بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
86:1وَٱلسَّمَآءِ وَٱلطَّارِقِ
Ka leholimo le moeti oa bosiu
86:2وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا ٱلطَّارِقُ
Keng se tla le hlalosetsa hore na moeti oa bosiu keng
86:3ٱلنَّجۡمُ ٱلثَّاقِبُ
Ke Naleli, e khanyang
86:4إِن كُلُّ نَفۡسٍ لَّمَّا عَلَيۡهَا حَافِظٌ
Ha ho phefomoloho e hlokang molebeli
86:5فَلۡيَنظُرِ ٱلۡإِنسَٰنُ مِمَّ خُلِقَ
Motho ha a nahane seo a hlotsoeng ka sona
86:6خُلِقَ مِن مَّآءٍ دَافِقٍ
O hlotsoe ka lerotholi la there –
86:7يَخۡرُجُ مِنۢ بَيۡنِ ٱلصُّلۡبِ وَٱلتَّرَآئِبِ
Le kollang lipakeng tsa mahalapa le likhopo
86:8إِنَّهُۥ عَلَىٰ رَجۡعِهِۦ لَقَادِرٌ
Ruri Allah U na le matla a ho mo phelisa
86:9يَوۡمَ تُبۡلَى ٱلسَّرَآئِرُ
Letsatsi leo liphiri li tlang ho utolloa
86:10فَمَا لَهُۥ مِن قُوَّةٍ وَلَا نَاصِرٍ
Motho ha a na ba le matla kapa mothusi
86:11وَٱلسَّمَآءِ ذَاتِ ٱلرَّجۡعِ
Ka leholimo le fanang ka pula
86:12وَٱلۡأَرۡضِ ذَاتِ ٱلصَّدۡعِ
Le ka lefats’e le petsohang
86:13إِنَّهُۥ لَقَوۡلٌ فَصۡلٌ
Ruri! Lena ke lentsoe le arolang botle le bobe
86:14وَمَا هُوَ بِٱلۡهَزۡلِ
Ha se ntho ea papali
86:15إِنَّهُمۡ يَكِيدُونَ كَيۡدًا
Haele bona, ba etsa morero
86:16وَأَكِيدُ كَيۡدًا
Le ‘Na ke loha leano
86:17فَمَهِّلِ ٱلۡكَٰفِرِينَ أَمۡهِلۡهُمۡ رُوَيۡدَۢا
Kahoo fana ka nyehlisetso ho mahana-tumelo; u ba fe phomolo ha nakoana
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.