Surah 78 · 40 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah An-Naba in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
وَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلۡمُعۡصِرَٰتِ مَآءً ثَجَّاجًا
Re ts’ollella lipula tsa melupe ho tsoa marung
يَوۡمَ يُنفَخُ فِي ٱلصُّورِ فَتَأۡتُونَ أَفۡوَاجًا
Letsatsi leo ka lona Terompeta e tla letsoa; le tla phalla ka likete-kete
وَفُتِحَتِ ٱلسَّمَآءُ فَكَانَتۡ أَبۡوَٰبًا
Le leholimo le tla phetloa joalo ka ha e ka ho na le likhoro
لَّا يَذُوقُونَ فِيهَا بَرۡدًا وَلَا شَرَابًا
Moo ba ke keng ba latsoa letho le pholileng, kapa seno
إِلَّا حَمِيمًا وَغَسَّاقًا
Kantle ho mokelikeli o belang, mokelikeli o mots’o, o nkhang, o serame se qhoalisang
فَذُوقُواْ فَلَن نَّزِيدَكُمۡ إِلَّا عَذَابًا
Kahoo, latsoang litholoana tsa mesebetsi ea lona; ha ho kekeletso eo le tlang ho e nehoa, ntle le kahlolo.”
لَّا يَسۡمَعُونَ فِيهَا لَغۡوًا وَلَا كِذَّٰبًا
Kamoo ba ke keng ba utloa lipuo tsa mafeela le leshano; –
رَّبِّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا ٱلرَّحۡمَٰنِۖ لَا يَمۡلِكُونَ مِنۡهُ خِطَابًا
Eena Mong`a maholimo le lefats’e, le tsohle tse lipakeng, Ea Tletseng Lereko: ha ho ope ea matla ho phehisana le Eena
يَوۡمَ يَقُومُ ٱلرُّوحُ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ صَفًّاۖ لَّا يَتَكَلَّمُونَ إِلَّا مَنۡ أَذِنَ لَهُ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَقَالَ صَوَابًا
Letsatsi leo Khabariele le manyeloi a mang ba tlang ho ema ka mahlofo, ho se ea buang kantle ho thato ea Allah, ea tletseng lereko U tla bua se nepahetseng
ذَٰلِكَ ٱلۡيَوۡمُ ٱلۡحَقُّۖ فَمَن شَآءَ ٱتَّخَذَ إِلَىٰ رَبِّهِۦ مَـَٔابًا
Letsatsing leo ‘nete e tla ba pepeneneng: kahoo, ea ratang, molese a retelehele ho Mong`a hae
إِنَّآ أَنذَرۡنَٰكُمۡ عَذَابًا قَرِيبًا يَوۡمَ يَنظُرُ ٱلۡمَرۡءُ مَا قَدَّمَتۡ يَدَاهُ وَيَقُولُ ٱلۡكَافِرُ يَٰلَيۡتَنِي كُنتُ تُرَٰبَۢا
Ruri, Re le lemositse ka kotlo e haufinyane, letsatsi leo ka lona motho a tlang ho bona seo matsoho a hae a se rometseng nale; mohana-tumelo o tla re, “Sekhobo se be honna! Hoja ke ne ke lerole!” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.