Surah 18 · 110 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Kahf in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

18:1

ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ عَلَىٰ عَبۡدِهِ ٱلۡكِتَٰبَ وَلَمۡ يَجۡعَل لَّهُۥ عِوَجَاۜ

Thoriso e be ho Allah, Ea rometseng Lengolo ho lekhabunyane la Hae, leo A sa lumellang bolotsana kahar’a lona

18:2

قَيِّمًا لِّيُنذِرَ بَأۡسًا شَدِيدًا مِّن لَّدُنۡهُ وَيُبَشِّرَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أَنَّ لَهُمۡ أَجۡرًا حَسَنًا

Le totobetse hore A hlokomelise ka kahlolo e Ts’abehang e tsoang ho Eena, le hore A fane ka Litaba tse Molemo ho ba kholoang; ba etsang liketso tse lokileng, hore bat la fumana moputso o babatsehang

18:3

مَّٰكِثِينَ فِيهِ أَبَدًا

Moo ba tlang ho phela teng kahosafeleng

18:4

وَيُنذِرَ ٱلَّذِينَ قَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱللَّهُ وَلَدًا

Le hona ho khalema ba reng: “Allah U tsoetse mora,”

18:5

مَّا لَهُم بِهِۦ مِنۡ عِلۡمٍ وَلَا لِأٓبَآئِهِمۡۚ كَبُرَتۡ كَلِمَةً تَخۡرُجُ مِنۡ أَفۡوَٰهِهِمۡۚ إِن يَقُولُونَ إِلَّا كَذِبًا

Ha ba na tsebo ka seo, kapa bona bo-ntata bona. Ba buoa sebe ka melomo ea bona. Seo ba se buang ha se letho haese leshano

18:6

فَلَعَلَّكَ بَٰخِعٌ نَّفۡسَكَ عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِمۡ إِن لَّمۡ يُؤۡمِنُواْ بِهَٰذَا ٱلۡحَدِيثِ أَسَفًا

Mohlomong ba nahana hore ha eba ba ke ke ba kholoa molaetseng ona, o tloha o thohotheloa ho inehela lefung ho latela mesebetsi ea bona

18:7

إِنَّا جَعَلۡنَا مَا عَلَى ٱلۡأَرۡضِ زِينَةً لَّهَا لِنَبۡلُوَهُمۡ أَيُّهُمۡ أَحۡسَنُ عَمَلًا

Re hlotse lintho tsohle tse teng lefats’eng e le mekhabiso holim’a lona, ho ba beha tekong: le hona ho bona hore na ke bafeng har’a bona ba boits’oaro bo botle

18:8

وَإِنَّا لَجَٰعِلُونَ مَا عَلَيۡهَا صَعِيدًا جُرُزًا

Ruri! Re tla fetola lintho tsohle tse teng holim’a lona lerole le mobu o ommeng

18:9

أَمۡ حَسِبۡتَ أَنَّ أَصۡحَٰبَ ٱلۡكَهۡفِ وَٱلرَّقِيمِ كَانُواْ مِنۡ ءَايَٰتِنَا عَجَبًا

Kapa u nahana hore batho ba Lehaha le Ba-Mongolo ke Mehlolo har’a lits’upiso tsa rona

18:10

إِذۡ أَوَى ٱلۡفِتۡيَةُ إِلَى ٱلۡكَهۡفِ فَقَالُواْ رَبَّنَآ ءَاتِنَا مِن لَّدُنكَ رَحۡمَةً وَهَيِّئۡ لَنَا مِنۡ أَمۡرِنَا رَشَدًا

Bahlankana ba ile ba ts’abela lehaheng: ba re: “Mong`a rona! ts’ollela Mohau oa Hau ho rona, U sebetse taba ea rona ka toka.”

18:11

فَضَرَبۡنَا عَلَىٰٓ ءَاذَانِهِمۡ فِي ٱلۡكَهۡفِ سِنِينَ عَدَدًا

Eaba re kiba kutlo ea bona moo Lehaheng ka lilemo tse ‘maloa

18:12

ثُمَّ بَعَثۡنَٰهُمۡ لِنَعۡلَمَ أَيُّ ٱلۡحِزۡبَيۡنِ أَحۡصَىٰ لِمَا لَبِثُوٓاْ أَمَدًا

Kamor’a moo eaba Re ba tsosa borokong, hore Re tle Re tsebe hore na mahlakoreng ana a mabeli ke le feng le ka tsebang ho lokolisa nako eo ba ileng ba e lula moo

18:13

نَّحۡنُ نَقُصُّ عَلَيۡكَ نَبَأَهُم بِٱلۡحَقِّۚ إِنَّهُمۡ فِتۡيَةٌ ءَامَنُواْ بِرَبِّهِمۡ وَزِدۡنَٰهُمۡ هُدًى

Re u phetela nalane ea bona ka ‘nete: E ne e le bahlankana ba kholoang ho Mong`a bona, Re ile Ra ba phaella ka tataiso

18:14

وَرَبَطۡنَا عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ إِذۡ قَامُواْ فَقَالُواْ رَبُّنَا رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ لَن نَّدۡعُوَاْ مِن دُونِهِۦٓ إِلَٰهًاۖ لَّقَدۡ قُلۡنَآ إِذًا شَطَطًا

Ra Kenya sebete ho bona nakong eo ba neng ba itlhophela leeto bare: “Mong`a rona ke Mong`a maholimo le lefats’e, ha ho molingoana ope eo re llelang ho eena ntle ho Eena, hobane ha re ka etsa joalo re tla be re buile linyonts’a

18:15

هَٰٓؤُلَآءِ قَوۡمُنَا ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةًۖ لَّوۡلَا يَأۡتُونَ عَلَيۡهِم بِسُلۡطَٰنِۭ بَيِّنٍۖ فَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا

Batho ba habo rona, ba ikhethets melimo esele ntle ho Eena le hoja ba se na bopaki bo hlakileng bo tsoang ho eona. Ha na ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano khahlano le Allah

18:16

وَإِذِ ٱعۡتَزَلۡتُمُوهُمۡ وَمَا يَعۡبُدُونَ إِلَّا ٱللَّهَ فَأۡوُۥٓاْ إِلَى ٱلۡكَهۡفِ يَنشُرۡ لَكُمۡ رَبُّكُم مِّن رَّحۡمَتِهِۦ وَيُهَيِّئۡ لَكُم مِّنۡ أَمۡرِكُم مِّرۡفَقًا

Haeba le ka ba furalla le tsohle tseo ba li khumamelang ntle ho Allah, eaba le tsoma sets’abelo Lehaheng; Ruri Mong`a lona U tla jala Mohau oa Hae holim’a lona le hona ho le bebofaletsa mathata a lona.”

18:17

وَتَرَى ٱلشَّمۡسَ إِذَا طَلَعَت تَّزَٰوَرُ عَن كَهۡفِهِمۡ ذَاتَ ٱلۡيَمِينِ وَإِذَا غَرَبَت تَّقۡرِضُهُمۡ ذَاتَ ٱلشِّمَالِ وَهُمۡ فِي فَجۡوَةٍ مِّنۡهُۚ ذَٰلِكَ مِنۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِۗ مَن يَهۡدِ ٱللَّهُ فَهُوَ ٱلۡمُهۡتَدِۖ وَمَن يُضۡلِلۡ فَلَن تَجِدَ لَهُۥ وَلِيًّا مُّرۡشِدًا

U ka be u ile oa bona letsatsi mohla le neng le chabile le siroha lehaheng la bona ho leba ka ho le letona, le nakong eo le neng le e ea malikelong, ba robetse hara Lehaha ba sa ikhurumetsa. Seo ebile se seng sa lits’upiso tsa Allah. Ea tataisoang ke Allah, u tataisong e nepahetseng, athe Ea mo tlohetseng ho kheloha,- ha u ke ke oa ba fumanela mosireletsi ea ka ba tataisetsang tseleng e nepahetseng

18:18

وَتَحۡسَبُهُمۡ أَيۡقَاظًا وَهُمۡ رُقُودٌۚ وَنُقَلِّبُهُمۡ ذَاتَ ٱلۡيَمِينِ وَذَاتَ ٱلشِّمَالِۖ وَكَلۡبُهُم بَٰسِطٌ ذِرَاعَيۡهِ بِٱلۡوَصِيدِۚ لَوِ ٱطَّلَعۡتَ عَلَيۡهِمۡ لَوَلَّيۡتَ مِنۡهُمۡ فِرَارًا وَلَمُلِئۡتَ مِنۡهُمۡ رُعۡبًا

U ka be u ile oa nahana hore ba tsohile, athe ba ntse ba robetse, Re ile Ra ba fetolela ka mahlakore bobeli, ntjanyana ea bona e otlolotse maoto a pele monyako. Ha u ne u ka atamela haufi le bona, Ruri u ne u tla menola tlhabela; u tlallane ke letsoalo la ho bona seo

18:19

وَكَذَٰلِكَ بَعَثۡنَٰهُمۡ لِيَتَسَآءَلُواْ بَيۡنَهُمۡۚ قَالَ قَآئِلٌ مِّنۡهُمۡ كَمۡ لَبِثۡتُمۡۖ قَالُواْ لَبِثۡنَا يَوۡمًا أَوۡ بَعۡضَ يَوۡمٍۚ قَالُواْ رَبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِمَا لَبِثۡتُمۡ فَٱبۡعَثُوٓاْ أَحَدَكُم بِوَرِقِكُمۡ هَٰذِهِۦٓ إِلَى ٱلۡمَدِينَةِ فَلۡيَنظُرۡ أَيُّهَآ أَزۡكَىٰ طَعَامًا فَلۡيَأۡتِكُم بِرِزۡقٍ مِّنۡهُ وَلۡيَتَلَطَّفۡ وَلَا يُشۡعِرَنَّ بِكُمۡ أَحَدًا

Ka mokhoa o ts’oanang Re ile Ra ba tsosa, e le hore ba tle ba botsane ka bo-bona. E mong oa bona o ile a re: “Re lutse nako e kae moo?” Ba ile ba re: “Re lutse letsatsi kapa karoloana ea lona,” Ha ba bang ba ile bare: “Ke Allah Ea tsebang ka botlalo hore na le lutse nako e kae.” Romang e mong oa rona ka chelete ena ea Selivera motseng, ho ea re shebela sejo se hloekileng seo re ka se jang moo. Ebe motho ea boits’oaro bo lokileng, ho se be motho ea ka tsebang ka rona

18:20

إِنَّهُمۡ إِن يَظۡهَرُواْ عَلَيۡكُمۡ يَرۡجُمُوكُمۡ أَوۡ يُعِيدُوكُمۡ فِي مِلَّتِهِمۡ وَلَن تُفۡلِحُوٓاْ إِذًا أَبَدًا

Hobane haeba ba ka re tseba, ba tla re tlapunya ka majoe, kapa ba re khelosetse tumelong ea bona; re ke keng ra hlola re eba le katleho

18:21

وَكَذَٰلِكَ أَعۡثَرۡنَا عَلَيۡهِمۡ لِيَعۡلَمُوٓاْ أَنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَأَنَّ ٱلسَّاعَةَ لَا رَيۡبَ فِيهَآ إِذۡ يَتَنَٰزَعُونَ بَيۡنَهُمۡ أَمۡرَهُمۡۖ فَقَالُواْ ٱبۡنُواْ عَلَيۡهِم بُنۡيَٰنًاۖ رَّبُّهُمۡ أَعۡلَمُ بِهِمۡۚ قَالَ ٱلَّذِينَ غَلَبُواْ عَلَىٰٓ أَمۡرِهِمۡ لَنَتَّخِذَنَّ عَلَيۡهِم مَّسۡجِدًا

Re ile Ra ba beha pooaneng ho batho ba motseng, hore ba tle ba tsebe hore ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, le hore Hora ea Pallo ha ho khoao ka eona. Eaba baahi ba motse ba simolla ho pheha khang ka bo bona, ba re: “Hahang moaho holim’a bona; ‘Mong`a bona o tseba ka botlalo malebana le bona.” Joale, ba ileng ba hlola nyeoe ea ba ba re: “Ruri re tla aha ntlo ea thapelo holim’a bona.”

18:22

سَيَقُولُونَ ثَلَٰثَةٌ رَّابِعُهُمۡ كَلۡبُهُمۡ وَيَقُولُونَ خَمۡسَةٌ سَادِسُهُمۡ كَلۡبُهُمۡ رَجۡمَۢا بِٱلۡغَيۡبِۖ وَيَقُولُونَ سَبۡعَةٌ وَثَامِنُهُمۡ كَلۡبُهُمۡۚ قُل رَّبِّيٓ أَعۡلَمُ بِعِدَّتِهِم مَّا يَعۡلَمُهُمۡ إِلَّا قَلِيلٌۗ فَلَا تُمَارِ فِيهِمۡ إِلَّا مِرَآءً ظَٰهِرًا وَلَا تَسۡتَفۡتِ فِيهِم مِّنۡهُمۡ أَحَدًا

Bang ba re: “Ba ne ba le ba raro, ntja ea bona ke’a bone,” athe karolo e ngoe eona e re: “Ba ne ba le bahlano, ntja ea bona ke’a bots’elela,” Ba noha tlas’a ho hloka tsebo; ba bang ba re: “Ba ne ba supile, ntja ea bona ke’a borobeli.” E re: “Ruri ke Mong`a ka ea tsebang ka kotloloho palo ea bona. Ke ba fokolang feela ba tsebang ka bona. Kahoo, u se phehe khang le bona haese ha feela eba ke ka mokhoa o hlakileng, u se botse ope oa bona khahlanong le taba eo

18:23

وَلَا تَقُولَنَّ لِشَاْيۡءٍ إِنِّي فَاعِلٌ ذَٰلِكَ غَدًا

Kapa hore: “Ke tla etsa ntho e itseng hosane,” –

18:24

إِلَّآ أَن يَشَآءَ ٱللَّهُۚ وَٱذۡكُر رَّبَّكَ إِذَا نَسِيتَ وَقُلۡ عَسَىٰٓ أَن يَهۡدِيَنِ رَبِّي لِأَقۡرَبَ مِنۡ هَٰذَا رَشَدًا

U sa ka oa re;” Ka thato ea Allah!” U hopole Mong`a hau nakong eo u lebetseng, u re: “Mohlomong Mong`a ka o tla ntataisetsa katamelong ea tsela ea ‘nete ho feta ena.”

18:25

وَلَبِثُواْ فِي كَهۡفِهِمۡ ثَلَٰثَ مِاْئَةٍ سِنِينَ وَٱزۡدَادُواْ تِسۡعًا

Ba ile ba lula Lehaheng la bona lilemo tse makholo a mararo, le lilemo tse robong

18:26

قُلِ ٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا لَبِثُواْۖ لَهُۥ غَيۡبُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ أَبۡصِرۡ بِهِۦ وَأَسۡمِعۡۚ مَا لَهُم مِّن دُونِهِۦ مِن وَلِيٍّ وَلَا يُشۡرِكُ فِي حُكۡمِهِۦٓ أَحَدًا

E re: “Ke Allah ea tsebang ka kotloloho lilemo tseobali lutseng. Etsoe makunutu a maholimo le lefats’e ke a hae. U na le pono e hlakileng le kutlo e batsi! Ha ba na mosireltsi ea kantle ho Eena, ha ho ope ea nang le kabelo ‘Musong oa Hae

18:27

وَٱتۡلُ مَآ أُوحِيَ إِلَيۡكَ مِن كِتَابِ رَبِّكَۖ لَا مُبَدِّلَ لِكَلِمَٰتِهِۦ وَلَن تَجِدَ مِن دُونِهِۦ مُلۡتَحَدًا

U phete Lengolo leo u le senoletsoeng le etsoa ho Mong`a hau. Ha ho ope ea ka fetolang mantsoe A Hae, u ke ke oa fumana sets’abelo kantle ho Eena

18:28

وَٱصۡبِرۡ نَفۡسَكَ مَعَ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ رَبَّهُم بِٱلۡغَدَوٰةِ وَٱلۡعَشِيِّ يُرِيدُونَ وَجۡهَهُۥۖ وَلَا تَعۡدُ عَيۡنَاكَ عَنۡهُمۡ تُرِيدُ زِينَةَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَا تُطِعۡ مَنۡ أَغۡفَلۡنَا قَلۡبَهُۥ عَن ذِكۡرِنَا وَٱتَّبَعَ هَوَىٰهُ وَكَانَ أَمۡرُهُۥ فُرُطًا

U boloke moea oa hau o khotsofetse ‘moho le bohle ba memetsang ho Mong`a bona mesong le mantsiboea, moo ba ba tlang motlopotlo oa Hae; u se ba tlolise mahlo holimo, moo u labalabelang monyaka oa bophelo ba lefats’e lena; u se ke oa latela eo Re thatafalitseng pelo ea hae hore e se ke ea Re hopola, ea setseng litakatso tsa hae morao, mehopolo ea hae e se e tlotse meeli eohle

18:29

وَقُلِ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكُمۡۖ فَمَن شَآءَ فَلۡيُؤۡمِن وَمَن شَآءَ فَلۡيَكۡفُرۡۚ إِنَّآ أَعۡتَدۡنَا لِلظَّٰلِمِينَ نَارًا أَحَاطَ بِهِمۡ سُرَادِقُهَاۚ وَإِن يَسۡتَغِيثُواْ يُغَاثُواْ بِمَآءٍ كَٱلۡمُهۡلِ يَشۡوِي ٱلۡوُجُوهَۚ بِئۡسَ ٱلشَّرَابُ وَسَآءَتۡ مُرۡتَفَقًا

E re ho bona: “‘Nete e tsoa ho Mong`a lona. Mong le mong ea nang le thahasello mo tloheleng a kholoe, ka ho ts’oana le eo ea senang thahasello le mo lese ho latola tumelo. Haele ba tlolang molao bona Re ba lokiselitse Mollo. Lephephe la ona le tla ba koahela joaloka marulelo. Haeba ba kopa ho tola, ba tla tolisoa ka metsi a ts’oanang le koporo e qhebilisitsoeng e chesang lifahleho. Ak’u bone kamoo ba tlang ho noa mothofu o ts’abehang esitana le bona bolulo bo bolileng kateng

18:30

إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ إِنَّا لَا نُضِيعُ أَجۡرَ مَنۡ أَحۡسَنَ عَمَلًا

Haele ba kholoang ba etsa mesebetsi e hloekileng, – Ruri Re ke ke Ra lumela hore moputso oa mong le mong ea entseng ketso e lokileng e be o’a lahleha

18:31

أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ جَنَّٰتُ عَدۡنٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهِمُ ٱلۡأَنۡهَٰرُ يُحَلَّوۡنَ فِيهَا مِنۡ أَسَاوِرَ مِن ذَهَبٍ وَيَلۡبَسُونَ ثِيَابًا خُضۡرًا مِّن سُندُسٍ وَإِسۡتَبۡرَقٍ مُّتَّكِـِٔينَ فِيهَا عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِۚ نِعۡمَ ٱلثَّوَابُ وَحَسُنَتۡ مُرۡتَفَقًا

Ba joalo, Lirapa tsa Edene ke tsa bona, moo teng linoka li phallang haufi le bona; ba tla nehoa libenyele tsa khauta esita le hona ho apara liaparo tse tala tsa silika e bobebe e nang le mekhabiso ea khauta, ba phomotse holima Literone. Ruri oo ke moputso o babatsehang esitana le sona sebaka se machosi hakakang

18:32

وَٱضۡرِبۡ لَهُم مَّثَلًا رَّجُلَيۡنِ جَعَلۡنَا لِأَحَدِهِمَا جَنَّتَيۡنِ مِنۡ أَعۡنَٰبٍ وَحَفَفۡنَٰهُمَا بِنَخۡلٍ وَجَعَلۡنَا بَيۡنَهُمَا زَرۡعًا

Ak’u ba etsetse papiso ea banna ba babeli: bao e mong le e mong oa bona Re mo sitsitseng ka lirapa tse peli tsa merara, tseo Re li kopetseng har’e ka lifate tsa palema, lipakeng tsa tsona ho len’goe

18:33

كِلۡتَا ٱلۡجَنَّتَيۡنِ ءَاتَتۡ أُكُلَهَا وَلَمۡ تَظۡلِم مِّنۡهُ شَيۡـًٔاۚ وَفَجَّرۡنَا خِلَٰلَهُمَا نَهَرًا

Serapa ka seng se fana ka litholoana tse khotsofatsang. Ho phalla noka lipakeng tsa tsona

18:34

وَكَانَ لَهُۥ ثَمَرٌ فَقَالَ لِصَٰحِبِهِۦ وَهُوَ يُحَاوِرُهُۥٓ أَنَا۠ أَكۡثَرُ مِنكَ مَالًا وَأَعَزُّ نَفَرًا

E mong o ne a ena le litholoana tse ngata. Eaba moo a ileng a re ho mphato oa hae nakong eo neng a buisana le eena: “‘Na ke morui ho feta uena ka thepa, ebile ke hlompheha kahofetisisa bathong.”

18:35

وَدَخَلَ جَنَّتَهُۥ وَهُوَ ظَالِمٌ لِّنَفۡسِهِۦ قَالَ مَآ أَظُنُّ أَن تَبِيدَ هَٰذِهِۦٓ أَبَدًا

Eaba o ea serapeng sa hae, ka moelelo o fosahetseng. A re: “Ha ke nahane hore lintho tsena tsohle li sa tla hlola li fela

18:36

وَمَآ أَظُنُّ ٱلسَّاعَةَ قَآئِمَةً وَلَئِن رُّدِدتُّ إِلَىٰ رَبِّي لَأَجِدَنَّ خَيۡرًا مِّنۡهَا مُنقَلَبًا

Ebile ha ke nahane hore hora ea kahlolo e sa tla tla, haeba nka boela ho Mong`a ka, Ruri ke na le bo-’nete ba hore ke tla fumana puseletso e molemo ho feta ena.”

18:37

قَالَ لَهُۥ صَاحِبُهُۥ وَهُوَ يُحَاوِرُهُۥٓ أَكَفَرۡتَ بِٱلَّذِي خَلَقَكَ مِن تُرَابٍ ثُمَّ مِن نُّطۡفَةٍ ثُمَّ سَوَّىٰكَ رَجُلًا

Empa motsoalle oa hae nakong eo ba ntseng ba phehile khang, a re: “na ha o lumele ho Eena ea o hlotseng ka lerole le ka lehloele, eaba o o bopa o le motho

18:38

لَّٰكِنَّا۠ هُوَ ٱللَّهُ رَبِّي وَلَآ أُشۡرِكُ بِرَبِّيٓ أَحَدًا

Ruri! ke Allah Mong`a ka, nke ke ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi

18:39

وَلَوۡلَآ إِذۡ دَخَلۡتَ جَنَّتَكَ قُلۡتَ مَا شَآءَ ٱللَّهُ لَا قُوَّةَ إِلَّا بِٱللَّهِۚ إِن تَرَنِ أَنَا۠ أَقَلَّ مِنكَ مَالًا وَوَلَدًا

Hoja e be nakong eo o neng o kena ka har’a serapa sa hau o ile oa re: “Thato ea Allah e phethoe! Ha ho matla ntle le matla a Allah! Le ha o mpona ke le mofutsana ea o fetang ka thepa esita le ka bana

18:40

فَعَسَىٰ رَبِّيٓ أَن يُؤۡتِيَنِ خَيۡرًا مِّن جَنَّتِكَ وَيُرۡسِلَ عَلَيۡهَا حُسۡبَانًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ فَتُصۡبِحَ صَعِيدًا زَلَقًا

Mohlomong Mong`a ka o tla mpha se molemo ho feta serapa seo sa hau, e be U romella lehalima le tsoang marung ho tla se ripitla hoo ekareng hoseng eaba se tsoha e le mofela

18:41

أَوۡ يُصۡبِحَ مَآؤُهَا غَوۡرًا فَلَن تَسۡتَطِيعَ لَهُۥ طَلَبًا

Kapa e be hoseng ho hong metsi a teng moo ho sona a be a nyametse hoo o ke keng oa hlola o’a fumana

18:42

وَأُحِيطَ بِثَمَرِهِۦ فَأَصۡبَحَ يُقَلِّبُ كَفَّيۡهِ عَلَىٰ مَآ أَنفَقَ فِيهَا وَهِيَ خَاوِيَةٌ عَلَىٰ عُرُوشِهَا وَيَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي لَمۡ أُشۡرِكۡ بِرَبِّيٓ أَحَدًا

Litholoana tsohle tsa hau li be li ripitliloe. Ebe o simolla ho akha matsoho a hau molemong oa tsohle tseo o li senyehetsoeng, tseo ha joale li fetohileng lesupi, e be o tla re: “nka be ke sa ka ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi!”

18:43

وَلَمۡ تَكُن لَّهُۥ فِئَةٌ يَنصُرُونَهُۥ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَمَا كَانَ مُنتَصِرًا

Ha a na lequloana le ka mo thusang kahlanong le Allah, kapa hona hore a ka ipholosa

18:44

هُنَالِكَ ٱلۡوَلَٰيَةُ لِلَّهِ ٱلۡحَقِّۚ هُوَ خَيۡرٌ ثَوَابًا وَخَيۡرٌ عُقۡبًا

Ke Allah feela ea ka fanang ka ts’ireletso, Ea ‘Nete. Etsoe ke Eena ea molemo ho putsa, e bile o molemo ho fana ka katleho

18:45

وَٱضۡرِبۡ لَهُم مَّثَلَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا كَمَآءٍ أَنزَلۡنَٰهُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ فَٱخۡتَلَطَ بِهِۦ نَبَاتُ ٱلۡأَرۡضِ فَأَصۡبَحَ هَشِيمًا تَذۡرُوهُ ٱلرِّيَٰحُۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ مُّقۡتَدِرًا

U ke u ba etsetse papiso ka bophelo ba lefats’e lena bo joalo ka metsi ao Re’a romellang ho theoha marung, e be limela tsa lefats’e li’a e amohela; kamorao e be li’a omella hoo li ka fefoloang ke moea. Ruri! Allah U Matla A ho etsa lintho tsohle

18:46

ٱلۡمَالُ وَٱلۡبَنُونَ زِينَةُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَٱلۡبَٰقِيَٰتُ ٱلصَّٰلِحَٰتُ خَيۡرٌ عِندَ رَبِّكَ ثَوَابًا وَخَيۡرٌ أَمَلًا

Thepa le bana ba lona ke liaparo tsa bophelo ba lefats’e lena. Empa ba etsang liketso tse lokileng, ba molemo mahlong a Mong`a bona ho ka putsuoa, ba bile bana le ts’epo e tiileng

18:47

وَيَوۡمَ نُسَيِّرُ ٱلۡجِبَالَ وَتَرَى ٱلۡأَرۡضَ بَارِزَةً وَحَشَرۡنَٰهُمۡ فَلَمۡ نُغَادِرۡ مِنۡهُمۡ أَحَدًا

Le ke le ipotse tsa mohla Letsatsi leo ka lona Re tlang ho batalatsa maralla, le tla bona lefats’e le nyebekolloa; Re tla ba bokella hammoho ho sa tl’o sala le a mong oa bona morao

18:48

وَعُرِضُواْ عَلَىٰ رَبِّكَ صَفًّا لَّقَدۡ جِئۡتُمُونَا كَمَا خَلَقۡنَٰكُمۡ أَوَّلَ مَرَّةِۭۚ بَلۡ زَعَمۡتُمۡ أَلَّن نَّجۡعَلَ لَكُم مَّوۡعِدًا

Ebe joale ba hloptjoa ka mahlofo kapel’a Mong`a bona, eleng moo lentsoe le tla re: “Le tlile ho Rona joaloka ha Re ile Ra le bopa mathomong. Le ile la nahana hore Re ke ke Ra phethisa lits’episo hore le tla kopana le Rona!.”

18:49

وَوُضِعَ ٱلۡكِتَٰبُ فَتَرَى ٱلۡمُجۡرِمِينَ مُشۡفِقِينَ مِمَّا فِيهِ وَيَقُولُونَ يَٰوَيۡلَتَنَا مَالِ هَٰذَا ٱلۡكِتَٰبِ لَا يُغَادِرُ صَغِيرَةً وَلَا كَبِيرَةً إِلَّآ أَحۡصَىٰهَاۚ وَوَجَدُواْ مَا عَمِلُواْ حَاضِرًاۗ وَلَا يَظۡلِمُ رَبُّكَ أَحَدًا

Buka ea liketso e tla behoa kapel’a lona, ke moo u tla bona ba molato ba le matsoalong ho latela se tla beng se ngoliloe kahar’a eona, ba tla re: “Jo’na oee! Ke buka ea mofuta ofe e sa sieeng letho le lenyane leha e le le leholo, e li ngolile kaofela!” Ruri! ba tla fumana tsohle tseo ba li entseng li ba tjametse, ho se ope eo Allah a mo qhekeletseng

18:50

وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ كَانَ مِنَ ٱلۡجِنِّ فَفَسَقَ عَنۡ أَمۡرِ رَبِّهِۦٓۗ أَفَتَتَّخِذُونَهُۥ وَذُرِّيَّتَهُۥٓ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِي وَهُمۡ لَكُمۡ عَدُوُّۢۚ بِئۡسَ لِلظَّٰلِمِينَ بَدَلًا

Bonang Re ile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama,” Eaba a ea khumama haese Iblis. E ne e le e mong oa Masabonoeng, kahoo, o ile a nyelisa le hona ho ba khahlanong le taelo ea Mong`a hae. Na le ka khetha eena le tsoala ea hae ho ba metsoalle ea lona e ka le ts’ireletsang ntle ho ‘Na? Empa e le lira tsa lona? Ruri! Se nyonyehang ke poelo ea baetsalibe

18:51

مَّآ أَشۡهَدتُّهُمۡ خَلۡقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَا خَلۡقَ أَنفُسِهِمۡ وَمَا كُنتُ مُتَّخِذَ ٱلۡمُضِلِّينَ عَضُدًا

Ha ke’a ba bopela ho ba lipaki tsa tlholeho ea maholimo le’a lefats’e esitana le ho ba lipaki khahlanong le popo ea bona; kapa hona ho ba khetha e le bathusi ba ka ho khelosa batho

18:52

وَيَوۡمَ يَقُولُ نَادُواْ شُرَكَآءِيَ ٱلَّذِينَ زَعَمۡتُمۡ فَدَعَوۡهُمۡ فَلَمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَهُمۡ وَجَعَلۡنَا بَيۡنَهُم مَّوۡبِقًا

Ka letsatsi le leng Allah U tla re: “Memetsang ho bao le neng le ba kopanya le ‘Na.” Kemoo ba tla memetsa ho bona, empa ba ke ke ba utloa thapelo ea bona, etsoe Re tla etsa timelo e tebileng lipakeng tsa bona

18:53

وَرَءَا ٱلۡمُجۡرِمُونَ ٱلنَّارَ فَظَنُّوٓاْ أَنَّهُم مُّوَاقِعُوهَا وَلَمۡ يَجِدُواْ عَنۡهَا مَصۡرِفًا

Ke moo ba molato ba tla bona mollo, ba utloisise hore ba tla lahleloa kahar’a ona, ba ke ke ba fumana tsela ea ho phonyoha

18:54

وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَا فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ لِلنَّاسِ مِن كُلِّ مَثَلٍۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ أَكۡثَرَ شَيۡءٍ جَدَلًا

Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso; empa motho o manganga a fetisisang

18:55

وَمَا مَنَعَ ٱلنَّاسَ أَن يُؤۡمِنُوٓاْ إِذۡ جَآءَهُمُ ٱلۡهُدَىٰ وَيَسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّهُمۡ إِلَّآ أَن تَأۡتِيَهُمۡ سُنَّةُ ٱلۡأَوَّلِينَ أَوۡ يَأۡتِيَهُمُ ٱلۡعَذَابُ قُبُلًا

Ke eng se thibelang batho ho kholoa, empa tataiso e se e tlile ho bona esitana le hona ho kopa ts’oarelo ho Mong`a bona, haese feela hore e be ba na le taba-tabelo ea kahlolo ea batho ba mehleng ea pele hore eba oele, kapa hore e be ba tjametsoe ke timelo

18:56

وَمَا نُرۡسِلُ ٱلۡمُرۡسَلِينَ إِلَّا مُبَشِّرِينَ وَمُنذِرِينَۚ وَيُجَٰدِلُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِٱلۡبَٰطِلِ لِيُدۡحِضُواْ بِهِ ٱلۡحَقَّۖ وَٱتَّخَذُوٓاْ ءَايَٰتِي وَمَآ أُنذِرُواْ هُزُوًا

Re romella baromuoa joaloka bahlokomelisi le ho tlisa litaba tse molemo. Empa ba mahana-tumelo a pheha khang ka leshano, le ho sesefatsa ‘nete ka lona. Ba nka lits’enolo tsa Ka, le hohle moo ebang ba ea khalengoa joaloka papali

18:57

وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّن ذُكِّرَ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦ فَأَعۡرَضَ عَنۡهَا وَنَسِيَ مَا قَدَّمَتۡ يَدَاهُۚ إِنَّا جَعَلۡنَا عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ أَكِنَّةً أَن يَفۡقَهُوهُ وَفِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَقۡرًاۖ وَإِن تَدۡعُهُمۡ إِلَى ٱلۡهُدَىٰ فَلَن يَهۡتَدُوٓاْ إِذًا أَبَدًا

Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea phethetsoeng lits’enolo tsa Mong`a hae, eaba o oa likoenehela le ho lebala tseo matsoho a hae a lirometseng nale ho lebisa kahlolong? Ruri Re koahetse lipelo tsa bona ka lesira, hore ba tle ba se ke ba utloisisa letho, ebile e le litholo. Leha u ka oa ba bitsetsa tataisong, Ruri ba ke ke ba tataisoa ka nepo

18:58

وَرَبُّكَ ٱلۡغَفُورُ ذُو ٱلرَّحۡمَةِۖ لَوۡ يُؤَاخِذُهُم بِمَا كَسَبُواْ لَعَجَّلَ لَهُمُ ٱلۡعَذَابَۚ بَل لَّهُم مَّوۡعِدٌ لَّن يَجِدُواْ مِن دُونِهِۦ مَوۡئِلًا

Empa Mong`a hau U Ts’oarela-jolao-joalo, U Tletse Mohau. Haeba A ka ba biletsa boikarabellong hajoale mabapi le tseo bali entseng, Ruri o ne A tla potlakela Kahlolong ea bona; empa nako ea bona ke’a pallo eo ba ke keng ba phonyoha ho eona

18:59

وَتِلۡكَ ٱلۡقُرَىٰٓ أَهۡلَكۡنَٰهُمۡ لَمَّا ظَلَمُواْ وَجَعَلۡنَا لِمَهۡلِكِهِم مَّوۡعِدًا

Le eona metse eohle eo Re ileng Ra e ripitla ho latela liketso tse fosahetseng, Re ne Re ile Ra fana ka nako ea pallo kotlong ea bona

18:60

وَإِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِفَتَىٰهُ لَآ أَبۡرَحُ حَتَّىٰٓ أَبۡلُغَ مَجۡمَعَ ٱلۡبَحۡرَيۡنِ أَوۡ أَمۡضِيَ حُقُبًا

Moshe o ile a re ho mosebeletsi oa hae: “Ruri nke ke ka emisa ho fihlela ke fihlile mateanong a maoatle a mabeli, le ha ke qhala lilemo-lemo tseleng

18:61

فَلَمَّا بَلَغَا مَجۡمَعَ بَيۡنِهِمَا نَسِيَا حُوتَهُمَا فَٱتَّخَذَ سَبِيلَهُۥ فِي ٱلۡبَحۡرِ سَرَبًا

Empa eitse ha ba se bafihlile mateanyetsong, ba lebala Tlhapi ea bona, eona e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi e le bolokolohing

18:62

فَلَمَّا جَاوَزَا قَالَ لِفَتَىٰهُ ءَاتِنَا غَدَآءَنَا لَقَدۡ لَقِينَا مِن سَفَرِنَا هَٰذَا نَصَبًا

Hoba ba tsamae sebakanyana, eaba o re ho mosebeletsi oa hae: “A k’u re etsetse lijo tsa hoseng. Ruri! Haele leetong lena re teane le mathata a mangata.”

18:63

قَالَ أَرَءَيۡتَ إِذۡ أَوَيۡنَآ إِلَى ٱلصَّخۡرَةِ فَإِنِّي نَسِيتُ ٱلۡحُوتَ وَمَآ أَنسَىٰنِيهُ إِلَّا ٱلشَّيۡطَٰنُ أَنۡ أَذۡكُرَهُۥۚ وَٱتَّخَذَ سَبِيلَهُۥ فِي ٱلۡبَحۡرِ عَجَبًا

A araba a re: “Na ha o oa bona, hore nakong eo re neng re ts’abela holim’a lefika, ke ile ka lebala tlhapi teng, – ke satane ea entseng hore ke lebale ho buoa ka eona, – e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi ka mokhoa o makhethe.”

18:64

قَالَ ذَٰلِكَ مَا كُنَّا نَبۡغِۚ فَٱرۡتَدَّا عَلَىٰٓ ءَاثَارِهِمَا قَصَصًا

Moshe a re: “Sena ke sona seo re neng re tsomana le sona.” Kahoo, menahana le mehlala ea bona

18:65

فَوَجَدَا عَبۡدًا مِّنۡ عِبَادِنَآ ءَاتَيۡنَٰهُ رَحۡمَةً مِّنۡ عِندِنَا وَعَلَّمۡنَٰهُ مِن لَّدُنَّا عِلۡمًا

Ke moo ba ileng ba fumana e mong oa makhabunyane a Rona, eo Re mo sitsitseng ka Mohau oa Rona le ho mo ruta tsebo e tsoang boteng ba Rona

18:66

قَالَ لَهُۥ مُوسَىٰ هَلۡ أَتَّبِعُكَ عَلَىٰٓ أَن تُعَلِّمَنِ مِمَّا عُلِّمۡتَ رُشۡدًا

Moshe a re ho eena: “Na nka o sala morao ho fihlela moo o tlang ho nthuta ‘Nete eo o ileng oa e rutoa?”

18:67

قَالَ إِنَّكَ لَن تَسۡتَطِيعَ مَعِيَ صَبۡرًا

Eaba eo o re: “Ruri u ke ke oa ba le mamello ho ‘na

18:68

وَكَيۡفَ تَصۡبِرُ عَلَىٰ مَا لَمۡ تُحِطۡ بِهِۦ خُبۡرًا

Ho tla joang hore u ka ba le mamello ka seo u sa kang oa ba le kutlisiso e feletseng ka sona?”

18:69

قَالَ سَتَجِدُنِيٓ إِن شَآءَ ٱللَّهُ صَابِرًا وَلَآ أَعۡصِي لَكَ أَمۡرًا

Moshe a re: “Haeba e le thato ea Allah, Ruri u tla mphumana ke ena le mamello, ha ho letho leo ke tlang ho u hanyetsa ka lona.”

18:70

قَالَ فَإِنِ ٱتَّبَعۡتَنِي فَلَا تَسۡـَٔلۡنِي عَن شَيۡءٍ حَتَّىٰٓ أُحۡدِثَ لَكَ مِنۡهُ ذِكۡرًا

Eo a re: “Ho lokile, haeba u tsamaea le ‘na; u se mpotse letho ho fihlela e le ‘na ea ka o bolellang sona.”

18:71

فَٱنطَلَقَا حَتَّىٰٓ إِذَا رَكِبَا فِي ٱلسَّفِينَةِ خَرَقَهَاۖ قَالَ أَخَرَقۡتَهَا لِتُغۡرِقَ أَهۡلَهَا لَقَدۡ جِئۡتَ شَيۡـًٔا إِمۡرًا

Ba ile ba tsamaea ‘moho ho fihlela moo ba ileng ba kena sekepeng, e leng moo mphato oa hae a ileng a phunya sekepe seo lesoba. Eaba Moshe o re: “Lesoba leo o le etsetsa hore o tle o qoelise batho? Ruri o entse ntho e mohlolo

18:72

قَالَ أَلَمۡ أَقُلۡ إِنَّكَ لَن تَسۡتَطِيعَ مَعِيَ صَبۡرًا

A araba: “Na ha ke’a u bolella hore o ke ke oa ba le mamello ho ‘na?”

18:73

قَالَ لَا تُؤَاخِذۡنِي بِمَا نَسِيتُ وَلَا تُرۡهِقۡنِي مِنۡ أَمۡرِي عُسۡرًا

Moshe a re: “Se nkhalefele hobane ke se ke lebetse, o se be pelo e mpe holim’a ka ho latela phoso ea ka.”

18:74

فَٱنطَلَقَا حَتَّىٰٓ إِذَا لَقِيَا غُلَٰمًا فَقَتَلَهُۥ قَالَ أَقَتَلۡتَ نَفۡسًا زَكِيَّةَۢ بِغَيۡرِ نَفۡسٍ لَّقَدۡ جِئۡتَ شَيۡـًٔا نُّكۡرًا

Ba qhoba ka leeto la bona ho fihlela moo ba ileng ba kopana le mohlankana, eaba monna eo oa ‘molaea. Moshe a re: “O etsang eng! Ha eka o bolaea moea o se nang molato, o sa kang oa bolaea le haele motho? Ruri! O entse ntho e mpe ka mokhoa o makatsang!”

18:75

قَالَ أَلَمۡ أَقُل لَّكَ إِنَّكَ لَن تَسۡتَطِيعَ مَعِيَ صَبۡرًا

A araba: “Ha ha ke’a ka ka u bolella hore u ke ke oa ba le mamello ho ‘na?”

18:76

قَالَ إِن سَأَلۡتُكَ عَن شَيۡءِۭ بَعۡدَهَا فَلَا تُصَٰحِبۡنِيۖ قَدۡ بَلَغۡتَ مِن لَّدُنِّي عُذۡرًا

Moshe a re: “Haeba nka o botsa ho hong kamor’a sena, Ruri o mpe o nteleke pela hau. Hobane o tla be o ile oa mphumana molato.”

18:77

فَٱنطَلَقَا حَتَّىٰٓ إِذَآ أَتَيَآ أَهۡلَ قَرۡيَةٍ ٱسۡتَطۡعَمَآ أَهۡلَهَا فَأَبَوۡاْ أَن يُضَيِّفُوهُمَا فَوَجَدَا فِيهَا جِدَارًا يُرِيدُ أَن يَنقَضَّ فَأَقَامَهُۥۖ قَالَ لَوۡ شِئۡتَ لَتَّخَذۡتَ عَلَيۡهِ أَجۡرًا

Ba tsoela pele ka leeto la bona ho fihlela ba fihla bathong ba motse o mong, moo ba ileng ba kopa lijo, empa ba se ke ba ba amohela joaloka baeti. Ba fumana lerako le neng le se le le haufi le ho heleha, monna eo oa le tsosa. Eaba Moshe o re: “Hoja e bile thato ea hau, e ka be ba o batlile moputso sebakeng sa lona.”

18:78

قَالَ هَٰذَا فِرَاقُ بَيۡنِي وَبَيۡنِكَۚ سَأُنَبِّئُكَ بِتَأۡوِيلِ مَا لَمۡ تَسۡتَطِع عَّلَيۡهِ صَبۡرًا

A araba: “Mona ke karohano lipakeng tsa ka le uena! Ke tla o hlalosetsa manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona

18:79

أَمَّا ٱلسَّفِينَةُ فَكَانَتۡ لِمَسَٰكِينَ يَعۡمَلُونَ فِي ٱلۡبَحۡرِ فَأَرَدتُّ أَنۡ أَعِيبَهَا وَكَانَ وَرَآءَهُم مَّلِكٌ يَأۡخُذُ كُلَّ سَفِينَةٍ غَصۡبًا

Mabapi le sekepe, se ikarabella ho batho ba neng ba sotlehile ba sebetsa moo metsing, ke ne ke lakalitse ho se nts’a maemong a ts’ebetso, hobane ho ne ho e na le morena kamor’a bona ea inkelang sekepe sefe kapa sefe ka sheshe

18:80

وَأَمَّا ٱلۡغُلَٰمُ فَكَانَ أَبَوَاهُ مُؤۡمِنَيۡنِ فَخَشِينَآ أَن يُرۡهِقَهُمَا طُغۡيَٰنًا وَكُفۡرًا

Mabapi le mohlankana eloa, eena batsoali ba hae e ne e le ba kholoang, re ile ra ts’oha hore mohlomong o tloha a ba hlokofatsa ka borabele le ho hloka teboho

18:81

فَأَرَدۡنَآ أَن يُبۡدِلَهُمَا رَبُّهُمَا خَيۡرًا مِّنۡهُ زَكَوٰةً وَأَقۡرَبَ رُحۡمًا

Ra lakatsa hore mohlomong sebakeng sa hae Mong`a bona aba putse ka mora e mong ea fapaneng le eo ka bohloeki le katamelong Mong`a hau

18:82

وَأَمَّا ٱلۡجِدَارُ فَكَانَ لِغُلَٰمَيۡنِ يَتِيمَيۡنِ فِي ٱلۡمَدِينَةِ وَكَانَ تَحۡتَهُۥ كَنزٌ لَّهُمَا وَكَانَ أَبُوهُمَا صَٰلِحًا فَأَرَادَ رَبُّكَ أَن يَبۡلُغَآ أَشُدَّهُمَا وَيَسۡتَخۡرِجَا كَنزَهُمَا رَحۡمَةً مِّن رَّبِّكَۚ وَمَا فَعَلۡتُهُۥ عَنۡ أَمۡرِيۚ ذَٰلِكَ تَأۡوِيلُ مَا لَمۡ تَسۡطِع عَّلَيۡهِ صَبۡرًا

Mabapi le lerako teng, lona e ne e le la likhutsana tse peli tsa bahlankana har’a motse, ka tlas’a lona ho ne ho le teng letlotlo leo eleng la bona, ntat`a bona u ne a bolokile, Mong`a hau U ne A rerile hore ba fihlele lilemo tse lokelang, ba tle ba iphumanele letlotlo la bona joaloka Mohau o tsoang ho Mong`a bona; ha ke’a ka le tsosa ka thato ea ka. Sena ke manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona.”

18:83

وَيَسۡـَٔلُونَكَ عَن ذِي ٱلۡقَرۡنَيۡنِۖ قُلۡ سَأَتۡلُواْ عَلَيۡكُم مِّنۡهُ ذِكۡرًا

Ba o botsa ka Zul-qarnain. E re: “Ke tla le phetela pale ea hae.”

18:84

إِنَّا مَكَّنَّا لَهُۥ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَءَاتَيۡنَٰهُ مِن كُلِّ شَيۡءٍ سَبَبًا

Ruri Re ile ra mo apesa ka matla lefats’eng le ho mo neha tsela holim’a lintho tsohle

18:85

فَأَتۡبَعَ سَبَبًا

O ile a latela tsela e `ngoe

18:86

حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ مَغۡرِبَ ٱلشَّمۡسِ وَجَدَهَا تَغۡرُبُ فِي عَيۡنٍ حَمِئَةٍ وَوَجَدَ عِندَهَا قَوۡمًاۖ قُلۡنَا يَٰذَا ٱلۡقَرۡنَيۡنِ إِمَّآ أَن تُعَذِّبَ وَإِمَّآ أَن تَتَّخِذَ فِيهِمۡ حُسۡنًا

Ho fihlela, a fihla moo letsatsi le phirimang teng, a fihlela le phirima kahar’a Seliba se mokhoabong, haufi le sona a fihlela batho: Ra Re: “Oho Zhul-qarnain! Ebang o ba neha kotlo kapa o ba lemosa ka mosa

18:87

قَالَ أَمَّا مَن ظَلَمَ فَسَوۡفَ نُعَذِّبُهُۥ ثُمَّ يُرَدُّ إِلَىٰ رَبِّهِۦ فَيُعَذِّبُهُۥ عَذَابًا نُّكۡرًا

A re: “Mong le mong ea etsang phoso re tla mo ahlola, hamorao o tla boela ho Mong`a hae, ea tlang ho mo ahlola ka kahlolo e ts’abehang

18:88

وَأَمَّا مَنۡ ءَامَنَ وَعَمِلَ صَٰلِحًا فَلَهُۥ جَزَآءً ٱلۡحُسۡنَىٰۖ وَسَنَقُولُ لَهُۥ مِنۡ أَمۡرِنَا يُسۡرًا

Empa ea kholoang a bile a etsa toka, – moputso oa hae e tla ba o molemo; Re tla mo putsa ona ka taelo e molemo.”

18:89

ثُمَّ أَتۡبَعَ سَبَبًا

Ke moo a ileng a latela tsela e ‘ngoe

18:90

حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ مَطۡلِعَ ٱلشَّمۡسِ وَجَدَهَا تَطۡلُعُ عَلَىٰ قَوۡمٍ لَّمۡ نَجۡعَل لَّهُم مِّن دُونِهَا سِتۡرًا

Ho fihlela moo letsatsi le chabang teng, a fumana le chabela batho bao Re sa kang ra ba neha ts’ireletso khahlanong le lona

18:91

كَذَٰلِكَۖ وَقَدۡ أَحَطۡنَا بِمَا لَدَيۡهِ خُبۡرًا

A ba lesa ba le joalo; Re ne Re tsebile lintho tsohle kapele ho eena

18:92

ثُمَّ أَتۡبَعَ سَبَبًا

A latela tsela e ‘ngoe

18:93

حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ بَيۡنَ ٱلسَّدَّيۡنِ وَجَدَ مِن دُونِهِمَا قَوۡمًا لَّا يَكَادُونَ يَفۡقَهُونَ قَوۡلًا

Ho fihlela moo a ileng a fihla lipakeng tsa lithaba tse peli, moo a ileng a fumana batho tlas’a tsona ba neng sa utloisisi puo le ha e le lentsoe le le leng

18:94

قَالُواْ يَٰذَا ٱلۡقَرۡنَيۡنِ إِنَّ يَأۡجُوجَ وَمَأۡجُوجَ مُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَهَلۡ نَجۡعَلُ لَكَ خَرۡجًا عَلَىٰٓ أَن تَجۡعَلَ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَهُمۡ سَدًّا

Ba re: “Oho Zhul-qarnain! Batho ba Gog le Magog ba baka pherekano lefats’eng. Kahoo, na re ka o neha tefo, e le hore o tle o ahe lerako lipakeng tsa rona le bona?”

18:95

قَالَ مَا مَكَّنِّي فِيهِ رَبِّي خَيۡرٌ فَأَعِينُونِي بِقُوَّةٍ أَجۡعَلۡ بَيۡنَكُمۡ وَبَيۡنَهُمۡ رَدۡمًا

A re: “Matla ao Mong`a ka A ‘matlafalitseng ka ona a molemo ho feta tefo ea lona. Lona le ka mpa la nthusa ho aha: ke tla aha mokoallo lipakeng tsa lona le bona

18:96

ءَاتُونِي زُبَرَ ٱلۡحَدِيدِۖ حَتَّىٰٓ إِذَا سَاوَىٰ بَيۡنَ ٱلصَّدَفَيۡنِ قَالَ ٱنفُخُواْۖ حَتَّىٰٓ إِذَا جَعَلَهُۥ نَارًا قَالَ ءَاتُونِيٓ أُفۡرِغۡ عَلَيۡهِ قِطۡرًا

Mpheng likoto tsa lits’epe ke etse mokoallo, – ha a qetile ho koala lekhalo le lipakeng tsa lithaba tseo, A re: “Buts’oelang!” –babuts’oela ho fihlela li chesa, Eaba o re: “ntlisetseng koporo e qhebilisitsoeng ke tl’o li inela ka har’e.”

18:97

فَمَا ٱسۡطَٰعُوٓاْ أَن يَظۡهَرُوهُ وَمَا ٱسۡتَطَٰعُواْ لَهُۥ نَقۡبًا

Ke kamoo ba ileng ba sitoa ho le tlola esita le hona ho le phunya lesoba kateng

18:98

قَالَ هَٰذَا رَحۡمَةٌ مِّن رَّبِّيۖ فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ رَبِّي جَعَلَهُۥ دَكَّآءَۖ وَكَانَ وَعۡدُ رَبِّي حَقًّا

A re: “Ona ke mohau o tsoang ho Mong`a ka; empa mohla ts’episo ea Mong`a ka e phethahatsoang, Ruri o tla le ripitla; hobane ts’episo ea Mong`a ka ke ‘nete

18:99

وَتَرَكۡنَا بَعۡضَهُمۡ يَوۡمَئِذٍ يَمُوجُ فِي بَعۡضٍۖ وَنُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَجَمَعۡنَٰهُمۡ جَمۡعًا

Mohla letsatsi leo re tla menahanya khahlanong le a mang, Terompeta e tla letsoa. Re tla ba tlohela ho khahlelana holimo joalo ka maqhubu

18:100

وَعَرَضۡنَا جَهَنَّمَ يَوۡمَئِذٍ لِّلۡكَٰفِرِينَ عَرۡضًا

Re tla tlisa Lihele kapel’a mahana-tumelo ka mokhoa o hlakileng ho ka iponela

18:101

ٱلَّذِينَ كَانَتۡ أَعۡيُنُهُمۡ فِي غِطَآءٍ عَن ذِكۡرِي وَكَانُواْ لَا يَسۡتَطِيعُونَ سَمۡعًا

Bao mahlo a bona a neng a koahetsoe ka lesira lits’enolo khopolong Ea Ka, ba sa nkutloe

18:102

أَفَحَسِبَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَن يَتَّخِذُواْ عِبَادِي مِن دُونِيٓ أَوۡلِيَآءَۚ إِنَّآ أَعۡتَدۡنَا جَهَنَّمَ لِلۡكَٰفِرِينَ نُزُلًا

Mahana-tumelo a nahana hore ba ka ikhethela makhabunyane a ka ele bats’ireletsi kantle ho ‘Na? Ruri! Re lokisitse lihele e le kamohelo ea Mahana-tumelo

18:103

قُلۡ هَلۡ نُنَبِّئُكُم بِٱلۡأَخۡسَرِينَ أَعۡمَٰلًا

E re: “Na re ka le tsebisa ka ba lahleheloang haholo ho latela mesebetsi ea bona

18:104

ٱلَّذِينَ ضَلَّ سَعۡيُهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَهُمۡ يَحۡسَبُونَ أَنَّهُمۡ يُحۡسِنُونَ صُنۡعًا

Bao liketso tsa bona li khelohileng bophelong balefats’e lena, ha ba ne ba nahana hore ba etsa mesebetsi e lokileng

18:105

أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ وَلِقَآئِهِۦ فَحَبِطَتۡ أَعۡمَٰلُهُمۡ فَلَا نُقِيمُ لَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَزۡنًا

Bao ke ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona esita le hona ho nyelisa kopano ea bona le Eena. Kahoo, mesebetsi ea bona e mafeela, ka Letsatsi la Kahlolo ha ho kabelo eo Re tla ba neha eona

18:106

ذَٰلِكَ جَزَآؤُهُمۡ جَهَنَّمُ بِمَا كَفَرُواْ وَٱتَّخَذُوٓاْ ءَايَٰتِي وَرُسُلِي هُزُوًا

Lihele e tla ba moputso oa bona: hobane ba latotse Tumelo, ba nka Lits’enolo tsa Ka le Baromuoa ba Ka e le motlae

18:107

إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ كَانَتۡ لَهُمۡ جَنَّٰتُ ٱلۡفِرۡدَوۡسِ نُزُلًا

Haele ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng; Lirapa tsa Paradeisi e tla ba kamohelo ea bona

18:108

خَٰلِدِينَ فِيهَا لَا يَبۡغُونَ عَنۡهَا حِوَلًا

Ba tla phela moo, ntle le ho lakatsa phetoho

18:109

قُل لَّوۡ كَانَ ٱلۡبَحۡرُ مِدَادًا لِّكَلِمَٰتِ رَبِّي لَنَفِدَ ٱلۡبَحۡرُ قَبۡلَ أَن تَنفَدَ كَلِمَٰتُ رَبِّي وَلَوۡ جِئۡنَا بِمِثۡلِهِۦ مَدَدًا

E re: “Hoja e be leoatle e ne e le enke ea ho ngola mantsoe a Mong`a ka, Ruri le ne le tla felloa ke mokelikeli oo, hoo mantsoe a Mong`a ka a neng a ke ke a fella, leha re ne re ka tlisa leoatle le leng ho thusa leo.”

18:110

قُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يُوحَىٰٓ إِلَيَّ أَنَّمَآ إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌۖ فَمَن كَانَ يَرۡجُواْ لِقَآءَ رَبِّهِۦ فَلۡيَعۡمَلۡ عَمَلًا صَٰلِحًا وَلَا يُشۡرِكۡ بِعِبَادَةِ رَبِّهِۦٓ أَحَدَۢا

E re: “`Na ke motho joaloka lona. Ke Mong`a ka ea nts`enoletseng hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Mong le mong ea nang le ts’epo ea ho kopana le Mong`a hae, mo leseng ho etsa liketso tse hloekileng, ho se be ope ea ka mo bapisang le Allah.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.