Surah 53 · 62 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah An-Najm in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
فَكَانَ قَابَ قَوۡسَيۡنِ أَوۡ أَدۡنَىٰ
Ho fihlela a le sebaka sa bolelele ba liqha tse peli ho tloha ho eena, kapa haufi ho feta moo
فَأَوۡحَىٰٓ إِلَىٰ عَبۡدِهِۦ مَآ أَوۡحَىٰ
Eaba Allah U senolela lekhabunyane la Hae sohle seo A ileng A mo senolela sona
لَقَدۡ رَأَىٰ مِنۡ ءَايَٰتِ رَبِّهِ ٱلۡكُبۡرَىٰٓ
Ruri! U ile a bona e ngoe Lits’enolo tsa Mong`a hae, e kholohali
أَلَكُمُ ٱلذَّكَرُ وَلَهُ ٱلۡأُنثَىٰ
Eng! Lona le ikhethela botona, empa Allah Eena le mo khethela bots’ehali
إِنۡ هِيَ إِلَّآ أَسۡمَآءٌ سَمَّيۡتُمُوهَآ أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُم مَّآ أَنزَلَ ٱللَّهُ بِهَا مِن سُلۡطَٰنٍۚ إِن يَتَّبِعُونَ إِلَّا ٱلظَّنَّ وَمَا تَهۡوَى ٱلۡأَنفُسُۖ وَلَقَدۡ جَآءَهُم مِّن رَّبِّهِمُ ٱلۡهُدَىٰٓ
Empa e le mabitso ao le iqapetseng, – lona le bo-ntata lona, – ha ho bopaki boo Allah a kileng a bo romela. Ba latela likhakanyo le litabatabelo tsa meea ea bona! – Le ha tataiso e tsoang ho Mong`a bona ese e finyeletse ho bona
وَكَم مِّن مَّلَكٍ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ لَا تُغۡنِي شَفَٰعَتُهُمۡ شَيۡـًٔا إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ أَن يَأۡذَنَ ٱللَّهُ لِمَن يَشَآءُ وَيَرۡضَىٰٓ
Hore na ke manyeloi a makae a maholimong puello ea ona e sa tlong ho thusa letho kantle hore feela Allah A fane ka tumello ho eo A khahlaong ke eena le hona ho mo khetha
إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ لَيُسَمُّونَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ تَسۡمِيَةَ ٱلۡأُنثَىٰ
Haele ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, ba rehang manyeloi mabitso a basali
وَمَا لَهُم بِهِۦ مِنۡ عِلۡمٍۖ إِن يَتَّبِعُونَ إِلَّا ٱلظَّنَّۖ وَإِنَّ ٱلظَّنَّ لَا يُغۡنِي مِنَ ٱلۡحَقِّ شَيۡـًٔا
Empa ha ba na tsebo ka seo. Ba mpa ba latela likhakanyo, Likhakanyo li ke keng tsa nka sebaka sa ‘nete
فَأَعۡرِضۡ عَن مَّن تَوَلَّىٰ عَن ذِكۡرِنَا وَلَمۡ يُرِدۡ إِلَّا ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا
Kahoo sutha pel’a bohle ba furallang molaetsa oa Rona, ba ithatela bophelo ba lefats’e lena
ذَٰلِكَ مَبۡلَغُهُم مِّنَ ٱلۡعِلۡمِۚ إِنَّ رَبَّكَ هُوَ أَعۡلَمُ بِمَن ضَلَّ عَن سَبِيلِهِۦ وَهُوَ أَعۡلَمُ بِمَنِ ٱهۡتَدَىٰ
Tsebo ea bona e fella hona moo. Ruri! Mong`a hau o hlokolosi kaba khelohileng tseleng ea Hae, e bile o hlokolosi ka ho fetisisa ka bohle ba amohelang tataiso
وَلِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ لِيَجۡزِيَ ٱلَّذِينَ أَسَٰٓـُٔواْ بِمَا عَمِلُواْ وَيَجۡزِيَ ٱلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ بِٱلۡحُسۡنَى
Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah: hore A tle A putse bohle ba etsang sebe ka tseo ba li entseng esita le hona ho putsa bohle ba etsang toka ka tse lokileng
ٱلَّذِينَ يَجۡتَنِبُونَ كَبَٰٓئِرَ ٱلۡإِثۡمِ وَٱلۡفَوَٰحِشَ إِلَّا ٱللَّمَمَۚ إِنَّ رَبَّكَ وَٰسِعُ ٱلۡمَغۡفِرَةِۚ هُوَ أَعۡلَمُ بِكُمۡ إِذۡ أَنشَأَكُم مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ وَإِذۡ أَنتُمۡ أَجِنَّةٌ فِي بُطُونِ أُمَّهَٰتِكُمۡۖ فَلَا تُزَكُّوٓاْ أَنفُسَكُمۡۖ هُوَ أَعۡلَمُ بِمَنِ ٱتَّقَىٰٓ
Haele bohle ba qobang libe tse kholo le liketso tse hlabisang lihlong, kantle le liphoso tse fokolang –Ruri! ts’oarelo ea Mong`a hau e senyekhenyekhe. U hlokolosi ka lona ho tloha ts’imolohong ea lona lefats’eng le nakong eo le neng le patehile lipopelong tsa bo-’ma lona. Kahoo, le se ikuke le hloekile bo- lona. Ke Eena ea hlokolosi ka ho fetisisa khahlanong le bobe
أَمۡ لَمۡ يُنَبَّأۡ بِمَا فِي صُحُفِ مُوسَىٰ
Che, ha a na tsebo ka litaba tse ka har’a mangolo a Moshe –
أَلَّا تَزِرُ وَازِرَةٌ وِزۡرَ أُخۡرَىٰ
Tsa hore ha ho motho ea ka jarang mojaro oa motho e mong
وَأَن لَّيۡسَ لِلۡإِنسَٰنِ إِلَّا مَا سَعَىٰ
Hore ha ho motho ofe, kapa ofe ea tla amohela seo a sa se sebeletsang
ثُمَّ يُجۡزَىٰهُ ٱلۡجَزَآءَ ٱلۡأَوۡفَىٰ
Joale, o tla lefshoa ho latela ts’ebetso eo ka tefo e feletseng
وَأَنَّهُۥ خَلَقَ ٱلزَّوۡجَيۡنِ ٱلذَّكَرَ وَٱلۡأُنثَىٰ
Hore ke Eena ea hlotseng lintho ka bobeli, – tse tona le tse ts’ehali
وَأَنَّهُۥٓ أَهۡلَكَ عَادًا ٱلۡأُولَىٰ
Le hore ke Eena ea ripitlileng morabe oa mathomo oa Ba – A’d
وَقَوۡمَ نُوحٍ مِّن قَبۡلُۖ إِنَّهُمۡ كَانُواْ هُمۡ أَظۡلَمَ وَأَطۡغَىٰ
Le batho ba habo Nooe pele ho bona, hobane e ne e le bahanyapetsi, batloli ba meeli
فَبِأَيِّ ءَالَآءِ رَبِّكَ تَتَمَارَىٰ
Joale, ke mahlohonolo afe a Mong`a hau ao uena motho o ka a phehisang khang
هَٰذَا نَذِيرٌ مِّنَ ٱلنُّذُرِ ٱلۡأُولَىٰٓ
Enoa ke molemosi oa ba lemosi ba ileng ba tla khale-khale
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.