Surah 52 · 49 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah At-Tur in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
فَوَيۡلٌ يَوۡمَئِذٍ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo letsatsing leo se be holim’a bohle ba nkang ‘nete e le leshano
يَوۡمَ يُدَعُّونَ إِلَىٰ نَارِ جَهَنَّمَ دَعًّا
Letsatsi leo ba tla sutuletsoa ka har’a lihele, ho se khanyetso
هَٰذِهِ ٱلنَّارُ ٱلَّتِي كُنتُم بِهَا تُكَذِّبُونَ
“Ona”, ho tla thoe: “Ke mollo, – oo le neng le tloaetse ho o hana
ٱصۡلَوۡهَا فَٱصۡبِرُوٓاْ أَوۡ لَا تَصۡبِرُواْ سَوَآءٌ عَلَيۡكُمۡۖ إِنَّمَا تُجۡزَوۡنَ مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ
“Chesoang ka teng, ho ea ts’oana hore le ea o mamella kapa che: le mpa le amohela moputso oa liketso tsa lona.”
إِنَّ ٱلۡمُتَّقِينَ فِي جَنَّٰتٍ وَنَعِيمٍ
Ruri! ba topileng ts’ebeletsong ea bona, ba tla phela kahar’a Lirapa le nyakallo
فَٰكِهِينَ بِمَآ ءَاتَىٰهُمۡ رَبُّهُمۡ وَوَقَىٰهُمۡ رَبُّهُمۡ عَذَابَ ٱلۡجَحِيمِ
Ba thabisitsoe ke tseo Mong`a bona aba sitsitseng ka tsona, Mong`a bona U tla ba lopolla Kotlong ea Mollo
كُلُواْ وَٱشۡرَبُواْ هَنِيٓـَٔۢا بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ
(Ho tla thoe ho bona:) “le je le noe, ka phaello le bophelo ka lebaka la liketso tsa lona.”
مُتَّكِـِٔينَ عَلَىٰ سُرُرٍ مَّصۡفُوفَةٍۖ وَزَوَّجۡنَٰهُم بِحُورٍ عِينٍ
Ba tla phomola holim’a Literone tse hlophisitsoeng ka mekhahlelo. Re tla ba nyalisa basali ba mahlo a nchocho a khahlang
وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَٱتَّبَعَتۡهُمۡ ذُرِّيَّتُهُم بِإِيمَٰنٍ أَلۡحَقۡنَا بِهِمۡ ذُرِّيَّتَهُمۡ وَمَآ أَلَتۡنَٰهُم مِّنۡ عَمَلِهِم مِّن شَيۡءٍۚ كُلُّ ٱمۡرِيِٕۭ بِمَا كَسَبَ رَهِينٌ
Bohle Ba-Kholoang, ba bile ba setsoe morao ke malapa a bona Tumelong, Re tla ba matahants’a le malapa a bona, ha Re ke ke Ra fokotsa meputso ea liketso tsa bona. Motho e mong le e mong ke paki liketsong tsa hae
وَأَمۡدَدۡنَٰهُم بِفَٰكِهَةٍ وَلَحۡمٍ مِّمَّا يَشۡتَهُونَ
Re tla ba sitsa ka litholoana le nama, tsohle tseo ba li thabelang
يَتَنَٰزَعُونَ فِيهَا كَأۡسًا لَّا لَغۡوٌ فِيهَا وَلَا تَأۡثِيمٌ
Kamoo, ba tla neheletsana senoelo se hloekileng malebana le ts’ila efe, se senang koli
وَيَطُوفُ عَلَيۡهِمۡ غِلۡمَانٌ لَّهُمۡ كَأَنَّهُمۡ لُؤۡلُؤٌ مَّكۡنُونٌ
Ho tla ba le basebeletsi ba ntseng ba tsamaea har’a bona ba ts’oanang le bona, ba joaloka likhetla tse neng li patiloe
قَالُوٓاْ إِنَّا كُنَّا قَبۡلُ فِيٓ أَهۡلِنَا مُشۡفِقِينَ
Ba tla re: “Pele-pele re ne re se na ts’abo, sebakeng sa mehahabo rona
فَمَنَّ ٱللَّهُ عَلَيۡنَا وَوَقَىٰنَا عَذَابَ ٱلسَّمُومِ
“Empa Allah U bile lereko ho rona, A ba A re lopolla kahlolong ea Moea o Chesang
إِنَّا كُنَّا مِن قَبۡلُ نَدۡعُوهُۖ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلۡبَرُّ ٱلرَّحِيمُ
“Ruri! Re ile ra bitsa ho Eena khale. Ruri! Ke Eena ‘Maballi, Ea Tletseng Mohau.”
فَذَكِّرۡ فَمَآ أَنتَ بِنِعۡمَتِ رَبِّكَ بِكَاهِنٍ وَلَا مَجۡنُونٍ
Phatlalatsa ke hona Lithoriso (tsa Mong’a hau). Hobane ka Lereko la Mong’a hau, ha u senohe, kapa lona lehlanya
أَمۡ يَقُولُونَ شَاعِرٌ نَّتَرَبَّصُ بِهِۦ رَيۡبَ ٱلۡمَنُونِ
Kapa ebe ba re: “Ke sereneketsi, seo re lebeletseng mats’oenyeho tlas’a nako holim’a hae!”
قُلۡ تَرَبَّصُواْ فَإِنِّي مَعَكُم مِّنَ ٱلۡمُتَرَبِّصِينَ
Uena e re: “Letang! Le ‘na ke tla leta le lona.”
أَمۡ تَأۡمُرُهُمۡ أَحۡلَٰمُهُم بِهَٰذَآۚ أَمۡ هُمۡ قَوۡمٌ طَاغُونَ
Na ebe ke likelello tsa bona tse ba susumetsang ho etsa tje, kapa empa e le batho ba tlolang meeli
أَمۡ يَقُولُونَ تَقَوَّلَهُۥۚ بَل لَّا يُؤۡمِنُونَ
Kapa ba re: “O iqapetse (Molaetsa)?” Che ha ba na Tumelo
فَلۡيَأۡتُواْ بِحَدِيثٍ مِّثۡلِهِۦٓ إِن كَانُواْ صَٰدِقِينَ
Ha ba hlahise ts’enolo e ts’oanang le ena haeba ba buoa ‘Nete
أَمۡ خُلِقُواْ مِنۡ غَيۡرِ شَيۡءٍ أَمۡ هُمُ ٱلۡخَٰلِقُونَ
Kapa ebe ba hlotsoe ke letho? Kapa e be ke bona ba hlolang
أَمۡ خَلَقُواْ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَۚ بَل لَّا يُوقِنُونَ
Kapa ba hlotse maholimo le lefats’e? Che, ha ban a tumelo e tiileng
أَمۡ عِندَهُمۡ خَزَآئِنُ رَبِّكَ أَمۡ هُمُ ٱلۡمُصَۜيۡطِرُونَ
Kapa matlotlo a Mong`a hau a ho bona, Kapa ba filoe boikarabello holim’a ona
أَمۡ لَهُمۡ سُلَّمٌ يَسۡتَمِعُونَ فِيهِۖ فَلۡيَأۡتِ مُسۡتَمِعُهُم بِسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ
Kapa ba na le tsela e ka fihlang leholimong, ba mamela makunutu a lona. Momameli har’a bona ha a ke a hlahise bopaki bo hlakileng
أَمۡ تَسۡـَٔلُهُمۡ أَجۡرًا فَهُم مِّن مَّغۡرَمٍ مُّثۡقَلُونَ
kapa ebe u ba kopa moputso, hore ba jare mokoloto
أَمۡ عِندَهُمُ ٱلۡغَيۡبُ فَهُمۡ يَكۡتُبُونَ
Kapa tse sa bonoeng li matsohong a bona, ba li ngola fats’e
أَمۡ يُرِيدُونَ كَيۡدًاۖ فَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ هُمُ ٱلۡمَكِيدُونَ
Kapa ba u lohela leraba? Empa ba nyefoli ba Allah, ke bona ba pitliloeng
أَمۡ لَهُمۡ إِلَٰهٌ غَيۡرُ ٱللَّهِۚ سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ عَمَّا يُشۡرِكُونَ
Kapa ba na le molimo e mong ntle ho Allah? Tlotla ebe ho Allah Ea phahametseng tsohle tseo ba li bapisang le Eena
وَإِن يَرَوۡاْ كِسۡفًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ سَاقِطًا يَقُولُواْ سَحَابٌ مَّرۡكُومٌ
Hoja ba ne ba ka bona leqhetsoana la leholimo le oela fats’e, ba ne ba tla re: “Ke pokella ea maru.”
فَذَرۡهُمۡ حَتَّىٰ يُلَٰقُواْ يَوۡمَهُمُ ٱلَّذِي فِيهِ يُصۡعَقُونَ
Kahoo ba lese, ho fihlela ba thulana le Letsatsi la bona leo ka lona ba tlang ho ilibana (ke letsoalo)
يَوۡمَ لَا يُغۡنِي عَنۡهُمۡ كَيۡدُهُمۡ شَيۡـًٔا وَلَا هُمۡ يُنصَرُونَ
Letsatsing leo maraba a bona a ke ke a thusa ka letho, ba ke ke ba fumana thuso
وَإِنَّ لِلَّذِينَ ظَلَمُواْ عَذَابًا دُونَ ذَٰلِكَ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ
Ruri bohle baetsalibe, kahlolo e teng kathoko ho ena. Empa bongataa bona ha bo utloisisi
وَٱصۡبِرۡ لِحُكۡمِ رَبِّكَ فَإِنَّكَ بِأَعۡيُنِنَاۖ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ حِينَ تَقُومُ
Joale leta ka mamello taelo ea Mong`a hau: hobane uena u kapel’a mahlo a Rona; u keteke lithoriso tsa Mong`a hau nakong eo u emeng thapelong
وَمِنَ ٱلَّيۡلِ فَسَبِّحۡهُ وَإِدۡبَٰرَ ٱلنُّجُومِ
Le karolong ea bosiu u rorise Mong`a hau, – le ha linaleli li il’o likela
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.