Surah 51 · 60 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Adh-Dhariyat in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
يَوۡمَ هُمۡ عَلَى ٱلنَّارِ يُفۡتَنُونَ
(E tla ba) Letsatsi leo ka lona ba tlang ho ahloloa kahar’a Mollo
ذُوقُواْ فِتۡنَتَكُمۡ هَٰذَا ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تَسۡتَعۡجِلُونَ
“Latsoang kahlolo eo le ipitselitseng eona. Sena ke sona seo le neng le ba tla ho se potlakisa.”
إِنَّ ٱلۡمُتَّقِينَ فِي جَنَّٰتٍ وَعُيُونٍ
Haele ba lokileng, ba tla phela kahar’a Lirapa le Liliba tse kopotsang
ءَاخِذِينَ مَآ ءَاتَىٰهُمۡ رَبُّهُمۡۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَبۡلَ ذَٰلِكَ مُحۡسِنِينَ
Ba thabisoe ke lintho tsohle tseo Mong`a bona A ba fang tsona; hobane, pele ho moo, ba ne ba phela bophelo bo hloekileng
كَانُواْ قَلِيلًا مِّنَ ٱلَّيۡلِ مَا يَهۡجَعُونَ
Ba ne ba tloaetse ho robala hanyenyane feela bosiu
وَفِيٓ أَمۡوَٰلِهِمۡ حَقٌّ لِّلسَّآئِلِ وَٱلۡمَحۡرُومِ
Mekopa-kopa le mafutsana a ne a e na le seabo thepeng ea bona, ea kopang, le ea thibetsoeng ho kopa
وَفِي ٱلۡأَرۡضِ ءَايَٰتٌ لِّلۡمُوقِنِينَ
Lefats’eng ho teng Lits’upiso ho bohle ba nang le Tumelo ea sebele
وَفِي ٱلسَّمَآءِ رِزۡقُكُمۡ وَمَا تُوعَدُونَ
Leholimong teng ke naleng ea lona le linthong tsohle tseo le li ts’episitsoeng
فَوَرَبِّ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ إِنَّهُۥ لَحَقٌّ مِّثۡلَ مَآ أَنَّكُمۡ تَنطِقُونَ
Ka Mong`a maholimo le lefats’e, sena ke ‘nete, joaloka ha e le ‘nete, hore le tseba ho buisana
هَلۡ أَتَىٰكَ حَدِيثُ ضَيۡفِ إِبۡرَٰهِيمَ ٱلۡمُكۡرَمِينَ
Na pale ea Abrahama le baeti ba hae ba neng ba hlompheha e kile ea fihla ho uena
إِذۡ دَخَلُواْ عَلَيۡهِ فَقَالُواْ سَلَٰمًاۖ قَالَ سَلَٰمٌ قَوۡمٌ مُّنكَرُونَ
Mohla ba neng ba fihla ho eena ba re: “Khotso!” Eaba o’a araba, “Khotso!”: “Ba shebahala ba sa tloaeleha.”
فَرَاغَ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِۦ فَجَآءَ بِعِجۡلٍ سَمِينٍ
A boela kapele ho ba lelapa la hae, eaba o tlisa namane e halikiloeng
فَأَوۡجَسَ مِنۡهُمۡ خِيفَةًۖ قَالُواْ لَا تَخَفۡۖ وَبَشَّرُوهُ بِغُلَٰمٍ عَلِيمٍ
A simolla hoba ts’aba. Eaba ba re: “Se ts’abe letho!” Ba mo neha litaba tse molemo tsa tlhaho ea mora ea sitsitsoeng ka tsebo
فَأَقۡبَلَتِ ٱمۡرَأَتُهُۥ فِي صَرَّةٍ فَصَكَّتۡ وَجۡهَهَا وَقَالَتۡ عَجُوزٌ عَقِيمٌ
Empa mosali oa hae a atamela ka lentsoe le phahameng, a ikotla sefahleho a re: “Mosali ea tsofetseng oa nyopa!”
قَالُواْ كَذَٰلِكِ قَالَ رَبُّكِۖ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلۡحَكِيمُ ٱلۡعَلِيمُ
Baeti ba re: “Leha ho le joalo, ho rialo Mong`a hau. Ruri! Ke Eena Ea Seli, Ea Tsebang.”
قَالَ فَمَا خَطۡبُكُمۡ أَيُّهَا ٱلۡمُرۡسَلُونَ
(Abrahama) a re: “Ke eng seo le tlileng ka sona lona Baromuoa ba Allah?”
قَالُوٓاْ إِنَّآ أُرۡسِلۡنَآ إِلَىٰ قَوۡمٍ مُّجۡرِمِينَ
Ba re“Re romeletsoe ho batho ba qoetseng sebeng; –
مُّسَوَّمَةً عِندَ رَبِّكَ لِلۡمُسۡرِفِينَ
“E le sesupo se tsoang ho Mong`a hau ho ba tlolang meeli.”
فَأَخۡرَجۡنَا مَن كَانَ فِيهَا مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
Ra pholosa ba-kholoang ba neng ba le teng moo
فَمَا وَجَدۡنَا فِيهَا غَيۡرَ بَيۡتٍ مِّنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ
Empa Re ile Ra fumana lelapa le le leng feela la ba inehetseng ho Allah
وَتَرَكۡنَا فِيهَآ ءَايَةً لِّلَّذِينَ يَخَافُونَ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ
Eaba Re ba siea le sesupo molemong oaba ts’abang Kahlolo e Mahlonoko
وَفِي مُوسَىٰٓ إِذۡ أَرۡسَلۡنَٰهُ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ بِسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ
Le ho Moshe ho teng sesupo, Re ile Ra mo romella ho Faro ka bopaki bo totobetseng
فَتَوَلَّىٰ بِرُكۡنِهِۦ وَقَالَ سَٰحِرٌ أَوۡ مَجۡنُونٌ
Empa Faro o ile a furalla le Matona a hae, a re: “Moloi, kapa lehlanya.”
فَأَخَذۡنَٰهُ وَجُنُودَهُۥ فَنَبَذۡنَٰهُمۡ فِي ٱلۡيَمِّ وَهُوَ مُلِيمٌ
Kahoo, Re ile Ra mo nka hammoho le lebotho la hae, eaba Re ba khamisa leoatle, hobane o ne a fosahetse
وَفِي عَادٍ إِذۡ أَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمُ ٱلرِّيحَ ٱلۡعَقِيمَ
Le ho morabe oa Ba–A’d ho teng sesupo, Re ile Ra romella leholi’atsana kahlanong le bona
مَا تَذَرُ مِن شَيۡءٍ أَتَتۡ عَلَيۡهِ إِلَّا جَعَلَتۡهُ كَٱلرَّمِيمِ
Le sa kang la siea letho moo le fetileng teng, lintho tsohle li ile tsa fetoha lesupi
وَفِي ثَمُودَ إِذۡ قِيلَ لَهُمۡ تَمَتَّعُواْ حَتَّىٰ حِينٍ
Le ho Ba-Thamud ho teng sesupo, Bonang ba ile ba bolelloa, “Natefeloang ha nakoana!”
فَعَتَوۡاْ عَنۡ أَمۡرِ رَبِّهِمۡ فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّٰعِقَةُ وَهُمۡ يَنظُرُونَ
Empa ba ile ba eba khahlanong le molao oa Mong`a bona ka tello: eaba ba nanoloa ke ho reketla ho lumang ba sa ntse ba shebile
فَمَا ٱسۡتَطَٰعُواْ مِن قِيَامٍ وَمَا كَانُواْ مُنتَصِرِينَ
Hoo ba sitiloeng le ho ema (ka maoto) kapa ho ithusa ka bo- bona
وَقَوۡمَ نُوحٍ مِّن قَبۡلُۖ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمًا فَٰسِقِينَ
Joaloka batho ba habo Nooe pele ho bona: Hobane ba ile ba tlola meeli hampe
وَٱلسَّمَآءَ بَنَيۡنَٰهَا بِأَيۡيْدٍ وَإِنَّا لَمُوسِعُونَ
Re ahile Leholimo ka Matla le Tsebo, Hobane ke Rona ba hlotseng bophara ba leholimo
وَٱلۡأَرۡضَ فَرَشۡنَٰهَا فَنِعۡمَ ٱلۡمَٰهِدُونَ
Ebile Re alile lefats’e: Re le ala ka makhethe ha kakang
وَمِن كُلِّ شَيۡءٍ خَلَقۡنَا زَوۡجَيۡنِ لَعَلَّكُمۡ تَذَكَّرُونَ
Re hlotse lintho tsohle ka bobeli, hore le tle le amohele taelo
فَفِرُّوٓاْ إِلَى ٱللَّهِۖ إِنِّي لَكُم مِّنۡهُ نَذِيرٌ مُّبِينٌ
Potlakelang ho Allah ke hona: Ke molemosi ea hlakileng ho lona ea tsoang ho Allah
وَلَا تَجۡعَلُواْ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَۖ إِنِّي لَكُم مِّنۡهُ نَذِيرٌ مُّبِينٌ
Le se iketsetse molingoana ofe, kapa ofe papisong le Allah: Ke molemosi ea hlakileng ho lona ea tsoang ho Eena
كَذَٰلِكَ مَآ أَتَى ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِم مِّن رَّسُولٍ إِلَّا قَالُواْ سَاحِرٌ أَوۡ مَجۡنُونٌ
Joaloka ha ho se moromuoa ofe, kapa ofe ea kileng a tla ho Batho pele ho bona e be ha ba re: “Ke moloi, kapa lehlanya!”
أَتَوَاصَوۡاْ بِهِۦۚ بَلۡ هُمۡ قَوۡمٌ طَاغُونَ
Na ke moetlo oo ba o neheletsaneng? Che, ke batho ba tlolang meeli eohle
وَذَكِّرۡ فَإِنَّ ٱلذِّكۡرَىٰ تَنفَعُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
Empa ruta (Molaetsa oa hae): hobane thuto e molemo ho Ba- kholoang
وَمَا خَلَقۡتُ ٱلۡجِنَّ وَٱلۡإِنسَ إِلَّا لِيَعۡبُدُونِ
Ke hlotse tse sa bonoeng (li-jinn) le batho molemong oa hore ba Nts’ebeletse
مَآ أُرِيدُ مِنۡهُم مِّن رِّزۡقٍ وَمَآ أُرِيدُ أَن يُطۡعِمُونِ
Ha ho leo ke le kopang ho bona: kapa ho hloka phepo ho bona
إِنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلرَّزَّاقُ ذُو ٱلۡقُوَّةِ ٱلۡمَتِينُ
Hobane Ke Allah Ea fanang ka bophelo, Mong`a Ts’episo, Ea sa Thekeseleng
فَإِنَّ لِلَّذِينَ ظَلَمُواْ ذَنُوبًا مِّثۡلَ ذَنُوبِ أَصۡحَٰبِهِمۡ فَلَا يَسۡتَعۡجِلُونِ
Hobane beatsalibe karolo ea bona e ts’oana le karolo ea mehahabo bona (ea meloko ea pele): kahoo, ba se Nkope ho potlakissa (karolo eo)
فَوَيۡلٌ لِّلَّذِينَ كَفَرُواْ مِن يَوۡمِهِمُ ٱلَّذِي يُوعَدُونَ
Sekhobo se be holim’a mahana-tumelo, boikarabellong ba Letsatsi la bona leo ba le ts’episitsoeng
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.