Surah 96 · 19 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-'Alaq in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

96:1

ٱقۡرَأۡ بِٱسۡمِ رَبِّكَ ٱلَّذِي خَلَقَ

Bala! Ka lebitso la Mong`a hau Ea hlotseng

96:2

خَلَقَ ٱلۡإِنسَٰنَ مِنۡ عَلَقٍ

Ea hlotseng motho ka lehloele la mali

96:3

ٱقۡرَأۡ وَرَبُّكَ ٱلۡأَكۡرَمُ

Bala! Mong`a hau U lereko le fetisisang

96:4

ٱلَّذِي عَلَّمَ بِٱلۡقَلَمِ

Ea rutang ho ngola ka pene

96:5

عَلَّمَ ٱلۡإِنسَٰنَ مَا لَمۡ يَعۡلَمۡ

O rutile motho seo a sa se tsebeng

96:6

كـَلَّآ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَيَطۡغَىٰٓ

Che! Empa motho o tlola meeli

96:7

أَن رَّءَاهُ ٱسۡتَغۡنَىٰٓ

Ka ho nahana hore ke maikhona

96:8

إِنَّ إِلَىٰ رَبِّكَ ٱلرُّجۡعَىٰٓ

Ruri! Poelo ea tsohle e ho Mong`a hau

96:9

أَرَءَيۡتَ ٱلَّذِي يَنۡهَىٰ

Na o kile oa bona ea sitisang

96:10

عَبۡدًا إِذَا صَلَّىٰٓ

Lekhabunyane nakong eo le rapelang

96:11

أَرَءَيۡتَ إِن كَانَ عَلَى ٱلۡهُدَىٰٓ

Na u kile oa bona ebang o its’etlehile tataisong

96:12

أَوۡ أَمَرَ بِٱلتَّقۡوَىٰٓ

Kapa o khothaletsa hoba mosa

96:13

أَرَءَيۡتَ إِن كَذَّبَ وَتَوَلَّىٰٓ

Na o kile oa bona ebang u latola tataiso `nete, o oa furalla

96:14

أَلَمۡ يَعۡلَم بِأَنَّ ٱللَّهَ يَرَىٰ

Na ha a elelloe hore Allah U’a bona

96:15

كـَلَّا لَئِن لَّمۡ يَنتَهِ لَنَسۡفَعَۢا بِٱلنَّاصِيَةِ

Ha a hlokomele! ha a sa khaotse, re tla mo tutla ka qoba ea moriri –

96:16

نَاصِيَةٍ كَٰذِبَةٍ خَاطِئَةٍ

O leshano, o bile o silafetse –

96:17

فَلۡيَدۡعُ نَادِيَهُۥ

Joale, ha a bitse bathusi ba hae

96:18

سَنَدۡعُ ٱلزَّبَانِيَةَ

Re tla bitsa manyeloi a kahlolo

96:19

كـَلَّا لَا تُطِعۡهُ وَٱسۡجُدۡۤ وَٱقۡتَرِب

Se ka mo natsa. Empa u ithapalatse le hona ho ba haufinyane le Allah

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.