Surah 83 · 36 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Al-Mutaffifin in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
ٱلَّذِينَ إِذَا ٱكۡتَالُواْ عَلَى ٱلنَّاسِ يَسۡتَوۡفُونَ
Bao e reng ha ba amohela tekanyo ho batho, ba e batla e felletse
وَإِذَا كَالُوهُمۡ أَو وَّزَنُوهُمۡ يُخۡسِرُونَ
Empa ha ba lokela ho bekha ka tekanyo kapa ho bekhela batho; ba fana ka boima bo tlase
أَلَا يَظُنُّ أُوْلَٰٓئِكَ أَنَّهُم مَّبۡعُوثُونَ
Ha ba nahane hore ba tla biletsoa boikarabelong
يَوۡمَ يَقُومُ ٱلنَّاسُ لِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Letsatsi leo batho ba tlang ho ema kapel’a Mong`a mafats’e
كـَلَّآ إِنَّ كِتَٰبَ ٱلۡفُجَّارِ لَفِي سِجِّينٍ
Che! Ruri tlaleho ea baetsalibe e kahar’a sijjin –
وَمَا يُكَذِّبُ بِهِۦٓ إِلَّا كُلُّ مُعۡتَدٍ أَثِيمٍ
Leo ho seng ea ka le latolang ntle le motloli oa molao, moetsalibe
إِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِ ءَايَٰتُنَا قَالَ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ
Ha a pheteloa Lits’enolo tsa Rona, a re: “Lits’omo tsa mehleng ea khale.”
كـَلَّاۖ بَلۡۜ رَانَ عَلَىٰ قُلُوبِهِم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ
Che! Empa lipelong tsa bona ke mabali a tseo ba li etsang
كـَلَّآ إِنَّهُمۡ عَن رَّبِّهِمۡ يَوۡمَئِذٍ لَّمَحۡجُوبُونَ
Ruri! Letsatsing leo ba tla siroa ho bona khanya e tsoang ho Mong`a bona
ثُمَّ يُقَالُ هَٰذَا ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ
Ho tla thoe ho bona: “Sena ke nnete eo le e latotseng le re ke leshano!”
كـَلَّآ إِنَّ كِتَٰبَ ٱلۡأَبۡرَارِ لَفِي عِلِّيِّينَ
Ruri tlaleho ea ba lokileng e bolokiloe ‘iliyin –
يُسۡقَوۡنَ مِن رَّحِيقٍ مَّخۡتُومٍ
Lenyora la bona le tla kholisoa ka seno sa morara, o bitieletsoeng
خِتَٰمُهُۥ مِسۡكٌۚ وَفِي ذَٰلِكَ فَلۡيَتَنَافَسِ ٱلۡمُتَنَٰفِسُونَ
Sekoahelo sa teng e tla ba “musk”: molemong oa sena ba lakatsang tlhonolofatso ha ba hahabelle teng
إِنَّ ٱلَّذِينَ أَجۡرَمُواْ كَانُواْ مِنَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ يَضۡحَكُونَ
Baetsalibe ba ne ba tloaetse ho soma ba-kholoang
وَإِذَا ٱنقَلَبُوٓاْ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِمُ ٱنقَلَبُواْ فَكِهِينَ
Nakong eo ba boelang ho mehahabo bona, ba khutla ba soma
وَإِذَا رَأَوۡهُمۡ قَالُوٓاْ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ لَضَآلُّونَ
Ha ba ba bona, ebe ba re: “Bonang bana ke ba khelohileng Ruri.”
فَٱلۡيَوۡمَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مِنَ ٱلۡكُفَّارِ يَضۡحَكُونَ
Letsatsi leo ba-kholoang ba tla ts’eha mahana-tumelo
هَلۡ ثُوِّبَ ٱلۡكُفَّارُ مَا كَانُواْ يَفۡعَلُونَ
Na mahana-tumelo a ke keng a lefshoa ho latela liketso tseo a neng a li etsa
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.