Surah 56 · 96 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Al-Waqi'ah in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
فَأَصۡحَٰبُ ٱلۡمَيۡمَنَةِ مَآ أَصۡحَٰبُ ٱلۡمَيۡمَنَةِ
Joale, sehlopha sa pele sa balekane ba letsohong le letona; – e be sehlopha seo etla be ele se joang
وَأَصۡحَٰبُ ٱلۡمَشۡـَٔمَةِ مَآ أَصۡحَٰبُ ٱلۡمَشۡـَٔمَةِ
E be sehlopha sa balekane ba letsoho le lets’ehali, ebe se ka letsohong le lets’ehali etlabe ele se joang
وَٱلسَّٰبِقُونَ ٱلسَّٰبِقُونَ
Joale, ho latele sehlopha se ipabotseng, bao etla ba bona ba ipabotseng (Bophelong Bo-tlang)
بِأَكۡوَابٍ وَأَبَارِيقَ وَكَأۡسٍ مِّن مَّعِينٍ
Ka lijana le mepoptjoana e tletseng metsi a liliba tse kopotsang
لَّا يُصَدَّعُونَ عَنۡهَا وَلَا يُنزِفُونَ
A ke keng a ba bakela ho opeloa ke hlooho le hona ho angoa ke botahoa
لَا يَسۡمَعُونَ فِيهَا لَغۡوًا وَلَا تَأۡثِيمًا
Kamoo teng, ba ke ke ba utloa lipuo tse hlohlonts’ang litsebe le tsona lits’okelano
وَأَصۡحَٰبُ ٱلۡيَمِينِ مَآ أَصۡحَٰبُ ٱلۡيَمِينِ
Sehlopha balekane ba letsoho le letona; ebe sehlopha seo e tla be e le se joang
لَّا مَقۡطُوعَةٍ وَلَا مَمۡنُوعَةٍ
Tseo nako ea tsona e sa emiseng, kapa hona ho haneloa ka tsona
وَأَصۡحَٰبُ ٱلشِّمَالِ مَآ أَصۡحَٰبُ ٱلشِّمَالِ
Joale, e be ho latela sehlopha se ka letsohong le lets’ehali: ebe sehlopha se ka letsohong le lets’ehali sona ke se joang
إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَبۡلَ ذَٰلِكَ مُتۡرَفِينَ
Hobane Pele ho mona, ba ne ba sitsitsoe ka nyakallo
وَكَانُواْ يُصِرُّونَ عَلَى ٱلۡحِنثِ ٱلۡعَظِيمِ
Ba ile ba phehella ho kena sebeng se ts’abehang sa ho kopanya Allah le batlatsetsi
وَكَانُواْ يَقُولُونَ أَئِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ
Ba ne ba tloaetse ho re: “Na ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, na ka nete re ka boela ra tsosoa hape
قُلۡ إِنَّ ٱلۡأَوَّلِينَ وَٱلۡأٓخِرِينَ
E re: “Ruri! batho ba khale-khale le ba mengoaha ea morao- rao
لَمَجۡمُوعُونَ إِلَىٰ مِيقَٰتِ يَوۡمٍ مَّعۡلُومٍ
Ba tla khobokangoa ‘moho ts’episong ea letsatsi la pallo
ثُمَّ إِنَّكُمۡ أَيُّهَا ٱلضَّآلُّونَ ٱلۡمُكَذِّبُونَ
Lona ba etsang bobe, ba bile ba nyefola Tsoho ea Bafu
نَحۡنُ خَلَقۡنَٰكُمۡ فَلَوۡلَا تُصَدِّقُونَ
Ke Rona ba le hlotseng. Na le tla ke le amohele ‘nete
ءَأَنتُمۡ تَخۡلُقُونَهُۥٓ أَمۡ نَحۡنُ ٱلۡخَٰلِقُونَ
Ana ke lona ba li hlotseng, kapa ke Rona bahloli ba tsona
نَحۡنُ قَدَّرۡنَا بَيۡنَكُمُ ٱلۡمَوۡتَ وَمَا نَحۡنُ بِمَسۡبُوقِينَ
Ke Rona ba faneng ka karolo ea lefu har’a lona, Re ke ke Ra sitoa
عَلَىٰٓ أَن نُّبَدِّلَ أَمۡثَٰلَكُمۡ وَنُنشِئَكُمۡ فِي مَا لَا تَعۡلَمُونَ
Hore Re fetolele libopeho tsa lona ho seo le sa se tsebeng
وَلَقَدۡ عَلِمۡتُمُ ٱلنَّشۡأَةَ ٱلۡأُولَىٰ فَلَوۡلَا تَذَكَّرُونَ
Ruri le tseba tlholeho ea mathomo. Joale, ke hobaneng ha le sa ketek lithoriso tsa Hae
ءَأَنتُمۡ تَزۡرَعُونَهُۥٓ أَمۡ نَحۡنُ ٱلزَّٰرِعُونَ
Na ke lona ba e holisang, kapa ke Rona baholisi
لَوۡ نَشَآءُ لَجَعَلۡنَٰهُ حُطَٰمًا فَظَلۡتُمۡ تَفَكَّهُونَ
Hoja e bile Thato ea Rona, Ruri! Re ka be Re e ripitlile; le ne le ke ke la khaotsa ho lla ka hore
ءَأَنتُمۡ أَنزَلۡتُمُوهُ مِنَ ٱلۡمُزۡنِ أَمۡ نَحۡنُ ٱلۡمُنزِلُونَ
Na ke lona ba etsang hore a theohe marung, kapa ke Rona ba etsang hore a theohe marung
لَوۡ نَشَآءُ جَعَلۡنَٰهُ أُجَاجًا فَلَوۡلَا تَشۡكُرُونَ
Hoja e ne e le thato ea Rona, Re ne Re tla etsa hore a be bohla. Joale, hobaneng ha le sa fane ka liteboho
ءَأَنتُمۡ أَنشَأۡتُمۡ شَجَرَتَهَآ أَمۡ نَحۡنُ ٱلۡمُنشِـُٔونَ
Na ke lona ba ileng ba melisa lifate lefats’eng, kapa ke Rona ba li melisang
نَحۡنُ جَعَلۡنَٰهَا تَذۡكِرَةً وَمَتَٰعًا لِّلۡمُقۡوِينَ
Etsoe Rona, ke Rona ba hlapants’itseng Qura’n e le sehopotso le khotsofalo molemong oa baahi ba lehoatateng le bohle lefats’eng
فَسَبِّحۡ بِٱسۡمِ رَبِّكَ ٱلۡعَظِيمِ
Ka lebaka leo, u rorise lebitso la Mong`a hau, Ea Moholo- holo
وَإِنَّهُۥ لَقَسَمٌ لَّوۡ تَعۡلَمُونَ عَظِيمٌ
Seo ke kano e kholohali hoja ebe le ne le tsebile –
لَّا يَمَسُّهُۥٓ إِلَّا ٱلۡمُطَهَّرُونَ
Eo ho seng mang, kapa mang ea ka e amang ntle le ba hloekileng
وَتَجۡعَلُونَ رِزۡقَكُمۡ أَنَّكُمۡ تُكَذِّبُونَ
Le entse tsela ea lona ea bophelo, ho e shanofatsa
فَلَوۡلَآ إِذَا بَلَغَتِ ٱلۡحُلۡقُومَ
Joale, hobaneng nakong eo moea o nyolohelang ‘metsong oa motho ea shoang le sa thusetse
وَنَحۡنُ أَقۡرَبُ إِلَيۡهِ مِنكُمۡ وَلَٰكِن لَّا تُبۡصِرُونَ
Empa Re le haufi haholo ho eena ho feta lona, empa le sa bone –
فَأَمَّآ إِن كَانَ مِنَ ٱلۡمُقَرَّبِينَ
Joale, ke kahoo e reng haeba ele e mong oa ba haufinyane le Allah
فَرَوۡحٌ وَرَيۡحَانٌ وَجَنَّتُ نَعِيمٍ
E be oa phela, a be a fumane khotsofalo le Serapa sa Nyakallo
فَسَلَٰمٌ لَّكَ مِنۡ أَصۡحَٰبِ ٱلۡيَمِينِ
Joale, kemoo tumeliso ea ba ka letsohong le letona e tla ba: “Khotso e be le uena.”
وَأَمَّآ إِن كَانَ مِنَ ٱلۡمُكَذِّبِينَ ٱلضَّآلِّينَ
Empa haeba e le oa ba nyefoli, ba khelohileng
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.