Surah 37 · 182 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah As-Saffat in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

37:1

وَٱلصَّٰٓفَّٰتِ صَفًّا

Ka Baitlhophileng ka maemo

37:2

فَٱلزَّٰجِرَٰتِ زَجۡرًا

Ba matla ho qheleng bobe

37:3

فَٱلتَّٰلِيَٰتِ ذِكۡرًا

Ba phatlalatsa Molaetsa

37:4

إِنَّ إِلَٰهَكُمۡ لَوَٰحِدٌ

Ruri, ruri! ‘Mopi oa hau U Inots’i

37:5

رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا وَرَبُّ ٱلۡمَشَٰرِقِ

Mong`a maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa ona le Mong`a mahlaseli a ho chaba ha letsatsi

37:6

إِنَّا زَيَّنَّا ٱلسَّمَآءَ ٱلدُّنۡيَا بِزِينَةٍ ٱلۡكَوَاكِبِ

Re khabisitse leholimo le ka tlase ka botle ba linaleli

37:7

وَحِفۡظًا مِّن كُلِّ شَيۡطَٰنٍ مَّارِدٍ

E le ts’ireletso khahlanong le mahana-puso a meea e mebe

37:8

لَّا يَسَّمَّعُونَ إِلَى ٱلۡمَلَإِ ٱلۡأَعۡلَىٰ وَيُقۡذَفُونَ مِن كُلِّ جَانِبٍ

Hore a se thehe tsebe ho utloa ‘Moka o Hlomphehang, empa o leka kahoohle

37:9

دُحُورًاۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ وَاصِبٌ

Ho phephetheloa, hobane kahlolo e sa feleng ke’a bona

37:10

إِلَّا مَنۡ خَطِفَ ٱلۡخَطۡفَةَ فَأَتۡبَعَهُۥ شِهَابٌ ثَاقِبٌ

Kantle le ea tla utsoang bonyane, e be o saloa morao ke lelakabe le nchocho la mollo

37:11

فَٱسۡتَفۡتِهِمۡ أَهُمۡ أَشَدُّ خَلۡقًا أَم مَّنۡ خَلَقۡنَآۚ إِنَّا خَلَقۡنَٰهُم مِّن طِينٍ لَّازِبِۭ

Ak’u ba nonye maikutlo: “Ana le hlotsoe ka thata, kapa ke tlholeho e ngoe e thata eo Re e hlotseng?” Bona Re ba hlotse ka letsopa le khomarelang

37:12

بَلۡ عَجِبۡتَ وَيَسۡخَرُونَ

Ruri u’a makala nakong eo ba phoqang

37:13

وَإِذَا ذُكِّرُواْ لَا يَذۡكُرُونَ

Ba sa tsotelle nakong eo ba khalengoang

37:14

وَإِذَا رَأَوۡاْ ءَايَةً يَسۡتَسۡخِرُونَ

Ha ba bona Sesupo, ba fetohella ka ho sona ka sesomo

37:15

وَقَالُوٓاْ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا سِحۡرٌ مُّبِينٌ

Ba re: “Sena ke boloi bo pepenene

37:16

أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ

“Ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, re ka boela ra tsosoa hape

37:17

أَوَءَابَآؤُنَا ٱلۡأَوَّلُونَ

“Le bo-ntat’a rona moholo?”

37:18

قُلۡ نَعَمۡ وَأَنتُمۡ دَٰخِرُونَ

E re: “E, ka ‘nete le tla tlotloloha.”

37:19

فَإِنَّمَا هِيَ زَجۡرَةٌ وَٰحِدَةٌ فَإِذَا هُمۡ يَنظُرُونَ

Ruri! E tlaba molumo o nots’i, joale kemoo ba tlang ho lemoha

37:20

وَقَالُواْ يَٰوَيۡلَنَا هَٰذَا يَوۡمُ ٱلدِّينِ

E be ba re: “Ao, re aparetsoe ke masoabi! Lena ke Letsatsi la Kahlolo.”

37:21

هَٰذَا يَوۡمُ ٱلۡفَصۡلِ ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ

Lentsoe le tla re “Lena ke Letsatsi la Karohano, leo le neng le le latola.”

37:22

ٱحۡشُرُواْ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ وَأَزۡوَٰجَهُمۡ وَمَا كَانُواْ يَعۡبُدُونَ

“Tsosang,” Ho tla thoe, “Baetsalibe le basali ba bona, le lintho tseo ba neng ba li khumamela –

37:23

مِن دُونِ ٱللَّهِ فَٱهۡدُوهُمۡ إِلَىٰ صِرَٰطِ ٱلۡجَحِيمِ

“Kathoko ho Allah, le ba etelle pele tseleng e eang Mollong

37:24

وَقِفُوهُمۡۖ إِنَّهُم مَّسۡـُٔولُونَ

“Empa le ba emise, hobane ba lokeloa ho hlong’oa lipotso

37:25

مَا لَكُمۡ لَا تَنَاصَرُونَ

“Ke eng se le sitisang ho thusana?”

37:26

بَلۡ هُمُ ٱلۡيَوۡمَ مُسۡتَسۡلِمُونَ

Che, empa mohla letsatsi leo ba tla inehela

37:27

وَأَقۡبَلَ بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ يَتَسَآءَلُونَ

Ba tla retelehela ka ho bomphato’a bona, ba botsane lipotso

37:28

قَالُوٓاْ إِنَّكُمۡ كُنتُمۡ تَأۡتُونَنَا عَنِ ٱلۡيَمِينِ

Ba tla re: “Ke lona ba neng ba tloaetse ho tla ho rona le hlaha ka letsohong le letona.”

37:29

قَالُواْ بَل لَّمۡ تَكُونُواْ مُؤۡمِنِينَ

Ba tla araba ka hore: “Che, Lona ka bo-lona le ne le hloka Tumelo

37:30

وَمَا كَانَ لَنَا عَلَيۡكُم مِّن سُلۡطَٰنِۭۖ بَلۡ كُنتُمۡ قَوۡمًا طَٰغِينَ

“Re ne se na matla holim’a lona, empa le bile batho ba tlolang meeli

37:31

فَحَقَّ عَلَيۡنَا قَوۡلُ رَبِّنَآۖ إِنَّا لَذَآئِقُونَ

“Hajoale Lentsoe la Mong`a rona le phethahetse khahlanong le rona. Ruri! Re lokeloa ke ho latsoa kahlolo

37:32

فَأَغۡوَيۡنَٰكُمۡ إِنَّا كُنَّا غَٰوِينَ

“Re le khelositse: ruri le rona re ne re khelohile.”

37:33

فَإِنَّهُمۡ يَوۡمَئِذٍ فِي ٱلۡعَذَابِ مُشۡتَرِكُونَ

Ruri! Mohla letsatsi leo mahlakore ka bobeli a tlaba le seabo kahlolong

37:34

إِنَّا كَذَٰلِكَ نَفۡعَلُ بِٱلۡمُجۡرِمِينَ

Ruri! Ke kamoo Re sebetsang kateng ka baetsalibe

37:35

إِنَّهُمۡ كَانُوٓاْ إِذَا قِيلَ لَهُمۡ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱللَّهُ يَسۡتَكۡبِرُونَ

Hobane ha ho thoe ho bona, ha ho `Mopi e mong ntle ho Allah, ba ne ba ikakasa ka Boikhohomoso

37:36

وَيَقُولُونَ أَئِنَّا لَتَارِكُوٓاْ ءَالِهَتِنَا لِشَاعِرٍ مَّجۡنُونِۭ

Ba re: “Eng! Re koenehele melingoana ea rona molemong oa Seroki se hlanyang?”

37:37

بَلۡ جَآءَ بِٱلۡحَقِّ وَصَدَّقَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Che, empa o tlisitse ‘nete, a pakahatsa ba bileng teng pele ho eena

37:38

إِنَّكُمۡ لَذَآئِقُواْ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡأَلِيمِ

Ruri Le tla latsoa kahlolo e mahlonoko; –

37:39

وَمَا تُجۡزَوۡنَ إِلَّا مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Ha ho seo le tla putsoa ka sona kantle le seo le se sebelelitseng; –

37:40

إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ

Empa makhabunyane a ‘nete a Allah

37:41

أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ رِزۡقٌ مَّعۡلُومٌ

Ho teng Letsete le Netefalitsoeng sebakeng sa bona

37:42

فَوَٰكِهُ وَهُم مُّكۡرَمُونَ

Litholoana; ba tla hlompheloa, ba babatsehe

37:43

فِي جَنَّٰتِ ٱلنَّعِيمِ

Lirapeng tsa nyakallo

37:44

عَلَىٰ سُرُرٍ مُّتَقَٰبِلِينَ

Literoneng tse shebaneng

37:45

يُطَافُ عَلَيۡهِم بِكَأۡسٍ مِّن مَّعِينِۭ

Ba tla neheletsoa khalase ea Seliba se kopotsang

37:46

بَيۡضَآءَ لَذَّةٍ لِّلشَّٰرِبِينَ

E ts’oeu ba ponaletso, e mathemaloli ho ba noang ka eona

37:47

لَا فِيهَا غَوۡلٌ وَلَا هُمۡ عَنۡهَا يُنزَفُونَ

Moo ho se nang tarakano; kapa bona botahoa

37:48

وَعِندَهُمۡ قَٰصِرَٰتُ ٱلطَّرۡفِ عِينٌ

Pel’a bona ho tla ba le basali ba hloekileng, ba lihang chebo ea bona, ba mahlo a maholo

37:49

كَأَنَّهُنَّ بَيۡضٌ مَّكۡنُونٌ

Joaloka ha eka ke mahe a Katiloeng ka thata

37:50

فَأَقۡبَلَ بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ يَتَسَآءَلُونَ

Ba retelehela ka ho bomphato’a bona, ba botsane lipotso

37:51

قَالَ قَآئِلٌ مِّنۡهُمۡ إِنِّي كَانَ لِي قَرِينٌ

E mong oa bona o tla qala puo a re: “Ruri! Ke bile le motsoalle

37:52

يَقُولُ أَءِنَّكَ لَمِنَ ٱلۡمُصَدِّقِينَ

Ea neng a tloaetse hore: “Eng! Ana ka ‘nete o e mong oa ba pakang ‘nete

37:53

أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَدِينُونَ

“Hore ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo – re tla amohela meputso le likahlolo?”

37:54

قَالَ هَلۡ أَنتُم مُّطَّلِعُونَ

Lentsoe la re: “Na u ka rata ho sheba fats’e?”

37:55

فَٱطَّلَعَ فَرَءَاهُ فِي سَوَآءِ ٱلۡجَحِيمِ

Eaba o sheba fats’e, a bonela motsoalle oa hae har’a Mollo

37:56

قَالَ تَٱللَّهِ إِن كِدتَّ لَتُرۡدِينِ

A re: “Ka Allah! Ho setse hanyane o ntahla

37:57

وَلَوۡلَا نِعۡمَةُ رَبِّي لَكُنتُ مِنَ ٱلۡمُحۡضَرِينَ

“Hoja e se be ka Lereko la Mong`a ka, le ‘na nka be ke le e mong oa ba tlotlolotsoeng kahlolong.”

37:58

أَفَمَا نَحۡنُ بِمَيِّتِينَ

“Na ha re sa na ho shoa

37:59

إِلَّا مَوۡتَتَنَا ٱلۡأُولَىٰ وَمَا نَحۡنُ بِمُعَذَّبِينَ

“Kantle le lefu la rona la mathomo, re ke ke ra hlola re sa ahloloa?”

37:60

إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ

Ruri! Ena ke katleho e babatsehang

37:61

لِمِثۡلِ هَٰذَا فَلۡيَعۡمَلِ ٱلۡعَٰمِلُونَ

Ba ts’oanang le bana le ba lese ba sebetse

37:62

أَذَٰلِكَ خَيۡرٌ نُّزُلًا أَمۡ شَجَرَةُ ٱلزَّقُّومِ

Na kamohelo e e molemo, kapa se molemo ke Sefate sa Zaqqum

37:63

إِنَّا جَعَلۡنَٰهَا فِتۡنَةً لِّلظَّٰلِمِينَ

Ruri! Re se hlomamisitse ho ba kahlolo sebakeng sa baetsalibe

37:64

إِنَّهَا شَجَرَةٌ تَخۡرُجُ فِيٓ أَصۡلِ ٱلۡجَحِيمِ

Ke sefate se melang har’a mpa ea Mollo-oa-Lihele

37:65

طَلۡعُهَا كَأَنَّهُۥ رُءُوسُ ٱلشَّيَٰطِينِ

Seo lehlomela la teng li ts’oanang le lihlooho tsa lisatane

37:66

فَإِنَّهُمۡ لَأٓكِلُونَ مِنۡهَا فَمَالِـُٔونَ مِنۡهَا ٱلۡبُطُونَ

Ruri! ba tla ja litholoana tsa sona, ho tlatsa limpa tsa bona ka tsona

37:67

ثُمَّ إِنَّ لَهُمۡ عَلَيۡهَا لَشَوۡبًا مِّنۡ حَمِيمٍ

Kaholimo ho moo, ba nehoa metsi a belang

37:68

ثُمَّ إِنَّ مَرۡجِعَهُمۡ لَإِلَى ٱلۡجَحِيمِ

E be ba boela Mollong

37:69

إِنَّهُمۡ أَلۡفَوۡاْ ءَابَآءَهُمۡ ضَآلِّينَ

Ruri ba fumane bo-ntat’a bona ba khelohile

37:70

فَهُمۡ عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِمۡ يُهۡرَعُونَ

Empa le bona ba ile ba potlakela metsamaong ea bona

37:71

وَلَقَدۡ ضَلَّ قَبۡلَهُمۡ أَكۡثَرُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Ruri pele ho bona, bongata ba batho ba khale ba ile ba kheloha

37:72

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا فِيهِم مُّنذِرِينَ

Re ile ra romella barumuoa har’a bona ho ba hlokomelisa

37:73

فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُنذَرِينَ

Joale, ak’ubonengseoebilengpheletsoeabahlokomelisitsoeng

37:74

إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ

Kantle le makhabunyane a ‘nete a Allah

37:75

وَلَقَدۡ نَادَىٰنَا نُوحٌ فَلَنِعۡمَ ٱلۡمُجِيبُونَ

Nooe o ile a lla ho Rona, Re Hloahloa ho utloa thapelo

37:76

وَنَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥ مِنَ ٱلۡكَرۡبِ ٱلۡعَظِيمِ

Re ile Ra mo pholosa ‘moho le lelapa la hae Koluoeng e Kholo

37:77

وَجَعَلۡنَا ذُرِّيَّتَهُۥ هُمُ ٱلۡبَاقِينَ

Ra etsa tsoala ea hae majalefa

37:78

وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ

Le hona ho mo siela moqhaka oa tlholo har’a litloholoana tsa morao-rao

37:79

سَلَٰمٌ عَلَىٰ نُوحٍ فِي ٱلۡعَٰلَمِينَ

“Khotso le litumeliso li be le Nooe har’a lichaba-chaba!”

37:80

إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ruri! Ke kamoo Re putsang kateng ba lokileng

37:81

إِنَّهُۥ مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Hobane Ruri! E bile e mong oa makhabunyane a Rona ea kholoang

37:82

ثُمَّ أَغۡرَقۡنَا ٱلۡأٓخَرِينَ

Eaba bohle Re’a ba qoelisa

37:83

وَإِنَّ مِن شِيعَتِهِۦ لَإِبۡرَٰهِيمَ

Ruri har’a ba ileng ba latela tsela ea hae ke Abrahama

37:84

إِذۡ جَآءَ رَبَّهُۥ بِقَلۡبٍ سَلِيمٍ

Bonang! O ile a atamela ho Mong`a hae ka pelo eohle ea hae

37:85

إِذۡ قَالَ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦ مَاذَا تَعۡبُدُونَ

Bonang! O ile a re ho ntata’e le batho ba habo: “Ke eng sena seo le se khumamelang

37:86

أَئِفۡكًا ءَالِهَةً دُونَ ٱللَّهِ تُرِيدُونَ

“Na ke leshano –melimo e meng ntle ho Allah – eo le e labalabelang

37:87

فَمَا ظَنُّكُم بِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

“Joale, maikutlo a lona ke a feng ka Mong`a Mafats’e?”

37:88

فَنَظَرَ نَظۡرَةً فِي ٱلنُّجُومِ

Eaba o sheba Linaleli

37:89

فَقَالَ إِنِّي سَقِيمٌ

A re: “Ruri! Ke ea kula!”

37:90

فَتَوَلَّوۡاْ عَنۡهُ مُدۡبِرِينَ

Eaba ba mo furalla, ba tsamaea

37:91

فَرَاغَ إِلَىٰٓ ءَالِهَتِهِمۡ فَقَالَ أَلَا تَأۡكُلُونَ

Joale, a boela ho melingoana ea bona a re: “Hobaneng ha le sa je

37:92

مَا لَكُمۡ لَا تَنطِقُونَ

“Hobaneng ha le sa buoe?”

37:93

فَرَاغَ عَلَيۡهِمۡ ضَرۡبَۢا بِٱلۡيَمِينِ

Eaba o’a e futuhela, o e otla ka letsoho le letona

37:94

فَأَقۡبَلُوٓاْ إِلَيۡهِ يَزِفُّونَ

Batho ba habo ba tla ba phaletse, ba mo tjamela

37:95

قَالَ أَتَعۡبُدُونَ مَا تَنۡحِتُونَ

Ea ba o re: “Na le ka khumamela lintho tseo le li betlileng

37:96

وَٱللَّهُ خَلَقَكُمۡ وَمَا تَعۡمَلُونَ

“Empa Allah A le hlotse ‘moho le lintho tseo le li etsang!”

37:97

قَالُواْ ٱبۡنُواْ لَهُۥ بُنۡيَٰنًا فَأَلۡقُوهُ فِي ٱلۡجَحِيمِ

Ba re: “Mo aheleng sebopi sa mollo, e be le mo lahlela ka hare.”

37:98

فَأَرَادُواْ بِهِۦ كَيۡدًا فَجَعَلۡنَٰهُمُ ٱلۡأَسۡفَلِينَ

Ke kamoo ba ileng ba rera kateng khahlanong le eena, empa Re ile Ra ba tlotlolla

37:99

وَقَالَ إِنِّي ذَاهِبٌ إِلَىٰ رَبِّي سَيَهۡدِينِ

A re: “Ruri! Ke ea ho Mong`a ka Ea tla ntataisa

37:100

رَبِّ هَبۡ لِي مِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

Mong`a ka! Ak’u mphe ts’oala e lokileng.”

37:101

فَبَشَّرۡنَٰهُ بِغُلَٰمٍ حَلِيمٍ

Eaba Re mo neha litaba tse molemo tsa mora ea nang le mamello le tiisetso

37:102

فَلَمَّا بَلَغَ مَعَهُ ٱلسَّعۡيَ قَالَ يَٰبُنَيَّ إِنِّيٓ أَرَىٰ فِي ٱلۡمَنَامِ أَنِّيٓ أَذۡبَحُكَ فَٱنظُرۡ مَاذَا تَرَىٰۚ قَالَ يَٰٓأَبَتِ ٱفۡعَلۡ مَا تُؤۡمَرُۖ سَتَجِدُنِيٓ إِن شَآءَ ٱللَّهُ مِنَ ٱلصَّٰبِرِينَ

Eitse hoba mora oa hae a fihlele lilemo tsa bohlankana, eaba Abrahama o re: “Mora’ka! Ke lorile toro hore ke lokela ho etsa sehlabelo ka uena. Joale, u hopola joang?” Eaba mora oa hae o re: “Oho ntate! Etsa kamoo u laetsoeng kateng. Etsoe thatong ea Allah, u tla mphumana ke le mamello le tsitlallo.”

37:103

فَلَمَّآ أَسۡلَمَا وَتَلَّهُۥ لِلۡجَبِينِ

Eitse hoba ba inehele ho Allah, Abrahama a kakalatsa mora kapel’a sefahleho sa hae

37:104

وَنَٰدَيۡنَٰهُ أَن يَٰٓإِبۡرَٰهِيمُ

Eaba Re’a mo nyenyeletsa: “Oho Abrahama

37:105

قَدۡ صَدَّقۡتَ ٱلرُّءۡيَآۚ إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ruri! U phethisitse toro.” Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

37:106

إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡبَلَٰٓؤُاْ ٱلۡمُبِينُ

Hobane sena e bile teko e hlakileng –

37:107

وَفَدَيۡنَٰهُ بِذِبۡحٍ عَظِيمٍ

Joale, eaba Re mo lopolla ka sehlabelo sa tonanahali

37:108

وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ

Eaba Re siea moqhaka oa hae oa tlholo molemong oa meloko e tlang

37:109

سَلَٰمٌ عَلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ

“khotso le litumeliso li be le Abrahama!”

37:110

كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

37:111

إِنَّهُۥ مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Hobane e bile e mong oa makhabunyane a Rona a kholoang

37:112

وَبَشَّرۡنَٰهُ بِإِسۡحَٰقَ نَبِيًّا مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

Ebile Re mo neha litaba tse molemo tsa Isaaka-Moprofeta – E mong oa ba lokileng

37:113

وَبَٰرَكۡنَا عَلَيۡهِ وَعَلَىٰٓ إِسۡحَٰقَۚ وَمِن ذُرِّيَّتِهِمَا مُحۡسِنٌ وَظَالِمٌ لِّنَفۡسِهِۦ مُبِينٌ

Ra mo hlohonolofatsa ha’moho le Isaaka. Har’a tsoala ea bona ho teng ba etsang toka, ba bang ba fosetsang meea ea bona

37:114

وَلَقَدۡ مَنَنَّا عَلَىٰ مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ

Hape, Ra fana ka lereko ho Moshe le Aarone

37:115

وَنَجَّيۡنَٰهُمَا وَقَوۡمَهُمَا مِنَ ٱلۡكَرۡبِ ٱلۡعَظِيمِ

Le hoba pholosa le ba neng ba ena le bona Mahlomoleng a Ts’abehang

37:116

وَنَصَرۡنَٰهُمۡ فَكَانُواْ هُمُ ٱلۡغَٰلِبِينَ

Ra ba thusa, hore ba tle ba hlole

37:117

وَءَاتَيۡنَٰهُمَا ٱلۡكِتَٰبَ ٱلۡمُسۡتَبِينَ

Ra ba neha Lengolo le thusang ho hlakisa lintho

37:118

وَهَدَيۡنَٰهُمَا ٱلصِّرَٰطَ ٱلۡمُسۡتَقِيمَ

Ra ba tataisetsa tseleng e nepahetseng

37:119

وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِمَا فِي ٱلۡأٓخِرِينَ

Ra siea meqhaka ea bona ea tlholo har’a meloko ea moraorao

37:120

سَلَٰمٌ عَلَىٰ مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ

“Khotso le litumeliso li be le Moshe le Aarone!”

37:121

إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

37:122

إِنَّهُمَا مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Hobane Ruri e bile makhabunyane a Rona a kholoang

37:123

وَإِنَّ إِلۡيَاسَ لَمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Le Eliase ebile e mong oa ba neng ba romiloe ke Rona

37:124

إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦٓ أَلَا تَتَّقُونَ

O ile a re ho batho ba habo: “Na le sa tla ke le ts’abe

37:125

أَتَدۡعُونَ بَعۡلًا وَتَذَرُونَ أَحۡسَنَ ٱلۡخَٰلِقِينَ

“Le bitsa ho Baal, le furalla `Mopi ea Molemo, –

37:126

ٱللَّهَ رَبَّكُمۡ وَرَبَّ ءَابَآئِكُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ

“Allah, Mong`a lona le Motataise le Mong`a bo-ntat’a lona moholo?”

37:127

فَكَذَّبُوهُ فَإِنَّهُمۡ لَمُحۡضَرُونَ

Empaba ile ba mo latola, kahoo ruri ba tla bitsetsoa kahlolong

37:128

إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ

Kantle le makhabunyane a ‘nete a Allah

37:129

وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ

Eaba Re siea moqhaka oa hae oa tlholo molemong oa meloko ea moraorao

37:130

سَلَٰمٌ عَلَىٰٓ إِلۡ يَاسِينَ

“Khotso le litumeliso li be le Eliase!”

37:131

إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ruri! Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

37:132

إِنَّهُۥ مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Hobane e bile e mong oa makhabunyane a Rona a kholoang

37:133

وَإِنَّ لُوطًا لَّمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Le Lota e mong oa ba romeletsoeng

37:134

إِذۡ نَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥٓ أَجۡمَعِينَ

Re ile Ra mo pholosa ’moho le ba ntlo ea hae

37:135

إِلَّا عَجُوزًا فِي ٱلۡغَٰبِرِينَ

Ntle le mosali moholo ea ileng a salla har’a ba ileng ba salla morao

37:136

ثُمَّ دَمَّرۡنَا ٱلۡأٓخَرِينَ

Eaba Re ripitla bohle

37:137

وَإِنَّكُمۡ لَتَمُرُّونَ عَلَيۡهِم مُّصۡبِحِينَ

Ruri! Le feta pela lithako tsa bona, mehla eohle –

37:138

وَبِٱلَّيۡلِۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ

Le mantsiboea; hobaneng le sa utloisise

37:139

وَإِنَّ يُونُسَ لَمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Le Jonase, e ne e le e mong oa ba neng ba romiloe

37:140

إِذۡ أَبَقَ إِلَى ٱلۡفُلۡكِ ٱلۡمَشۡحُونِ

Ha a balehela sekepeng se neng se nkile meroalo

37:141

فَسَاهَمَ فَكَانَ مِنَ ٱلۡمُدۡحَضِينَ

Eaba ba akha lotho ho bona ea nang le molato, eaba o oa ahloloa

37:142

فَٱلۡتَقَمَهُ ٱلۡحُوتُ وَهُوَ مُلِيمٌ

Tlhapi e kholo ea mo koenya, o ne a entse liketso tse mpe

37:143

فَلَوۡلَآ أَنَّهُۥ كَانَ مِنَ ٱلۡمُسَبِّحِينَ

Hoja e ne e se e mong oa ba Tlotlisang Allah

37:144

لَلَبِثَ فِي بَطۡنِهِۦٓ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ

Ruri a ka be a lutse ka mpeng ea tlhapi eo ho fihlela Letsatsi la Tsoho

37:145

فَنَبَذۡنَٰهُ بِٱلۡعَرَآءِ وَهُوَ سَقِيمٌ

Eaba Re mo lahlela kathoko lebopong la leoatle, a kula

37:146

وَأَنۢبَتۡنَا عَلَيۡهِ شَجَرَةً مِّن يَقۡطِينٍ

Ra etsa hore sefate sa mokopu se mele ho mo koahela

37:147

وَأَرۡسَلۡنَٰهُ إِلَىٰ مِاْئَةِ أَلۡفٍ أَوۡ يَزِيدُونَ

Eaba Re mo romella har’a likete tse lekholo tsa batho kapa ho feta

37:148

فَـَٔامَنُواْ فَمَتَّعۡنَٰهُمۡ إِلَىٰ حِينٍ

Ba ile ba kholoa; kahoo Re ile Ra ba neha monyaka oa nakoana

37:149

فَٱسۡتَفۡتِهِمۡ أَلِرَبِّكَ ٱلۡبَنَاتُ وَلَهُمُ ٱلۡبَنُونَ

Ak’u ba nonye maikutlo: “Mong`a lona U na le barali feela, ha bona ba na le bara

37:150

أَمۡ خَلَقۡنَا ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ إِنَٰثًا وَهُمۡ شَٰهِدُونَ

Kapa e be Re hlotse manyeloi a basali ba le teng

37:151

أَلَآ إِنَّهُم مِّنۡ إِفۡكِهِمۡ لَيَقُولُونَ

Ruri! Ke puo ea bohata ea hore

37:152

وَلَدَ ٱللَّهُ وَإِنَّهُمۡ لَكَٰذِبُونَ

“Allah U tsetse bana.” Empa ba leshano

37:153

أَصۡطَفَى ٱلۡبَنَاتِ عَلَى ٱلۡبَنِينَ

U ikhethetse barali ho ena le bara

37:154

مَا لَكُمۡ كَيۡفَ تَحۡكُمُونَ

Ke eng ka lona? Le ahlola joang

37:155

أَفَلَا تَذَكَّرُونَ

Ana le sa tla ke le amohele khalemo

37:156

أَمۡ لَكُمۡ سُلۡطَٰنٌ مُّبِينٌ

Kapa e be le na le matla a feletseng

37:157

فَأۡتُواْ بِكِتَٰبِكُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Hlahisang Lengolo la lona haeba le buoa ‘nete

37:158

وَجَعَلُواْ بَيۡنَهُۥ وَبَيۡنَ ٱلۡجِنَّةِ نَسَبًاۚ وَلَقَدۡ عَلِمَتِ ٱلۡجِنَّةُ إِنَّهُمۡ لَمُحۡضَرُونَ

Ba qapile kamano ea mali lipakeng tsa hae le Li-Jinn, Li-Jinn tsona li tseba hantle hore li tla bokelloa kapel’a hae

37:159

سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ عَمَّا يَصِفُونَ

Tlotlo e be ho Allah, Khahlanong le lintho tseo ba mo kopanyang le tsona

37:160

إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ

E seng makhabunyane a ‘nete a Allah

37:161

فَإِنَّكُمۡ وَمَا تَعۡبُدُونَ

Habane, ruri, ha se lona kapa tseo le li khumamelang

37:162

مَآ أَنتُمۡ عَلَيۡهِ بِفَٰتِنِينَ

Tse ka ba hohellang tahlehong tseleng ea Allah

37:163

إِلَّا مَنۡ هُوَ صَالِ ٱلۡجَحِيمِ

Kantle le eo ebang o lokela ho ea cha Liheleng

37:164

وَمَا مِنَّآ إِلَّا لَهُۥ مَقَامٌ مَّعۡلُومٌ

“Ha ho mong le mong oa rona ea se nang boemoba hae bo tsebahalang

37:165

وَإِنَّا لَنَحۡنُ ٱلصَّآفُّونَ

“Ruri, re eme ka mekhahlelo thapelong

37:166

وَإِنَّا لَنَحۡنُ ٱلۡمُسَبِّحُونَ

“Re ba reneketsang Lithoriso tsa Allah

37:167

وَإِن كَانُواْ لَيَقُولُونَ

Ho teng ba neng ba re

37:168

لَوۡ أَنَّ عِندَنَا ذِكۡرًا مِّنَ ٱلۡأَوَّلِينَ

“Hoja e be re bile le molaetsa o tsoang ho tsoa melokong ea khale

37:169

لَكُنَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ

“Ruri! Re ka be re le makhabunyane a ‘nete a Allah.”

37:170

فَكَفَرُواْ بِهِۦۖ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ

Empa ba e latola: empa haufinyane ba tla tseba

37:171

وَلَقَدۡ سَبَقَتۡ كَلِمَتُنَا لِعِبَادِنَا ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Lentsoe la Rona le ile la finyella ho makhabunyane a Rona khale-khale a neng a romiloe

37:172

إِنَّهُمۡ لَهُمُ ٱلۡمَنصُورُونَ

Hore ba tla thusoa

37:173

وَإِنَّ جُندَنَا لَهُمُ ٱلۡغَٰلِبُونَ

Hore lebotho la Rona, – le tla hlola

37:174

فَتَوَلَّ عَنۡهُمۡ حَتَّىٰ حِينٍ

Ak’u ba furalle ha nakoana

37:175

وَأَبۡصِرۡهُمۡ فَسَوۡفَ يُبۡصِرُونَ

U ba shebelle; haufinyane ba tla bona

37:176

أَفَبِعَذَابِنَا يَسۡتَعۡجِلُونَ

Na ba lakatsa ho potlakela kahlolong ea Rona

37:177

فَإِذَا نَزَلَ بِسَاحَتِهِمۡ فَسَآءَ صَبَاحُ ٱلۡمُنذَرِينَ

Empa hang ha e se e atametse haufi le bona, Ruri! Se tla nyonyeha e tla ba meso ea letsatsi leo ho ba ileng ba lemosoa

37:178

وَتَوَلَّ عَنۡهُمۡ حَتَّىٰ حِينٍ

Kahoo, ak’u ba furalle ha nakoana

37:179

وَأَبۡصِرۡ فَسَوۡفَ يُبۡصِرُونَ

U ba shebelle; ba tla bona haufinyane

37:180

سُبۡحَٰنَ رَبِّكَ رَبِّ ٱلۡعِزَّةِ عَمَّا يَصِفُونَ

Tlotla e be ho Mong`a hau! Mong`a Botlotlehi le Matla, U lokolohile ho tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

37:181

وَسَلَٰمٌ عَلَى ٱلۡمُرۡسَلِينَ

Khotso e be ho barumuoa

37:182

وَٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Lithoriso li be ho Allah, Mong`a le Mots’ireletsi oa Mafats’e

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.