بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
82:1إِذَا ٱلسَّمَآءُ ٱنفَطَرَتۡ
Mohla leholimo le petsohang ka lehare
82:2وَإِذَا ٱلۡكَوَاكِبُ ٱنتَثَرَتۡ
Linaleli li hasanang
82:3وَإِذَا ٱلۡبِحَارُ فُجِّرَتۡ
Maoatle a tlolang meeli
82:4وَإِذَا ٱلۡقُبُورُ بُعۡثِرَتۡ
Mabitla a nyebekoloha
82:5عَلِمَتۡ نَفۡسٌ مَّا قَدَّمَتۡ وَأَخَّرَتۡ
Phefomoloho ka ng`oe e tla tseba seo e se rometseng nale le seo e se patileng
82:6يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡإِنسَٰنُ مَا غَرَّكَ بِرَبِّكَ ٱلۡكَرِيمِ
Oho motho! Ke eng se o hohetseng ho tloha ho Mong`a hau Ea nala e Khaphatsehang
82:7ٱلَّذِي خَلَقَكَ فَسَوَّىٰكَ فَعَدَلَكَ
Ea U hlolileng, a U neha sebopeo A o fa lineo ka tekanyo
82:8فِيٓ أَيِّ صُورَةٍ مَّا شَآءَ رَكَّبَكَ
Ka tsela e mokhahlang, A u bopa
82:9كـَلَّا بَلۡ تُكَذِّبُونَ بِٱلدِّينِ
Empa o latola tokelo le kahlolo
82:10وَإِنَّ عَلَيۡكُمۡ لَحَٰفِظِينَ
Ruri! Ho tengba lebeli holim’a lona
82:11كِرَامًا كَٰتِبِينَ
Ba mosa ba hlomphehang,-ba ngolang
82:12يَعۡلَمُونَ مَا تَفۡعَلُونَ
Ba tseba tsohle tseo le li etsang
82:13إِنَّ ٱلۡأَبۡرَارَ لَفِي نَعِيمٍ
Haele bohle ba lokileng, ba tla ba nyakallong
82:14وَإِنَّ ٱلۡفُجَّارَ لَفِي جَحِيمٍ
Baetsalibe, – Ba tla ba kahar’a Mollo
82:15يَصۡلَوۡنَهَا يَوۡمَ ٱلدِّينِ
Oo ba tla kena mohla Letsatsi la Kahlolo
82:16وَمَا هُمۡ عَنۡهَا بِغَآئِبِينَ
Ba ke ke ba o qoba
82:17وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا يَوۡمُ ٱلدِّينِ
Ke`ng se tla u hlalosetsa hore na Letsatsi la Kahlolo ke eng
82:18ثُمَّ مَآ أَدۡرَىٰكَ مَا يَوۡمُ ٱلدِّينِ
Hape, ke`ng se tla u hlalosetsa hore na Letsatsi la Kahlolo ke eng
82:19يَوۡمَ لَا تَمۡلِكُ نَفۡسٌ لِّنَفۡسٍ شَيۡـًٔاۖ وَٱلۡأَمۡرُ يَوۡمَئِذٍ لِّلَّهِ
Ke letsatsi leo ka lona ho seng phefomoloho e tlang hoba le matla a ho thusa e ng`oe. Taelo letsatsing leo ke ea Allah
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.