Surah 23 · 118 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Mu'minun in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

23:1

قَدۡ أَفۡلَحَ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ

Ba kholoang ba tla atleha qetellong, –

23:2

ٱلَّذِينَ هُمۡ فِي صَلَاتِهِمۡ خَٰشِعُونَ

Ba ikokobetsang lithapelong tsa bona

23:3

وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَنِ ٱللَّغۡوِ مُعۡرِضُونَ

Ba qobang lipuo tsa mafeela

23:4

وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِلزَّكَوٰةِ فَٰعِلُونَ

Ba mahlahahlaha nyehelong

23:5

وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِفُرُوجِهِمۡ حَٰفِظُونَ

Ba ila thobalano

23:6

إِلَّا عَلَىٰٓ أَزۡوَٰجِهِمۡ أَوۡ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ فَإِنَّهُمۡ غَيۡرُ مَلُومِينَ

Ntle le basali ba bona feela, kapa makhabunyane ao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hobane ho bona ha ba na molato

23:7

فَمَنِ ٱبۡتَغَىٰ وَرَآءَ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡعَادُونَ

Empa bao litakatso li tlolang meeli eo, ke litloli tsa molao, –

23:8

وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِأَمَٰنَٰتِهِمۡ وَعَهۡدِهِمۡ رَٰعُونَ

Bohle bahlokometseng kano ea bona, le selekane

23:9

وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَلَىٰ صَلَوَٰتِهِمۡ يُحَافِظُونَ

Ba hlokomelang lithapelo tsa bona, –

23:10

أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡوَٰرِثُونَ

Bao e tla ba majalefa

23:11

ٱلَّذِينَ يَرِثُونَ ٱلۡفِرۡدَوۡسَ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

A tlang ho ja lefa Paradeisi: ba tla phela teng

23:12

وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ مِن سُلَٰلَةٍ مِّن طِينٍ

Re hlotse motho ka letsopa

23:13

ثُمَّ جَعَلۡنَٰهُ نُطۡفَةً فِي قَرَارٍ مَّكِينٍ

Eaba Re mo beha e le there ea peo ka har’a popelo

23:14

ثُمَّ خَلَقۡنَا ٱلنُّطۡفَةَ عَلَقَةً فَخَلَقۡنَا ٱلۡعَلَقَةَ مُضۡغَةً فَخَلَقۡنَا ٱلۡمُضۡغَةَ عِظَٰمًا فَكَسَوۡنَا ٱلۡعِظَٰمَ لَحۡمًا ثُمَّ أَنشَأۡنَٰهُ خَلۡقًا ءَاخَرَۚ فَتَبَارَكَ ٱللَّهُ أَحۡسَنُ ٱلۡخَٰلِقِينَ

Ra nto apesa there eo ka lehloele, eaba Re etsa lehloele leo polokoana, polokoana eo Ra e apesa masapo le hona ho apesa masapo ao ka nama; eaba Re hlahisa sebopua seo se ts’oana le tse ling. Kahoo, Allah ha A hlohonolofatsoe, Eena Ea hloahloa tlholehong

23:15

ثُمَّ إِنَّكُم بَعۡدَ ذَٰلِكَ لَمَيِّتُونَ

Kamor’a moo le tla shoa

23:16

ثُمَّ إِنَّكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ تُبۡعَثُونَ

Mohla Letsatsi la Kahlolo le tla tsosoa

23:17

وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا فَوۡقَكُمۡ سَبۡعَ طَرَآئِقَ وَمَا كُنَّا عَنِ ٱلۡخَلۡقِ غَٰفِلِينَ

Re hlotse litsela tse supileng kaholim’a lona, Re tsotella Libopuoa tsa Rona

23:18

وَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءَۢ بِقَدَرٍ فَأَسۡكَنَّٰهُ فِي ٱلۡأَرۡضِۖ وَإِنَّا عَلَىٰ ذَهَابِۭ بِهِۦ لَقَٰدِرُونَ

Re romella pula lefats’eng e theoha marung ka tekanyo, ebe Re etsa hore e nyamele lefats’eng; Re e monya ha bonolo

23:19

فَأَنشَأۡنَا لَكُم بِهِۦ جَنَّٰتٍ مِّن نَّخِيلٍ وَأَعۡنَٰبٍ لَّكُمۡ فِيهَا فَوَٰكِهُ كَثِيرَةٌ وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ

Ka eona Re le hlahisetsa lirapa tsa litholoana tsa palema le merara, eo ho eona ho nang le maro molemong oa lona ao le a jang

23:20

وَشَجَرَةً تَخۡرُجُ مِن طُورِ سَيۡنَآءَ تَنۢبُتُ بِٱلدُّهۡنِ وَصِبۡغٍ لِّلۡأٓكِلِينَ

Le sefate se hlahileng holim’a Thaba ea Sinai, se lutlang mafura le hona ho ba mathe maloli ho ba se jang

23:21

وَإِنَّ لَكُمۡ فِي ٱلۡأَنۡعَٰمِ لَعِبۡرَةًۖ نُّسۡقِيكُم مِّمَّا فِي بُطُونِهَا وَلَكُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ كَثِيرَةٌ وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ

Le likhomong ho teng mohlala oa thuto ho lona. Re le neha lebese le tsoang ka har’a limpa tsa tsona hore le le noe, ho teng melemo e mengata ea tsona ho lona, e bile le’a li ja

23:22

وَعَلَيۡهَا وَعَلَى ٱلۡفُلۡكِ تُحۡمَلُونَ

Le’a li palama le ho lipama; esita le tsona likepe

23:23

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا نُوحًا إِلَىٰ قَوۡمِهِۦ فَقَالَ يَٰقَوۡمِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥٓۚ أَفَلَا تَتَّقُونَ

Re ile ra romella Nooe ho batho ba habo. A re: “Oho batho ba heso! Sebeletsang Allah. Etsoe ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena. Na le sa tla ke le khese sebe?”

23:24

فَقَالَ ٱلۡمَلَؤُاْ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِن قَوۡمِهِۦ مَا هَٰذَآ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يُرِيدُ أَن يَتَفَضَّلَ عَلَيۡكُمۡ وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَأَنزَلَ مَلَٰٓئِكَةً مَّا سَمِعۡنَا بِهَٰذَا فِيٓ ءَابَآئِنَا ٱلۡأَوَّلِينَ

Marena a batho ba habo a neng a sa mahana-tumelo a re: “Enoa ke motho ea joaloka lona ea mpang a rata ho iketsa eka o na le matla a fetang a lona. Athe hoja e bile thato ea Allah, Ruri! A ka be a ile a romella manyeloi lefats’eng. Ebile ha Re’a ka Ra utloa sena litabeng tsa bo-ntat’a rona moholo.”

23:25

إِنۡ هُوَ إِلَّا رَجُلُۢ بِهِۦ جِنَّةٌ فَتَرَبَّصُواْ بِهِۦ حَتَّىٰ حِينٍ

Ba bang ba re: “U mpa a e na le bohlanya enoa, kahoo suthang pel’a hae ha nakoana

23:26

قَالَ رَبِّ ٱنصُرۡنِي بِمَا كَذَّبُونِ

Nooe a re: “Mong`a ka! Ak’u nthuse hobane ba mphara ka mashano.”

23:27

فَأَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡهِ أَنِ ٱصۡنَعِ ٱلۡفُلۡكَ بِأَعۡيُنِنَا وَوَحۡيِنَا فَإِذَا جَآءَ أَمۡرُنَا وَفَارَ ٱلتَّنُّورُ فَٱسۡلُكۡ فِيهَا مِن كُلٍّ زَوۡجَيۡنِ ٱثۡنَيۡنِ وَأَهۡلَكَ إِلَّا مَن سَبَقَ عَلَيۡهِ ٱلۡقَوۡلُ مِنۡهُمۡۖ وَلَا تُخَٰطِبۡنِي فِي ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ إِنَّهُم مُّغۡرَقُونَ

Eaba Re ts’ollela ts`enolelo ho eena: “Aha Areka ka pel’a mahlo a Rona le tlas’a ts’usumetso ea Rona. E tle ere ha taelo ea Rona e fihla, mehloli e ts’akhunya metsi, ebe u nka liphoofolo ka bobeli `moho le lelapa la hau kantle le bao ebang molaetsa o ile oa finyella ho bona. U se ke be oa nkopa letho khahlanong le bao ebang ba entse libe. Hobane! Bona ba tla khangoa ke metsi

23:28

فَإِذَا ٱسۡتَوَيۡتَ أَنتَ وَمَن مَّعَكَ عَلَى ٱلۡفُلۡكِ فَقُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي نَجَّىٰنَا مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ

Joale, ha u se u le ka har’a Areka, uena le batho bohle ba tla be ba le kamoo, le tle le re: “Lithoriso li be ho Allah ea Re pholositseng har’a batho ba oetseng sebeng!”

23:29

وَقُل رَّبِّ أَنزِلۡنِي مُنزَلًا مُّبَارَكًا وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلۡمُنزِلِينَ

U re: “Mong`a ka! Ak’u etse hore ke tle ke theohe sebakeng se hlohonolofetseng, hobane ke uena ea molemo ho re tlisa lefats’eng.”

23:30

إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ وَإِن كُنَّا لَمُبۡتَلِينَ

Ruri! Ka har’a tsena ho teng lits’upsio, hobane ke rona ba behang batho tekong

23:31

ثُمَّ أَنشَأۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِمۡ قَرۡنًا ءَاخَرِينَ

Eaba kamor’a bona Re hlahisa letloobo le leng

23:32

فَأَرۡسَلۡنَا فِيهِمۡ رَسُولًا مِّنۡهُمۡ أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥٓۚ أَفَلَا تَتَّقُونَ

Ra ba romella moromuoa oa habo bona, A re: “Khumamelang Allah. Ha le na `Mopi e mong ntle ho Allah. Na le sa tla ke khutle mekhoeng?”

23:33

وَقَالَ ٱلۡمَلَأُ مِن قَوۡمِهِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِلِقَآءِ ٱلۡأٓخِرَةِ وَأَتۡرَفۡنَٰهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا مَا هَٰذَآ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يَأۡكُلُ مِمَّا تَأۡكُلُونَ مِنۡهُ وَيَشۡرَبُ مِمَّا تَشۡرَبُونَ

Marena a batho ba habo ba mahana-tumelo, ba hanyetsa kopano ea bophelo Bo-tlang, ao re’a entseng ka mohau bophelong balefats’e lena, a re: “Enoa entse e le motho ea joaloka lona, ea bileng a jang seo le se jang le ho noa seo le se noang

23:34

وَلَئِنۡ أَطَعۡتُم بَشَرًا مِّثۡلَكُمۡ إِنَّكُمۡ إِذًا لَّخَٰسِرُونَ

“Haeba le tla mamela motho ea ntseng a ts’oana le lona, Ruri! Le tla sala shalabeng

23:35

أَيَعِدُكُمۡ أَنَّكُمۡ إِذَا مِتُّمۡ وَكُنتُمۡ تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَنَّكُم مُّخۡرَجُونَ

“Na u le ts’episa hore ha le se le shoele, le fetohile lerole le masapo, le tla boela bophelong hape

23:36

هَيۡهَاتَ هَيۡهَاتَ لِمَا تُوعَدُونَ

“Seo le se ts’episitsoeng ke mohlolo o ke keng oa etsahala

23:37

إِنۡ هِيَ إِلَّا حَيَاتُنَا ٱلدُّنۡيَا نَمُوتُ وَنَحۡيَا وَمَا نَحۡنُ بِمَبۡعُوثِينَ

“Ha ho bophelo bo bong ntle le bophelo ba rona ba lefats’e; re ea phela, e bile re’a shoa; re ke ke ra boela ra phela hape

23:38

إِنۡ هُوَ إِلَّا رَجُلٌ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا وَمَا نَحۡنُ لَهُۥ بِمُؤۡمِنِينَ

“Empa ele motho ea iqapetseng leshano khahlano le Allah. Ha se motho oa hore re ka kholoa ho ena.”

23:39

قَالَ رَبِّ ٱنصُرۡنِي بِمَا كَذَّبُونِ

Moporofeta a re: “Mong`a ka! Ak’u mpe o nthuse hobane ba mphara ka mashano.”

23:40

قَالَ عَمَّا قَلِيلٍ لَّيُصۡبِحُنَّ نَٰدِمِينَ

Allah A re: “Ruri! Ka nakoana e khuts’oane ba tla its’ola.”

23:41

فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّيۡحَةُ بِٱلۡحَقِّ فَجَعَلۡنَٰهُمۡ غُثَآءًۚ فَبُعۡدًا لِّلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ

Ho qhoma ho ts’abehang ho ile ha ba nanola ka toka, Ra ba etsa joaloka mahoholi ha a hohotsoe ke sefefo. Timelo e bohlooko bathong ba etsang bobe

23:42

ثُمَّ أَنشَأۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِمۡ قُرُونًا ءَاخَرِينَ

Kamor’a bona Ra hlahisa letloobo le leng

23:43

مَا تَسۡبِقُ مِنۡ أُمَّةٍ أَجَلَهَا وَمَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ

Ha ho sechaba se tla phonyoha nako ea sona ea pallo, leha e le hona ho e busetsa morao feela

23:44

ثُمَّ أَرۡسَلۡنَا رُسُلَنَا تَتۡرَاۖ كُلَّ مَا جَآءَ أُمَّةً رَّسُولُهَا كَذَّبُوهُۖ فَأَتۡبَعۡنَا بَعۡضَهُم بَعۡضًا وَجَعَلۡنَٰهُمۡ أَحَادِيثَۚ فَبُعۡدًا لِّقَوۡمٍ لَّا يُؤۡمِنُونَ

Re romella baromuoa ba Rona ka tatellano. Ka mehla ha moromuoa a fihla ho sechaba sa habo, ba mo qosa ka mashano; kahoo, Re etsa hore ba latelane ka bo-bona koluoeng, Re baetsa pale. Ho teng timelo ho batho ba latolang tumelo

23:45

ثُمَّ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ وَأَخَاهُ هَٰرُونَ بِـَٔايَٰتِنَا وَسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ

Eaba Re romella Moshe le moena’e Aarone ka lits’upiso tsa Rona le bopaki bo pepenene

23:46

إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ فَٱسۡتَكۡبَرُواْ وَكَانُواْ قَوۡمًا عَالِينَ

Ho Faro le Mahlahana a hae, empa baile ba ba nyelisa; e bile batho ba ikakasang

23:47

فَقَالُوٓاْ أَنُؤۡمِنُ لِبَشَرَيۡنِ مِثۡلِنَا وَقَوۡمُهُمَا لَنَا عَٰبِدُونَ

Ba re: “Na re ka kholoa ho batho ba babeli ba ntseng ba ts’oana le rona, bao mehahabo bona e leng makhoba a rona?”

23:48

فَكَذَّبُوهُمَا فَكَانُواْ مِنَ ٱلۡمُهۡلَكِينَ

Kahoo, ba ba qosa ka mashano; ba oela har’a ba ileng ba ripitloa

23:49

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ لَعَلَّهُمۡ يَهۡتَدُونَ

Ra neha Moshe Lengolo, hore ba tle ba fumane tataisoe

23:50

وَجَعَلۡنَا ٱبۡنَ مَرۡيَمَ وَأُمَّهُۥٓ ءَايَةً وَءَاوَيۡنَٰهُمَآ إِلَىٰ رَبۡوَةٍ ذَاتِ قَرَارٍ وَمَعِينٍ

Ra etsa sesupo ka Maria le Mora oa hae, Re ile Ra ba neha bots’abeli sebakeng se phahameng tlas’a sefate sa palema, e leng sebaka sa mehlape le mehloli ea liliba

23:51

يَٰٓأَيُّهَا ٱلرُّسُلُ كُلُواْ مِنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ وَٱعۡمَلُواْ صَٰلِحًاۖ إِنِّي بِمَا تَعۡمَلُونَ عَلِيمٌ

Oho lona baromuoa! Jang lintho tsohle tse hloekileng, le be le etse toka. Hobane! Ruri Ke hlokolosi ka tseo le li etsang

23:52

وَإِنَّ هَٰذِهِۦٓ أُمَّتُكُمۡ أُمَّةً وَٰحِدَةً وَأَنَا۠ رَبُّكُمۡ فَٱتَّقُونِ

Tumelo ena ea lona ke tumelo e le ngoe, ‘Na ke Mong`a lona, kahoo Nts’abeng

23:53

فَتَقَطَّعُوٓاْ أَمۡرَهُم بَيۡنَهُمۡ زُبُرًاۖ كُلُّ حِزۡبِۭ بِمَا لَدَيۡهِمۡ فَرِحُونَ

Empa batho ba arohantse tumelo ea bona, ba e etsa makalana, lekala le leng le le leng le nyakalla ka seo le leng ho sona

23:54

فَذَرۡهُمۡ فِي غَمۡرَتِهِمۡ حَتَّىٰ حِينٍ

Ak`o ba tlohele har’a phoso eo ea bona ho se hokae

23:55

أَيَحۡسَبُونَ أَنَّمَا نُمِدُّهُم بِهِۦ مِن مَّالٍ وَبَنِينَ

Ebe ba nahana hore thepeng eo Re ba nehileng eona le bara bao Re ba sitsitseng ka bona

23:56

نُسَارِعُ لَهُمۡ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِۚ بَل لَّا يَشۡعُرُونَ

Re ba potlakela ka tsohle tse molemo? Che, ha ba utloisise

23:57

إِنَّ ٱلَّذِينَ هُم مِّنۡ خَشۡيَةِ رَبِّهِم مُّشۡفِقُونَ

Ruri! Haele ba tsamaeang ka hloko ba ts’aba Mong`a bona

23:58

وَٱلَّذِينَ هُم بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ يُؤۡمِنُونَ

Ba kholoang Lits’enolong tsa Mong`a bona

23:59

وَٱلَّذِينَ هُم بِرَبِّهِمۡ لَا يُشۡرِكُونَ

Ba sa kopanye Mong`a bona le batlatsetsi

23:60

وَٱلَّذِينَ يُؤۡتُونَ مَآ ءَاتَواْ وَّقُلُوبُهُمۡ وَجِلَةٌ أَنَّهُمۡ إِلَىٰ رَبِّهِمۡ رَٰجِعُونَ

Ba bafanang ka linyehelo tsa bona ka lipelo tse ts’abo, ka khopolo ea hore ba tla boela ho Mong`a bona

23:61

أُوْلَٰٓئِكَ يُسَٰرِعُونَ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِ وَهُمۡ لَهَا سَٰبِقُونَ

Ke bona ba potlakelang mesebetsing e lokileng, ke bona ba ka pele har’a bona

23:62

وَلَا نُكَلِّفُ نَفۡسًا إِلَّا وُسۡعَهَاۚ وَلَدَيۡنَا كِتَٰبٌ يَنطِقُ بِٱلۡحَقِّ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Ha Re jarise moea ofe, kapa ofe mojaro o tla o imela; Re na le pokello ea lintho tsohle e buoang ‘nete, ba ke ba qhekelloa

23:63

بَلۡ قُلُوبُهُمۡ فِي غَمۡرَةٍ مِّنۡ هَٰذَا وَلَهُمۡ أَعۡمَٰلٌ مِّن دُونِ ذَٰلِكَ هُمۡ لَهَا عَٰمِلُونَ

Empa lipelo tsa bona li na le pherekano ea ho hloka tsebo ka sena, etsoe ba na le mesebetsi e meng eo ba tsoelang pele ho e etsa

23:64

حَتَّىٰٓ إِذَآ أَخَذۡنَا مُتۡرَفِيهِم بِٱلۡعَذَابِ إِذَا هُمۡ يَجۡـَٔرُونَ

Ho fihlela nakong eo Re tla nanola lintho tsohle tse molemo tsa bona tsa lefats’e lena ka kotlo, bonang! batla ikoahlaha ka boikokobetso

23:65

لَا تَجۡـَٔرُواْ ٱلۡيَوۡمَۖ إِنَّكُم مِّنَّا لَا تُنصَرُونَ

Ho tla thoe: “Se keng la ikokobetsa kajeno! Hobane Re ke ke Ra le thusa

23:66

قَدۡ كَانَتۡ ءَايَٰتِي تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فَكُنتُمۡ عَلَىٰٓ أَعۡقَٰبِكُمۡ تَنكِصُونَ

“Lits’enolo tsa Ka li ‘nile tsa phetoa ho lona, empa le ne le tloaetse ho li furalla

23:67

مُسۡتَكۡبِرِينَ بِهِۦ سَٰمِرًا تَهۡجُرُونَ

“Ka boikhants’o bohle. Bosiu le ne le qoqa mepoto le le ‘moho

23:68

أَفَلَمۡ يَدَّبَّرُواْ ٱلۡقَوۡلَ أَمۡ جَآءَهُم مَّا لَمۡ يَأۡتِ ءَابَآءَهُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Na ebe ha ba nahane ka molaetsa, kapa ebe hona le se tlileng ho bona se sa kang sa finyella ho bo-ntat’a bona moholo ba khale-khale

23:69

أَمۡ لَمۡ يَعۡرِفُواْ رَسُولَهُمۡ فَهُمۡ لَهُۥ مُنكِرُونَ

Kapa, ebe ba ne ba sa tsebe Moromuoa oa bona, eaba b’a mo latola

23:70

أَمۡ يَقُولُونَ بِهِۦ جِنَّةُۢۚ بَلۡ جَآءَهُم بِٱلۡحَقِّ وَأَكۡثَرُهُمۡ لِلۡحَقِّ كَٰرِهُونَ

Kapa, ebe ba re: “Enoa u kenoe ke bohlanya? Che u ne a ba tliselitse ‘nete; bongata ba bona ba hloile ‘nete

23:71

وَلَوِ ٱتَّبَعَ ٱلۡحَقُّ أَهۡوَآءَهُمۡ لَفَسَدَتِ ٱلسَّمَٰوَٰتُ وَٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهِنَّۚ بَلۡ أَتَيۡنَٰهُم بِذِكۡرِهِمۡ فَهُمۡ عَن ذِكۡرِهِم مُّعۡرِضُونَ

Hoja e be ‘nete e ne e ile ea sala morao litakatso tsa bona, Ruri! Maholimo le lefats’e esitana le tsohle tse teng ho lona li ka be li ile tsa senyeha. Che, Re ba tliselitse sehopotso sa bona, le hoja ha joale ba se koenehela

23:72

أَمۡ تَسۡـَٔلُهُمۡ خَرۡجًا فَخَرَاجُ رَبِّكَ خَيۡرٌۖ وَهُوَ خَيۡرُ ٱلرَّٰزِقِينَ

Kapa e be u ba kopile moputso oa letho? Empa nala ea Mong`a hau e molemo, hobane ke Eena ea molemo har’a bohle ba fanang ka phepo

23:73

وَإِنَّكَ لَتَدۡعُوهُمۡ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ

Empa u ba bilelitse tseleng e topileng

23:74

وَإِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ عَنِ ٱلصِّرَٰطِ لَنَٰكِبُونَ

Ruri! Haele basa lumeleng bophelong Bo-tlang ba khelohetse thoko le tsela e topileng

23:75

وَلَوۡ رَحِمۡنَٰهُمۡ وَكَشَفۡنَا مَا بِهِم مِّن ضُرٍّ لَّلَجُّواْ فِي طُغۡيَٰنِهِمۡ يَعۡمَهُونَ

Le hoja e be Re bile le mohau holim’a bona le hona ho ba pholosa kotsing e neng eba aparetse, ba ne ba tla ‘ne batsoele pele ho hlahlathela thoko ka botlaopa ba bona

23:76

وَلَقَدۡ أَخَذۡنَٰهُم بِٱلۡعَذَابِ فَمَا ٱسۡتَكَانُواْ لِرَبِّهِمۡ وَمَا يَتَضَرَّعُونَ

Ruri! Re ile Ra ba nehella ka kotlo, empa ha ba na boikokobetso kapel’a Mong`a bona le hona ho Mo rapela feela

23:77

حَتَّىٰٓ إِذَا فَتَحۡنَا عَلَيۡهِم بَابًا ذَا عَذَابٍ شَدِيدٍ إِذَا هُمۡ فِيهِ مُبۡلِسُونَ

Ho fihlela mohla Re ba bulelang mekoallo ea kahlolo e mahlonoko, bona! Moo teng baa t`saba

23:78

وَهُوَ ٱلَّذِيٓ أَنشَأَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَۚ قَلِيلًا مَّا تَشۡكُرُونَ

Ke Eena ea le hloletseng litsebe le mahlo le maikutlo le kutloisiso. Empa le fana ka liteboho tse fokolang

23:79

وَهُوَ ٱلَّذِي ذَرَأَكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَإِلَيۡهِ تُحۡشَرُونَ

Ebile ke Eena ea le atisitseng lefats’eng, bohle le tla bokelloa ho Eena

23:80

وَهُوَ ٱلَّذِي يُحۡيِۦ وَيُمِيتُ وَلَهُ ٱخۡتِلَٰفُ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ

Ke Eena ea fanang ka bophelo esita le lefu, e bile phapanyetsano ea bosiu le mots’eare ke ea Hae. Na le tla ba le kutloisiso

23:81

بَلۡ قَالُواْ مِثۡلَ مَا قَالَ ٱلۡأَوَّلُونَ

Ba bua puo e ts’oanang le’a batho ba khale

23:82

قَالُوٓاْ أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ

Ba re: “Na ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, re ka boela ra tsosoa hape

23:83

لَقَدۡ وُعِدۡنَا نَحۡنُ وَءَابَآؤُنَا هَٰذَا مِن قَبۡلُ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Haesale re ntse re ts’episoa jooana, rona le bo-ntat’a rona moholo.”

23:84

قُل لِّمَنِ ٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهَآ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

E re: “Ke tsa mang lintho tsohle tse teng lefats’eng haeba le na le tsebo?”

23:85

سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ

Ba tla re: “Ke tsa Allah.” U re: “Joale, na ha le sa hopola?”

23:86

قُلۡ مَن رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ ٱلسَّبۡعِ وَرَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡعَظِيمِ

E re: “Ke mang Mong`a maholimo a supileng le Mong`a Terone e Machosi?” Haeba lea tseba!”

23:87

سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ

Ba tla re: “Ho Allah.” Joale, E re: “Na joale ha le na ts’abo ho Eena?”

23:88

قُلۡ مَنۢ بِيَدِهِۦ مَلَكُوتُ كُلِّ شَيۡءٍ وَهُوَ يُجِيرُ وَلَا يُجَارُ عَلَيۡهِ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

E re: “Haeba le na le tsebo, ke mang eo matla a puso ea lintho tsohle a leng ka har’a seatla sa hae, a bile a li sirelelitse, empa khahlanong le Eena ho se na mots’ireletsi?”

23:89

سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ فَأَنَّىٰ تُسۡحَرُونَ

Ba tla re: “Ke tsa Allah.” Joale, u re: “Joale hobaneng haele moo le louoe?”

23:90

بَلۡ أَتَيۡنَٰهُم بِٱلۡحَقِّ وَإِنَّهُمۡ لَكَٰذِبُونَ

Re ba rometse ‘nete, le hoja bona ba keteka leshano

23:91

مَا ٱتَّخَذَ ٱللَّهُ مِن وَلَدٍ وَمَا كَانَ مَعَهُۥ مِنۡ إِلَٰهٍۚ إِذًا لَّذَهَبَ كُلُّ إِلَٰهِۭ بِمَا خَلَقَ وَلَعَلَا بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍۚ سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ عَمَّا يَصِفُونَ

Ha ho mora eo Allah a mo tsoetseng, kapa hore e be ho na le `Mopi e mong pel’a Hae; ebang ho ne ho le joalo, `Mopi e mong le e mong a ka ba inketse tseo A li hlotseng, ba bang ba bona ba ne ba tla loants’a ba bang. Lithoriso li be ho Allah Ea okametseng lintho tsohle tseo ba li bolelang

23:92

عَٰلِمِ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ فَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ

U tseba tse patiloeng le tse bonoang! U phahametse lintho tsohle tseo ba li manamisang ho Eena, e le batlatsetsi

23:93

قُل رَّبِّ إِمَّا تُرِيَنِّي مَا يُوعَدُونَ

E re: “Mong`a ka! Hoja feela eba U ne U ka mponts’a seo ba se khalemeletsoeng

23:94

رَبِّ فَلَا تَجۡعَلۡنِي فِي ٱلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ

“Mong`a ka! U mpe U se ke oa mpeha har’a batho ba oetseng sebeng.”

23:95

وَإِنَّا عَلَىٰٓ أَن نُّرِيَكَ مَا نَعِدُهُمۡ لَقَٰدِرُونَ

Ruri! Re ka khona ho u bonts’a seo Re ba khlemeletseng sona

23:96

ٱدۡفَعۡ بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ ٱلسَّيِّئَةَۚ نَحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَصِفُونَ

Tlosa sebe ka se molemo. Re hlokolosi haholo ka seo ba se bolelang

23:97

وَقُل رَّبِّ أَعُوذُ بِكَ مِنۡ هَمَزَٰتِ ٱلشَّيَٰطِينِ

U be u re: “Mong`a ka! Ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le lit’sebelo tsa ba babe

23:98

وَأَعُوذُ بِكَ رَبِّ أَن يَحۡضُرُونِ

“E bile ke kopa ts’ireletso ho Uena, Mong`a ka, esere ba tloha ba ba haufi le ‘na

23:99

حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءَ أَحَدَهُمُ ٱلۡمَوۡتُ قَالَ رَبِّ ٱرۡجِعُونِ

Ho fihlela nakong eo lefu le ka khahlanyetsang e mong oa bona, o re: “Mong`a ka mpusetse morao

23:100

لَعَلِّيٓ أَعۡمَلُ صَٰلِحًا فِيمَا تَرَكۡتُۚ كـَلَّآۚ إِنَّهَا كَلِمَةٌ هُوَ قَآئِلُهَاۖ وَمِن وَرَآئِهِم بَرۡزَخٌ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ

“Hore ke tle ke etse toka holim’a lintho tseo ke li siileng morao! Empa che! E mpa e le lentsoe leo a le buoang; kamor’a bona ho teng mokoallo ho fihlela letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona

23:101

فَإِذَا نُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَلَآ أَنسَابَ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَئِذٍ وَلَا يَتَسَآءَلُونَ

Mohla Terompeta e letsoang, ha ho na hoba le kamano har’a bona ka letsatsi leo, kapa ho na hore ba be le lipuisano

23:102

فَمَن ثَقُلَتۡ مَوَٰزِينُهُۥ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ

Haele bohle ba maemo a boima, ke bona ba tla beng ba atlehile

23:103

وَمَنۡ خَفَّتۡ مَوَٰزِينُهُۥ فَأُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ خَسِرُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ فِي جَهَنَّمَ خَٰلِدُونَ

Haele ba maemo a sesefetseng, ke bona ba tla beng ba nyahlalitse meea ea bona, ba tla phela Liheleng

23:104

تَلۡفَحُ وُجُوهَهُمُ ٱلنَّارُ وَهُمۡ فِيهَا كَٰلِحُونَ

Mollo o tla tlabola lifahleho tsa bona, ba tla ba mahlomoleng a maholo kamoo

23:105

أَلَمۡ تَكُنۡ ءَايَٰتِي تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فَكُنتُم بِهَا تُكَذِّبُونَ

“Na ha le’a ka la pheteloa lits’enolo tsa Ka, tseo lona le ne le tloaetse ho li khesa

23:106

قَالُواْ رَبَّنَا غَلَبَتۡ عَلَيۡنَا شِقۡوَتُنَا وَكُنَّا قَوۡمًا ضَآلِّينَ

Bat la re “Mong`a rona! Bomalimabe ba rona bo re phoqile, re bile batho ba oetseng phosong

23:107

رَبَّنَآ أَخۡرِجۡنَا مِنۡهَا فَإِنۡ عُدۡنَا فَإِنَّا ظَٰلِمُونَ

“Mong`a rona! Oho, Ak’u mpe U re nt`se mona! Haeba Re ka boela sebeng, Ruri! Re tla be Re le baetsa-libe.”

23:108

قَالَ ٱخۡسَـُٔواْ فِيهَا وَلَا تُكَلِّمُونِ

Allah U tla re: “Lulang hona kamoo, le se ke la mpuisa

23:109

إِنَّهُۥ كَانَ فَرِيقٌ مِّنۡ عِبَادِي يَقُولُونَ رَبَّنَآ ءَامَنَّا فَٱغۡفِرۡ لَنَا وَٱرۡحَمۡنَا وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلرَّٰحِمِينَ

Ho bile teng karolo ea makhabunyane e neng e rapela: “Mong`a rona! Re’a kholoa, kahoo U mpe U re ts’oarele le hona hoba mosa holim’a rona, hobane ke Uena Ea molemo har’a bohle ba bonts’ang mohau;”

23:110

فَٱتَّخَذۡتُمُوهُمۡ سِخۡرِيًّا حَتَّىٰٓ أَنسَوۡكُمۡ ذِكۡرِي وَكُنتُم مِّنۡهُمۡ تَضۡحَكُونَ

Empa le ile la ikhethela ho ba ts’eha, hoo ba ileng ba le lebatsa ho ka nkhopola, nakong eo le neng le ba tlepa lit`seho

23:111

إِنِّي جَزَيۡتُهُمُ ٱلۡيَوۡمَ بِمَا صَبَرُوٓاْ أَنَّهُمۡ هُمُ ٱلۡفَآئِزُونَ

“Kajeno Ke se Ke ba putsitse ho latela kamoo ba neng ba e na le mamello kateng; Ke bona ba atlehileng

23:112

قَٰلَ كَمۡ لَبِثۡتُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ عَدَدَ سِنِينَ

U tla re: “Hana le phetse lilemo tse kae lefats’eng?”

23:113

قَالُواْ لَبِثۡنَا يَوۡمًا أَوۡ بَعۡضَ يَوۡمٍ فَسۡـَٔلِ ٱلۡعَآدِّينَ

Ba tla re: “Re lutse feela letsatsi, kapa karolo ea lona. Empa ak’u botse ba neng ba ntse ba bala!”

23:114

قَٰلَ إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا قَلِيلًاۖ لَّوۡ أَنَّكُمۡ كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

U tla re: “Le lutse nakoana e khuts’oanyane hoja eba le na le tsebo

23:115

أَفَحَسِبۡتُمۡ أَنَّمَا خَلَقۡنَٰكُمۡ عَبَثًا وَأَنَّكُمۡ إِلَيۡنَا لَا تُرۡجَعُونَ

“Le ne le nahana hore Re ne Re le hloletse papali, hoo le ke keng la hlotse le boela ho Rona?”

23:116

فَتَعَٰلَى ٱللَّهُ ٱلۡمَلِكُ ٱلۡحَقُّۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ رَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡكَرِيمِ

Allah U phahame kahofetisisa, Motlotlehi, ‘Nete! Etsoe ha ho `Mopi e mong kantle ho Eena, Eena Mong`a Terone Ea Lereko

23:117

وَمَن يَدۡعُ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ لَا بُرۡهَٰنَ لَهُۥ بِهِۦ فَإِنَّمَا حِسَابُهُۥ عِندَ رَبِّهِۦٓۚ إِنَّهُۥ لَا يُفۡلِحُ ٱلۡكَٰفِرُونَ

Ea rapelang lits’oants’o ntle ho Allah, ha a na matla holim’a ntho e joalo. Kahlolo ea bona e ho Mong`a bona feela. Ruri! Haele mahana-tumelo ba ke ke ba atleha

23:118

وَقُل رَّبِّ ٱغۡفِرۡ وَٱرۡحَمۡ وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلرَّٰحِمِينَ

E re: “Mong`a ka! U ts’oarele le hona ho ba le mohau, hobane ke Uena Ea Molemo ka ho fetisisa har’a bohle ba bonts’ang mohau.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.