Surah 20 · 135 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Taha in Sotho

In English with tafsir

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

20:1

طه

Ta-Ha

20:2

مَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡقُرۡءَانَ لِتَشۡقَىٰٓ

Ha Re’a senola Qura’n ena ho u beha mats’oenyehong, ka eona

20:3

إِلَّا تَذۡكِرَةً لِّمَن يَخۡشَىٰ

Haese feela hore ebe sekhopotso ho ba nang le ts’abo

20:4

تَنزِيلًا مِّمَّنۡ خَلَقَ ٱلۡأَرۡضَ وَٱلسَّمَٰوَٰتِ ٱلۡعُلَى

Ke ts’enolo e tsoang ho Eena Ea hlootseng lefats’e le maholimo a holimo-limo

20:5

ٱلرَّحۡمَٰنُ عَلَى ٱلۡعَرۡشِ ٱسۡتَوَىٰ

Ea Tletseng Lereko, ea tsepameng Teroneng

20:6

لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا وَمَا تَحۡتَ ٱلثَّرَىٰ

Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae, le tse lipakeng tsa tsona le tse ka tlas’a lefats’e

20:7

وَإِن تَجۡهَرۡ بِٱلۡقَوۡلِ فَإِنَّهُۥ يَعۡلَمُ ٱلسِّرَّ وَأَخۡفَى

Leha eba u ka buela holimo, Ruri! O tseba menahano ea sephiring le e patehileng

20:8

ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ لَهُ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰ

Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Mabitso ohle a matle ke’a Hae

20:9

وَهَلۡ أَتَىٰكَ حَدِيثُ مُوسَىٰٓ

Na pale ea Moshe e se ile ea fihla ho uena

20:10

إِذۡ رَءَا نَارًا فَقَالَ لِأَهۡلِهِ ٱمۡكُثُوٓاْ إِنِّيٓ ءَانَسۡتُ نَارًا لَّعَلِّيٓ ءَاتِيكُم مِّنۡهَا بِقَبَسٍ أَوۡ أَجِدُ عَلَى ٱلنَّارِ هُدًى

Ha a bona mollo: a re ho lelapa: “Butleng! Ke bona mollo lefelleng. Mohlomong ke tla ea ho le khella mollo ho ona, kapa e be ke tla fumana tataiso ho ona.”

20:11

فَلَمَّآ أَتَىٰهَا نُودِيَ يَٰمُوسَىٰٓ

Empa ha a atamela haufi le mollo oo, ha utloahala lentsoe: “Oho Moshe

20:12

إِنِّيٓ أَنَا۠ رَبُّكَ فَٱخۡلَعۡ نَعۡلَيۡكَ إِنَّكَ بِٱلۡوَادِ ٱلۡمُقَدَّسِ طُوًى

“Ruri! Ke ‘Na, Mong`a hau. Kahoo rola meqathatso ea hau, hobane u har’a phula e halalelang ea Tuwa

20:13

وَأَنَا ٱخۡتَرۡتُكَ فَٱسۡتَمِعۡ لِمَا يُوحَىٰٓ

“Ke u khethile, ka hona theha tsebe ho seo u se susumetsoang

20:14

إِنَّنِيٓ أَنَا ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱعۡبُدۡنِي وَأَقِمِ ٱلصَّلَوٰةَ لِذِكۡرِيٓ

“Ruri Ke ‘Na Allah: Ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na. Kahoo, nts’ebeletse le hona ho phetha lithapelo molemong oa ho nkhopola

20:15

إِنَّ ٱلسَّاعَةَ ءَاتِيَةٌ أَكَادُ أُخۡفِيهَا لِتُجۡزَىٰ كُلُّ نَفۡسِۭ بِمَا تَسۡعَىٰ

“Ruri hora e ea tla – ke tla e boloka e patehile, hore moea ka mong u tle u putsoe malebana le seo u se sebelelitseng

20:16

فَلَا يَصُدَّنَّكَ عَنۡهَا مَن لَّا يُؤۡمِنُ بِهَا وَٱتَّبَعَ هَوَىٰهُ فَتَرۡدَىٰ

“Ka lebaka leo, u se lumelle motho ofe kapa ofe ho u khelosa ho sena, ele ea sa kholoeng ho sona, ea mpang a sala morao litakatso tsa hae, esere oa timela!”

20:17

وَمَا تِلۡكَ بِيَمِينِكَ يَٰمُوسَىٰ

“Moshe ke eng seo o se t`soereng ka letsoho la hau le letona?”

20:18

قَالَ هِيَ عَصَايَ أَتَوَكَّؤُاْ عَلَيۡهَا وَأَهُشُّ بِهَا عَلَىٰ غَنَمِي وَلِيَ فِيهَا مَـَٔارِبُ أُخۡرَىٰ

Moshe a re: “Ke lere la ka leo ke ikokotlelang ka lona, le hona ho polela makhasi fats’e molemong oa linku tsa ka esita le melemo e meng.”

20:19

قَالَ أَلۡقِهَا يَٰمُوسَىٰ

Allah A re: “Moshe! Le lahlele fats’e.”

20:20

فَأَلۡقَىٰهَا فَإِذَا هِيَ حَيَّةٌ تَسۡعَىٰ

Moshe a le lahlela fats’e, eaba le fetoha noha e hahabang

20:21

قَالَ خُذۡهَا وَلَا تَخَفۡۖ سَنُعِيدُهَا سِيرَتَهَا ٱلۡأُولَىٰ

Allah A re: “Le ts’oare, u se ts’abe letho: Re tla le busetsa hang bo loneng

20:22

وَٱضۡمُمۡ يَدَكَ إِلَىٰ جَنَاحِكَ تَخۡرُجۡ بَيۡضَآءَ مِنۡ غَيۡرِ سُوٓءٍ ءَايَةً أُخۡرَىٰ

“U pholle lehlakore ka letsoho la hau, le tla boea le le lesoeu le se na kotsi, – Seo e tla ba sesupo se seng

20:23

لِنُرِيَكَ مِنۡ ءَايَٰتِنَا ٱلۡكُبۡرَى

“Hore Re tle Re u bonts’e tse ling tsa lits’upiso tsa Rona tse kholohali

20:24

ٱذۡهَبۡ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ إِنَّهُۥ طَغَىٰ

“Tsamaea u ee ho Faro! Ruri u se a tlotse meeli eohle.”

20:25

قَالَ رَبِّ ٱشۡرَحۡ لِي صَدۡرِي

Moshe a re: “Mong`a ka! Atolosa sefuba sa ka

20:26

وَيَسِّرۡ لِيٓ أَمۡرِي

“Mpebofaletse mosebetsi oa ka

20:27

وَٱحۡلُلۡ عُقۡدَةً مِّن لِّسَانِي

“U rarolle leleme la ka

20:28

يَفۡقَهُواْ قَوۡلِي

“E le hore ba tle ba utloisise puo ea ka

20:29

وَٱجۡعَل لِّي وَزِيرًا مِّنۡ أَهۡلِي

“U be u ‘matahanye le lehlahana ho tsoa lapeng heso

20:30

هَٰرُونَ أَخِي

“Aarone, moen’a ka

20:31

ٱشۡدُدۡ بِهِۦٓ أَزۡرِي

“Hlapants’a matla a ka ka eena

20:32

وَأَشۡرِكۡهُ فِيٓ أَمۡرِي

“U etse hore re arolelane mosebetsi oa ka le eena

20:33

كَيۡ نُسَبِّحَكَ كَثِيرًا

“Hore re tle re keteke thoriso ea hau re sa khaotse

20:34

وَنَذۡكُرَكَ كَثِيرًا

“Re U hopole re sa khaotse

20:35

إِنَّكَ كُنتَ بِنَا بَصِيرًا

“Hobane ke Uena Eo esale U re alositse.”

20:36

قَالَ قَدۡ أُوتِيتَ سُؤۡلَكَ يَٰمُوسَىٰ

Allah A re: “Oho Moshe! Re ananetse thapelo ea hau

20:37

وَلَقَدۡ مَنَنَّا عَلَيۡكَ مَرَّةً أُخۡرَىٰٓ

“Ruri! Le nakong e fetileng, Re ‘nile Ra ba molemo ho uena

20:38

إِذۡ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰٓ أُمِّكَ مَا يُوحَىٰٓ

“Mohla re neng Re khothaletsa ‘ma’o ka ts’ususmetso, Molaetsa

20:39

أَنِ ٱقۡذِفِيهِ فِي ٱلتَّابُوتِ فَٱقۡذِفِيهِ فِي ٱلۡيَمِّ فَلۡيُلۡقِهِ ٱلۡيَمُّ بِٱلسَّاحِلِ يَأۡخُذۡهُ عَدُوٌّ لِّي وَعَدُوٌّ لَّهُۥۚ وَأَلۡقَيۡتُ عَلَيۡكَ مَحَبَّةً مِّنِّي وَلِتُصۡنَعَ عَلَىٰ عَيۡنِيٓ

“Mo akhele ka har’a sethoto, ebe u se akhela ka har’a noka, noka e tla se qhelela lebopong, moo sera sa Ka, ebile e le sera sa hae, se tla mo nka teng. Ke u sitsitse ka lerato le tsoang ho ‘Na, hore u tle u holele thatong ea Ka

20:40

إِذۡ تَمۡشِيٓ أُخۡتُكَ فَتَقُولُ هَلۡ أَدُلُّكُمۡ عَلَىٰ مَن يَكۡفُلُهُۥۖ فَرَجَعۡنَٰكَ إِلَىٰٓ أُمِّكَ كَيۡ تَقَرَّ عَيۡنُهَا وَلَا تَحۡزَنَۚ وَقَتَلۡتَ نَفۡسًا فَنَجَّيۡنَٰكَ مِنَ ٱلۡغَمِّ وَفَتَنَّٰكَ فُتُونًاۚ فَلَبِثۡتَ سِنِينَ فِيٓ أَهۡلِ مَدۡيَنَ ثُمَّ جِئۡتَ عَلَىٰ قَدَرٍ يَٰمُوسَىٰ

“Khaitseli ea hau e atamelang, e re: “Na nka u bonts’a e mong ea tla mo anyesa le ho mo hlokomela?” Eaba Re u busetsa ho ‘ma’o, e le hore a tle a itlhakole meokho, a se ts’oenyehe. U kile oa bolaea motho, Ra u nts’a maqakabetsing ao a ts’abehang, le hona ho u leka ka teko e boima. U kile oa lula lilemo le batho ba Mediane. Joale, u atametse koano ho latela tlhokomelo ea Ka, Moshe

20:41

وَٱصۡطَنَعۡتُكَ لِنَفۡسِي

“Ke u lokiselitse ‘Na

20:42

ٱذۡهَبۡ أَنتَ وَأَخُوكَ بِـَٔايَٰتِي وَلَا تَنِيَا فِي ذِكۡرِي

“Tsamaea le moena oa hao ka lits’upiso tsa ka, le se be botsoa ho nkhopola

20:43

ٱذۡهَبَآ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ إِنَّهُۥ طَغَىٰ

“Tsamaeang ka bobeli le ee ho Faro. Ruri! U se a tlotse meeli eohle

20:44

فَقُولَا لَهُۥ قَوۡلًا لَّيِّنًا لَّعَلَّهُۥ يَتَذَكَّرُ أَوۡ يَخۡشَىٰ

“Empa le buee le eena ka mosa, mohlomong a ka a utloisisa, kapa abale ts’abo.”

20:45

قَالَا رَبَّنَآ إِنَّنَا نَخَافُ أَن يَفۡرُطَ عَلَيۡنَآ أَوۡ أَن يَطۡغَىٰ

Ba re: “Mong`a rona! Ruri! Re ts’oha hore a se tlohe a re hobosa, le hona ho re kharuma, kapa hona tlola meeli eohle.”

20:46

قَالَ لَا تَخَافَآۖ إِنَّنِي مَعَكُمَآ أَسۡمَعُ وَأَرَىٰ

Allah A re: “Le se ts’abe letho. Hobane Ke na le lona: Ke utloa tsohle, Ke bona tsohle

20:47

فَأۡتِيَاهُ فَقُولَآ إِنَّا رَسُولَا رَبِّكَ فَأَرۡسِلۡ مَعَنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَلَا تُعَذِّبۡهُمۡۖ قَدۡ جِئۡنَٰكَ بِـَٔايَةٍ مِّن رَّبِّكَۖ وَٱلسَّلَٰمُ عَلَىٰ مَنِ ٱتَّبَعَ ٱلۡهُدَىٰٓ

«Tsamaeang le ee ho eena, le re: “Re baromuoa ba tsoang ho Mong`a hau. Lokolla bana ba Israele ba tsamae le rona, u se ke oa ba sotla. Re u tliselitse sesupo se tsoang ho Mong`a hau. Khotso e be ho bohle ba latelang tataiso

20:48

إِنَّا قَدۡ أُوحِيَ إِلَيۡنَآ أَنَّ ٱلۡعَذَابَ عَلَىٰ مَن كَذَّبَ وَتَوَلَّىٰ

“Ruri re senoletsoe hore motho ea tla latola le hona ho se tsotelle, kahlolo e tla ba holim’a hae.”

20:49

قَالَ فَمَن رَّبُّكُمَا يَٰمُوسَىٰ

Faro a re: “Moshe, joale ke mang Mong`a lona eo le le babeli?”

20:50

قَالَ رَبُّنَا ٱلَّذِيٓ أَعۡطَىٰ كُلَّ شَيۡءٍ خَلۡقَهُۥ ثُمَّ هَدَىٰ

Moshe a re: “Mong`a rona ke ea faneng ka tlholeho holim’a ntho efe kapa efe, eaba o e tataisa ka nepo.”

20:51

قَالَ فَمَا بَالُ ٱلۡقُرُونِ ٱلۡأُولَىٰ

Faro a re: “Joale, ke bofeng boemo ba batho ba khale?”

20:52

قَالَ عِلۡمُهَا عِندَ رَبِّي فِي كِتَٰبٍۖ لَّا يَضِلُّ رَبِّي وَلَا يَنسَى

Moshe a re: “Tsebo ea seo e polokelong ho Mong`a ka. Etsoe Mong`a ka ha a lebale esita le hona ho fosa

20:53

ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ مَهۡدًا وَسَلَكَ لَكُمۡ فِيهَا سُبُلًا وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَخۡرَجۡنَا بِهِۦٓ أَزۡوَٰجًا مِّن نَّبَاتٍ شَتَّىٰ

“Eena ea alileng lefats’e joaloka moseme, le hona ho u bulela litsela holim’a lona; Eena ea theolelang pula lefats’eng e tsoa marung, eo ka eona Re hlahisang lijalo tse fapaneng

20:54

كُلُواْ وَٱرۡعَوۡاْ أَنۡعَٰمَكُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّأُوْلِي ٱلنُّهَىٰ

“E jang le be le alose mehlape ea lona. Ruri! Ho sena ke lits’upiso ho batho ba nehiloeng kutloisiso

20:55

مِنۡهَا خَلَقۡنَٰكُمۡ وَفِيهَا نُعِيدُكُمۡ وَمِنۡهَا نُخۡرِجُكُمۡ تَارَةً أُخۡرَىٰ

Re le hlotse ka lerole la lefats’e, Re tla le busetsa ho lona, e be Re boetse Re le tlisa ho lona hape.”

20:56

وَلَقَدۡ أَرَيۡنَٰهُ ءَايَٰتِنَا كُلَّهَا فَكَذَّبَ وَأَبَىٰ

Re ile Ra mo bonts’a lits’upiso tsa rona, empa u ile a li latola le hona ho hanana le tsona

20:57

قَالَ أَجِئۡتَنَا لِتُخۡرِجَنَا مِنۡ أَرۡضِنَا بِسِحۡرِكَ يَٰمُوسَىٰ

O ile a re: “Moshe! Le tlile ho tla tla re phalalisa naheng ea rona ka boloi ba lona

20:58

فَلَنَأۡتِيَنَّكَ بِسِحۡرٍ مِّثۡلِهِۦ فَٱجۡعَلۡ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكَ مَوۡعِدًا لَّا نُخۡلِفُهُۥ نَحۡنُ وَلَآ أَنتَ مَكَانًا سُوًى

Empa le rona re ka hlahisa mehlolo e ts’oanang le eo ea lona; kahoo, etsang therisano lipakeng tsa rona le lona, eo ho eona re ke keng ra sitoa ho e phetha, kapa lona la sitoa ho e phethisa sebakeng se ka bang bohlokoa lipakeng tsa rona le lona.”

20:59

قَالَ مَوۡعِدُكُمۡ يَوۡمُ ٱلزِّينَةِ وَأَن يُحۡشَرَ ٱلنَّاسُ ضُحًى

Moshe a re: “Therisano ea lona e tla ba ka Letsatsi la Mokete, u tle u lokolle batho ho khobokana ‘moho ha letsatsi le se le phahame.”

20:60

فَتَوَلَّىٰ فِرۡعَوۡنُ فَجَمَعَ كَيۡدَهُۥ ثُمَّ أَتَىٰ

Faro a its’eka: a rala morero oa hae, a boela a khutla

20:61

قَالَ لَهُم مُّوسَىٰ وَيۡلَكُمۡ لَا تَفۡتَرُواْ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا فَيُسۡحِتَكُم بِعَذَابٍۖ وَقَدۡ خَابَ مَنِ ٱفۡتَرَىٰ

Moshe a re ho eena: “Sekhobo se be ho uena! u se qape leshano khahlanong le Allah, esere a u ripitla ka hoohle. Moqapi, o soetseha hampe haholo.”

20:62

فَتَنَٰزَعُوٓاْ أَمۡرَهُم بَيۡنَهُمۡ وَأَسَرُّواْ ٱلنَّجۡوَىٰ

Eaba ba ea qaketsana, holima taba ena, empa ba e etsa lekunutu

20:63

قَالُوٓاْ إِنۡ هَٰذَٰنِ لَسَٰحِرَٰنِ يُرِيدَانِ أَن يُخۡرِجَاكُم مِّنۡ أَرۡضِكُم بِسِحۡرِهِمَا وَيَذۡهَبَا بِطَرِيقَتِكُمُ ٱلۡمُثۡلَىٰ

Ba re: “Ruri! Bobeli bona ke baloi: morero oa bona ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ea bona, le hona ho ripitla meetlo ea lona ea bohlokoa

20:64

فَأَجۡمِعُواْ كَيۡدَكُمۡ ثُمَّ ٱئۡتُواْ صَفًّاۚ وَقَدۡ أَفۡلَحَ ٱلۡيَوۡمَ مَنِ ٱسۡتَعۡلَىٰ

“Kahoo, hlophisang morero oa lona, joale e be le kena khabong ea ntoa: Ea tla hlola letsatsing lena, Ruri e tla be e le eena ea fumaneng katleho.”

20:65

قَالُواْ يَٰمُوسَىٰٓ إِمَّآ أَن تُلۡقِيَ وَإِمَّآ أَن نَّكُونَ أَوَّلَ مَنۡ أَلۡقَىٰ

Ba re: “Moshe! U ka akha lithebere tsa hau pele, kapa u re lumella ho akha tsa rona pele?”

20:66

قَالَ بَلۡ أَلۡقُواْۖ فَإِذَا حِبَالُهُمۡ وَعِصِيُّهُمۡ يُخَيَّلُ إِلَيۡهِ مِن سِحۡرِهِمۡ أَنَّهَا تَسۡعَىٰ

Moshe a re: “Che, le ka akha lithebere tsa lona! Eaba mehala le mare a bona a fetoha linoha ho latela boupelli ba bona, tsa simolla ho hahaba.”

20:67

فَأَوۡجَسَ فِي نَفۡسِهِۦ خِيفَةً مُّوسَىٰ

Moshe o ile a tleloa ke letsoalo

20:68

قُلۡنَا لَا تَخَفۡ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡأَعۡلَىٰ

Ra Re: “Se ts’abe letho! Ruri! Ke uena ea hapileng tlholo

20:69

وَأَلۡقِ مَا فِي يَمِينِكَ تَلۡقَفۡ مَا صَنَعُوٓاْۖ إِنَّمَا صَنَعُواْ كَيۡدُ سَٰحِرٍۖ وَلَا يُفۡلِحُ ٱلسَّاحِرُ حَيۡثُ أَتَىٰ

“Akhela lere la hau le ka letsohong le letona: hang le tla koenya mehlolo eo kaofela eo ba e entseng. Tseo ba li entseng e mpa e le boupelli ba baloi, moloi a ke ke a atleha likarolong tsohle tseo a ka li nahanang.”

20:70

فَأُلۡقِيَ ٱلسَّحَرَةُ سُجَّدًا قَالُوٓاْ ءَامَنَّا بِرَبِّ هَٰرُونَ وَمُوسَىٰ

Eaba baloi baoela fats’e ba ea ithapalatsa: Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Aarone le Moshe.”

20:71

قَالَ ءَامَنتُمۡ لَهُۥ قَبۡلَ أَنۡ ءَاذَنَ لَكُمۡۖ إِنَّهُۥ لَكَبِيرُكُمُ ٱلَّذِي عَلَّمَكُمُ ٱلسِّحۡرَۖ فَلَأُقَطِّعَنَّ أَيۡدِيَكُمۡ وَأَرۡجُلَكُم مِّنۡ خِلَٰفٍ وَلَأُصَلِّبَنَّكُمۡ فِي جُذُوعِ ٱلنَّخۡلِ وَلَتَعۡلَمُنَّ أَيُّنَآ أَشَدُّ عَذَابًا وَأَبۡقَىٰ

Faro a re: “Na le kholoa ho Eena pele ke le neha taelo e joalo. Uena Moshe le Aarone ho bonahala hantle hore ke morupelli oa lona ea le rutileng boloi. Joale, Ruri ke tla le khaola matsoho le maoto a lona mots’ekalle, le hona ho le thakhisa likutung tsa lifate tsa palema, ke hona le tla tseba ka botlalo hore na ke mang lipakeng tsa rona ea ka fanang ka kahlolo e ts’abehang, e bile e ka tiisetsa.”

20:72

قَالُواْ لَن نُّؤۡثِرَكَ عَلَىٰ مَا جَآءَنَا مِنَ ٱلۡبَيِّنَٰتِ وَٱلَّذِي فَطَرَنَاۖ فَٱقۡضِ مَآ أَنتَ قَاضٍۖ إِنَّمَا تَقۡضِي هَٰذِهِ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَآ

Ba re: “Re ke keng ra u nka u le ka holim’a lits’upiso tse hlakileng tse tlileng ho rona, kapa hona hoba ka holim’a Ea Re hlotseng. Uena, u ka etsa seo u se etsang. Ha ho seo u ka se etsang molemong oa rona haese se teng bophelong ba lefats’e lena

20:73

إِنَّآ ءَامَنَّا بِرَبِّنَا لِيَغۡفِرَ لَنَا خَطَٰيَٰنَا وَمَآ أَكۡرَهۡتَنَا عَلَيۡهِ مِنَ ٱلسِّحۡرِۗ وَٱللَّهُ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰٓ

“Rona re khotsoe ho Mong`a rona, hore A tle A re ts’oarele libe tsa rona le ho re sireletsa ho boloi boo uena u neng u re tlama ho bo etsa. Ruri! Allah U molemo, e bile ke Rabosafeleng

20:74

إِنَّهُۥ مَن يَأۡتِ رَبَّهُۥ مُجۡرِمًا فَإِنَّ لَهُۥ جَهَنَّمَ لَا يَمُوتُ فِيهَا وَلَا يَحۡيَىٰ

Ruri haele ba tla hlaha kapel`a Mong`a bona ba le molato, Ruri Lihele li ba loketse. Kamoo teng ba ke ke bashoa kapa hona ho phela

20:75

وَمَن يَأۡتِهِۦ مُؤۡمِنًا قَدۡ عَمِلَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَأُوْلَٰٓئِكَ لَهُمُ ٱلدَّرَجَٰتُ ٱلۡعُلَىٰ

Empa ba tla tla ho Eena e le ba Kholoang, ba sebelitse liketso tse lokileng, Ruri ba joalo maemo a bona ke’a phahameng

20:76

جَنَّٰتُ عَدۡنٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ وَذَٰلِكَ جَزَآءُ مَن تَزَكَّىٰ

Lirapeng tsa Edene tse linoka li phallang, ke moo teng ba tla phela kahosafeleng. Oo ke oona moputso oa ba itlhoekisang

20:77

وَلَقَدۡ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنۡ أَسۡرِ بِعِبَادِي فَٱضۡرِبۡ لَهُمۡ طَرِيقًا فِي ٱلۡبَحۡرِ يَبَسًا لَّا تَخَٰفُ دَرَكًا وَلَا تَخۡشَىٰ

Re ile ra nyenyeletsa Moshe,: “Tsamaea le makhabunyane a ka har’a bosiu, u ba betlele tsela e o’meng ka har’a leoatle, le se ts’ohe hore ba ka tloha ba le hlasela, kapa hona ho ts’aba.”

20:78

فَأَتۡبَعَهُمۡ فِرۡعَوۡنُ بِجُنُودِهِۦ فَغَشِيَهُم مِّنَ ٱلۡيَمِّ مَا غَشِيَهُمۡ

Eaba Faro o ba sala morao le lebotho la hae, ba ile ba metsoa ke leoatle, joaloka ha le ne le ba fekise

20:79

وَأَضَلَّ فِرۡعَوۡنُ قَوۡمَهُۥ وَمَا هَدَىٰ

Faro o ne a khelose batho ba habo, a fapana le ho ba tataisa

20:80

يَٰبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ قَدۡ أَنجَيۡنَٰكُم مِّنۡ عَدُوِّكُمۡ وَوَٰعَدۡنَٰكُمۡ جَانِبَ ٱلطُّورِ ٱلۡأَيۡمَنَ وَنَزَّلۡنَا عَلَيۡكُمُ ٱلۡمَنَّ وَٱلسَّلۡوَىٰ

Oho lona bana ba Israele! Re le pholositse ho lira tsa lona, Ra theha selekane le lona Thabeng ea Senai, eaba re le romella Manna le likhoale

20:81

كُلُواْ مِن طَيِّبَٰتِ مَا رَزَقۡنَٰكُمۡ وَلَا تَطۡغَوۡاْ فِيهِ فَيَحِلَّ عَلَيۡكُمۡ غَضَبِيۖ وَمَن يَحۡلِلۡ عَلَيۡهِ غَضَبِي فَقَدۡ هَوَىٰ

Ra Re: “Jang lintho tse hloekileng tseo Re le nehileng tsona, ho se be molao oo le o tlolang, esere khalefo ea Ka ea le oela holimo; haele bao khalefo ea Ka e tlang ho ba oela, Ruri ba tla be ba lahlehile

20:82

وَإِنِّي لَغَفَّارٌ لِّمَن تَابَ وَءَامَنَ وَعَمِلَ صَٰلِحًا ثُمَّ ٱهۡتَدَىٰ

Ruri kantle ho khoao Ke ‘Na ea ts’oarelang khafetsa ba sokolohang, ba kholoa esita le ho etsa toka, ebe kamor’a moo ba ba tataisong e nepahetseng

20:83

وَمَآ أَعۡجَلَكَ عَن قَوۡمِكَ يَٰمُوسَىٰ

“Oho Moshe! Ke se eng se neng se u potlakisitse ho tsoa bathing ba heno?”

20:84

قَالَ هُمۡ أُوْلَآءِ عَلَىٰٓ أَثَرِي وَعَجِلۡتُ إِلَيۡكَ رَبِّ لِتَرۡضَىٰ

A araba“ba mehlaleng ea ka. Ke potlaketse ho uena Mong’a ka, ho U khahlisa.”

20:85

قَالَ فَإِنَّا قَدۡ فَتَنَّا قَوۡمَكَ مِنۢ بَعۡدِكَ وَأَضَلَّهُمُ ٱلسَّامِرِيُّ

Allah A re: “Re behile batho ba heno tekong bosieong ba hau, As-samiri o ba khelositse.”

20:86

فَرَجَعَ مُوسَىٰٓ إِلَىٰ قَوۡمِهِۦ غَضۡبَٰنَ أَسِفًاۚ قَالَ يَٰقَوۡمِ أَلَمۡ يَعِدۡكُمۡ رَبُّكُمۡ وَعۡدًا حَسَنًاۚ أَفَطَالَ عَلَيۡكُمُ ٱلۡعَهۡدُ أَمۡ أَرَدتُّمۡ أَن يَحِلَّ عَلَيۡكُمۡ غَضَبٌ مِّن رَّبِّكُمۡ فَأَخۡلَفۡتُم مَّوۡعِدِي

Moshe a boela ho batho ba habo, ka mesarelo le khalefo. A re: “Oho batho ba heso! Na ha se Mong`a lona ea entseng ts’episo e hlakileng ho lona? Na e be le bona nako ea pallo e le hole haholo le ho fihla, kapa e be le na le takatso ea hore eka Mong`a lona A ka le nehella khalefo ea Hae, e le hobane le sitiloe ts’episong ea lona ho ‘na?”

20:87

قَالُواْ مَآ أَخۡلَفۡنَا مَوۡعِدَكَ بِمَلۡكِنَا وَلَٰكِنَّا حُمِّلۡنَآ أَوۡزَارًا مِّن زِينَةِ ٱلۡقَوۡمِ فَقَذَفۡنَٰهَا فَكَذَٰلِكَ أَلۡقَى ٱلسَّامِرِيُّ

Ba re: “Ha rea koenehela ts’episo ea rona ho uena, e matleng a rona. Empa re ile ra jarisoa mojaro oa khauta le silifera oa batho bana bohle, ke moo re ileng ra o lahlela ka har’a mollo, hobane ke kamoo As-samiri a neng a elelitse kateng

20:88

فَأَخۡرَجَ لَهُمۡ عِجۡلًا جَسَدًا لَّهُۥ خُوَارٌ فَقَالُواْ هَٰذَآ إِلَٰهُكُمۡ وَإِلَٰهُ مُوسَىٰ فَنَسِيَ

«Eaba u ba hlahisetsa sets›oants›o sa namane, e neng e lla se ka khomo: Ke moo ba ileng ba re: “Sena ke molimo oa lona, e leng molimo oa Moshe le hoja Moshe a se a lebetse.”

20:89

أَفَلَا يَرَوۡنَ أَلَّا يَرۡجِعُ إِلَيۡهِمۡ قَوۡلًا وَلَا يَمۡلِكُ لَهُمۡ ضَرًّا وَلَا نَفۡعًا

Na ba ne ba sa bone hore ha e ba arabele, e bile ha e na matla a ho ba hlahisetsa kotsi le hona ho ba molemo ho bona

20:90

وَلَقَدۡ قَالَ لَهُمۡ هَٰرُونُ مِن قَبۡلُ يَٰقَوۡمِ إِنَّمَا فُتِنتُم بِهِۦۖ وَإِنَّ رَبَّكُمُ ٱلرَّحۡمَٰنُ فَٱتَّبِعُونِي وَأَطِيعُوٓاْ أَمۡرِي

Aarone pele, o ne a ile a re: “Oho batho ba heso! Le mpa le behoa tekong ka sena, hobane Ruri Mong`a lona ke’ A Tletseng Lereko, kahoo ntateleng le hona ho mamela molao oa ka.”

20:91

قَالُواْ لَن نَّبۡرَحَ عَلَيۡهِ عَٰكِفِينَ حَتَّىٰ يَرۡجِعَ إِلَيۡنَا مُوسَىٰ

Ba re: “Ha ho kamoo re ka khaotsang ho ba basebeletsi ba eona kateng ho fihlela Moshe a khutletse ho rona.”

20:92

قَالَ يَٰهَٰرُونُ مَا مَنَعَكَ إِذۡ رَأَيۡتَهُمۡ ضَلُّوٓاْ

Moshe a re: “Oho Aarone! Ke se eng se neng se u thibetse hoba lemosa nakong eo u neng u bona hore ba ea kheloha

20:93

أَلَّا تَتَّبِعَنِۖ أَفَعَصَيۡتَ أَمۡرِي

«Ho ntatela? ha u oa latela molao oa ka

20:94

قَالَ يَبۡنَؤُمَّ لَا تَأۡخُذۡ بِلِحۡيَتِي وَلَا بِرَأۡسِيٓۖ إِنِّي خَشِيتُ أَن تَقُولَ فَرَّقۡتَ بَيۡنَ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَلَمۡ تَرۡقُبۡ قَوۡلِي

Aarone a re: “Oho mora oa ‹me›! U se ke oa tutla litelu le moriri oa ka! Ke ne ke t`sohile hore mohlomong u tla tloha u re: “u bakile pherekano har’a bana ba Israele, ha oa ka oa mamela lentsoe la ka.”

20:95

قَالَ فَمَا خَطۡبُكَ يَٰسَٰمِرِيُّ

Moshe a re: “Samiri, ke eng seo u ka se buoang?”

20:96

قَالَ بَصُرۡتُ بِمَا لَمۡ يَبۡصُرُواْ بِهِۦ فَقَبَضۡتُ قَبۡضَةً مِّنۡ أَثَرِ ٱلرَّسُولِ فَنَبَذۡتُهَا وَكَذَٰلِكَ سَوَّلَتۡ لِي نَفۡسِي

Samiri a re: “ke ile ka bona seo ba sa se boneng, kahoo ke tlatsitse seatla sa ka lerole la mehato ea maoto a moporofeta, eaba ke let`sela ka har’a sets’oants’o sa namane. Ke kamoo moea oa ka o ntaetseng kateng.”

20:97

قَالَ فَٱذۡهَبۡ فَإِنَّ لَكَ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ أَن تَقُولَ لَا مِسَاسَۖ وَإِنَّ لَكَ مَوۡعِدًا لَّن تُخۡلَفَهُۥۖ وَٱنظُرۡ إِلَىٰٓ إِلَٰهِكَ ٱلَّذِي ظَلۡتَ عَلَيۡهِ عَاكِفًاۖ لَّنُحَرِّقَنَّهُۥ ثُمَّ لَنَنسِفَنَّهُۥ فِي ٱلۡيَمِّ نَسۡفًا

Moshe a re: “Tloha mona! Etsoe haele bophelong bona kahlolo ea lona ke hore: “Se nkame! Malebana le uena ho teng ts’episo eo u ke keng oa e fetola. Hajoale u ka shebana le molingoana oo u ikhethetseng ho o khumamela. Ruri re tla u chesa, le hona ho hasanya lerole la ona holim’a leoatle.”

20:98

إِنَّمَآ إِلَٰهُكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۚ وَسِعَ كُلَّ شَيۡءٍ عِلۡمًا

Mopi oa lona bohle ke Allah A Inots’i, ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. O kenyelelitse lintho tsohle tsebong ea Hae

20:99

كَذَٰلِكَ نَقُصُّ عَلَيۡكَ مِنۡ أَنۢبَآءِ مَا قَدۡ سَبَقَۚ وَقَدۡ ءَاتَيۡنَٰكَ مِن لَّدُنَّا ذِكۡرًا

Ke kamoo Re u phetelang tse ling tsa lintho tse kileng tsa etsahala khale, Re u rometse Molaetsa ho tsoa ho Rona

20:100

مَّنۡ أَعۡرَضَ عَنۡهُ فَإِنَّهُۥ يَحۡمِلُ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وِزۡرًا

Mong le mong ea tla furalla molaetsa oo, Ruri o tla fana ka mojaro oa bopaki mohla Letsatsi la Kahlolo

20:101

خَٰلِدِينَ فِيهِۖ وَسَآءَ لَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ حِمۡلًا

Ba tla phomola tlas’a oona ba ntse bao jere, Ruri oo ke mojaro o bolileng mohla Letsatsi la kahlolo

20:102

يَوۡمَ يُنفَخُ فِي ٱلصُّورِۚ وَنَحۡشُرُ ٱلۡمُجۡرِمِينَ يَوۡمَئِذٍ زُرۡقًا

Mohla letsatsi leo ka lona Terompeta e tlang ho letsoa. Ka Letsatsi leo, Re tla khobokanya bohlebamolato, mahlo a bona a bile a le bolea ke letsoalo

20:103

يَتَخَٰفَتُونَ بَيۡنَهُمۡ إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا عَشۡرًا

Ba tla bua ba hoeshetsa ka bo-bona, ba re: “Ha le’a lula lefats’eng matsatsi a mangata haese ka matsatsi a leshome feela.”

20:104

نَّحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَقُولُونَ إِذۡ يَقُولُ أَمۡثَلُهُمۡ طَرِيقَةً إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا يَوۡمًا

Re tseba ka botlalo ka seo batla se buoa, nakong eo ba molemo har’a bona ba reng: “Ha le’a lula ho feta letsatsi le le leng!”

20:105

وَيَسۡـَٔلُونَكَ عَنِ ٱلۡجِبَالِ فَقُلۡ يَنسِفُهَا رَبِّي نَسۡفًا

Ba tla u botsa ka Lithaba. E re: “Mong`a ka o tla li fothola le hona ho li hasanya joaloka lerole,”

20:106

فَيَذَرُهَا قَاعًا صَفۡصَفًا

“Á li siee e le lesupi li bataletse

20:107

لَّا تَرَىٰ فِيهَا عِوَجًا وَلَآ أَمۡتًا

«Le ke ke la bona leha e le methipoloha, kapa ona matsoapo.”

20:108

يَوۡمَئِذٍ يَتَّبِعُونَ ٱلدَّاعِيَ لَا عِوَجَ لَهُۥۖ وَخَشَعَتِ ٱلۡأَصۡوَاتُ لِلرَّحۡمَٰنِ فَلَا تَسۡمَعُ إِلَّا هَمۡسًا

Mohla letsatsi leo ba tla latela sehoeletsi le ke keng la ba qhekella, mantsoe ohle a tla thola nyele malebana le ea Tletseng Lereko (Allah), ha ho seo le tla se utloa haese li›qi tsa maoto

20:109

يَوۡمَئِذٍ لَّا تَنفَعُ ٱلشَّفَٰعَةُ إِلَّا مَنۡ أَذِنَ لَهُ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَرَضِيَ لَهُۥ قَوۡلًا

Mohla letsatsi leo ha ho ‘muelli ea tlabale thuso haese ho bao ea tletseng lereko a kileng A ba neha tumello, eo lentsoe la hae le Amohelehang ho Eena

20:110

يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَلَا يُحِيطُونَ بِهِۦ عِلۡمًا

Ruri o tseba lintho tsohle tse ka pel’a bona le tsohle tse kamor’a bona, tseo ba ke keng ba li akaretsa ka tsebo ea bona

20:111

وَعَنَتِ ٱلۡوُجُوهُ لِلۡحَيِّ ٱلۡقَيُّومِۖ وَقَدۡ خَابَ مَنۡ حَمَلَ ظُلۡمًا

Lifahleho tsohle li tla ikokobetsa ka pel’a ea phelang, Rabosafeleng. Eo ea tla beng a jere mojaro o bolileng, Ruri e tla be e le ea lahlehetsoeng ka letsatsi leo

20:112

وَمَن يَعۡمَلۡ مِنَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَهُوَ مُؤۡمِنٌ فَلَا يَخَافُ ظُلۡمًا وَلَا هَضۡمًا

Ea tla beng a sebelitse liketso tsa toka, a ena le tumelo; Ruri ha a na hoba le letsoalo la ho hlokeloa toka, kapa hona ho qhekelloa moputsong oa hae

20:113

وَكَذَٰلِكَ أَنزَلۡنَٰهُ قُرۡءَانًا عَرَبِيًّا وَصَرَّفۡنَا فِيهِ مِنَ ٱلۡوَعِيدِ لَعَلَّهُمۡ يَتَّقُونَ أَوۡ يُحۡدِثُ لَهُمۡ ذِكۡرًا

Ke kamoo re senotseng Qura’n ka teng ka puo ea Se-Arab, ho hlalosa ka har’a eona tse ling tsa likahlolo, hore ba tle ts’abe Allah, kapa hona hore ba tle ba Mo hopole

20:114

فَتَعَٰلَى ٱللَّهُ ٱلۡمَلِكُ ٱلۡحَقُّۗ وَلَا تَعۡجَلۡ بِٱلۡقُرۡءَانِ مِن قَبۡلِ أَن يُقۡضَىٰٓ إِلَيۡكَ وَحۡيُهُۥۖ وَقُل رَّبِّ زِدۡنِي عِلۡمًا

Ruri! Ea phahameng ka ho fetisisa ke Allah, Motlotlehi, ‘Nete! U se be lehala ka Qura’n pele ts’enolo ea eona e feletse ho uena, e re: “Mong`a ka! nkekeletse tsebo.”

20:115

وَلَقَدۡ عَهِدۡنَآ إِلَىٰٓ ءَادَمَ مِن قَبۡلُ فَنَسِيَ وَلَمۡ نَجِدۡ لَهُۥ عَزۡمًا

Re kile ra theha selekane khale-khale le Adama, empa u ile a lebala: eaba re fumana hore ha a na tsitlallo

20:116

وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ أَبَىٰ

Re kile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama”, a ile a khumama haese Iblis ea ileng a hana

20:117

فَقُلۡنَا يَٰٓـَٔادَمُ إِنَّ هَٰذَا عَدُوٌّ لَّكَ وَلِزَوۡجِكَ فَلَا يُخۡرِجَنَّكُمَا مِنَ ٱلۡجَنَّةِ فَتَشۡقَىٰٓ

Eaba Re Re: “Oho Adama! Enoa ke sera ho uena le ho mosali oa hau, kahoo le se ke la mo lumella ho le qhelela thoko le Serapa, la tloha la iphumana le le mesarelong

20:118

إِنَّ لَكَ أَلَّا تَجُوعَ فِيهَا وَلَا تَعۡرَىٰ

Ka har’a sona ho teng khora molemong oa lona hore le se ke la lapa, kapa hona ho hlobola

20:119

وَأَنَّكَ لَا تَظۡمَؤُاْ فِيهَا وَلَا تَضۡحَىٰ

Le hona ho hloka metsi, kapa hoba har’a mocheso oa letsatsi.”

20:120

فَوَسۡوَسَ إِلَيۡهِ ٱلشَّيۡطَٰنُ قَالَ يَٰٓـَٔادَمُ هَلۡ أَدُلُّكَ عَلَىٰ شَجَرَةِ ٱلۡخُلۡدِ وَمُلۡكٍ لَّا يَبۡلَىٰ

Empa Satane o ile a mo sebela, a re: “Oho Adama! Na nka u bonts’a sefate sa bophelo bosafeleng le matla a puso a ke keng a fela?”

20:121

فَأَكَلَا مِنۡهَا فَبَدَتۡ لَهُمَا سَوۡءَٰتُهُمَا وَطَفِقَا يَخۡصِفَانِ عَلَيۡهِمَا مِن وَرَقِ ٱلۡجَنَّةِۚ وَعَصَىٰٓ ءَادَمُ رَبَّهُۥ فَغَوَىٰ

Eaba bobeli Adama le Eva ba ja litholoana tsa sona, bofeela ba bona ba hlahela ho bona, eaba ba simolla ho pata bofeela ba bona ka ho ipokella mahlaku a Serapa. Ke kamoo Adama a ileng a se ke a mamela Mong`a hae kateng, eaba o’a ekoa

20:122

ثُمَّ ٱجۡتَبَٰهُ رَبُّهُۥ فَتَابَ عَلَيۡهِ وَهَدَىٰ

Empa Mong`a hae o ne a mo khethile, eaba o boela ho eena ka mohau le hona ho mo tataisa

20:123

قَالَ ٱهۡبِطَا مِنۡهَا جَمِيعَۢاۖ بَعۡضُكُمۡ لِبَعۡضٍ عَدُوٌّۖ فَإِمَّا يَأۡتِيَنَّكُم مِّنِّي هُدًى فَمَنِ ٱتَّبَعَ هُدَايَ فَلَا يَضِلُّ وَلَا يَشۡقَىٰ

Allah A re: “Tlohang mona ka bobeli ba lona, e mong e tla ba sera ho e mong. Empa haeba tataiso ea Ka e ka tla ho lona, Ruri ea tla latela tataiso Ea Ka a ke ke a kheloha, kapa hona ho sareloa

20:124

وَمَنۡ أَعۡرَضَ عَن ذِكۡرِي فَإِنَّ لَهُۥ مَعِيشَةً ضَنكًا وَنَحۡشُرُهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ أَعۡمَىٰ

Empa ea tla mphuralla eena, Ruri bophelo ba hae bo tla ba bo khuts’oane, ke tla mo tlisa pokanong ea mohla Letsatsi la Kahlolo e le sefofu.”

20:125

قَالَ رَبِّ لِمَ حَشَرۡتَنِيٓ أَعۡمَىٰ وَقَدۡ كُنتُ بَصِيرًا

O tla re: “Oho Mong`a ka! Hobaneng ha U ntsositse ke le sefofu, empa mathomong pele ho lefu ke ne ntse ke bona?”

20:126

قَالَ كَذَٰلِكَ أَتَتۡكَ ءَايَٰتُنَا فَنَسِيتَهَاۖ وَكَذَٰلِكَ ٱلۡيَوۡمَ تُنسَىٰ

Allah U tla Re: “Lits’enolo tsa rona li finyeletse ho uena, empa u ile oa iteballa ka tsona. Ka mokhoa o ts’oanang, le uena kajeno o lebetsoe.”

20:127

وَكَذَٰلِكَ نَجۡزِي مَنۡ أَسۡرَفَ وَلَمۡ يُؤۡمِنۢ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦۚ وَلَعَذَابُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَشَدُّ وَأَبۡقَىٰٓ

Ke kamoo Re putsang ea sa tsotelleng, a bile a sa lumele lits’enolo tsa Mong`a hae kateng; Ruri kahlolo ea Bo-tlang e tlaba e ts’abehang, e bileng e ke keng ea fela

20:128

أَفَلَمۡ يَهۡدِ لَهُمۡ كَمۡ أَهۡلَكۡنَا قَبۡلَهُم مِّنَ ٱلۡقُرُونِ يَمۡشُونَ فِي مَسَٰكِنِهِمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّأُوْلِي ٱلنُّهَىٰ

A na ha se tataiso ho batho hore ba tsebe hore na ke matlobo- tlobo a ma kae ao Re ileng Ra a ripitla pele ho bona, ao ba tsamaeang malapeng a bona? Ruri! Ka har’a sena ho teng lits’upiso ho batho ba nahanang

20:129

وَلَوۡلَا كَلِمَةٌ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَكَانَ لِزَامًا وَأَجَلٌ مُّسَمًّى

Hoja e se ke ea eba ka lebaka la lentsoe la Mong`a hau le tlileng pele, le eona nako ea pallo, Ruri kahlolo e neng e ke ke ea qojoa e ka be e fihlile lefats’eng lena

20:130

فَٱصۡبِرۡ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ قَبۡلَ طُلُوعِ ٱلشَّمۡسِ وَقَبۡلَ غُرُوبِهَاۖ وَمِنۡ ءَانَآيِٕ ٱلَّيۡلِ فَسَبِّحۡ وَأَطۡرَافَ ٱلنَّهَارِ لَعَلَّكَ تَرۡضَىٰ

Ka lebaka leo, u be le mamello ho seo ba se buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau ka mehla esale ka matjeke leha letsatsi le ea malikelong. U be u mo rorise lihoreng tse ling tsa bosiu esitana leha letsatsi le le hlohong tsa mengala, e le hore u tle u fumane katleho

20:131

وَلَا تَمُدَّنَّ عَيۡنَيۡكَ إِلَىٰ مَا مَتَّعۡنَا بِهِۦٓ أَزۡوَٰجًا مِّنۡهُمۡ زَهۡرَةَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا لِنَفۡتِنَهُمۡ فِيهِۚ وَرِزۡقُ رَبِّكَ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰ

U se ke oa tsotella tseo re faneng ka tsona ho ba bang ba banyalani har’a bona ho ka ithabisa, lipalesa tsa bophelo ba lefats’e lena, tseo re ba behileng tekong ka tsona. Khora ea Mong`a hau e molemo, e bile ha e fele

20:132

وَأۡمُرۡ أَهۡلَكَ بِٱلصَّلَوٰةِ وَٱصۡطَبِرۡ عَلَيۡهَاۖ لَا نَسۡـَٔلُكَ رِزۡقًاۖ نَّحۡنُ نَرۡزُقُكَۗ وَٱلۡعَٰقِبَةُ لِلتَّقۡوَىٰ

U be u khothaletse batho ba heno thapelo, le uena u be le mamello ho eona. Etsoe ha ho khora eo Re e kopang ho uena empa ke Rona ba u sitsitseng ka eona. Litlamorao tse monate ke tsa ba lokileng

20:133

وَقَالُواْ لَوۡلَا يَأۡتِينَا بِـَٔايَةٍ مِّن رَّبِّهِۦٓۚ أَوَلَمۡ تَأۡتِهِم بَيِّنَةُ مَا فِي ٱلصُّحُفِ ٱلۡأُولَىٰ

Ba re: “Hoja feela o ne a ka tlisa mohlolo o tsoang ho Mong`a hae ho rona! Na ha ho e s’o tle sesupo ho bona sa bopaki bo teng ka har’a mangolo a khale-khale?”

20:134

وَلَوۡ أَنَّآ أَهۡلَكۡنَٰهُم بِعَذَابٍ مِّن قَبۡلِهِۦ لَقَالُواْ رَبَّنَا لَوۡلَآ أَرۡسَلۡتَ إِلَيۡنَا رَسُولًا فَنَتَّبِعَ ءَايَٰتِكَ مِن قَبۡلِ أَن نَّذِلَّ وَنَخۡزَىٰ

Hoja e be Re ile Ra ba ripitla ka tse ling tsa likotlo pele ho mona, Ruri ba ka be ba ile ba re: “Mong`a rona! Hoja u mpile oa re romella moromuoa, eo re ka beng re ile ra sala lits’enolo tsa hau morao pele re ka soabisoa le hona ho tlotloloha

20:135

قُلۡ كُلٌّ مُّتَرَبِّصٌ فَتَرَبَّصُواْۖ فَسَتَعۡلَمُونَ مَنۡ أَصۡحَٰبُ ٱلصِّرَٰطِ ٱلسَّوِيِّ وَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ

E re: “E mong le e mong oa rona o sa khefutsa; kahoo le lona le khefutse! Ke hona le tla tseba hore na ke bo-mang majalefa a tsela e topileng, ke bo-mang ba tokeng. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.