Surah 15 · 99 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Al-Hijr in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
الٓرۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِ وَقُرۡءَانٍ مُّبِينٍ
Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Qura’n, – tseo eleng manollo e hlakileng
رُّبَمَا يَوَدُّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡ كَانُواْ مُسۡلِمِينَ
Mahana-tumelo a tla tlaloa ke takatso ea hore ba ke beba ile ba inamela thatong ea Allah, Islamong
ذَرۡهُمۡ يَأۡكُلُواْ وَيَتَمَتَّعُواْ وَيُلۡهِهِمُ ٱلۡأَمَلُۖ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ
Ba tloheleng ba je le hona ho natefeloa le ho ithabisa. Ha Ts’epo ea bohata e ba thabise: Haufi ba tla ruoa tsebo
وَمَآ أَهۡلَكۡنَا مِن قَرۡيَةٍ إِلَّا وَلَهَا كِتَابٌ مَّعۡلُومٌ
Ha Re’a ka Ra timetsa sechaba empa ho sa ka ha eba le pallo malebana le ona
مَّا تَسۡبِقُ مِنۡ أُمَّةٍ أَجَلَهَا وَمَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ
Etsoe ho se sechaba se ka itlhophelang nako eo ea pallo, kapa hona hore ba e liehise
وَقَالُواْ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِي نُزِّلَ عَلَيۡهِ ٱلذِّكۡرُ إِنَّكَ لَمَجۡنُونٌ
Ba re: “Hela uena eo molaetsa o senotsoeng ho uena, Ruri u’a hlanya
لَّوۡمَا تَأۡتِينَا بِٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ
Hobaneng u sa tlise manyeloi ho rona, haeba u le e mong oa ba nang le ‘Nete?”
مَا نُنَزِّلُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَمَا كَانُوٓاْ إِذًا مُّنظَرِينَ
Ha Re ke Re romela manyeloi haese feela ka lebaka le tiileng, ha ane a ka tla, Bonang! ba ne ba tla hloka phomolo
إِنَّا نَحۡنُ نَزَّلۡنَا ٱلذِّكۡرَ وَإِنَّا لَهُۥ لَحَٰفِظُونَ
Re theoletse Molaetsa ona kantle ho qeaqeo; Ruri Re balebeli ba oona
وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ فِي شِيَعِ ٱلۡأَوَّلِينَ
Re romeletse Baromuoa pele ho uena har’a batho ba litumelo tsa khale
وَمَا يَأۡتِيهِم مِّن رَّسُولٍ إِلَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ
Ha ho le’a mong oa baromuoa eo ba sa kang ba mo soma
كَذَٰلِكَ نَسۡلُكُهُۥ فِي قُلُوبِ ٱلۡمُجۡرِمِينَ
Ke kamoo re etsang hore e kene lipelong tsa ba molato
لَا يُؤۡمِنُونَ بِهِۦ وَقَدۡ خَلَتۡ سُنَّةُ ٱلۡأَوَّلِينَ
Hore ha ba kholoe ho oona, le hoja mohlala oa batho ba khale o se o fetile pele
وَلَوۡ فَتَحۡنَا عَلَيۡهِم بَابًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ فَظَلُّواْ فِيهِ يَعۡرُجُونَ
Le haeba Re ne Re ba buletse khoro ea leholimo, bane ba tla qeta letsatsi lohle ho nyolohela teng
لَقَالُوٓاْ إِنَّمَا سُكِّرَتۡ أَبۡصَٰرُنَا بَلۡ نَحۡنُ قَوۡمٌ مَّسۡحُورُونَ
Ba re: “Mahlo a rona a tahiloe: che, re mpa re loiloe.”
وَلَقَدۡ جَعَلۡنَا فِي ٱلسَّمَآءِ بُرُوجًا وَزَيَّنَّٰهَا لِلنَّٰظِرِينَ
Ke Rona ba thalehileng maholimo ka Mats’oao a Linaleli, Ra le ntlafatsa sebakeng sa babohi
وَحَفِظۡنَٰهَا مِن كُلِّ شَيۡطَٰنٍ رَّجِيمٍ
Re A ts’irelelitse malebana le meea eohle ea liabolosi e lits’ila
إِلَّا مَنِ ٱسۡتَرَقَ ٱلسَّمۡعَ فَأَتۡبَعَهُۥ شِهَابٌ مُّبِينٌ
Empa ea fumanang kutlo ka bokhukhuni, o salangoe ke khanare ea lelakabe
وَٱلۡأَرۡضَ مَدَدۡنَٰهَا وَأَلۡقَيۡنَا فِيهَا رَوَٰسِيَ وَأَنۢبَتۡنَا فِيهَا مِن كُلِّ شَيۡءٍ مَّوۡزُونٍ
Haele lefats’e lona re le alile joaloka moseme, eaba re beha holim’a lona Lithaba tse tsepameng ka tieo; le hona ho hlahisa lintho tsohle tsa mefuta holim’a lona ka tekano
وَجَعَلۡنَا لَكُمۡ فِيهَا مَعَٰيِشَ وَمَن لَّسۡتُمۡ لَهُۥ بِرَٰزِقِينَ
Re le nehile boipheliso holim’a lona ekasitana le bao uena o sa ba fepeng letho
وَإِن مِّن شَيۡءٍ إِلَّا عِندَنَا خَزَآئِنُهُۥ وَمَا نُنَزِّلُهُۥٓ إِلَّا بِقَدَرٍ مَّعۡلُومٍ
Ha ho letho le teng leo mehloli ea lona e seng ho Rona. Ha Re romelle letho lefats’eng haese ka tekanyo e lekaneng
وَأَرۡسَلۡنَا ٱلرِّيَٰحَ لَوَٰقِحَ فَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَسۡقَيۡنَٰكُمُوهُ وَمَآ أَنتُمۡ لَهُۥ بِخَٰزِنِينَ
Re bile Re romella liphefo tse matlafatsang, le hona ho nesa pula e tsoang marung ho le neha metsi. Empa le se balebeli ba mehloli eo
وَإِنَّا لَنَحۡنُ نُحۡيِۦ وَنُمِيتُ وَنَحۡنُ ٱلۡوَٰرِثُونَ
Ruri! Ke Rona ba fanang ka bophelo, le ho fana ka lefu, ke Rona ba salang E le majalefa
وَلَقَدۡ عَلِمۡنَا ٱلۡمُسۡتَقۡدِمِينَ مِنكُمۡ وَلَقَدۡ عَلِمۡنَا ٱلۡمُسۡتَـٔۡخِرِينَ
Ruri Re’a tseba ka ba potlakelang pele har’a lona le ba le le sisitheho
وَإِنَّ رَبَّكَ هُوَ يَحۡشُرُهُمۡۚ إِنَّهُۥ حَكِيمٌ عَلِيمٌ
Bona! Mong`a hau U tla ba khobokanya ‘moho. Hobane Ruri U Seli, U hlokolosi
وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ مِن صَلۡصَٰلٍ مِّنۡ حَمَإٍ مَّسۡنُونٍ
Re hlotse motho ka letsopa le lets’o, le tsoang seretseng se khobiloeng la nehoa sebopeho
وَٱلۡجَآنَّ خَلَقۡنَٰهُ مِن قَبۡلُ مِن نَّارِ ٱلسَّمُومِ
Pele re hlotse Masabonoeng ka mollo o tlotlehang
وَإِذۡ قَالَ رَبُّكَ لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِنِّي خَٰلِقُۢ بَشَرًا مِّن صَلۡصَٰلٍ مِّنۡ حَمَإٍ مَّسۡنُونٍ
U be u hopole mohla Mong`a hau A neng A re ho manyeloi: “bonang! Ke morerong oa ho hlola motho ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng le tla nehoa sebopeho
فَإِذَا سَوَّيۡتُهُۥ وَنَفَخۡتُ فِيهِ مِن رُّوحِي فَقَعُواْ لَهُۥ سَٰجِدِينَ
Ho ba ke mo hlole le hona ho bolulela moea oa ka U halalelang ka ho eena, le oele fats’e ka boikokobetso kapela hae.”
فَسَجَدَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ كُلُّهُمۡ أَجۡمَعُونَ
Manyeloi ohle a ile a ithapalatsa ka boikokobetso ‘moho
إِلَّآ إِبۡلِيسَ أَبَىٰٓ أَن يَكُونَ مَعَ ٱلسَّٰجِدِينَ
Haese Iblis. Ea ileng a hana hoba har’a ba ithapalatsang
قَالَ يَٰٓإِبۡلِيسُ مَا لَكَ أَلَّا تَكُونَ مَعَ ٱلسَّٰجِدِينَ
Allah A re: “Oho Iblis! Ke lefeng lebaka le entseng hore u se ke oa ba har’a ba ithapalatsang?”
قَالَ لَمۡ أَكُن لِّأَسۡجُدَ لِبَشَرٍ خَلَقۡتَهُۥ مِن صَلۡصَٰلٍ مِّنۡ حَمَإٍ مَّسۡنُونٍ
Iblis a re: “Nka ithapalatsa joang ho motho eo u mo hlotseng ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng, eaba le’a khojoa le nehoa sebopeho?”
قَالَ فَٱخۡرُجۡ مِنۡهَا فَإِنَّكَ رَجِيمٌ
Allah A re: “Tloha mona ke hona, hobane o ea khesehang
وَإِنَّ عَلَيۡكَ ٱللَّعۡنَةَ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلدِّينِ
Thohako e tlaba holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.”
قَالَ رَبِّ فَأَنظِرۡنِيٓ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ
Iblis a re: “Mong`a ka! A k’u mphe nyehlisetso ho fihlela Letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.”
قَالَ رَبِّ بِمَآ أَغۡوَيۡتَنِي لَأُزَيِّنَنَّ لَهُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَأُغۡوِيَنَّهُمۡ أَجۡمَعِينَ
Iblis a re: “Mong`a ka! Ho latela hore u ntahletse thoko le tsela e nepahetseng, Ruri ke tla ntlafatsa tsela e fosahetseng malebana le batho ba lefats’eng, ke tla khelosa bohle tseleng e nepahetseng
إِلَّا عِبَادَكَ مِنۡهُمُ ٱلۡمُخۡلَصِينَ
Ntle le makhabunyane a hau a ts’epahalang a bileng a hloekisitsoeng.”
قَالَ هَٰذَا صِرَٰطٌ عَلَيَّ مُسۡتَقِيمٌ
Allah A re: “Ena ke tsela e nepahetseng ea makhabunyane a ka, ebile e le setlamo ho ‘na
إِنَّ عِبَادِي لَيۡسَ لَكَ عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنٌ إِلَّا مَنِ ٱتَّبَعَكَ مِنَ ٱلۡغَاوِينَ
Haele makhabunyane ha u ope o tlang ho ba le matla holim’a hae, ntle le ba ikenyang phosong ba o latele
لَهَا سَبۡعَةُ أَبۡوَٰبٍ لِّكُلِّ بَابٍ مِّنۡهُمۡ جُزۡءٌ مَّقۡسُومٌ
Se na le likhoro tse supileng, khoro ka `ngoe e na le karolo ea eona ea pallo
وَنَزَعۡنَا مَا فِي صُدُورِهِم مِّنۡ غِلٍّ إِخۡوَٰنًا عَلَىٰ سُرُرٍ مُّتَقَٰبِلِينَ
Re tla hlakola eng kapa eng ekabang teng e mpe ka hare ho lifuba tsa bona. E tla ba baena ba tla beng ba lutse litulong tse phahameng ba shebane ka mahlong
لَا يَمَسُّهُمۡ فِيهَا نَصَبٌ وَمَا هُم مِّنۡهَا بِمُخۡرَجِينَ
Ho se khathatso ea letho e ka ba t`soenyang moo, kapa hona ho lelekoa sebakeng seo.”
نَبِّئۡ عِبَادِيٓ أَنِّيٓ أَنَا ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ
Bolella makhabunyane A ka hore, Ruri Ke Ts’oarela-joalo- joalo, ebile Ke Khaphatseha Mohau
إِذۡ دَخَلُواْ عَلَيۡهِ فَقَالُواْ سَلَٰمًا قَالَ إِنَّا مِنكُمۡ وَجِلُونَ
Kamoo ba ileng ba buoa le eena kateng mohla baneng ba mo etetse, ha ba re: “Khotso.” A re: “Ruri re’a le ts’aba.”
قَالُواْ لَا تَوۡجَلۡ إِنَّا نُبَشِّرُكَ بِغُلَٰمٍ عَلِيمٍ
Ba re: “U se ts’ohe! Hobane Re u tliselitse litaba tse molemo tsa mora ea apesitsoeng bohlale.”
قَالَ أَبَشَّرۡتُمُونِي عَلَىٰٓ أَن مَّسَّنِيَ ٱلۡكِبَرُ فَبِمَ تُبَشِّرُونَ
A re: “Le ka tlisa litaba tse molemo ho ‘na tsa mora nakong ea botsofali ba ka? Li sa na le eng litaba tsa lona tse molemo?”
قَالُواْ بَشَّرۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ فَلَا تَكُن مِّنَ ٱلۡقَٰنِطِينَ
Ba re: “Re u tliselitse litaba tse molemo e le ka ‘nete. Kahoo u se ke oa nyahama.”
قَالَ وَمَن يَقۡنَطُ مِن رَّحۡمَةِ رَبِّهِۦٓ إِلَّا ٱلضَّآلُّونَ
Abrahama a re: “Ke mang ea ka nyahamelang Mohau oa Mong`a hae haese feela ba khelohileng tseleng?”
قَالَ فَمَا خَطۡبُكُمۡ أَيُّهَا ٱلۡمُرۡسَلُونَ
A re: “Joale ke le feng lebaka la lona, lona baromuoa ba Allah?”
قَالُوٓاْ إِنَّآ أُرۡسِلۡنَآ إِلَىٰ قَوۡمٍ مُّجۡرِمِينَ
Ba re: “Re romeletsoe ho batho bohle ba oetseng sebeng
إِلَّآ ءَالَ لُوطٍ إِنَّا لَمُنَجُّوهُمۡ أَجۡمَعِينَ
Ntle le lelapa la lota. Re tla ba pholosa kaofela
إِلَّا ٱمۡرَأَتَهُۥ قَدَّرۡنَآ إِنَّهَا لَمِنَ ٱلۡغَٰبِرِينَ
Ntle feela le mosali oa Lota, eo Re ikholisitseng hore o tla ba har’a ba tla salla morao.”
قَالُواْ بَلۡ جِئۡنَٰكَ بِمَا كَانُواْ فِيهِ يَمۡتَرُونَ
Eaba ba re: “E, re mpa re u tliselitse seo ba bangata ba nang le khoao malebana le sona
وَأَتَيۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ وَإِنَّا لَصَٰدِقُونَ
Re u tliselitse ‘nete, rona re ba boleli ba ‘nete
فَأَسۡرِ بِأَهۡلِكَ بِقِطۡعٍ مِّنَ ٱلَّيۡلِ وَٱتَّبِعۡ أَدۡبَٰرَهُمۡ وَلَا يَلۡتَفِتۡ مِنكُمۡ أَحَدٌ وَٱمۡضُواْ حَيۡثُ تُؤۡمَرُونَ
U tsamae ka khitla le ba ntlo ea hau, uena u ba qhobe. Ho se be le’a mong oa lona ea tla hetla morao, empa le ee moo le laetsoeng ho ea teng.”
وَقَضَيۡنَآ إِلَيۡهِ ذَٰلِكَ ٱلۡأَمۡرَ أَنَّ دَابِرَ هَٰٓؤُلَآءِ مَقۡطُوعٌ مُّصۡبِحِينَ
Ke kamoo re ileng ra mo hlakisetsa taelo kateng, e le hore mesalla ea ba sebeng e tle e lahleheloe ke likamano esale hosasa
وَجَآءَ أَهۡلُ ٱلۡمَدِينَةِ يَسۡتَبۡشِرُونَ
Baahi ba motse oo ba ile ba tla ka nyakallo e kholo ha ba utloa litaba tsa baeti bana
قَالَ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ ضَيۡفِي فَلَا تَفۡضَحُونِ
Lota a re: “Ke baeti ba ka. Kahoo le se ntlotlolle
قَالُوٓاْ أَوَلَمۡ نَنۡهَكَ عَنِ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Ba re: “Na ha Re’a ka Ra u hanela ho phomosetsa mong le mong?”
قَالَ هَٰٓؤُلَآءِ بَنَاتِيٓ إِن كُنتُمۡ فَٰعِلِينَ
A re: “Barali ba ka ke bana, haeba le tlameha ho ba nyala.”
لَعَمۡرُكَ إِنَّهُمۡ لَفِي سَكۡرَتِهِمۡ يَعۡمَهُونَ
Ruri ka bophelo ba hau, ba tlankelletse ka botlaopa nyakallong eo ea bona katamelong ea lefu
فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّيۡحَةُ مُشۡرِقِينَ
Ke moo ba ileng ba ripitloa ke ho qhoma ho ts’abehang esale ka meso
فَجَعَلۡنَا عَٰلِيَهَا سَافِلَهَا وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهِمۡ حِجَارَةً مِّن سِجِّيلٍ
Re ile ra ba menola le hona ho ba subuhlellanya, eaba Re ba nesetsa sebabole sa manyeta a besitsoeng
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّلۡمُتَوَسِّمِينَ
Bonang! Ruri kahar’a tsena ke lits’upiso ho ba utloisisang mats’oao
فَٱنتَقَمۡنَا مِنۡهُمۡ وَإِنَّهُمَا لَبِإِمَامٍ مُّبِينٍ
Re ile Ra iphetetsa ho bona; etsoe le bona ba ntse ba le pel’a ‘mila o moholo o totobetseng ho ka bonoa
وَلَقَدۡ كَذَّبَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡحِجۡرِ ٱلۡمُرۡسَلِينَ
Le Balekane ba Al-hijr, ba ile ba latola baromuoa ba Rona
وَءَاتَيۡنَٰهُمۡ ءَايَٰتِنَا فَكَانُواْ عَنۡهَا مُعۡرِضِينَ
Re ile Ra ba neha lits’enolo tsa Rona, empa ba ile ba phehella ho li nyahlatsa
وَكَانُواْ يَنۡحِتُونَ مِنَ ٱلۡجِبَالِ بُيُوتًا ءَامِنِينَ
Ba ile ba ipetlela melingoana ka majoe a moralla, moo a ntseng a ituletse teng ka paballeho
فَمَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ
Tsohle tseo ba neng ba li etsa ha li’a ka tsa ba tsoela molemo
وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَآ إِلَّا بِٱلۡحَقِّۗ وَإِنَّ ٱلسَّاعَةَ لَأٓتِيَةٌۖ فَٱصۡفَحِ ٱلصَّفۡحَ ٱلۡجَمِيلَ
Ha re’a hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete. Ruri Hora e’a tla. Kahoo, bats’oarele ka bokhabane
وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَٰكَ سَبۡعًا مِّنَ ٱلۡمَثَانِي وَٱلۡقُرۡءَانَ ٱلۡعَظِيمَ
Re u nehile litemana tse supileng tse pheta-phetiloeng hammoho le Qura’n ea Sebele
لَا تَمُدَّنَّ عَيۡنَيۡكَ إِلَىٰ مَا مَتَّعۡنَا بِهِۦٓ أَزۡوَٰجًا مِّنۡهُمۡ وَلَا تَحۡزَنۡ عَلَيۡهِمۡ وَٱخۡفِضۡ جَنَاحَكَ لِلۡمُؤۡمِنِينَ
U se penye mahlo a hau malebana le tseo re li apesitseng ba bang har’a bona: li se u koatise: u mpe u lepeletse mapheeo a hau ho ba kholoang
وَقُلۡ إِنِّيٓ أَنَا ٱلنَّذِيرُ ٱلۡمُبِينُ
Ebe u re: “Ruri ke mohlokomelisi ea hlakileng ea se nang ts’ekamelo,”
فَٱصۡدَعۡ بِمَا تُؤۡمَرُ وَأَعۡرِضۡ عَنِ ٱلۡمُشۡرِكِينَ
Ka hona phatlalatsa ponts’eng seo u se laetsoeng, o be u furalle ba kopanyang Allah le melimo ea bohata
ٱلَّذِينَ يَجۡعَلُونَ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَۚ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ
Ba kopanyang Allah le melingoana: Empa haufinyane ba tla rua tsebo
وَلَقَدۡ نَعۡلَمُ أَنَّكَ يَضِيقُ صَدۡرُكَ بِمَا يَقُولُونَ
Re tseba hantle kamoo pelo ea hau e utloang bohloko kateng ke seo ba se buoang
فَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ وَكُن مِّنَ ٱلسَّٰجِدِينَ
Empa u keteke lithoriso tsa Mong`a hau, u be har’a ba ithapalatsang ka lerato
وَٱعۡبُدۡ رَبَّكَ حَتَّىٰ يَأۡتِيَكَ ٱلۡيَقِينُ
U sebeletse Mong`a hau ho fihlela u le makhatheng a lefu
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.