10:75

ثُمَّ بَعَثۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِم مُّوسَىٰ وَهَٰرُونَ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ بِـَٔايَٰتِنَا فَٱسۡتَكۡبَرُواْ وَكَانُواْ قَوۡمًا مُّجۡرِمِينَ

Kamor’a moo, Re ile Ra romela Moshe le Aarone ho Faro le Matona a hae ka lits’enolo tsa Rona, empa ba bile le boikhohomoso hoo ebileng batho ba sebeng

10:76

فَلَمَّا جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ مِنۡ عِندِنَا قَالُوٓاْ إِنَّ هَٰذَا لَسِحۡرٌ مُّبِينٌ

Leha ‘nete e se ebatjametse ho tsoa bo teng ba Rona, ba ile ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.”

10:77

قَالَ مُوسَىٰٓ أَتَقُولُونَ لِلۡحَقِّ لَمَّا جَآءَكُمۡۖ أَسِحۡرٌ هَٰذَا وَلَا يُفۡلِحُ ٱلسَّٰحِرُونَ

Eaba Moshe a re: “Na le ka rialo le hoja ‘nete e se e le tjametse? Na ke boloi? Empa baloi ba ke ke ba atleha.”

10:78

قَالُوٓاْ أَجِئۡتَنَا لِتَلۡفِتَنَا عَمَّا وَجَدۡنَا عَلَيۡهِ ءَابَآءَنَا وَتَكُونَ لَكُمَا ٱلۡكِبۡرِيَآءُ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا نَحۡنُ لَكُمَا بِمُؤۡمِنِينَ

Ba re: “U tlile ho rona ho tla re khelosa tumelong eo re fumaneng bo-ntat’a rona ba le ho eona, hore bobeli ba lona le tle le ruoe khubu ea naha? Re ke ke ra le kholoa.”

10:79

وَقَالَ فِرۡعَوۡنُ ٱئۡتُونِي بِكُلِّ سَٰحِرٍ عَلِيمٍ

Ke moo Faro a ileng a re: “Ntlisetseng baloi bo-nkhekhe.”

10:80

فَلَمَّا جَآءَ ٱلسَّحَرَةُ قَالَ لَهُم مُّوسَىٰٓ أَلۡقُواْ مَآ أَنتُم مُّلۡقُونَ

Hoba baloi ba fihle, Moshe a re ho bona: “Akhelang lithebere tsa lona!”

10:81

فَلَمَّآ أَلۡقَوۡاْ قَالَ مُوسَىٰ مَا جِئۡتُم بِهِ ٱلسِّحۡرُۖ إِنَّ ٱللَّهَ سَيُبۡطِلُهُۥٓ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُصۡلِحُ عَمَلَ ٱلۡمُفۡسِدِينَ

Eitse hoba ba akhele, Moshe a re: “Seo le se tlisitseng ke boloi. Ruri! Allah U tla bo fetola lefeela. Allah ha a khahloe ke mesebetsi ea ba fehlang merusu

10:82

وَيُحِقُّ ٱللَّهُ ٱلۡحَقَّ بِكَلِمَٰتِهِۦ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡمُجۡرِمُونَ

Allah Ka Mantsoe A Hae U oa phethahatsa, ho sa tsotellehe na baetsalibe ba e nyatsa ha kae.”

10:83

فَمَآ ءَامَنَ لِمُوسَىٰٓ إِلَّا ذُرِّيَّةٌ مِّن قَوۡمِهِۦ عَلَىٰ خَوۡفٍ مِّن فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِمۡ أَن يَفۡتِنَهُمۡۚ وَإِنَّ فِرۡعَوۡنَ لَعَالٍ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَإِنَّهُۥ لَمِنَ ٱلۡمُسۡرِفِينَ

Empa ha ho le’a mong ea ileng a ts’epa Moshe haese bana ba mehahabo, ka ho ts`aba Faro le matona a hae, ese re ba ba tuba; Ruri Faro o ne a le matla lefats’eng, e le ea tlolang meeli eohle

10:84

وَقَالَ مُوسَىٰ يَٰقَوۡمِ إِن كُنتُمۡ ءَامَنتُم بِٱللَّهِ فَعَلَيۡهِ تَوَكَّلُوٓاْ إِن كُنتُم مُّسۡلِمِينَ

Moshe a re: “Oho batho ba heso! Haeba le hlile le khotsoe ho Allah, behang ts’epo ea lona ho Eena haeba le inehetse

10:85

فَقَالُواْ عَلَى ٱللَّهِ تَوَكَّلۡنَا رَبَّنَا لَا تَجۡعَلۡنَا فِتۡنَةً لِّلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ

Ba ile ba re: “Re behile ts’epo ea rona ho Allah. Oho, Mong`a rona! Se re etse teko ea bahanyapetsi

10:86

وَنَجِّنَا بِرَحۡمَتِكَ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلۡكَٰفِرِينَ

U re lopolle ka Mohau Oa Hau ho ba U latolang.”

10:87

وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰ وَأَخِيهِ أَن تَبَوَّءَا لِقَوۡمِكُمَا بِمِصۡرَ بُيُوتًا وَٱجۡعَلُواْ بُيُوتَكُمۡ قِبۡلَةً وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Ra ts’ollela ts’usumetso ho Moshe le moena’e, ka molaetsa ona: “Fana ka matlo ho batho ba heno Egepeta le’a etse matlo a thapelo, le rapele ka linako tsohle. Le fane ka litaba tse molemo ho ba kholoang.”

10:88

وَقَالَ مُوسَىٰ رَبَّنَآ إِنَّكَ ءَاتَيۡتَ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَأَهُۥ زِينَةً وَأَمۡوَٰلًا فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا رَبَّنَا لِيُضِلُّواْ عَن سَبِيلِكَۖ رَبَّنَا ٱطۡمِسۡ عَلَىٰٓ أَمۡوَٰلِهِمۡ وَٱشۡدُدۡ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ فَلَا يُؤۡمِنُواْ حَتَّىٰ يَرَوُاْ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ

Moshe a rapela: “Mong`a rona! Ruri! U nehile Faro le Matona a hae bokhabane le maruo bophelong ba lefats’e lena, Mong`a rona! Hore ba khelose batho tseleng ea Hau. Kahoo Mong`a rona! Ripitla borui ba bona U be U thatafatse lipelo tsa bona, e le hore ba tle ba se ke ba kholoa ho fihlela ba bona timelo e mahlonoko.”

10:89

قَالَ قَدۡ أُجِيبَت دَّعۡوَتُكُمَا فَٱسۡتَقِيمَا وَلَا تَتَّبِعَآنِّ سَبِيلَ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَ

Allah A re: “Thapelo ea hau e utloahetse. Tsitsang tseleng e otlolohileng, le se latele tsela ea ba hlokang tsebo.”

10:90

وَجَٰوَزۡنَا بِبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱلۡبَحۡرَ فَأَتۡبَعَهُمۡ فِرۡعَوۡنُ وَجُنُودُهُۥ بَغۡيًا وَعَدۡوًاۖ حَتَّىٰٓ إِذَآ أَدۡرَكَهُ ٱلۡغَرَقُ قَالَ ءَامَنتُ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱلَّذِيٓ ءَامَنَتۡ بِهِۦ بَنُوٓاْ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَأَنَا۠ مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ

Re ts’elisa bana ba Israele leoatle, faro le lebotho la hae ba ba latela ka boikakaso le soele, ho fihlela a kha’ngoe ke boliba, eaba faro u re: “Kea kholoa hore ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah A inotsi eo bana ba Israele ba kholoang ho Eena, le ‘na ke e mong oa ba inehetseng ho Eena.”

10:91

ءَآلۡـَٰٔنَ وَقَدۡ عَصَيۡتَ قَبۡلُ وَكُنتَ مِنَ ٱلۡمُفۡسِدِينَ

“Hona joale! ha pejana u ne u tlola melao, u bile u le har’a ba fehlang merusu

10:92

فَٱلۡيَوۡمَ نُنَجِّيكَ بِبَدَنِكَ لِتَكُونَ لِمَنۡ خَلۡفَكَ ءَايَةًۚ وَإِنَّ كَثِيرًا مِّنَ ٱلنَّاسِ عَنۡ ءَايَٰتِنَا لَغَٰفِلُونَ

Empa kajeno Re tla u pholosa ‘meleng oa hau, e le hore u tle u be sesupo ho bohle ba tlang kamor’a hau. Empa ruri boholo hara batho habo tsotelle lits’upiso tsa Rona.”

10:93

وَلَقَدۡ بَوَّأۡنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ مُبَوَّأَ صِدۡقٍ وَرَزَقۡنَٰهُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ فَمَا ٱخۡتَلَفُواْ حَتَّىٰ جَآءَهُمُ ٱلۡعِلۡمُۚ إِنَّ رَبَّكَ يَقۡضِي بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ

Re ile Ra abela bana ba Israele bolulo bo phethahetseng, Ra ba khaketsa ka lintho tse molemo; ke kamora hore tsebo e finyelle ho bona ba ileng ba oela phosong. Ruri Mong`a lona o tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo ka liphapang tsa bona

10:94

فَإِن كُنتَ فِي شَكٍّ مِّمَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ فَسۡـَٔلِ ٱلَّذِينَ يَقۡرَءُونَ ٱلۡكِتَٰبَ مِن قَبۡلِكَۚ لَقَدۡ جَآءَكَ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ فَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُمۡتَرِينَ

Haeba u na le khoao ka seo re se senolang ho uena, a k’u botse bao ebang ba ile ba bala Lengolo le bileng teng pele ho lena. Ruri ‘nete e tlile ho uena e tsoang ho Mong`a hau. Kahoo u se be har’a ba nang le khoao

10:95

وَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ فَتَكُونَ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ

U se be har’a ba latolang lits’enolo tsa Allah, oa ts`oha oa ba har’a ba lahlehetsoeng

10:96

إِنَّ ٱلَّذِينَ حَقَّتۡ عَلَيۡهِمۡ كَلِمَتُ رَبِّكَ لَا يُؤۡمِنُونَ

Bao Lentsoe la Mong`a lona le pakahalitsoeng khahlanong le bona, ba ke ke ba kholoa

10:97

وَلَوۡ جَآءَتۡهُمۡ كُلُّ ءَايَةٍ حَتَّىٰ يَرَوُاْ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ

Leha ho ka tlisoa lits’upiso tsohle ho bona, ho fihlela ba bona Kotlo e Mahlonoko

10:98

فَلَوۡلَا كَانَتۡ قَرۡيَةٌ ءَامَنَتۡ فَنَفَعَهَآ إِيمَٰنُهَآ إِلَّا قَوۡمَ يُونُسَ لَمَّآ ءَامَنُواْ كَشَفۡنَا عَنۡهُمۡ عَذَابَ ٱلۡخِزۡيِ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَمَتَّعۡنَٰهُمۡ إِلَىٰ حِينٍ

Hobane ho sa ka haeba le motsana, o ileng oa kholoa,-hore tumelo ea ona e etle o tsoele molemo, – kantle ho Batho ba Jonase! Bao eitseng ho ba ba kholoe Re ile Ra hlakola Kotlo e Tlontlollang ho bona bophelong bona, Ra ba lamella ho nyakalla nakoana

10:99

وَلَوۡ شَآءَ رَبُّكَ لَأٓمَنَ مَن فِي ٱلۡأَرۡضِ كُلُّهُمۡ جَمِيعًاۚ أَفَأَنتَ تُكۡرِهُ ٱلنَّاسَ حَتَّىٰ يَكُونُواْ مُؤۡمِنِينَ

Hoja e bile Thato ea Mong’a hau, batho bohle ba teng mona lefats’eng ba ke be ba khotsoe kaofela! Na u ka qobella batho khahlanong le thato ea bona, ho kholoa

10:100

وَمَا كَانَ لِنَفۡسٍ أَن تُؤۡمِنَ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ وَيَجۡعَلُ ٱلرِّجۡسَ عَلَى ٱلَّذِينَ لَا يَعۡقِلُونَ

Ha ho moea leha o le mong o ka kholoang haese ka Thato ea Allah. U ee A apese ka khoao ba senang kutloisiso

10:101

قُلِ ٱنظُرُواْ مَاذَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَمَا تُغۡنِي ٱلۡأٓيَٰتُ وَٱلنُّذُرُ عَن قَوۡمٍ لَّا يُؤۡمِنُونَ

E re: “Bonang tsohle tse maholimong le tse lefats’eng!” Empa ha se lits’enolo le litlhokomeliso tse ka thusang ba sa kholoeng

10:102

فَهَلۡ يَنتَظِرُونَ إِلَّا مِثۡلَ أَيَّامِ ٱلَّذِينَ خَلَوۡاْ مِن قَبۡلِهِمۡۚ قُلۡ فَٱنتَظِرُوٓاْ إِنِّي مَعَكُم مِّنَ ٱلۡمُنتَظِرِينَ

Ba lebelletse eng haese se ts’oanang le batho ba matsatsi a fetileng pele ho bona? E re: “Letang ke hona! Le ‘na ke tla leta le lona.”

10:103

ثُمَّ نُنَجِّي رُسُلَنَا وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْۚ كَذَٰلِكَ حَقًّا عَلَيۡنَا نُنجِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Qetellong Re tla pholosa baromuoa ba Rona le ba kholoang. Etsoe ke tlameho ea Rona ho pholosa ba kholoang

10:104

قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِن كُنتُمۡ فِي شَكٍّ مِّن دِينِي فَلَآ أَعۡبُدُ ٱلَّذِينَ تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَلَٰكِنۡ أَعۡبُدُ ٱللَّهَ ٱلَّذِي يَتَوَفَّىٰكُمۡۖ وَأُمِرۡتُ أَنۡ أَكُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

E re: “Oho batho! Haeba le na le pelaelo ka tumelo ea ka, tsebang hore ‘na ha ke khumalmele seo lona le se khumamelang kantle ho Allah, empa ke khumamela Allah Ea le biletsang lefung, ke laetsoe ho ba har’a ba kholoang.”

10:105

وَأَنۡ أَقِمۡ وَجۡهَكَ لِلدِّينِ حَنِيفًا وَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ

Tsitlallela ts’ebetsong ea hau Tumelong ka ‘nete kholong, u se be har’a mahana-tumelo

10:106

وَلَا تَدۡعُ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُكَ وَلَا يَضُرُّكَۖ فَإِن فَعَلۡتَ فَإِنَّكَ إِذًا مِّنَ ٱلظَّٰلِمِينَ

U se llele ho mang kapa mang ntle ho Allah, eleng lintho tse ke keng tsa u putsa ka letho le haele hona ho u hlahisetsa kotsi; hobane ebang ha u ka etsa joalo, Ruri u tla be u le har’a baetsalibe

10:107

وَإِن يَمۡسَسۡكَ ٱللَّهُ بِضُرٍّ فَلَا كَاشِفَ لَهُۥٓ إِلَّا هُوَۖ وَإِن يُرِدۡكَ بِخَيۡرٍ فَلَا رَآدَّ لِفَضۡلِهِۦۚ يُصِيبُ بِهِۦ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦۚ وَهُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ

Haeba Allah a ka u ama ka bothata, ha ho ope ea ka bo tlosang haese Eena; haeba A u lakaletsa katleho, ha ho ope ea ka thibelang nala Ea Hae. Ka eona U sitsa ope Ea ikhethetseng Eena har’a makhabunyane a Hae. Etsoe U ts’oarela joalo- joalo, e bile U Khaphatseha Mohau

10:108

قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ قَدۡ جَآءَكُمُ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكُمۡۖ فَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ فَإِنَّمَا يَهۡتَدِي لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَإِنَّمَا يَضِلُّ عَلَيۡهَاۖ وَمَآ أَنَا۠ عَلَيۡكُم بِوَكِيلٍ

E re: “Oho batho! Joale ‘nete e finyeletse ho lona e tsoang ho Mong`a lona. Ba amohelang tataiso, ba etsa joalo molemong oa moea oa hae; ba khelohang, ba etsa joalo ho ea tahlehong. ‘Ha ke holim’a lona ho lokolisa litaba tsa lona.”

10:109

وَٱتَّبِعۡ مَا يُوحَىٰٓ إِلَيۡكَ وَٱصۡبِرۡ حَتَّىٰ يَحۡكُمَ ٱللَّهُۚ وَهُوَ خَيۡرُ ٱلۡحَٰكِمِينَ

Latela ts’usumetso eo u e senoletsoeng, u be le mamello le tieo ho fihlela Allah A fana ka kahlolo. Etsoe ke Eena Moahloli E Moholo

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.