بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
92:1وَٱلَّيۡلِ إِذَا يَغۡشَىٰ
Ha ho shoalana
92:2وَٱلنَّهَارِ إِذَا تَجَلَّىٰ
Le ha letsatsi le chaba
92:3وَمَا خَلَقَ ٱلذَّكَرَ وَٱلۡأُنثَىٰٓ
Le ka Ea hlotseng monna le mosali
92:4إِنَّ سَعۡيَكُمۡ لَشَتَّىٰ
Ruri! Liketso tsa hau li fapane
92:5فَأَمَّا مَنۡ أَعۡطَىٰ وَٱتَّقَىٰ
Haele ea fanang le ho ts`aba Allah
92:6وَصَدَّقَ بِٱلۡحُسۡنَىٰ
Le ho lumela ho se lokileng
92:7فَسَنُيَسِّرُهُۥ لِلۡيُسۡرَىٰ
Re tla ba nolofaletsa tsela e lebisang boemong bo nepahetseng
92:8وَأَمَّا مَنۢ بَخِلَ وَٱسۡتَغۡنَىٰ
Empa ea khoaelang le ho inahana e le maikhona
92:9وَكَذَّبَ بِٱلۡحُسۡنَىٰ
A latola se lokileng
92:10فَسَنُيَسِّرُهُۥ لِلۡعُسۡرَىٰ
Re tla nolofatsa tsela e mo lebisang bothateng
92:11وَمَا يُغۡنِي عَنۡهُ مَالُهُۥٓ إِذَا تَرَدَّىٰٓ
A maruo a hae a ka mo pholosa nakong eo a timelang
92:12إِنَّ عَلَيۡنَا لَلۡهُدَىٰ
Ruri! Ts’ebetso ea Rona ke ho fana ka tataiso
92:13وَإِنَّ لَنَا لَلۡأٓخِرَةَ وَٱلۡأُولَىٰ
Hobane Ruri! Qalo le qetello kea Rona
92:14فَأَنذَرۡتُكُمۡ نَارًا تَلَظَّىٰ
Ke le lemositse ka lelakabe la mollo
92:15لَا يَصۡلَىٰهَآ إِلَّا ٱلۡأَشۡقَى
Ha ho ea tla cha teng ntle feela le ea qoetseng sebeng
92:16ٱلَّذِي كَذَّبَ وَتَوَلَّىٰ
Ba latotseng le hona ho kheloha
92:17وَسَيُجَنَّبُهَا ٱلۡأَتۡقَى
Haele ba lokileng ba tla o qoba
92:18ٱلَّذِي يُؤۡتِي مَالَهُۥ يَتَزَكَّىٰ
Ba fanang ka leruo la bona hore ba tle ba hloeke moeeng
92:19وَمَا لِأَحَدٍ عِندَهُۥ مِن نِّعۡمَةٍ تُجۡزَىٰٓ
Likelellong ba sa lebella molemo oa moputso ho tla ho bona
92:20إِلَّا ٱبۡتِغَآءَ وَجۡهِ رَبِّهِ ٱلۡأَعۡلَىٰ
Empa e le hona ho tsomana le sefahleho sa Mong`a bona Ea Phahameng ka ho fetisisa
92:21وَلَسَوۡفَ يَرۡضَىٰ
Haufinyana ba tla fumana khotsofalo
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.