بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
75:1لَآ أُقۡسِمُ بِيَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ
Ka Letsatsi la Tsoho (ea bafu)
75:2وَلَآ أُقۡسِمُ بِٱلنَّفۡسِ ٱللَّوَّامَةِ
Le ka phefomoloho e tletseng boinyatso
75:3أَيَحۡسَبُ ٱلۡإِنسَٰنُ أَلَّن نَّجۡمَعَ عِظَامَهُۥ
Motho ha a hopole hore Re ka kopanya masapo a hae
75:4بَلَىٰ قَٰدِرِينَ عَلَىٰٓ أَن نُّسَوِّيَ بَنَانَهُۥ
Che, Re na le matla a ho kopanya menoana ea hae ka tatellano
75:5بَلۡ يُرِيدُ ٱلۡإِنسَٰنُ لِيَفۡجُرَ أَمَامَهُۥ
Empa motho o lakatsa ho etsa bobe ka nako e ka pela hae
75:6يَسۡـَٔلُ أَيَّانَ يَوۡمُ ٱلۡقِيَٰمَةِ
O a botsa: “Letsatsi la tsoho le neng?”
75:7فَإِذَا بَرِقَ ٱلۡبَصَرُ
Khabareng, mohla pono e fifalang
75:8وَخَسَفَ ٱلۡقَمَرُ
Ngoeli li fifalang
75:9وَجُمِعَ ٱلشَّمۡسُ وَٱلۡقَمَرُ
Letsatsi le ngoeli li kopangoang
75:10يَقُولُ ٱلۡإِنسَٰنُ يَوۡمَئِذٍ أَيۡنَ ٱلۡمَفَرُّ
Ke letsatsi leo motho a tla re: “Sets`abelo sa ka se ho kae?”
75:11كـَلَّا لَا وَزَرَ
Che! Ha hona sets’abelo
75:12إِلَىٰ رَبِّكَ يَوۡمَئِذٍ ٱلۡمُسۡتَقَرُّ
Kapela Mong`a hau, letsatsing leo e tla ba sebaka sa phomolo
75:13يُنَبَّؤُاْ ٱلۡإِنسَٰنُ يَوۡمَئِذِۭ بِمَا قَدَّمَ وَأَخَّرَ
Letsatsing le motho o tla bolelloa pale ea hae, le tsohle tse a li siileng morao
75:14بَلِ ٱلۡإِنسَٰنُ عَلَىٰ نَفۡسِهِۦ بَصِيرَةٌ
Che, motho o tla paka khahlano le eena
75:15وَلَوۡ أَلۡقَىٰ مَعَاذِيرَهُۥ
Leha a ka leka ho its`ereletsa
75:16لَا تُحَرِّكۡ بِهِۦ لِسَانَكَ لِتَعۡجَلَ بِهِۦٓ
U se bule molomo oa hau u potlaketse qeto
75:17إِنَّ عَلَيۡنَا جَمۡعَهُۥ وَقُرۡءَانَهُۥ
Ho ho Rona ho bona pokello ea eona le phatlalatso
75:18فَإِذَا قَرَأۡنَٰهُ فَٱتَّبِعۡ قُرۡءَانَهُۥ
Ha Re se Re e phatlalalitse, e latele
75:19ثُمَّ إِنَّ عَلَيۡنَا بَيَانَهُۥ
Ho ho Rona ho e hlalosa
75:20كـَلَّا بَلۡ تُحِبُّونَ ٱلۡعَاجِلَةَ
Che, empa motho a rata bophelo bo fetang hang
75:21وَتَذَرُونَ ٱلۡأٓخِرَةَ
A tlohela bophelo Bo-tlang
75:22وُجُوهٌ يَوۡمَئِذٍ نَّاضِرَةٌ
Letsatsing leo, lifahleho tse ling li tla be li khanya
75:23إِلَىٰ رَبِّهَا نَاظِرَةٌ
Li talimme ho Mong`a tsona
75:24وَوُجُوهٌ يَوۡمَئِذِۭ بَاسِرَةٌ
Ha tse ling, letsatsing leo, li tla be lihloname, li soabile
75:25تَظُنُّ أَن يُفۡعَلَ بِهَا فَاقِرَةٌ
Ka khopolo ea hore bomalimabe boo mahlonoko bo tlilo liheloa holima tsona
75:26كـَلَّآ إِذَا بَلَغَتِ ٱلتَّرَاقِيَ
Ruri, ha phefomoloho e fihla ‘metsong
75:27وَقِيلَ مَنۡۜ رَاقٍ
Hoba le mohoo, “Ke mang moloi?”
75:28وَظَنَّ أَنَّهُ ٱلۡفِرَاقُ
O tla qeta hore ke nako ea karohano
75:29وَٱلۡتَفَّتِ ٱلسَّاقُ بِٱلسَّاقِ
Leoto le tla kopang`oa le le leng
75:30إِلَىٰ رَبِّكَ يَوۡمَئِذٍ ٱلۡمَسَاقُ
Mohlang oo tsela tsohle lit la lebisa ho Mong`a hau
75:31فَلَا صَدَّقَ وَلَا صَلَّىٰ
Ha a nyehela letho, le hona ho rapela
75:32وَلَٰكِن كَذَّبَ وَتَوَلَّىٰ
Empa o latotse `nete. A furalla
75:33ثُمَّ ذَهَبَ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِۦ يَتَمَطَّىٰٓ
A hoantela ho mehahabo ka boikhants’o bohle
75:34أَوۡلَىٰ لَكَ فَأَوۡلَىٰ
Sekhobo se be ho uena, ee, sekhobo
75:35ثُمَّ أَوۡلَىٰ لَكَ فَأَوۡلَىٰٓ
Hape sekhobo se be ho uena, ee, sekhobo
75:36أَيَحۡسَبُ ٱلۡإِنسَٰنُ أَن يُتۡرَكَ سُدًى
Motho o hopola hore o tla siuoa a sa laoloe
75:37أَلَمۡ يَكُ نُطۡفَةً مِّن مَّنِيٍّ يُمۡنَىٰ
Ene e se lerotholi la there e thakhintsoeng
75:38ثُمَّ كَانَ عَلَقَةً فَخَلَقَ فَسَوَّىٰ
Eaba o fetoha lehloele; eaba Allah U `mopa ho mo neha sebopeho
75:39فَجَعَلَ مِنۡهُ ٱلزَّوۡجَيۡنِ ٱلذَّكَرَ وَٱلۡأُنثَىٰٓ
A `mopa ka bobeli, monna le mosali
75:40أَلَيۡسَ ذَٰلِكَ بِقَٰدِرٍ عَلَىٰٓ أَن يُحۡـِۧيَ ٱلۡمَوۡتَىٰ
Ha se Eena A nang le matla a ho phelisa bafu
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.