Surah 26 · 227 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia
Surah Ash-Shu'ara in Sotho
بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
لَعَلَّكَ بَٰخِعٌ نَّفۡسَكَ أَلَّا يَكُونُواْ مُؤۡمِنِينَ
Kamohlomong u tla ituba moeeng ka ho utloa bohloko, hobane ba sa kholoe
إِن نَّشَأۡ نُنَزِّلۡ عَلَيۡهِم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ ءَايَةً فَظَلَّتۡ أَعۡنَٰقُهُمۡ لَهَا خَٰضِعِينَ
Hoja ebe ke Thato Ea Rona, Re ka be Re romela sesupo ho bona se tsoang marung, hore ba tle ba lule ba kebisitse melala ka boikokobetso
وَمَا يَأۡتِيهِم مِّن ذِكۡرٍ مِّنَ ٱلرَّحۡمَٰنِ مُحۡدَثٍ إِلَّا كَانُواْ عَنۡهُ مُعۡرِضِينَ
Ka linako tsohle ha sehopotso se etla ho bona se secha se tsoang ho Ea Tletseng Lereko, ba ea furalla
فَقَدۡ كَذَّبُواْ فَسَيَأۡتِيهِمۡ أَنۢبَٰٓؤُاْ مَا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ
Ba latola molaetsa; empa haufi ba tla tseba `nete ea seo ba ‘nileng ba se soma
أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ كَمۡ أَنۢبَتۡنَا فِيهَا مِن كُلِّ زَوۡجٍ كَرِيمٍ
Na ha ba es’o bone lefats’e, – hore ke mefuta e molemo ea lintho tseo Re li melisang teng
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Ruri! Kahar’a sena ke sesupo; le hoja bongata ba bona bo sa lumele
وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ
Etsoe Ruri! Mong`a hau U Matla Oohle, Mohau oa Hae o’a Khaphatseha
وَإِذۡ نَادَىٰ رَبُّكَ مُوسَىٰٓ أَنِ ٱئۡتِ ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ
Mong`a hau U ile A bitsa Moshe: “Tsamaea o ee ho batho ba etsang liphoso
قَالَ رَبِّ إِنِّيٓ أَخَافُ أَن يُكَذِّبُونِ
A re: “Mong`a ka! Ke t`saba hore ba tloha ba mphara ka leshano
وَيَضِيقُ صَدۡرِي وَلَا يَنطَلِقُ لِسَانِي فَأَرۡسِلۡ إِلَىٰ هَٰرُونَ
“Sefuba sa ka se tla petatsana. Puo ea ka e se hlake, kahoo nthome le Aarone
وَلَهُمۡ عَلَيَّ ذَنۢبٌ فَأَخَافُ أَن يَقۡتُلُونِ
“Ba bile ba na le qoso ea tlolo ea molao khahlano le ‘na, ka hona ke t`saba hore ba se tlohe ba mpolaea.”
قَالَ كـَلَّاۖ فَٱذۡهَبَا بِـَٔايَٰتِنَآۖ إِنَّا مَعَكُم مُّسۡتَمِعُونَ
Allah A re: “Leletho, Tsoelang pele, bobeli ba lona ka lits’upiso tsa Rona. Ruri! Re tlabale lona, le hona ho le mamela
فَأۡتِيَا فِرۡعَوۡنَ فَقُولَآ إِنَّا رَسُولُ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Joale, tsamaeang ‘moho le ee ho Faro, le re: “Re rometsoe ke ‘Maballi le Mong`a mafats’e ho uena
قَالَ أَلَمۡ نُرَبِّكَ فِينَا وَلِيدًا وَلَبِثۡتَ فِينَا مِنۡ عُمُرِكَ سِنِينَ
Faro a re: “Na ha re’a u holisa o le ngoana har’a rona? Oa lula lilemo tse ngata le rona bophelong ba hau
وَفَعَلۡتَ فَعۡلَتَكَ ٱلَّتِي فَعَلۡتَ وَأَنتَ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ
“Eaba o etsa ketso eo u kileng oa e etsa, eo u e tsebang, oa ba e mong oa ba hlokang teboho!”
قَالَ فَعَلۡتُهَآ إِذًا وَأَنَا۠ مِنَ ٱلضَّآلِّينَ
Moshe a re: “Ke entse, nakong eo ke neng ke le ka har’a ba khelohileng
فَفَرَرۡتُ مِنكُمۡ لَمَّا خِفۡتُكُمۡ فَوَهَبَ لِي رَبِّي حُكۡمًا وَجَعَلَنِي مِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ
“Ka lebaka la ho le t`saba ka baleha, Empa Mong`a ka U ile a nts’usumetsa ka taelo esita le hona ho nkhetha ke le e mong oa baromuoa ba Hae
وَتِلۡكَ نِعۡمَةٌ تَمُنُّهَا عَلَيَّ أَنۡ عَبَّدتَّ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ
“Joale, sena ke ke tsela eo u mputsang ka eona, u nts’eolla ka hore: ke entse bana ba Israele makhoba.”
قَالَ فِرۡعَوۡنُ وَمَا رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Faro a re: “Joale, ke eng ‘Maballi le Mong`a mafats’e?”
قَالَ رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَآۖ إِن كُنتُم مُّوقِنِينَ
Moshe a re: “Mong`a maholimo le lefats’e le lintho tsohle tse teng lipakeng tsa ona, – haeba u batla ho rua tsebo.”
قَالَ لِمَنۡ حَوۡلَهُۥٓ أَلَا تَسۡتَمِعُونَ
Eaba faro o re ho ba neng ba mo pota-potile: “Na le’a utloa?”
قَالَ رَبُّكُمۡ وَرَبُّ ءَابَآئِكُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ
Moshe a re: “Mong`a lona le bo-ntat’a lona ho tloha ts’imolohong.”
قَالَ إِنَّ رَسُولَكُمُ ٱلَّذِيٓ أُرۡسِلَ إِلَيۡكُمۡ لَمَجۡنُونٌ
Faro a re: “Ruri! Moromuoa enoa ea romeletsoeng ho lona e feela e le lehlanya!”
قَالَ رَبُّ ٱلۡمَشۡرِقِ وَٱلۡمَغۡرِبِ وَمَا بَيۡنَهُمَآۖ إِن كُنتُمۡ تَعۡقِلُونَ
Moshe a re: “Mong`a bochabela le bophirima le tsohle tse lipakeng tsa tsona, ha feela ebale na le kutloisiso.”
قَالَ لَئِنِ ٱتَّخَذۡتَ إِلَٰهًا غَيۡرِي لَأَجۡعَلَنَّكَ مِنَ ٱلۡمَسۡجُونِينَ
Faro a re: “Ha feela eba u ka ikhethela molimo e mong ntle ho ‘na, Ruri! Ke tla u koala chankaneng.”
قَالَ أَوَلَوۡ جِئۡتُكَ بِشَيۡءٍ مُّبِينٍ
Moshe a re: “Le hoja ke u bonts’a se seng se hlakileng?”
قَالَ فَأۡتِ بِهِۦٓ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ
Faro a re: “Se bonts’e, haeba u e mong oa ba nang le ‘nete!”
فَأَلۡقَىٰ عَصَاهُ فَإِذَا هِيَ ثُعۡبَانٌ مُّبِينٌ
Eaba Moshe o akhela lere la hae fats’e, la fetoha noha
وَنَزَعَ يَدَهُۥ فَإِذَا هِيَ بَيۡضَآءُ لِلنَّٰظِرِينَ
A pholla lehlakore ka letsoho la hae, eaba le hlaha le le lesoeu ho babohi
قَالَ لِلۡمَلَإِ حَوۡلَهُۥٓ إِنَّ هَٰذَا لَسَٰحِرٌ عَلِيمٌ
Faro a sebela Mahlahana a hae, a re: “Ruri! Enoa ke moloi oa sebele
يُرِيدُ أَن يُخۡرِجَكُم مِّنۡ أَرۡضِكُم بِسِحۡرِهِۦ فَمَاذَا تَأۡمُرُونَ
“Morero oa hae ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ena ea hae. Joale, ke eng seo le ka nkeletsang ka sona?”
قَالُوٓاْ أَرۡجِهۡ وَأَخَاهُ وَٱبۡعَثۡ فِي ٱلۡمَدَآئِنِ حَٰشِرِينَ
Ba re: “Ak’u ba boloke hanyane ka bobeli ba bona, joale e be u romella maqosa metseng
فَجُمِعَ ٱلسَّحَرَةُ لِمِيقَٰتِ يَوۡمٍ مَّعۡلُومٍ
Baloi bohle ba bokelloa hammoho ka nako e boletsoeng mohla letsatsi le neng le khethiloe
وَقِيلَ لِلنَّاسِ هَلۡ أَنتُم مُّجۡتَمِعُونَ
Eaba ho thoe ho sechaba: “Na le se le khobokane hammoho?”
لَعَلَّنَا نَتَّبِعُ ٱلسَّحَرَةَ إِن كَانُواْ هُمُ ٱلۡغَٰلِبِينَ
“Hore re tle re latele baloi haeba ba ka ikhapela tlholo?”
فَلَمَّا جَآءَ ٱلسَّحَرَةُ قَالُواْ لِفِرۡعَوۡنَ أَئِنَّ لَنَا لَأَجۡرًا إِن كُنَّا نَحۡنُ ٱلۡغَٰلِبِينَ
Eitse hoba baloi ba fihle ho faro, ba re ho eena: “Na ka ‘nete re tla fumana moputso haeba re fumana tlholo?”
قَالَ نَعَمۡ وَإِنَّكُمۡ إِذًا لَّمِنَ ٱلۡمُقَرَّبِينَ
A re: “E ho joalo, e bile ka ‘nete le tla ba har’a ba atametseng haufi le ‘na.”
قَالَ لَهُم مُّوسَىٰٓ أَلۡقُواْ مَآ أَنتُم مُّلۡقُونَ
Moshe a re ho bona: “Akhang lithebere tsa lona!”
فَأَلۡقَوۡاْ حِبَالَهُمۡ وَعِصِيَّهُمۡ وَقَالُواْ بِعِزَّةِ فِرۡعَوۡنَ إِنَّا لَنَحۡنُ ٱلۡغَٰلِبُونَ
Eaba ba akha liketane le lithebere tsa bona, ba re: “Ruri! Ka matla a Faro, re tla ikhapela tlholo.”
فَأَلۡقَىٰ مُوسَىٰ عَصَاهُ فَإِذَا هِيَ تَلۡقَفُ مَا يَأۡفِكُونَ
Moshe a akhela lere la hae fats’e, eaba le fetoha noha le koenya lintho tsohle tseo ba neng bali akhile ka ponts’o ea bohata
قَالَ ءَامَنتُمۡ لَهُۥ قَبۡلَ أَنۡ ءَاذَنَ لَكُمۡۖ إِنَّهُۥ لَكَبِيرُكُمُ ٱلَّذِي عَلَّمَكُمُ ٱلسِّحۡرَ فَلَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَۚ لَأُقَطِّعَنَّ أَيۡدِيَكُمۡ وَأَرۡجُلَكُم مِّنۡ خِلَٰفٍ وَلَأُصَلِّبَنَّكُمۡ أَجۡمَعِينَ
Faro a re: “Le kholoa ho Eena joang ke’a s’o le nehe tumello. Ntle le khoao ke nkhekhe ea lona e le rutileng boloi! Empa ka ‘nete le tla tseba
قَالُواْ لَا ضَيۡرَۖ إِنَّآ إِلَىٰ رَبِّنَا مُنقَلِبُونَ
Ruri! Ke tla poma matsoho le maoto a lona mots’ekalle, e be ke’a le thakhisa kaofela ha lona.”
إِنَّا نَطۡمَعُ أَن يَغۡفِرَ لَنَا رَبُّنَا خَطَٰيَٰنَآ أَن كُنَّآ أَوَّلَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
Ba re: “Ha ho se ka re utloisang bohloko, hobane re tla boela ho Mong`a rona
وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنۡ أَسۡرِ بِعِبَادِيٓ إِنَّكُم مُّتَّبَعُونَ
Takatso ea rona ke feela hore Mong`a rona o tla re ts’oarela libe tsa rona, hobane ke rona ba pele ba amohelang tumelo.”
فَأَرۡسَلَ فِرۡعَوۡنُ فِي ٱلۡمَدَآئِنِ حَٰشِرِينَ
Eaba Re susumetsa Moshe: “Tsamaeang le makhabunyane A ka bosiu bohle, hobane le tla tla le setsoe morao.”
وَكُنُوزٍ وَمَقَامٍ كَرِيمٍ
Ke kamoo Re ileng Ra ba lelekela thoko le lirapa, liliba tse ts’akhunyang
كَذَٰلِكَۖ وَأَوۡرَثۡنَٰهَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ
Matlotlong le maemong ohle a hlomphehang kateng
فَأَتۡبَعُوهُم مُّشۡرِقِينَ
E joalo, Re ile Ra etsa hore bana ba Israele e be majalefa a lintho tseo
فَلَمَّا تَرَٰٓءَا ٱلۡجَمۡعَانِ قَالَ أَصۡحَٰبُ مُوسَىٰٓ إِنَّا لَمُدۡرَكُونَ
Ba ba beha meja esale ka matjeke
قَالَ كـَلَّآۖ إِنَّ مَعِيَ رَبِّي سَيَهۡدِينِ
Ha bobeli bo bonana, ba neng ba ena le Moshe ba re: “Ruri! Re se re ts’oeroe.”
فَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنِ ٱضۡرِب بِّعَصَاكَ ٱلۡبَحۡرَۖ فَٱنفَلَقَ فَكَانَ كُلُّ فِرۡقٍ كَٱلطَّوۡدِ ٱلۡعَظِيمِ
Moshe a re: “Che, Mong`a ka o na le ‘na. Ke Eena ea tla ntataisa
وَأَزۡلَفۡنَا ثَمَّ ٱلۡأٓخَرِينَ
Eaba Re susumetsa Moshe: “Otla leoatle ka lere la hau.” Eaba leoatle le’a arohana, karolo e ngoe le e ngoe ea ipopa thajana
وَأَنجَيۡنَا مُوسَىٰ وَمَن مَّعَهُۥٓ أَجۡمَعِينَ
Eaba Re atametsa lichaba ka bobeli haufi le moo
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Eaba Re khamisa lebotho la Faro ka metsi
وَٱتۡلُ عَلَيۡهِمۡ نَبَأَ إِبۡرَٰهِيمَ
Empa Ruri! Mong`a hau o na le Matla Oohle, o Tletse Mohau
قَالُواْ نَعۡبُدُ أَصۡنَامًا فَنَظَلُّ لَهَا عَٰكِفِينَ
Mohla a neng a buoa le ntata’e le batho ba habo a re: “ke eng sena seo le se khumamelang?”
قَالَ هَلۡ يَسۡمَعُونَكُمۡ إِذۡ تَدۡعُونَ
Ba re: “Re khumamela lits’oants’o tse betliloeng, re ke ke ra khaohana le eona.”
أَوۡ يَنفَعُونَكُمۡ أَوۡ يَضُرُّونَ
Abrahama a re: “Na li ea le utloa nakong eo le memetsang ho tsona, kapa hona ho le etsetsa botle kapa bobe
قَالُواْ بَلۡ وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا كَذَٰلِكَ يَفۡعَلُونَ
Ba re: “Che, re fumana bo-ntat’a rona ba ntse ba li khumamela.”
فَإِنَّهُمۡ عَدُوٌّ لِّيٓ إِلَّا رَبَّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Kaofela ha tsona ke lira ho ‘na; empa e seng Mong`a mafats’e
وَٱلَّذِيٓ أَطۡمَعُ أَن يَغۡفِرَ لِي خَطِيٓـَٔتِي يَوۡمَ ٱلدِّينِ
“Eena Eo ke nang le khopolo ea hore, U tla nts’oarela libe tsa ka mohla Letsatsi la Kahlolo
رَبِّ هَبۡ لِي حُكۡمًا وَأَلۡحِقۡنِي بِٱلصَّٰلِحِينَ
“Mong`a ka! Ak’u nkekeletse bohlale, U be U nkopanye le bohle ba lokileng
وَٱغۡفِرۡ لِأَبِيٓ إِنَّهُۥ كَانَ مِنَ ٱلضَّآلِّينَ
“Ts’oarela ntate oa ka. Hobane le eena ke e mong oabakhelohileng
وَلَا تُخۡزِنِي يَوۡمَ يُبۡعَثُونَ
“U tle u se ke oa ntlotlolla mohla letsatsi leo U tla tsosa batho ka lona
يَوۡمَ لَا يَنفَعُ مَالٌ وَلَا بَنُونَ
“Letsatsi leo ka lona leruo le bara li ke keng tsa re thusa ka letho
إِلَّا مَنۡ أَتَى ٱللَّهَ بِقَلۡبٍ سَلِيمٍ
«Kantle le ea ikatamelitseng haufi le Allah ka pelo eohle
وَبُرِّزَتِ ٱلۡجَحِيمُ لِلۡغَاوِينَ
“Lihele li tla hlahella ponts’eng ho bohle ba hlahlathellang bobeng
وَقِيلَ لَهُمۡ أَيۡنَ مَا كُنتُمۡ تَعۡبُدُونَ
“Ho tla thoe ho bona: “E kae melingoana eo le neng le e khumamela
مِن دُونِ ٱللَّهِ هَلۡ يَنصُرُونَكُمۡ أَوۡ يَنتَصِرُونَ
“Kantle ho Allah? Na eka le thusa le hona ho ithusa?”
فَكُبۡكِبُواْ فِيهَا هُمۡ وَٱلۡغَاوُۥنَ
“Joale, batla lahleloa ka sefutho ka har’a Lihele,-bona le ba hlahlathellang bobeng
تَٱللَّهِ إِن كُنَّا لَفِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ
“Ruri! Ka Allah, ka ‘nete re bile phosong e totobetseng
وَمَآ أَضَلَّنَآ إِلَّا ٱلۡمُجۡرِمُونَ
“Le baeki ba rona ke ba neng ba khanathetse molato feela
فَلَوۡ أَنَّ لَنَا كَرَّةً فَنَكُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
“Hoja re ne re ka ba le monyetla oa ho khutlela morao, Ruri! Re ne re tla ba har’a ba kholoang!”
وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ
Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau
كَذَّبَتۡ قَوۡمُ نُوحٍ ٱلۡمُرۡسَلِينَ
Le batho ba habo Nooe ba kile ba nyelisa baromuoa ba Allah
إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ نُوحٌ أَلَا تَتَّقُونَ
Ngoana bo bona Nooe o ne a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe
وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Ha ho moputso oo ke le kopang ona holim’a sena; moputso oa ka o tsoa feela ho Mong`a mafats’e
قَالُوٓاْ أَنُؤۡمِنُ لَكَ وَٱتَّبَعَكَ ٱلۡأَرۡذَلُونَ
Ba re: “Re ka kholoa ho uena, empa batho ba eisehang ba u latetse morao?”
إِنۡ حِسَابُهُمۡ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّيۖ لَوۡ تَشۡعُرُونَ
“Boikarabello ba bona bo ho Mong`a ka, hoja feela eba le utloisisa
قَالُواْ لَئِن لَّمۡ تَنتَهِ يَٰنُوحُ لَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمَرۡجُومِينَ
Ba re: “Nooe, haeba u sa khaotse, u tla tlepetsoa ka majoe.”
فَٱفۡتَحۡ بَيۡنِي وَبَيۡنَهُمۡ فَتۡحًا وَنَجِّنِي وَمَن مَّعِيَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
“Ak’u ahlole lipakeng tsa rona le bona ka kahlolo e senang leeme, U mpholose le ba kholoang bohle ba nang le ‘na.”
فَأَنجَيۡنَٰهُ وَمَن مَّعَهُۥ فِي ٱلۡفُلۡكِ ٱلۡمَشۡحُونِ
Eaba Re’a mo pholosa hammoho le bohle ba neng ba ena le eena ka Arekeng
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Ruri ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona ha bo kholoe
وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ
Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau
إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ هُودٌ أَلَا تَتَّقُونَ
Ngoana bo bona Hud a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe Allah
وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela
أَتَبۡنُونَ بِكُلِّ رِيعٍ ءَايَةً تَعۡبَثُونَ
“Na le ka aha sefika holim’a leralla le leng le le leng ho ithabisa
وَتَتَّخِذُونَ مَصَانِعَ لَعَلَّكُمۡ تَخۡلُدُونَ
“Le aha le matlo a matle a bolulo, khopolong ea ho phela teng kahosafeleng
وَإِذَا بَطَشۡتُم بَطَشۡتُمۡ جَبَّارِينَ
“Ha le sebelisa matla a lona, le ea sebelisa joalo ka batho ba nang le matla oohle
وَٱتَّقُواْ ٱلَّذِيٓ أَمَدَّكُم بِمَا تَعۡلَمُونَ
“Ts’abang Eena Ea le sitsitseng ka lintho tsohle tseo le li tsebang
إِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ
“Ke na le ts’abo ea Kahlolo ea mohla Letsatsi le Ts’abehang.”
قَالُواْ سَوَآءٌ عَلَيۡنَآ أَوَعَظۡتَ أَمۡ لَمۡ تَكُن مِّنَ ٱلۡوَٰعِظِينَ
Ba re: “Ho ea ts’oana ho rona hore na u oa re khalema kapa u ba sieo hara bakhalemi
إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا خُلُقُ ٱلۡأَوَّلِينَ
“Tsena ha se letho, haese tsona linthoana tsa mehleng ea khale
فَكَذَّبُوهُ فَأَهۡلَكۡنَٰهُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Ba ile ba mo latola; Ra ba ripitla. Ruri! ho sena ke sesupo, empa boholo ba bona bo sa kholoe
وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ
Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, Mohau Oa Hae o’a Khaphatseha
إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ صَٰلِحٌ أَلَا تَتَّقُونَ
Ngoana bo bona Salih a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe
وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Ha ho moputso oo ke le kopang oona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela
أَتُتۡرَكُونَ فِي مَا هَٰهُنَآ ءَامِنِينَ
“Na le hopola hore le ts’ireletsong ka lintho tsohle tseo le nang le tsona hajoale
وَزُرُوعٍ وَنَخۡلٍ طَلۡعُهَا هَضِيمٌ
“Masimo a poone le lifate tsa lipalema tse behileng haholo hooli ka ‘nang tsa robeha
وَتَنۡحِتُونَ مِنَ ٱلۡجِبَالِ بُيُوتًا فَٰرِهِينَ
“Le hona ho honya mafika ho etsa matlo ka botsebi bo matla
ٱلَّذِينَ يُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا يُصۡلِحُونَ
“Ea jalang pherekano lefats’eng, ea sa rateng ho sokoloha.”
مَآ أَنتَ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا فَأۡتِ بِـَٔايَةٍ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ
“U motho joalo ka rona. Kahoo, hlahisa sesupo haeba u bua `nete.”
قَالَ هَٰذِهِۦ نَاقَةٌ لَّهَا شِرۡبٌ وَلَكُمۡ شِرۡبُ يَوۡمٍ مَّعۡلُومٍ
Salih a re: “Bonang, kamele ke ena e ts’ehali. Le eona e na le tokelo ea ho noa Selibeng ka letsatsi le leng, le lona le na le tokelo e joalo ka letsatsi le leng, empa ka letsatsi le boletsoeng
وَلَا تَمَسُّوهَا بِسُوٓءٍ فَيَأۡخُذَكُمۡ عَذَابُ يَوۡمٍ عَظِيمٍ
«Le se e nt`se kotsi esere la tloha la oeloa ke Kahlolo ea Letsatsi le Ts’abehang.”
فَأَخَذَهُمُ ٱلۡعَذَابُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Ba oeloa ke kahlolo. Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe
إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ لُوطٌ أَلَا تَتَّقُونَ
Ngoana’bo bona Lota a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe
وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Ha ho moputso oo ke le kopang ho lona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela
أَتَأۡتُونَ ٱلذُّكۡرَانَ مِنَ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Har’a libopuoa tsohle lefats’eng le arorelana likobo le banna ba bang
وَتَذَرُونَ مَا خَلَقَ لَكُمۡ رَبُّكُم مِّنۡ أَزۡوَٰجِكُمۚ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمٌ عَادُونَ
“Le siee bao Mong`a lona a le hloletseng bona? Che, le batho ba tlotseng meeli eohle.”
قَالُواْ لَئِن لَّمۡ تَنتَهِ يَٰلُوطُ لَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُخۡرَجِينَ
Ba re: “Oho Lota haeba u sa khaotse, ruri u tla lelekoa.”
رَبِّ نَجِّنِي وَأَهۡلِي مِمَّا يَعۡمَلُونَ
“Mong`a ka! Ak’u mpholose le ba lelapa la ka ho tseo ba li etsang!”
إِلَّا عَجُوزًا فِي ٱلۡغَٰبِرِينَ
“Ntle feela le mosali moholo ea neng a le har’a ba neng ba salatse morao
وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهِم مَّطَرًاۖ فَسَآءَ مَطَرُ ٱلۡمُنذَرِينَ
Ra ba nesetsa majoe a lengetana: E ts’abehang pula ho ba neng ba khaleng’oe
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe
كَذَّبَ أَصۡحَٰبُ لۡـَٔيۡكَةِ ٱلۡمُرۡسَلِينَ
Balekane ba Moru ba ile ba latola Baromuoa ba Allah
وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o tsoa ho Mong`a mafats’e feela
أَوۡفُواْ ٱلۡكَيۡلَ وَلَا تَكُونُواْ مِنَ ٱلۡمُخۡسِرِينَ
«Fanang ka tekanyo e nepahetseng, le se ke la jalletsa
وَلَا تَبۡخَسُواْ ٱلنَّاسَ أَشۡيَآءَهُمۡ وَلَا تَعۡثَوۡاْ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُفۡسِدِينَ
“Le se ke la ja batho ling tsa bona, le ho etsa bokhopo ka ho fehla pherekano lefats’eng
وَٱتَّقُواْ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ وَٱلۡجِبِلَّةَ ٱلۡأَوَّلِينَ
“Le ts’abe Eena Ea le hlotseng le meloko pele ho lona.”
وَمَآ أَنتَ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا وَإِن نَّظُنُّكَ لَمِنَ ٱلۡكَٰذِبِينَ
“U motho joalo ka rona, re nahana hore u leshano
فَأَسۡقِطۡ عَلَيۡنَا كِسَفًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ
“Ak’u etse hore lekumane la leholimo le re oele, haeba u buoa ‘nete.”
قَالَ رَبِّيٓ أَعۡلَمُ بِمَا تَعۡمَلُونَ
A re: “Ke Mong`a ka Ea hlokolosi ka ho fetisisa malebana le tseo le li etsang.”
فَكَذَّبُوهُ فَأَخَذَهُمۡ عَذَابُ يَوۡمِ ٱلظُّلَّةِۚ إِنَّهُۥ كَانَ عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ
Ba ile ba mo latola, eaba ba oeloa ke kotlo ea Letsatsi la mahlomola. Ruri! E bile Kotlo ea Letsatsi le Ts’abehang
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ
Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe
وَإِنَّهُۥ لَفِي زُبُرِ ٱلۡأَوَّلِينَ
Kantle ho khoao e teng ka har’a mangolo a halalelang a batho ba khale-khale
أَوَلَمۡ يَكُن لَّهُمۡ ءَايَةً أَن يَعۡلَمَهُۥ عُلَمَٰٓؤُاْ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ
Ana ha se sesupo ho bona ha barutehi ba bana ba Israele ba e tseba
وَلَوۡ نَزَّلۡنَٰهُ عَلَىٰ بَعۡضِ ٱلۡأَعۡجَمِينَ
Hoja e be Re ile Ra le senolela e mong oa sechaba ntle le sa Ma-Arab
فَقَرَأَهُۥ عَلَيۡهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ مُؤۡمِنِينَ
A ba balla lona, ba ne ba ke ke ba kholoa ho lona
كَذَٰلِكَ سَلَكۡنَٰهُ فِي قُلُوبِ ٱلۡمُجۡرِمِينَ
Ke kamoo re etsang hore le kene lipelong tsa Baetsa-libe
لَا يُؤۡمِنُونَ بِهِۦ حَتَّىٰ يَرَوُاْ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ
Ba ke ke ba kholoa ho lona ho fihlela ba bona kahlolo e Mahlonoko
فَيَأۡتِيَهُم بَغۡتَةً وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ
Empa e tla ba fihlela ka ts’ohanyetso ba sa elelloe
أَفَرَءَيۡتَ إِن مَّتَّعۡنَٰهُمۡ سِنِينَ
Na u oa hlokomela? Hore haeba Re ka ba neha nyehlisetso ea lilemo tse ‘maloa
مَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يُمَتَّعُونَ
Tsohle tseo e saleng ba ithabisa ka tsona li ke ke tsa ba thusa ka letho
وَمَآ أَهۡلَكۡنَا مِن قَرۡيَةٍ إِلَّا لَهَا مُنذِرُونَ
Ha ho motse oo Re kileng Ra o ripitla o sa kang oa romelloa bahlokomelisi
وَمَا يَنۢبَغِي لَهُمۡ وَمَا يَسۡتَطِيعُونَ
E bile ha e ea ba lokela, kapa ona matla a ho e hlahisa
فَلَا تَدۡعُ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَتَكُونَ مِنَ ٱلۡمُعَذَّبِينَ
Kahoo, u se bitse ho mang kapa mang ntle ho Allah, esere oa tloha oa ba e mong oa ba tla fumana kotlo
وَٱخۡفِضۡ جَنَاحَكَ لِمَنِ ٱتَّبَعَكَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
U be pelo-tlhomohi ho Ba-kholoang ba u latelang
فَإِنۡ عَصَوۡكَ فَقُلۡ إِنِّي بَرِيٓءٌ مِّمَّا تَعۡمَلُونَ
Empa haeba ba ke ke ba u mamela, e re: “Ruri! Ha ke na molato ho tseo le li etsang.”
وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱلۡعَزِيزِ ٱلرَّحِيمِ
U behe ts’epo ea hau ho Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Mohau
وَتَقَلُّبَكَ فِي ٱلسَّٰجِدِينَ
Ea bonang le boikokobetso ba hau har’a baithapalatsang thapelong
هَلۡ أُنَبِّئُكُمۡ عَلَىٰ مَن تَنَزَّلُ ٱلشَّيَٰطِينُ
Ana nka le bolella ka bao bo-liabolosi ba theohelang holim’a bona
يُلۡقُونَ ٱلسَّمۡعَ وَأَكۡثَرُهُمۡ كَٰذِبُونَ
Ba ts’ollela litsebeng tsa bona lipuo tsa mafeela, boholo ba bona ba leshano
وَٱلشُّعَرَآءُ يَتَّبِعُهُمُ ٱلۡغَاوُۥنَ
Le Bareneketsi, – bohle ba fosahetseng ba ba sala morao
أَلَمۡ تَرَ أَنَّهُمۡ فِي كُلِّ وَادٍ يَهِيمُونَ
Ana ha u es’o bone kamoo ba khelohileng ba phaqola hoohle
إِلَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَذَكَرُواْ ٱللَّهَ كَثِيرًا وَٱنتَصَرُواْ مِنۢ بَعۡدِ مَا ظُلِمُواْۗ وَسَيَعۡلَمُ ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ أَيَّ مُنقَلَبٍ يَنقَلِبُونَ
Kantle le ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, le hona ho hopola Allah ka linako tsohle, le hona ho its›ireletsa kamor’a hoba ba tlatlaptjoe. Baetsalibe bona, haufinyane ba tla ruoa tsebo ka se seholo seo e tlang ho ba pheletso ea bona
Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.